Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 2/15 maq. 3-4
  • Na Ua Tšoenyeha ka Bana ba Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Ua Tšoenyeha ka Bana ba Hao?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mora Ea Lahlehileng
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Maria?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Maria ke Moimana Empa a sa Nyaloa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Ile a Ithuta ho Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 2/15 maq. 3-4

Na Ua Tšoenyeha ka Bana ba Hao?

HANTLE haholo! Mafu, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le botlokotsebe ke a mararo feela har’a mathata ao u tsebang hore a beile bana ba hao kotsing. Ke tlhaho hore batsoali ba amehe ka bana ba bona—le hona ho tšoenyeha ka bona.

Joalokaha Bibele e bontša, ke kamoo batsoali ba bangata ba ’nileng ba ikutloa ka teng ho theosa le histori. Hopola hore Jakobo o ile a roma Josefa ho ea hloela banab’abo hobane Jakobo a ne a amehile ka bona. (Genese 37:13, 14) Jobo le eena, o ne a tšoenyehile, le hoja bara ba hae ba ne ba se ba hōlile ba e-na le malapa a bona. O ne a nahana: “Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitiloe ka ho lebala Molimo lipelong tsa bona.”—Jobo 1:4, 5.

E, Josefa le Maria le bona ba ne ba amehile ka mora oa bona ea phethahetseng Jesu! Ha e le hantle, ka lekhetlo le leng ha Jesu a le lilemo li 12, ba ile ba tšoenyeha ka ho khethehileng ka eena, hobane ba ile ba fumana hore ha a eo. Leha ho le joalo, ngoana oa bona Jesu e ne e le tlotla ho bona, ’me ho ne ho se lebaka leo ba ka inyatsang ka baka la lona. E re re bone hore na hantle-ntle ho ile ha etsahala joang ka lekhetlo leo la bohlokoa ’me re nahane hore na batsoali ba kajeno ba ka ithuta eng ho seo.

Mora Ea Lahlehileng

Haeba u motsoali, mohlomong u ka qenehela Maria ha a halefela Jesu, a re: “Ngoan’a ka, u re etselitse’ng joalo? U ka bona, ntat’ao le ’na, re ne re u batla re tšohile haholo.” Josefa le Maria ba ne ba arohane le Jesu ka matsatsi a mararo. U ka ananela hore na ke hobane’ng ha ba ne ba tšohile ka hore na moshemane ea lilemo li 12 o hokae.—Luka 2:48.

Jesu o ile a lahlehela Josefa le Maria ka lebaka lefe? Mohlalosi e mong ea tsebisahalang haholo o ba nyatsetsa sena, a ngola: “Kaha ba ne ba tseba hore na ba na le letlotlo la bohlokoa hakaakang, ke hobane’ng ha ba ne ba ka nka nako e telele hakaalo pele ba qala ho batla? Qenehelo le kameho tsa botsoali tsa ’mè li ne li le hokae?” Empa ka sebele, joalokaha re tla bona, tlhahlobisiso e haufi ea tlaleho e imolla Josefa le Maria molato o tebileng.

’Nete ke hore Bibele e bontša hore Maria e ne e le mosali ea khabane le ’mè ea molemo. Lengeloi Gabriele, ha le tlile ho tla tsebisa tsoalo ea Jesu, le boletse hore ‘o fumane mohau ho Molimo.’ (Luka 1:28, 30) Ka boithatelo a amohela kabelo ea ho beleha ngoana enoa e motona ea khethehileng, hammoho le boikarabelo bo boima ba ho mo hōlisa le ho mo ruta. E ne e le mosali oa moikokobetsi le ea nang le tumelo e matla ho Molimo. Hoba Jesu a tsoaloe, Maria o entse sohle se neng se hlokoa ke Molao oa Jehova, “joale ka ha ho ngoliloe.”—Luka 1:38, 45-48; 2:21-23, 39.

Josefa, monna ea ileng a nyala Maria ’me ea e-ba ntate-moholisi oa Jesu, le eena e ne e le monna ea khabane, ea lokileng ea neng a ile a buisana le lengeloi la Jehova ka makhetlo a mane. (Mattheu 1:19, 20; 2:13, 19, 22) Hopola, Jehova o ile a khetha Josefa le Maria hore ba hōlise Mora oa hae oa bohlokoa le ea tsoetsoeng a ’notši. Na ho na le ho hong ho molemo ho feta hoo hoo Molimo o ka beng o ile oa ho etsa ho feta ho batla batho ba babeli ba neng ba ka etsa hantle ho thusa Mora enoa hore a hōlele bohlaleng ba Molimo?

Ha e le hantle, ho hlakile hore batsoali kajeno ba tšoenyeha ka bana ba bona ka lebaka la tikoloho e kotsi le ea botlokotsebe eo ba leng ho eona. ’Me baa tseba hore bana ba bona ha baa phethahala joalokaha Jesu a ne a phethahetse. Le teng, re ka rua molemo ka mohlala oa Josefa, Maria le Jesu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela