Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 5/15 maq. 24-25
  • “Matlotlo a Naha e Halalelang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Matlotlo a Naha e Halalelang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Pina ea Leoatleng” Buka e Ngotsoeng ka Letsoho e Koalang Sekheo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Sesaera le Bakreste ba Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Meqolo ea Leoatle le Shoeleng—Tšibollo ea Bohlokoahali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 5/15 maq. 24-25

“Matlotlo a Naha e Halalelang”

MANHATTAN e phetheselang ke sebaka se sa tloaelehang bakeng sa pokello ea litšoantšo tsa khale tse tiisang pale ea Bibele. Empa, serapeng se seholo sa boikhathollo sa motse-moholo oa New York ke ntlo e khōlō ka ho fetisisa ea pokello ea litšoantšo tsa khale, eo haufinyane e ileng ea amohela “matlotlo a naha e halalelang: litšoantšo tsa boholo-holo tse tsoang ntlong ea pokello ea lintho tsa khale ea Iseraele.” Pontšo ena e ne e e-na le lintho tse ka bang 200 tse hiriloeng ho tsoa ntlong ea pokello ea lintho tsa khale ea Iseraele e Jerusalema.

Baahi ba boholo-holo ba naha ea Bibele ba bolela pale ea bona ka tšebetso ena ea litšoantšo. Tloho re talime, re mamele, ’me re ithute. Empa, pele, u tlameha ho hloa litepisi tse 28 tse isang monyakong o tlas’a marulelo a tšehelitsoeng ka litšiea tse ntle Ntlong ena e khōlō ka ho fetisisa ea Pokello ea Lintho tsa Khale. Hang ha u kene, u se u loketse ho qala leeto la hao la bohahlaoli lilemong tse likete tse ’maloa tsa pale ea Bibele. U tla bona tsena tse latelang:

Tlaleho ea Habakuke—moqolo oa bolelele bo ka etsang limithara tse 1,5 oa litaba tse ngotsoeng letlalong, oo ho oona lebitso la Molimo le hlahang ka makhetlo a ’maloa. Moqolo ona ke o mong oa ea pele ea ho sibolloa le o bolokiloeng hantle ka ho fetisisa Meqolong ea Leoatle le Shoeleng, e ileng ea bitsoa “tšibollo e khōlō ka ho fetisisa ea lintho tse epolotsoeng lekholong lena la lilemo.” (Meqolo ena e na le likarolo tsa buka e ’ngoe le e ’ngoe ea Mangolo a Seheberu ntle le Esthere ’me ke ea lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Ka hona, ntle le likaroloana tse sa fellang tse ngotsoeng ka letsoho, li ngotsoe lilemo tse sekete pele ho likopi tsa khale ka ho fetisisa tse tsejoang tsa Bibele.) Tlaleho ea Habakuke e na le hoo e batlang e le likarolo tse peli ho tse tharo tsa buka ea Habakuke (1:4–2:20), e ile ea kopiletsoa tabeng e ngotseng letlapeng ka Searame qetellong ea lekholo la pele la lilemo B.C.E., ’me e ne e tsoakantsoe le tlaleho eo ea litaba. Karete ea Boitsebiso ea Ntlo ea Pokello ea Lintho tsa Khale e re: “Empa lebitso la Jehova le ngotsoeng ka litlhaku tse ’nè, tetragrammaton, le fumaneha le ngotsoe ka mongolo oa khale oa Seheberu hohle moo le fumanehang.” E, u ne u ka bona litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo ka mokhoa o hlakileng.

Sekhetšoana sa sejana sa letsopa se bitsoang “Ntlo ea Molimo”—sekhetšoana sa sejana sa letsopa seo ho sona lebitso la Molimo le hlahang ka makhetlo a mabeli ka sebopeho sa litlhaku tseo tse ’nè. Sekhetšoana sena sa sejana sa letsopa se fumanoeng Iseraele Boroa e ne e le lengolo le neng le ngoletsoe monna ea bitsoang Eliashibe ’me ke la khale karolong ea bobeli ea lekholo la bosupa la lilemo B.C.E. Lengolo le qala ka hore: “Ho morena oa ka Eliashibe: E se e ka Jehova a ka u nea khotso.” ’Me le qetella ka hore: “O lula tlung ea Jehova.” Bona leqephe la 12 bukaneng Lebitso la Molimo Le Tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Mongolo oa Ponse Pilato—tokomane e ikhethang ea pale ea lekholong la pele la lilemo, e ileng ea sibolloa Cesarea. Pele ho 1961, Ponse Pilato o ne a boleloa feela ka Bibeleng le mangolong a lekholo la pele la lilemo a bo-rahistori ba Baroma le ba Bajode. Empa joale, u ka bona mantsoe “Ponse Pilato ’Musisi oa Judea” a ngotsoe ka likarolo tse sa fellang tsa Selatine lejoeng la Mokoetla. Hona ho tiisa boteng ba monna ea ileng a fana ka tumello ea ho bolaoa ha Jesu Kreste.

