“Pina ea Leoatleng” Buka e Ngotsoeng ka Letsoho e Koalang Sekheo
KA LA 22 May, 2007, sekhechana sa moqolo oa Seheberu sa lekholong la bosupa kapa la borobeli la lilemo C.E. se ile sa behoa pooaneng Musiamong oa Iseraele o Jerusalema. Sekhechana sena ke sa buka e ngotsoeng ka letsoho ea Exoda 13:19–16:1. Se akarelletsa se tsejoang e le “Pina ea Leoatleng”—e leng pina ea tlhōlo eo Baiseraele ba ileng ba e bina ka mor’a hore ba lopolloe ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu. Ke hobane’ng ha ho behoa pooaneng ha sekhechana see e le habohlokoa?
Taba ea bohlokoa ke hore na buka ena e ngotsoeng ka letsoho ke ea neng. Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e ngotsoe pakeng tsa lekholo la boraro la lilemo B.C.E. le la pele la lilemo C.E. Pele e fumanoa hoo e ka bang lilemo tse 60 tse fetileng, buka ea khale haholo ea Seheberu e ngotsoeng ka letsoho e ne e le Aleppo Codex, e neng e ngotsoe hoo e ka bang ka 930 C.E. Ntle le likhechana tse seng kae feela, ha ho na libuka tse ling tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho tseo ho fumanoeng hore li ngotsoe nakong ea lilemo tse makholo a ’maloa e lipakeng.
James S. Snyder, e leng mookameli oa Musiamo oa Iseraele o re: “Buka e ngotsoeng ka letsoho ea Pina ea Leoatleng, e koala sekheo se teng historing pakeng tsa Meqolo ea Leoatle le Shoeleng . . . le Aleppo Codex.” Ho ea ka eena, buka ena e ngotsoeng ka letsoho hammoho le lingoliloeng tse ling tsa Bibele tsa boholo-holo “li fana ka mohlala o ikhethang oa kamoo litaba tse ngotsoeng li ileng tsa bolokoa kateng li sa fetohe.”
Ho lumeloa hore sekhechana sena sa moqolo ke e ’ngoe ea libuka tse ngata tse ngotsoeng ka letsoho tse ileng tsa fumanoa qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo synagogeng e Cairo, Egepeta. Leha ho le joalo, motho e mong ea neng a ipokellela libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu, o ne a sa hlokomele bohlokoa ba eona ho fihlela a batla keletso ho setsebi se seng bofelong ba lilemo tsa bo-1970. Ka nako eo ho ile ha sebelisoa carbon ho hakanya hore na sekhechana sena ke sa neng eaba se bolokoa polokelong ea lintho tsa khale ho fihlela mohla se behoang pooaneng Musiamong oa Iseraele.
Ha a fana ka maikutlo a hae ka bohlokoa ba sekhechana sena sa moqolo, Adolfo Roitman, mookameli oa Musiamo oa Iseraele oa Shrine of the Book, ea ikarabellang ka pokello ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng o re: “Buka e ngotsoeng ka letsoho ea Pina ea Leoatleng e bontša botšepehi bo tsotehang boo phetolelo ea Bibele ea Masorete e ileng ea ngoloa ka bona ka makholo a lilemo. Hoa hlolla ho bona hore tsela e ikhethang eo Pina ea Leoatleng e ngotsoeng ka eona e ntse e tšoana le kamoo e neng e le kateng pele, lekholong la bo7 ho ea ho la bo8 la lilemo.”
Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, ’me Jehova ke eena ea ka sehloohong ea ikarabellang ho bona hore e lula e le teng. Ho feta moo, bangoli ba ile ba kopitsa Mangolo ka hloko e khōlō. Kahoo, ha ho pelaelo hore Bibele eo re e sebelisang kajeno ea tšepahala.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Courtesy of Israel Museum, Jerusalem