Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 10/1 maq. 22-24
  • “U Rate oa Heno”—Ke Tsela Efe e Sebetsang Hamolemohali?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U Rate oa Heno”—Ke Tsela Efe e Sebetsang Hamolemohali?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Chelete ea Hau e Finyella Eng?
  • Ho Latela Mohlala o Beiloeng ke Jesu
  • Lebaka Leo ho Ruta e Leng ho Sebetsang Hakana
  • E-ba ea Leka-lekaneng ho Rateng oa Heno
  • Na U Susumelletseha ho Etsisa Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • O Ile “a Susumetsoa ke Khauho”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Ho Fana ho Thabisang Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Latela Mohlala oa Jesu ’me U Amehe ka Mafutsana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 10/1 maq. 22-24

“U Rate oa Heno”—Ke Tsela Efe e Sebetsang Hamolemohali?

HA u bona batho ba bang bao ka ’nete ba tsietsoeng ke ho hloka, u ikutloa joang? Ka mohlala, setšoantšo sa bana ba tšeremang ke tlala se u etsa hore u batle ho etsa eng? U tla re, ‘Kea hauha, ’me ke batla ho thusa.’ Chelete e ngata e fuoang mekhatlo ea lithuso le mekhatlo ea liphallelo selemo le selemo e bontša hore batho ba bangata ka ho totobetseng ba ikutloa ka tsela e tšoanang.

Ho etsa mesebetsi e metle joalo molemong oa batho ba hlokang ho’a babatseha, haholo-holo ponong ea taelo ea Jesu ea ho rata oa habo rōna joaloka rōna. (Mattheu 19:19) Batho ba bangata ba khabane ba lumela hore tsela e sebetsang ka ho fetisisa ea ho bontša lerato la bona la oa habo bona ke ka ho haha le ho tšehetsa lipetlele le likolo, ka ho kenya letsoho matšolong a lithuso le ka ho etsa mesebetsi ea mefuta e fapa-fapaneng ea sechaba. Ba ka ’na ba re, ‘ke sohle seo Bokreste bo leng sona,’ mohlomong ba be ba eketse, haeba ba bua le Lipaki tsa Jehova, ‘ruri ke mokhoa o sebetsang ho feta ho itšenyetsa nako le matla tsa lōna le ruta ka bolumeli ka ntlo le ntlo joalokaha le etsa.’

Empa na ho joalo? Ha e le hantle, ke joang re ka ratang oa habo rōna ka tsela e sebetsang hamolemohali le e tla mo tlisetsa molemo o moholohali oa nako e telele?

Chelete ea Hau e Finyella Eng?

Ba tla tšehetsa matšolo a lithuso ka nako e tlang ba na le lebaka la ho botsa: ‘Ke chelete e kae eo ke faneng ka eona e tla hle e thuse ka ho toba batho bao e reretsoeng ho ba thusa?’ Ka mohlala, phuputso ea 1978 ea mekhatlo e 15 ea lithuso e itlhommeng pele ea Republiki e Kopaneng ea Jeremane e senotse hore ka nako eo litefello tsa taolo le tsa kabo li ne li sebelisa hoo e ka bang karolo ea 42 lekholong ea chelete eohle ea mekhatlo.

Ha liofisiri tsa thelefishene li hlahloba litlaleho tsa lipolokelo tsa chelete ea “bana ba hlokometsoeng” ba tšeletseng ba Bolivia, tsa sibolla hore ke feela karolo ea 6 ho ea ho 15 lekholong ea chelete eohle ea menehelo e entsoeng ke “batsoali ba ba hlokometseng” ba Republiki e Kopaneng ea Jeremane e kentsoeng litlalehong tsa chelete ea bana bao tse bankeng. Leha ho le joalo mosali ea buellang mokhatlo oo a hanyetsa liqoso tsa qhekello, a hlalosa hore batho ba itjarelang ho thusa ba bolelloa ka ho hlaka hore bana ba tla fumana feela karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea meneelo ea “batsoali” ba bona. E setseng, kamor’a ho lefella litefello tsa taolo, ho hlalosoa e tla sebelisetsoa thuto le meriana.

Ke ’nete, mehlala ea lithuso tse sebelisitsoeng hampe e’a tsebahala. Hona ke ’nete le ka mehato ea phallelo bakeng sa litlala tsa morao tjena Afrika. Ethiopia mathata a lipolotiki a ile a thibela boholo ba lijo ho fihla ho ba li hlokang, ’me mabakeng a mang ho tlalehoa lijo tse fanoeng li ile tsa rekisoa—ka litheko tse phahameng—ho e-na le ho abjoa feela.

Buka ea Carl Bakal Charity U.S.A. e’a hlokomelisa: “Ha letšolo e le la merero e metle, ha ho ke ho botsoa hore na chelete e tla sebelisoa joang. Ha ke batle hore batho ba emise ho fana. Ke mpile ka nahana hore lipotso li tšoanela ho arabjoa ka lebaka la kamoo ba fanang ka bofofu kateng.” Ka ho totobetseng ho fana ka bofofu ha ho bohlale ’me ho hang ho ke ke ha nkoa e le ho sebetsang.

Ho Latela Mohlala o Beiloeng ke Jesu

Ruri linnete tsena li utloisa bohloko, empa na li tla lokafatsa ho hana ho tšehetsa matšolo a bohlokoa joalo? Feela na Jesu ha a ka a ’na a folisa ba kulang ’me ka mohlolo a fepa ba lapileng, ka hona a beela Bakreste mohlala bakeng sa kajeno?

Ke ’nete hore Jesu o ile a utloa a hauhile ha a bona batho ba hlokang. Litemana tse robeli tsa Bibele li bolela sena. Tse peli li bua ka ho hloka hoa batho lijo (Mattheu 15:32; Mareka 8:2), tse tharo li bua ka ho hloka hoa bona phekolo ea ’meleng (Mattheu 14:14; 20:34; Mareka 1:41), ’me e le ’ngoe e bua ka ho hloka hoa bona matšeliso lefung la ba ratoang. (Luka 7:13) Empa tse ling tse peli li bua ka tlhokahalo e khōlōanyane. Mattheu 9:36 e re: “Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” Ha e le Mareka 6:34 e’a tlaleha: “A bona bongata bo boholo, ’me a ba utloela bohloko, hobane ba ne ba le joale ka linku tse se nang molisa; ’me a qala ho ba ruta litaba tse ngata.”

Le hoja kannete ho hauhela batho ho susumelitse Jesu ho ba hlokomela nameng, o ne a thahasella haholo-holo ho ba fa thuso ea moea eo baeta-pele ba bona ba bolumeli ba neng ba hlōlehile ho ba fa eona. (Bona Mattheu, khaolo 23.) Jesu e ne e le “molisa ea molemo,” ea neng a laba-labela ho beela “linku bophelo ba hae.” (Johanne 10:11) Kaha o ile a neela mosebetsi ona oa ho ruta—e seng ho tšoareha mosebetsing oa sechaba kapa ho haha lipetlele kapa ho laola mekhatlo ea liphallelo—tlhokomelo e khōlō bophelong, hamorao o ile a khona ho bolella Pilato: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatseng, ke tle ke pake ’nete.”—Johanne 18:37.

Le hoja Jesu a ile a fa baapostola ba hae matla a ho etsa mesebetsi e metle ea mehlolo ea ho phekola, ha a ka a bolela sena ha a ba fa litaelo tsa hae tsa ho qetela pele a nyolohela leholimong. Ho e-na le hoo, a laela: “E-eang ke hona le lichaba tsohle, le li etse barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora, le la Moea o Halalelang, le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” Ho totobetse hee hore mosebetsi oa bohlokoa haholoanyane e ne e le oa ‘ho etsa barutuoa . . . ho ba kolobetsa . . . ho ba ruta.’—Mattheu 28:19, 20, TLP.

Lebaka Leo ho Ruta e Leng ho Sebetsang Hakana

Ho ruta ho’a sebetsa hobane ho thusa batho ho sebelisa melao-metheo ea Bibele. Sena se ba thusa ho qoba mathata a ka etsang hore ba hloke. Ka mohlala, ho sebelisa melao-metheo ea Bibele e sebetsanang le mosebetsi le boikutlo ba rōna linthong tse bonahalang ho ka thusa ho qoba bofuma. (Liproverbia 10:4; Ba-Efese 4:28; 1 Timothea 6:6-8) Hape ho latela keletso ea Bibele ka tšebeliso ea lithethefatsi le ho ela hloko tekanyetso ea eona ea boitšoaro ho ka ntlafatsa bophelo ba rōna ’me ha fana ka tiiso ea bophelo ba lelapa bo thabileng haholoanyane.

Nka mohlala oa Moyugoslavia ea lilemo li 35 ea phelang Republiking e Kopaneng ea Jeremane ea amohelang: “Ha ke le lilemo li 18 kapa li 19 ke ne ke se ke ntse ke e-ba lekhoba la tahi. Ha ke le lilemo li 20 ke ne ke e-noa lithara ea lino tse thata le bonyane case ea biri [libotlolo tse 20] ka letsatsi. Ka makhetlo a mararo ke ile ka kenngoa sepetlele ha ho etsoa liteko tsa ho phekola tloaelo ea ka, empa lingaka li ne li sitoa ho thusa. Le hoja ke ne ke amohela [R1 566] ka khoeli, ke ne ke batla ke sa isetse bana letho.” Ke seo Lipaki tsa Jehova li ‘moleletseng sona mosebetsing oa tsona oa ho ruta ho hōlisitseng ka ho eena takatso ea ho ba le kamano e molemonyana le Mōpi oa hae. O tsoela pele, “ka thuso ea thapelo ke ile ka khona ho finyella seo lingaka li neng li hlotsoe ho se etsa.” Re ka inahanela phello e molemo eo sena se bileng le eona bophelong ba lelapa la hae.

Hona ha ho bolele hore ho ruta ho tla rarolla bothata bo bong le bo bong. Empa leha ho le joalo ho’a sebetsa hobane ho fana ka tšepo. Tlas’a ’Muso oa Molimo bothata bo bong le bo bong bo tla rarolloa. Ka nako eo Jesu o tla etsetsa e mong le e mong ea phelang mehlolo ea pheko ’meleng, e seng ba ’maloa feela. Ho e-na le ho tlisa phekolo ea nakoana, melemo eo e tla tšoarella, ha e le hantle, e tla ba ea ka ho sa feleng. (Bona Johanne 17:3.) Ka hona ho ruta batho ho ba le tšepo sehlabelong sa topollo sa Jesu le litokisetso tsa sona ho tla finyella molemohali oa nako e telele.

Mekhatlo e mengata ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana e supa ka motlōtlō “mesebetsi e metle” ea eona ea ho hlokomela ba kulang, ba hlokang le ba malimabe. Empa ba ne ba tla etsa ho molemonyana ka ho hatisa haholo ho fana ka thuso ea moea, joalokaha Jesu a entse. Joaloka baeta-pele ba bolumeli ba lekholong la pele la lilemo, ba hlōtsoe ho phethisa thōmo ena ea bohlokoa haholoanyane. Ba ka ’na ba be ba khorisitse batho ba bang ba lapileng ka lijo tsa sebele, empa ba siile likelello tsa bona le lipelo tsa bona li lapetse mantsoe a ’nete. (Bona Amose 8:11.) Ba ka ’na ba be ba fane ka chelete ho thusa balichaba ba hlokang, empa ha baa bolella “ba-lichaba [ka] monono o sa fihleloeng oa Kreste” kapa ka puso ea ’Muso oa Molimo. (Ba-Efese 3:8) Baruti ba bona ba ka ’na ba be ba thusitse lichaba tse sa tsoelang pele ho ba hloahloa tšebelisong ea mohoma, empa ha baa li susumetsa ho “tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele.”—Esaia 2:4.

E-ba ea Leka-lekaneng ho Rateng oa Heno

Ho hatisa ka nepo thuso ea moea ho hang ha ho re fe boitšireletso ba ho se fane ka thuso ea nama—ho batho ka bomong kapa ho lihlopha—ha e hlokahala leha re le boemong ba ho etsa joalo. Re lokela ho batla ho latela mohlala o beiloeng ke Bakreste ba pele. (Bona Liketso 11:27-30.) Ha ho e-na le tlhokahalo e khōlō kapa koluoa, re lokela ho ba matjato ho latela keletso ea Pauluse ea ho ‘etsa bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.’ (Ba-Galata 6:10) Ho etsa bonnete ba ho finyella molemo o moholohali, hangata Lipaki tsa Jehova li etsa sena ka bomong. ’Me kaha Lipaki tse thusang liphallelong tse joalo li sebetsa li sa lefshoe, ha ho litefello tsa taolo.

Empa leha ba thusa ba bang ka tsela ea nama, le kamohla Bakreste ha ba batle ho hlokomoloha tlamo ea bona ea mantlha ea ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlonngoeng. Haufinyane ’Muso oo o tla falatsa lefatseng mafu ’ohle, bofuma le ho hloka. Ho khotsofatsa hakaakang ho khona ho thusa batho ho fumana bophelo lefatšeng leo ho lona lentsoe “mohau” le ke keng la hlola le lokela ho sebelisoa. Na ho ka etsahala hore u rate oa heno ka tsela e sebetsang haholoanyane ho feta eo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela