Na u sa Hopola?
Na u kile ua nahana ka hloko ka litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Haeba ho joalo, ke ho ka lebelloang hore u tla khona ho hopola tse latelang:
◻ Ke hobane’ng ha Mokreste a sa lokela ho keteka Keresemese?
Lebaka le leng ke hore mokete oa Keresemese o qalehile ketekelong ea bohetene ea Saturnalia, mokete oa Baroma oa molimo oa temo Saturn. Lentsoe la Molimo le re: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang.” (2 Ba-Korinthe 6:14-17) Mokreste e ke ke ea e-ba ea arohileng ho ba sa lumelang haeba a ntse a keteka mokete o simolohileng boheteneng.—12/15, Leqephe 6.
◻ Jubile ea Bokreste ke eng?
Ke tokoloho e akarelletsang “’nete” e ka lokollang batho “molaong oa sebe le oa lefu.” ’Nete ena e theiloe ho “Mora,” Jesu Kreste. (Johanne 8:31-36; Ba-Roma 8:1, 2, 21)—1/1, Leqephe 21.
◻ Jubile ea Bokreste e ketekoa neng?
Ka Pentekonta ea 33 C.E. Jubile ea Bokreste e ile ea qala ho ketekoa ke ba neng ba baletsoe bophelo leholimong. Bakeng sa batho ba lumelang ba tla thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng, Jubile e khōlō ea Bokreste e tla thabeloa nakong ea Lilemo tse Sekete, ha mesaletsa eohle ea sebe se futsitsoeng le ho se phethahale e tlosoa.—1/1, maqephe 21, 22, 27.
◻ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li sa bule likolo tsa bana Asia le libakeng tse ling?
Ka baka la seo Bibele e se bolelang, Lipaki tsa Jehova li lokela ho ameha haholo-holo ka thōmo eo li e neiloeng ea ho bolela molaetsa oa bohlokoahali ka ’Muso oa Molimo. (Mattheu 24:14; 28:19, 20) Li hlokomela mahlomola a batho le ho hloka toka ho teng tsamaisong ena ea lintho, ’me li leka ho thusa kamoo li ka khonang. Empa lia hlokomela hore pheko ea sebele ha e tsoe matsohong a batho, empa tokolohong eo ’Muso oa Molimo o tla e tlisa haufinyane. (Pesaleme ea 146:3-10)—1/15, leqephe 7.
◻ Ke litšobotsi life tsa tumelo tseo re ithutang tsona mehlaleng ea Abele, Henoke, Noe, Abrahama, le Moshe?
Tumelo e kang ea Abele e hōlisa kananelo ea rōna bakeng sa sehlabelo sa Jesu. Tumelo ea ’nete e re thusa hore re be sebete joaloka Henoke. Joaloka Noe, tumelo e re susumetsa ho latela litaelo tsa Molimo. Tumelo ea Abrahama e hatisa ka ho rōna tlhokahalo ea ho mamela Molimo le ho kholoa litšepiso tsa oona. Re lokela ho lula re se na letheba lefatšeng le ho ema ka botšepehi le batho ba Molimo, joalokaha Moshe a re beetse mohlala.—1/15, leqephe 20.
◻ Ke ka tsela efe cheseho ea ho tseba litaba e ka bang tlhohonolofatso kapa thohako?
Cheseho e ntle ea ho tseba ka ’Mōpi oa rōna, thato ea hae, le merero ea hae e ka ba e khotsofatsang haholo le e molemo, e tlisang thabo le khatholoho bophelong ba rōna. Ka lehlakoreng le leng, cheseho e sa laoloeng ea ho tseba litaba e ka re isa molubalubeng oa ho thuisa litaba le likhopolo tsa batho, e leng ho senyang tumelo ea sebele le boinehelo ba bomolimo.—2/1, leqephe 29.
◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a rapela: “Ntate, ekare ha ho ka etsoa, ak’u fetisetse senoelo sena hōle le ’na”? (Mattheu 26:39)
Jesu o ne a amehile ka qoso ea bonyefoli eo a neng a bona e tla e mo lebile. Ena e ne e le tlōlo ea molao e mpe ka ho fetisisa eo Mojode a neng a ka ba molato oa eona. Kahoo, tlas’a boemo bo joalo, lefu la hae le ne le ka bonahala le tlis’a nyefolo ho Ntate oa hae oa leholimo.—2/15, leqephe 13.
◻ Haeba motho a lokela ho mamella tlhokofatso kapa khatello, tsela e bohlale eo a ka e latelang ke efe?
Ho molemo hore a mamelle, a talime ho Molimo ka tšepo bakeng sa topollo, le ho atamela haufi le eena. Hona ho tla etsa hore motho eo a nolofalloe ke ho feta har’a liphihlelo tse ling tse tšoanang bophelong ntle le ho lahleheloa ke tšepo. (Lillo tsa Jeremia 3:25-31)—2/15, leqephe 24.
◻ “Meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele” eo Jesu a buileng ka eona ho Luka 22:28-30 e emela bomang?
E emela lichaba tsohle tsa batho ba tla ahloloa ke Kreste le baprista ba ka tlaasana ho eena ba 144 000 malebana le ho nchafatsoa ha tsohle tseo Jehova a li rerileng bakeng sa lefatše lena. (Mattheu 19:28)—3/1, leqephe 28.
◻ Ke eng se boleloang ka khotso ea bomolimo, ’me e ka finyelloa joang?
Khotso ea bomolimo ke boemo bo tsitsitseng ba kelello le pelo, boikutlo ba khutso bo kahare, ho sa tsotellehe hore na ke eng ho etsahalang. (Pesaleme ea 4:8) E ka fumaneha feela ho tsoa kamanong e amohelehang le Molimo, e fumanehang ka sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste. (Ba-Kolosse 1:19, 20)—3/15, maqephe 11, 14, 15.
◻ Ke litokisetso life tseo re nang le tsona kajeno tse tla re thusa ho finyella ho tseba Molimo ka tsela e haufi-ufi?
Re na le Bibele ’moho le liketsahalo tsa ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ka makholo-kholo a lilemo. Hape, re na le litlaleho tsa Melaetsa tsa bophelo, mesebetsi, le mantsoe a Jesu Kreste, eo ka eena Pauluse a ileng a ngola: “Botlalo kaofela ba bomolimo bo ahile ho eena [Kreste] ka ’mele.” (Ba-Kolosse 2:9)—4/1, leqephe 6.