Mongolo o buang ka “Sebaka sa ho Letsetsa Terompeta”—e kile ea ba karolo ea lebota la lerako le ka boroa-bophirimela le pota-potileng tempele Jerusalema. Ha tempele e timetsoa ka 70 C.E., sekotoana sena sa lejoe se ile sa oela tseleng e ka tlaase. Mantsoe “ho ea sebakeng sa ho letsetsa terompeta” a ngotsoe ka Seheberu lejoeng lena le batlang le le mahlakore a mane, le bolelele ba mithara e le ’ngoe ’me a supa sebaka seo moletsi oa terompeta a neng a ema ho sona, mohlomong e le ha a tšoaea qaleho le qetello ea Sabbatha ka melumo ea terompeta ea hae. Har’a mehaho e neng e le teng mabaleng a tempele, lengolo lena ke lona feela ntho ea bohlokoa e setseng, ka hona le tlisa phethahatso ea boprofeta ba Jesu ho Mattheu 24:1, 2.

Mongolo o Lebitleng la Oziase, Morena oa Juda—lejoe le mahlakore a lekanang, lehlakore ka leng le le bolelele ba lisentimithara tse 30 le e-na le mongolo oa Searame o reng: “Ho tiisitsoe masapo a Oziase Morena oa Juda sebakeng sena. Se ke ua koaholla.” E ka ’na eaba temoso ena e fanoe ka lebaka la lepera la hae, kapa e ka ’na eaba e supa thibelong e akaretsang ea hore ho se ke ha buloa mabitla. (2 Likronike 26:16-23) Letlapa lena, le entsoeng hoo e ka ‘bang lekholong la pele la lilemo B.C.E., le ile la fumanoa haufi le Jerusalema ’me le tšoaea ho patoa ha masapo a morena lekhetlo la bobeli makholo a lilemo kamorao ho lefu la hae, kaha qalehong a ne a sa patoa tšimong ea mabitla a moreneng a motse oo.

Sethalla sa Borapeli se Nang le Libini—sethalla sa letsopa se sa tloaelehang se ka bang bophahamo ba lisentimithara tse 30 ’me se bontša ka mokhoa o hlakileng mekete ea Bafilista ea borapeli. Karolo e etsang motheo oa sethalla e na le libini tse hlano, sebini ka seng se letsa mofuta o itseng oa seletsa—licymbala, liphala, liviole, le moropa. Sethalla sena se ile sa fumanoa Ashdode ’me ke sa khale ho tloha qetellong ea lekholo la bo11 la lilemo ho isa mathoasong a lekholo la bo10 la lilemo B.C.E.

Sethalla sa Borapeli sa Bakanana—sethalla se entsoeng ka letsopa se mohohlo, se mahlakore a lekanang, se khabisitsoeng ka litšoantšo tsa batho le tsa liphoofolo. Se akarelletsa melimo e meholo ea Bakanana e kang Ashera, o tšoantšitsoeng ka sebopeho sa sefate se halalelang kapa palo, le Baale, ka sebopeho sa namane e palangoeng ke selikoa-likoe se nang le mapheo a kang mahlaseli a letsatsi. (Exoda 34:12-14; 2 Marena 23:4, 5) Sethalla sena se batlang se le bophahamo ba lisentimithara tse 60, seo mohlomong se neng se reretsoe linyehelo kapa lino tse tšolleloang melimo, se ile sa fumanoa haufi le Megiddo ’me e le sa ho tloha qetellong ea lekholo la bo10 la lilemo B.C.E.—Bapisa 2 Likronike 34:4.

Manaka a Litlou a Tsoang Samaria—litšoantšo tse betliloeng tse tsoang Samaria tsa ho tloha lekholong la bo9 la lilemo ho isa ho la bo8 la lilemo B.C.E. Li ka hopotsa motho ka “ntlo ea manaka a litlou” eo Akabe a e hahileng Samaria kapa ka mekhabiso ea “litulo tse entsoeng ka manaka a tlou” e leng tšobotsi e bontšang mokhoa o mobe oa bophelo oo moprofeta Amose a ileng a o nyatsa. (1 Marena 22:39; Amose 3:15; 6:4) Kaha babetli ba litšoantšo ba Fenicia ba ne ba sebelisa manaka a litlou ka ho khetheha, tse ling tsa litšoantšo tsena tse nyenyane li pheta borapeli ba bohetene ba Baale, mohlomong e le bo ileng ba tlisoa ke mosali oa Akabe oa Mofenicia, Jezebele.

Lintho tse ngata tse bontšitsoeng ke tse ntle ka sebopeho le ka ’mala. Empa tse ling tsa tsona, tse kang litšoantšo tsa melimotsana ea tsoalo, li bontša ka mekhoa e nyelisehang ea bolumeli ea naha eo. Tse ling li senola kamoo tšusumetso e tsoang kathōko e ileng ea fetola sebopeho sa eona. Pontšo ea “matlotlo a naha e halalelang” le tse ling tse tšoanang le eona e eketsa kutloisiso ea motho ka batho, lipolotiki, bolumeli, le litšoantšo tsa naha ea Bibele.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Tlaleho ea Habakuke

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem

Sekhetšoana sa sejana sa letsopa se bitsoang “Ntlo ea Molimo” ostracon

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Israel Museum, Jerusalem

Mongolo oa Ponse Pilato

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Israel Museum, Jerusalem

Mongolo oa “Sebaka sa ho Letsetsa Terompeta”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Israel Museum, Jerusalem

Mongolo o Lebitleng la Oziase

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Israel Museum, Jerusalem

Sethalla sa Borapeli se nang le libini

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Israel Museum, Jerusalem

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela