Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 11/15 maq. 22-25
  • Batho ba Holofetseng Bao e Leng Baboleli ba Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Holofetseng Bao e Leng Baboleli ba Matla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho ea Holofetseng Maoto ea Nang le Bophelo bo Tletseng
  • O Batlana le Tsebe e Utloang
  • Baena ba Bararo ba Kentseng Letsoho
  • Ba Holofetse Empa ba Ikemiselitse
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Bopula-maliboho bo Matlafatsa Kamano ea Rōna le Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 11/15 maq. 22-25

Batho ba Holofetseng Bao e Leng Baboleli ba Matla

MOHLANKANA e motle ea kentseng litšehetso maotong o holofetse. Mosali enoa ea mahlo a elileng ke setholo ebile ke semumu. Banna bana ba bararo ba bososelang ke bahlaseluoa ba lefu le senyang mesifa. Ba tšoana ka eng? Na ka ho holofala ha bona? Mohlomong. Matla a bona? E. Kaofela ke baboleli ba matla—basebeletsi ba nako e tletseng ba bo-pula-maliboho.

Batho bana ba re lintho li tharo tse ba atlehisitseng tšebeletsong ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho: (1) tataiso e tobileng e tsoang ho Jehova Molimo ka mokhatlo oa hae o lerato o hlophisitsoeng; (2) thuso e tiileng e tsoang malapeng a bona le litho tsa phutheho ea Bokreste; le (3) takatso e tsoang pelong ea ho eketsa litokelo tsa bona tsa tšebeletso. Ha re boneng hore na ke ka lebaka la’ng le hore na ke joang batho bana ba ipakileng hoba baboleli ba matla.

Motho ea Holofetseng Maoto ea Nang le Bophelo bo Tletseng

Esita le kantle ho ho sebelisa maoto a hae, Masashi Tokitsu ea lilemo li 35 o ile a bula maliboho kamehla ka lilemo tse hlano. O ile a hōla ka khopolo ea hoba morupeli oa tsa boithaopo ba ’mele. Empa likhopolo tseo li ile tsa senyeha ha a le lilemo li 15 ha a oa litšepeng tse balletseng tsa boithapollo ba ’mele. Ka phihlelo eo e bohloko, a ikutloa hore mabone a bophelo ba hae a timme. Empa a qala ho a khantša hape ha a ithuta Bibele. Nakong ena, e ne e le mabone a ’nete. (Bapisa Johanne 1:5.) Likhoeling tse leshome, Masashi a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Mamela ha a re bolella hore ke ka lebaka la eng le hore ke joang ebileng pula-maliboho.

“Ho tloha qalehong feela, ka ikutloa hore morero oa ka oa ho ithuta Bibele ke hore ke pakele batho ba bang. Ka hona ka fumana monyetla oa ho buisana le e mong le e mong ea neng a e tla lapeng. Ho ’na, bo-pula-maliboho e ne e le batho ba lehlohonolo haholo. Ke ne ke laba-labela hakaakang ho tsoa ka letsatsi le letsatsi ho ea bolella batho! Batho ba bangata ba holofetseng maoto ba atisa ho tsoa liso, ’me ke ne ke tsoile seso se tšabehang nokeng se neng se qhitsa bolalu, metsi, le mali. Ho ’na ke apara liaparo tse ling hangata ka letsatsi e ne e le tšenyo ea nako! Ha ke nahana hore nke ke ka ba pula-maliboho tsamaisong ea joale ea lintho, ke ne ke lla ha ke bala litokollo tsa Watch Tower, mantsoe a mosa, le a mofuthu a lebisitsoeng ho ba sa khoneng ho bula maliboho.

“Ka lebaka la liso tse ntsoileng linokeng ka bobeli, ka tšoaroa ke feberu empa e se matla. Ka ho makatsang, e ne e fela ha ke e-ea libokeng tsa Bokreste. Ka tlhahiso ea moena oa ngaka, ka buuoa liso tsena. Ho buuoa ha ka ka lekhetlo la bobeli ho ile ha atleha, hoo kamor’a likhoeli tse hlano hoba ke fole ke ileng ka qala ho sebetsa ke le pula-maliboho ea thusang. Leha ho le joalo, ka nako eo, ka nahana hore ho hlokomela mosebetsi oa ka hantle ke le moholo oa phutheho, bopula-maliboho ba kamehla bo ka ntlhōla. Phutheho e ne e sa tsoa theoa, ’me e ne e le ’na feela moholo.

“Ka nako eona eo, ka khahloa ke khaitseli ka sepheo sa ho mo nyala, empa eena o ne a sa nthate. Ka utloa bohloko haholo, ka nahana hore ke thato ea Jehova, ’me ho ne ho se tsela ea ho oka maikutlo kaha ho ne ho na le mosebetsi o mongata ka phuthehong. Ka ikutloa hore se tla mphekola ha molemohali etlaba ho ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa puso ea Molimo. Likhoeli tse peli hamorao, ka ingolisa ho ba pula-maliboho oa kamehla. Ho bula maliboho u holofetse maoto, liphetoho tsa botho ke tsa bohlokoa haholo ho feta tsa nama. U hloka thuso e khōlō ea baena ho phethahatsa seo u batlang ho se etsa. Ka hona ho hlokahala hore u ithute tsela e molemo eo ho thea tšebelisano eo. Kaha ke tseba ho khanna koloi ho ea tšebeletsong ea tšimo, moo ho khonehang ke emisa pel’a menyako ea matlo. Kamehla ke sebetsa le ’moleli e mong oa ’Muso ea lulang setulong se ka pele. Mothusi oa ka o nkukela mokotlana oa libuka ’me o hopola seo ke se hlokang ho ’ona, le hore ka tatellano efe.

“Kaha re tsamaea litselaneng tse patisaneng, ka linako tse ling ke ikemela hekeng ebe ke hoeletsa monyako ka lentsoe le phahameng ho hula tlhokomelo ea mong a ntlo. Haeba ho hloa methati, mothusi oa ka o tsamaela monyako ho bontša mong a ntlo Bibele ha ’na ke bua ke ntse ke le fatše. Haeba matlo a kengoang ka bonolo a le teng hona moo kapa moaho o ka fatše o na le batho, metsoalle ea ka e ntlohella ’ona. Mosebetsing oa limakasine, ke bebofalletsa mothusi ka ho nka feela mokotlana o kentseng limakasine le libukana.

“Joaloka molebeli oa tšebeletso, ke thabela ho lula lithutong tsa mahae tsa Bibele. Kahoo re qhoba lithuto habonolo ka tlung ea baboleli ba ’muso, kapa ba tlang lapeng ha ka. U ka bona hore ke hloka thuso ea baena. Ha se ha bohlokoa feela ho utloisisa hore metsoalle e ka nthusa joang empa hape le hore ke tsebe hore na ke joang nka amohelang thuso ea bona ka teboho.

“Ha ke ne ke qala ho bula maliboho, ke ile ka fana ka bopaki bo bongata ka ho ngola mangolo. Kaha joale ke khona ho kenya litšehetso tsa maoto letsatsi lohle ntle ho ho utloa bohloko, boholo ba mosebetsi oa ka oa boboleli ke bo etsa le bo-pula-maliboho ba bang le baboleli. Molemo o mong oa kapele oa ho sebetsa letsatsi lohle ke ho robala hamonate bosiu bohle. Ho sebelisa Bibele letsatsi lohle ho tebisa kholiseho ea ka hore ke ’neteng. Ho kopanela bophelong ba letsatsi le letsatsi le ho bona kamoo batho ba hlokang ’nete kateng ho tebisa lerato la ka bakeng sa bona. Ho sebetsa kamehla le motho e mong ho boetse ho fana ka monyetla oa ho etsa mosebetsi oa bolisa ’me ho nthusa ho tseba mohlape hamolemo haholo.

“Koana, ke lebelletse pele tsamaisong e ncha ea lintho le tšebeletsong ea Jehova ka ’mele o phetseng hantle. Empa ha ho hlokahale ho ema ho fihlela nakong eo. Ho mo sebeletsa hona joale, ka mefokolo kapa ntle ho eona, ke monyetla o moholo ho bacha le ho ba hōlileng.”

O Batlana le Tsebe e Utloang

Katsuko Yamamoto o re: “Lilemo tsa ho hōla ha ka li ne li tletse lillo.” Kamor’a feberu e matla e kopaneng le maselese, Katsuko o ile a fetoha setholo ha a le lilemo li peli. O hopola masisapelo a ho ea sekolong le ho mamella ho sonngoa ho sehlōhō ke bana ba bang. A thabile joale hoba pula-maliboho ho tloha ka 1981, Katsuko o re phetela kamoo a atlehang kateng.

“Hobane ha ke tsebe ho bua ka molomo, tšebeletsong ea tšimo ke sebelisa lintlha tseo ke li ngotseng ebe ke li bontša mong a ntlo. Hangata ke kōpa khaitseli ea utloang ho tsamaea le ’na ho etsa bonnete ba hore ke fihla moo ke eang. Ka linako tse ling ke etsa leeto la ho boela ka bonna ebe ke kōpa khaitseli ea utloang ho tsamaea le ’na ha ke khutlela labobeli. Ke ile ka khona ho qalisa lithuto tsa Bibele joalo. Ho nthabisa haholo ho bontša kananelo bakeng sa mosa oa Jehova ka tsela e tjena.”

Ha joale matsatsi a Katsuko a “lillo” a fetile. Kajeno, mosali enoa ea ratehang oa Mokreste o fumana thabo ea sebele bophelong ba hae bo maphathe-phathe e le ’moleli oa pula-maliboho.

Baena ba Bararo ba Kentseng Letsoho

Baena ba bararo ba Tanizono ba lilemong tsa bo40 ba tšoeroe ke lefu le senyang mesifa. Pele ba ithuta ’nete, ba ne ba hahamaletse mosebetsi oa boipheliso, ba tšepa ho itebatsa likholofalo tse hlaselang butle-butle tsa lefu lena. E mong le e mong oa bona a ithuta Bibele ’me a fihlela tsebo ea eona. Ho bontša kananelo ea bona ho Jehova, ke eng seo ba neng ba ka se etsa ho atolosa tšebeletso ea bona? Toshimi, moena e monyenyane, o-oa re bolella:

“Ke lutse le moena oa ka, Akimi, le mosali oa hae ho fihlela ka 1979. Kaha ke ne ke sa khone ho itlhokomela ka ea lula le moholoane oa ka Yoshito sebakeng sa tlhokomelo ea bana. Mona ka qalisa ho sebetsa ke le pulamaliboho ea thusang ’me lilemong tse hlano ka ithuta Bibele le bana ba fetang 12 phapusing ea bana ba kulang. E mong oa bana bao a qobelloa ho khaotsa ho ithuta Bibele ha batsoali ba hae ba ne ba mo hanyetsa, empa khalefo ea bona ea kokobela ha a kōpa hore a boele a ithute. O shoele a le lilemo li 16 a e-na le tšepo e tiileng ea tsoho. Hoo ekabang selemo hamorao, ka fumana mohala o tsoang ho batsoali ba neng ba mo hanyetsa. Ba ne ba na le mathata a itseng ka morali oa bona e monyenyane ’me ba ikutloa hore thuto ea Bibele e tla mo thusa.

“’Na le moena oa ka Yoshito re ne re batla ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla. Empa na re ne re tla finyella pakane e batloang ea lihora tse 1 000 ka selemo? Ho ne ho hlokahala hore feela re eketse nako boboleling ka lihora tse fetang 30 ka khoeli le khoeli. Empa na ’mele ea rōna e ne e tla mamella? Hape ra nahana hore, ‘Haeba re sa bo kenele hona joale, ho tla fihla nako eo re ke keng ra hlola re khona. Re ne re pheta khafetsa mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 9:16 moqoqong oa rōna. ‘Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli!’ Ruri, re tlamehile ho bolela litaba tse molemo ebang re phetse hantle kapa che. Ka hona ra nehelana ka liforomo tsa likopo ’me ra qala bopula-maliboho ba kamehla ka la 1 Loetse, 1984.”

Yoshito o-oa phaella: “Hoba ke leke bopula-maliboho ba ‘nakoana’ ka Pherekhong 1976, bophelo ba ka bo ile ba senyeha ’me ka tšoanela ho robala likhoeli tse peli. Tšabo ea ka e khōlō e ne e le hore bopula-maliboho ba kamehla bo tla nkulisa ’me ke fose liboka. Ho thabisang, ka Phato 1985 ke ile ka finyella pakane ea ka ea lihora, ’me ha ke e-s’o ka ke fosoa ke seboka ka lebaka la bopula-maliboho!”

Toshimi o-oa tlaleha: “Tsela e ka sehloohong ea ho phetha tšebeletso ea rōna ke ho ngola mangolo. Re ngolla batho ba sieo hae, metsoalle, beng ka rōna, le litho tsa malapa tse sa lumelang tsa batho ba leng ka phuthehong, le baahi ba lithabeng bao tšimo ea bona e koaheloang habeli feela ka selemo ha ho etsoa mosebetsi oa ntlo le ntlo. Re fana ka bopaki bo sa reroang ho lingaka, baoki, le batho ba ntseng ba ithuta esita le bakuli ba bang. Ho fihlela joale, ke bakuli ba tšeletseng ba seng ba ithutile ’nete. Ba bararo ho bona ebile baboleli ba ’Muso ’me ba ne ba letetse kolobetso empa ba shoa pele ho moo. Re thabela melemo ea nama ka ho ipoloka re sebetsa, khotsofalo ea kelello ka ho tseba hore re etsa mosebetsi oa boboleli, le thabo e tsoang pelong ka ho khothatsa batho ba bang.”

Yoshito o-oa phaella: “Joaloka baholo ba phutheho, re bua ho tsoa phihlelong ho bao ba hahamallang ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Ha re nehelana ka liforomo tsa likopo tsa bopula-maliboho, bo-khaitseli ba tsofetseng phuthehong ba ile ba susumeletseha ho kenela tšebeletso. Ke thabile haholo ho bontša boikutlo bo ho Pesaleme ea 119:71, ’me joale ke fetotse monahano oa ka o fosahetseng ho amohela ea Jehova. E, ‘Ho molemo ha ke kokobelitsoe, ke tle ke ithute ho mamela likomelo tsa hao.’”

Joale, ho pheta moena e moholo. Akimi o re: “Ebile ka mosa oa baena le tšehetso ea mosali oa ka ea lerato ke tsebileng ho etsa seo ke khonang ho se etsa ka tsela ea puso ea leholimo. Ha ke tsebe le ho tsamaea mohato o le mong. Ka lilemo tse 14 joale, baena ba nthusa ba sa khathale ho ea sebokeng le kopanong. Esale hoba ke qale ho ithuta, liphihlelo tsa bo-pula-maliboho ebile sehlooho sa moqoqo oa bacha ha ba kopane. Joalokaha ho hlahisitsoe ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, ka qeta hore ke tla bula maliboho selemo feela. Ka ho belaella bophelo ba ka, ka etsa tšepiso ho Jehova ka thapelo, ’me ke nchafalitse tšepiso eo selemo le selemo ka lilemo tse hlano. Tšimong ke sebelisa baesekele e mabili a mararo e etselitsoeng batho ba holofetseng. Ka eona ke tseba ho emisa haufi le menyako ea matlo a mangata. Hangata ke atisa ho lula moo ho fetang taaso. Ha ho feta methoaela feela, ke rapela hona hoo hore ke fumane motho eo nka mo pakelang, ebe ho tla motho ea mamelang. Liithuti tsa Bibele li tla lapeng ho tla ithuta, ’me ke thusitse batho ba robeli ho fihlela ba kolobetsoa.

“Joaloka molebeli ea okamelang, le molebeli oa Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo, ke fihla pele libokeng hore ke lumelise baena. Ke sebelisa nako ea pele ho liboka kapa kamor’a tsona hamolemo hobane ha ke khone ho ba etela malapeng a bona. Hangata ke etsa mosebetsi oa bolisa ka mohala.

“Lilemong tse ’nè kapa tse hlano tse fetileng, matla a mesifa ea ka a fokotse haholo. Bosiu ke sitoa le ho tsamaisa mosifa ’me lehlaba le tota hoo ke utloang eka ke tlas’a khatello e khōlo ha ke robetse. Mosali oa ka o phahamisa maoto le matsoho a habonolo hore ke hlaphoheloe. Ke linakong tse kang tsena mantsoe a mofuthu le a lerato a baena a etsang hore ke bososele ’me ke tšepa hore hoo ho bontša se ka pelong ea ka e seng se ’meleng oa ka.”

Ha joale ho hōla ha lefu lena ho ke ke ha thibeloa. Empa baena ba Tanizono ba ikutloa hore ho sebelisa ’mele ea bona tšebeletsong ea tšimo, ho ba seli ka litlhoko tsa beng ba matlo, ho sebetsa hammoho le balumeli ba habo bona, ho kenya letsoho mosebetsing ’ohle oa Molimo e le bopula-maliboho ho entse hore bohloko bo kokobele. Ba leboha Jehova hakaakang!

Ba Holofetse Empa ba Ikemiselitse

Ho holofala ’meleng ha hoa fokolisa lerato le cheseho tseo baboleli bana ba matla ba nang le tsona tšebeletsong ea nako e tletseng. Boikemisetso ba bona bo tšoana hantle le ba moapostola Pauluse, ea ngotseng hore: “Ka lebaka leo, ha re tepelle; empa leha motho oa rōna oa kantle a ntse a senyeha, motho oa kahare, eena, o ntse a nchafala ka letsatsi le letsatsi.”—2 Ba-Korinthe 4:16.

Bonneteng, ha se baboleli bohle ba ’Muso ba holofetseng bao ekabang baboleli ba nako e tletseng. Maemo a batho a fapana. Empa ntho leha e le efe eo batho bana ba ka e etsang ho tlotlisa Ea Phahameng le ho thusa ba bang moeeng e tla tlisa thabo e khōlō, khotsofalo ea botho, le tlhohonolofatso ea Molimo oa rōna o lerato Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Masashi Tokitsu

Katsuko Yamamoto

Akimi Tanizono

Toshimi Tanizono

Yoshito Tanizono

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela