Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 9/15 maq. 8-9
  • Thuto e Tummeng Haholo e Kileng ea Fanoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto e Tummeng Haholo e Kileng ea Fanoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto e Tsebisahalang Haholo e Kileng ea Fanoa
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Thuto ea Thabeng
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Buka ea Bibele ea 42—Luka
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Le be Baetsi ba Lentsoe, Eseng Bautloi Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 9/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae

Thuto e Tummeng Haholo e Kileng ea Fanoa

KE pono e ’ngoe ea tse hopolehang ka ho fetisisa historing ea Bibele: Jesu o lutse letsoapong la thaba, a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng e tsebisahalang. Sebaka ke haufi le Leoatle la Galilea, mohlomong haufi haholo le Kapernauma. Jesu o ne a qetile bosiu bohle a rapela Molimo, ’me hoseng ka le hlahlamang a khetha ba 12 ho barutuoa ba hae hore e be baapostola. Joale, a e-na le bona kaofela, o ne a theohetse sebakeng se motsitsa thabeng.

Ho tla fihlela joale, u ne u tla nahana hore, Jesu o ne a tla be a khathetse haholo, a batla ho robala. Empa matšoele a maholo a tlile, ba bang ba tsoa hōle joaloka Judea le Jerusalema, lik’hilomithara tse 100 ho isa ho tse 110. Ba bang ba tsoa lebōpong la Leoatle la Tire le Sidone ka leboea. Ba tlile ho tla mamela Jesu le ho phekoloa mafu a bona. Ho bile ho na le batho ba tšoenngoang ke bademona.

Ha Jesu a theoha, batho ba kulang ba atamela hore ba e’o mo ama, ’me o ba phekola kaofela. Kamorao ho moo, ho bonahala Jesu a hloella sebakeng se holingoana thabeng. Moo o lula fatše ’me o qala ho ruta matšoele a qhalakaneng motsitseng o ka pel’a hae. Ak’u nahane! Ha ho motho lea mong bamameling bohle ea fokolang ka ho tebileng!

Batho ba chesehela ho utloa moruti ea khonang ho etsa mehlolo ena e tsotehang. Leha ho le joalo, Jesu o fana ka puo ea hae haholo-holo molemong oa barutuoa ba hae, bao mohlomong ba mo pota-potileng haufi. Empa e le hore le rōna re ka rua molemo, Mattheu le Luka ba e ngotse.

Tlaleho ea Mattheu ea thuto eo e telele ho feta ea Luka ka makhetlo a ka bang mane. Ho feta moo, likarolo tse ling tsa tlaleho ea Mattheu, Luka o li ngola e le tseo Jesu a li buileng ka lekhetlo le leng tšebeletsong ea hae, joalokaha ho hlokomeleha ha ho bapisoa Mattheu 6:9-13 le Luka 11:1-4, Mattheu 6:25-34 le Luka 12:22-31. Leha ho le joalo, hona ha ho’a lokela ho makatsa. Ka ho hlakileng Jesu o rutile lintho tse tšoanang ka makhetlo a ’maloa, ’me Luka o ikhethetse ho tlaleha tse ling tsa lithuto tsena boemong bo fapaneng.

Se etsang hore thuto ea Jesu e be ea bohlokoa hakana hase feela botebo ba seo e se jereng moeeng empa bonolo le ho hlaka tseo a faneng linnete tsena ka tsona. O ne a bua ka liphihlelo tse tloaelehileng ’me a sebelisa lintho tseo batho ba li tloaetseng, kahoo a etsa hore maikutlo a hae a utloisisoe habonolo ke bohle ba batlang bophelo bo molemo ka tsela ea Molimo. Litokollong tsa rōna tse latelang re tla hlahloba lintho tse ling tseo a ileng a li bua. Luka 6:12-20; Mattheu 5:1, 2.

◆ Thuto e hopolehang ka ho fetisisa ea Jesu e fanoe hokae, ke bo-mang ba neng ba le teng, ’me ho ne ho etsahetse eng pejana a fana ka eona?

◆ Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore Luka a tlalehe likarolo tse ling tsa thuto eo boemong bo fapaneng?

◆ Ke eng e etsang hore thuto ea Jesu e be ea bohlokoa hakaale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela