Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/1 leq. 30
  • “Ho Tsamaea ke Ho Bona”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Tsamaea ke Ho Bona”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bohlokoa eo U ka e Hlahlobang
    Tsoha!—2015
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Bophelo bo Qalile Joang?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/1 leq. 30

“Ho Tsamaea ke Ho Bona”

NAKONG ea lehlabula la 1984, Gerard, mohlankana ea tsoang France, a nka leeto le kotsi la likhoeli tse tšeletseng—a hahlaula ka baesekele United States le Canada. Lithaba tse khōlō tsa Rocky tsa mo hlolla, le lirapa tsa lipalesa tse khutsitseng tsa mo thoba, empa pono eo a ileng a e bona Montmagny, Quebec, Canada, e ile ea mo khahla ho feta tsohle; e ile ea fetola tsela ea bophelo ba hae.

Ka Sontaha, la 16 Loetse, Gerard o ne a soaela a feta Montmagny ha a hlokomela mokoloko oa makoloi a pakileng kathōko ho tsela. Hape, a bona makholo-kholo a batho ba phetheselang setšeng sa khaho. O ile a botsa e mong oa basebetsi ea laolang sephethe-phethe, “Ho etsahala eng moo?” Le hoja monna eo a ne a tšoarehile, a ipha nako ea ho hlalosetsa Gerard hore basebetsi bana kaofela e ne e le Lipaki tsa Jehova tse sebelisang mafelo a tsona a beke ho haha holo bakeng sa liboka tsa tsona tsa bolumeli. Gerard a sa tsebe, o ne a fihlile lihoreng tsa ho qetela tsa lephehluphehlu la morero oa Holo ea ’Muso ea matsatsi a mabeli. O ile a khahloa haholo ke seo a se boneng le seo a se utloileng. Bosiung boo o ile a ngola bukaneng ea hae ea boitsebiso hore: “Mantsiboea ke kopane le Lipaki tsa Jehova. Li hahile ntlo ka matsatsi a mabeli. Li ne li ka feta 1 000. E, ho tsamaea ke ho bona.”

Kapele kamor’a moo Gerard a khutlela France. Lilemo tse peli hamorao, ka la 26 Phupu, 1986, a romela lengolo Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova Montmagny. A ngola:

‘Na le sa hopola mohla le neng le bua le mopalami oa baesekele ea tsoang France letsatsing la bobeli la morero oa ho haha Holo ea lōna ea ’Muso? Letsatsing leo molaoli oa sephethe-phethe o ile a jala peō. Likhoeli tse seng kae hamorao Lipaki li ile tsa nketela France, ’me ka amohela mpho ea ho ithuta Bibele le tsona. Kaha ke tsoa lelapeng la Mak’hatholike a tšepahalang, thuto e ne e se bonolo. Empa Jehova o ile a melisa peō eo. Libekeng tse peli tse fetileng ke ile ka kolobetsoa kopanong Nantes. Ke leboha Jehova bakeng sa ho ntumella hore ke fumane ’nete, ’me ke lebohile haholo bakeng sa sohle seo moena a nthutileng sona ka Sontaha sela sa la 16 Loetse, 1984. Litumeliso tsa boena tse tsoang ho ramalekele ea sokolletsoeng ’neteng.’

Phutheho ea Montmagny e ile ea ikutloa e thabile hakaakang ha e balloa lengolo la Gerard Holong ea eona ea ’Muso! Bohle ba thusitseng ho haha holo eo ba latsoitse bonnete ba mantsoe a Salomone: “Akhela bohobe ba hao holim’a metsi, hobane kamor’a matsatsi a mangata, u tla boela u bo bone.”(Moeklesia 11:1) E, liphello tse molemo tsa merero ea Holo ea ’Muso ke tsa nako e telele ’me li fihla hōle ka litsela tse ngata.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela