Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 12/1 maq. 8-9
  • Tumelo e Matla ea Molaoli oa Sesole

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo e Matla ea Molaoli oa Sesole
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo e Matla ea Molaoli oa Sesole
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Molaoli oa Sesole o Bontša Tumelo e Matla
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na Tumelo ea Hao e U Susumelletsa ho Nka Bohato?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 12/1 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae

Tumelo e Matla ea Molaoli oa Sesole

HA JESU a nehelana ka Thuto ea hae ea Thabeng, o ne a fihlile bohareng ba tšebeletso ea hae ea phatlalatsa. Hona ho bolela hore o saletsoe feela ke selemo le likhoeli tse ka bang robong ho phetha mosebetsi oa hae lefatšeng.

Joale Jesu o kena motseng oa Kapernauma, moo e kang ke setsi sa tšebeletso ea hae. Mona baholo ba Bajode ba mo atamela ka kōpo. Ba rometsoe ke molaoli oa sesole sa Roma eo e leng Molichaba.

Mohlanka ea ratoang oa molaoli eo oa sesole o haufi le ho shoa ka baka la ho kula haholo, ’me o batla hore Jesu a folise mohlanka oa hae. Bajode ka matla ba rapella molaoli eo: “O tšoaneloa ke ho etsoa joalo ke uena,” ba re, “hobane o rata sechaba sa rōna, e bile ke eena ea re hahetseng synagoge.”

Jesu o tsamaea le banna bao ho se tika-tiko. Leha ho le joalo, ha ba atamela, molaoli oa sesole o romela metsoalle hore e re: “Morena, u se ke ua ikhathatsa; hobane ha kea tšoanela hore u kene tlung ea ka. Ke ka baka leo ke itekantseng ea sa tšoaneleng ho ea ho uena.”

Ke pontšo ea boikokobetso bo bokaakang ho molaoli ea tloaetseng ho laela ba bang! Empa mohlomong o boetse o nahana ka Jesu, a hlokomela hore moetlo o thibela Mojode ho ba le likamano tsa botsoalle le eo e seng Mojode. Le Petrose o itse: “Lea tseba hobane motho oa mo-Jode ha a lumelloe ho kopana le mo-lichaba.”

Mohlomong a sa batle hore Jesu a latsoe liphello tsa ho tlōla moetlo ona, molaoli enoa o re metsoalle ea hae e mo kōpe: “U mpe u bue polelo, ’me mohlanka oa ka o tla fola. Hobane le ’na, ke leng motho ea laoloang ke ba bang, ke na le bahlabani ba ka tlase ho ’na; ha ke re ho e mong: E-ea, o’a ee: le ho e mong: Tlo, o’a tle; le ho mohlanka oa ka: Etsa hoitseng, o’a ho etse.”

Joale, ha Jesu a utloa tsena a makala. A re, “Kea le bolella, ke re: Ha ke e-so ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.” Hoba a folise mohlanka oa molaoli eo, Jesu o sebelisa monyetla oo ho bolela kamoo Balichaba ba tumelo ba tlang ho hauheloa ka mahlohonolo a lahliloeng ke Bajode ba se nang tumelo.

Jesu o re, “Ba bangata ba tla tsoa bochabela le bophirimela, ’me ba tla lula lijong le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo ’musong oa maholimo. Empa bara ba ’muso ba tla lahleloa lefifing le kantle, moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.”

“Bara ba ’muso ba tla lahleloa lefifing le kantle” ke Bajode ba tlhaho ba sa amoheleng monyetla oo ba o filoeng pele oa ho ba babusi le Kreste. Abrahama, Isaaka le Jakobo ba emela tokisetso ea ’Muso oa Molimo. Kahoo Jesu o pheta kamoo Balichaba ba tlang ho amoheloa ho lula tafoleng ea leholimo, joalokaha e ka ke “’musong oa maholimo.” Luka 7:1-10; Mattheu 8:5-13; Liketso 10:28.

◆ Ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba rapella molaoli oa sesole oa Molichaba?

◆ Ke hobane’ng ha molaoli eo a ile a kōpa hore Jesu a se ke a kena tlung ea hae?

◆ Jesu o ne a bolela eng ka mantsoe a hae a qetellang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela