Ho Lula Haufi le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova
Joalokaha ho boletse John Barr
KE NE ke le karolong ea ho qetela ea leeto la ho ea hae ka Phuptjane selemong se fetileng, ke tsamaea ka sefofane ho tloha Glasgow ho ea Aberdeen. Ha sefofane sa rōna se fofela holimo holim’a naha e tala ea Scotland le holim’a metsi a phallang butle a nōka ea Clyde, mehopolo ea ka ea khutlela morao selemong sa 1906 le motsaneng oo o monyenyane oa Bishopton, o lutseng sebakeng se seng tlaase mane ho ea ka boroa ho nōka.
Seo e ne e le selemo le sebaka seo ho sona nkhono, Emily Jewell, a ileng a qala ho bala buka ea Charles T. Russell, The Divine Plan of the Ages. Kapele-pele mahlo a hae a bulehela ’neteng ea hore Bibele ha e rute thuto ea lihele tsa mollo. Ka potlako barali ba hae ba babeli ba seng ba hōlile Bessie le Emily (oa bobeli e ile ea e-ba ’mè) le bona ba qala ho bona leseli la ’nete ha le khanya ho phunyeletsa leroothong la thuto ea bohata e rutoang ke Kereke ea United Free ea Scotland. Ka 1908 nkhono o ile a kolobetsoa, ho tšoantšetsa boinehelo ba hae ba ho etsa thato ea Molimo, ’me barali ba hae kapele kamor’a moo.
Ntate e ne e le mohlokomeli oa litlaleho tsa lekhotla le busang hona Kerekeng ea United Free e Bishopton. Kamehla o ’nile a ho fumana ho le thata ho amohela thuto ea Boraro-bo-bong, kahoo moruti oa kereke a ithaopela ho fana ka thuto e khethehileng molemong oa hae ka Sontaha se seng. Eaba ho lekane! Ka ho utloa tlhaloso eo a lekang ho fana ka eona, joale ntate o ne a kholisehile hore thuto ea Boraro-bo-bong ke ea bohata. A itokolla kerekeng ’me a kolobetsoa ka 1912 ho tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova. Kapele kamor’a moo batsoali ba ka ba fallela Aberdeen leboea le bana ba bona ba babeli, Louie le James, ’me ’na ka hlahela moo ka 1913.
Mehopolo ea ka ka lilemo tseo tsa pele le ka boiteko ba batsoali ba ka ba ho re hōlisa re le bana ba bararo ‘ka ho re laea le ka ho re rutela Moreneng,’ e ile ea khutlela ho ’na ha sefofane se qala ho theohela holim’a maralla, linōka, le likhohlo tseo ke neng ke li tsebile ho tloha bonyenyaneng. (Ba-Efese 6:4) Ke ile ka ikutloa ke tletse kananelo hakaakang bakeng sa Jehova ka koetliso ea botsoali, hoseng hona ho hotle ho khanyang! Ke ne ke tseba hore e tlatselitse hore kamehla ke lule haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
Bohlokoa ba Koetliso ea Bonyenyaneng
Kamehla lelapa leso e ne e le le kopaneng le thabileng. Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba fapana ka maikutlo, ba ne ba leka hore le kamohla ba se ke ba bontša sena kapele ho rōna bana. Hona ha hoa ka ha etsa hore re hlomphe batsoali ba rōna feela empa hape hoa re etsetsa le tikoloho e nang le khotso ea sebele le tšireletseho kahare ho lelapa la bo rōna.
E meng ea mehopolo ea ka e monate ka ho fetisisa e likoloha holim’a liboka tsa mantsiboea tsa lelapa leso. Re ne re iketsetsa boithabiso, re etsa lintho tse kang ho bina ka liletsa tsa rōna tsa ’mino le ho bapala hammoho lipapali tsa liboto tse kang Monopoly. Hape, ho sa tsotellehe hore na Ntate o ne a phathahane hakae, le kamohla o ne a sa fose ho qeta nako e itseng a na le rōna letsatsi le leng le le leng, a re balla Bibele ka lentsoe le phahameng le likhatiso tsa Watch Tower, ’moho le libuka tse ling tsa mofuta o nang le leseli le taba tsa bohlokoa bo boholoanyane. Lintho tsena kaofela li ile tsa sebeletsa ho boloka lelapa la bo rōna le kopane ’moho ha re ntse re hōla.
E ne e le rōna feela lelapa le “’neteng” karolong eo ea Scotland e ka leboea lilemong tseo tsa pele. Ka baka leo, lehae la rōna le ile la tsebahala haholo ho baemeli ba bangata ba tsamaeang ba Mokhatlo oa Watch Tower (bahahlaoli, kamoo ba neng ba bitsoa kateng), ba kang Albert Lloyd, Herbert Senior, le Fred Scott. Ba bang ba ne ba bile ba tsoa ntlo-kholo ea Mokhatlo e Brooklyn, New York, ba akarelletsang W. E. Van Amburgh le A. H. Macmillan. Liketelo tsena e ne e le linako tsa bohlokoahali lilemong tsa ka tsa bonyenyane.
Ho tla fihlela letsatsing la kajeno ke ikutloa ke leboha moea oa ’nete oa ho amohela baeti o bontšitsoeng ke batsoali ba ka. Hona ho ile ha matlafatsa bophelo ba lelapa leso, ’me le hoja ke ne ke le monyenyane ke ile ka qala ho ba le kananelo e pharaletseng bakeng sa mokhatlo oohle oa baena. Batsoali ba ka etsa ho hoholo hakaakang mabapi le ho hlaolela tlamo e mofuthu ea lerato pakeng tsa bana ba bona le mokhatlo oa lefatše lohle oa baena ba bona!
Ho Sebetsana ka Katleho le Bothata ba Botho
Ha ke kena lilemong tsa ka tsa bocha, ke ile ka fetoha moshemane ea lihlong haholo le ea tšabang batho. Ha ke ntse ke hōla, ka ho fumana ho le thata le ho feta ho kopana le batho le ho qoqa le bona. Lihlong tsena tsa tlisa bothata bo boholo ka litsela tse ngata empa haholo-holo ha ke lokela ho paka tumelo ea ka ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.
Kapele kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše, nkhono oa ka le ’mè oa ka ea e-ba Lipaki tsa pele Aberdeen tsa ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Rōna bana re ne re kopanela ho abeng lipampitšana, empa joale hore ’na ke hle ke buisane le batho malapeng a bona—e ne e le ntho e ’ngoe e fapaneng! Eo e ne e le phephetso ea sebele. Empa qetellong ka e hlōla. Le kamohla nke ke ka lebala Sontaha sa Pulungoana 1927 thapama ha ke ne ke bolella ntate hore ke tla tsamaea le eena tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ke ne ke qala ho bona likhapha marameng a ntate—ntlheng ena e le likhapha tsa thabo!
Koluoa ea Lelapa ea Nkama
Boemo bo khutsitseng ba khotso bophelong ba lelapa la bo rōna bo ile ba senyeha phirimaneng ea la 25 Phuptjane, 1929, ha ke ne ke le lilemo li 16. Kamor’a ho qeta letsatsi tšebeletsong, ’mè le khaitseli ea ka ba ne ba potlaketse lapeng ho ea lokisetsa Ntate lijo tsa mantsiboea. Ka tšohanyetso, sethuthuthu se jahileng sa chahisa ’Mè, sa mo hulanya seterateng limithara tse ka bang 37. Maqeba a hae a hloohong a ne a le mabe hoo a neng a sa lebelloa hore a ka phela. Empa ka thuso ea likhoeli tse ngata tsa tlhokomelo e lerato ea khaitseli ea ka Louie, o ile a phela. Kamor’a nako, ’Mè o ile a khona ho phela bophelo boo ha ho bapisoa e leng bo tloaelehileng ho fihlela lefung la hae ka 1952.
Phihlelo eo e tšabehang e ile ea nketsetsa ntho e ’ngoe ea bohlokoa—e ile ea nketsa hore ke talime bophelo ba ka ka botebo le seo ke se etsang ka bona. Lehlabuleng leo ka qala ho ithuta Bibele ka botebo ho feta pele—ka etsa hore ’nete e be ea ka. Mona e ile ea ba moo ke etsang phetoho e khōlō ho ’na, ’me ka nehela bophelo ba ka tšebeletsong ea Jehova. Leha ho le joalo, ha ea ba ho fihlela lilemong tse seng kae hamorao ke ileng ka fumana monyetla oa ho tšoantšetsa boinehelo ba ka ka kolobetso ea metsing.
Ho Kenela Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ha ke qeta sekolong ka 1932, ka qala thupelo ea ho koetlisoa botsebing ba mahlale a mechine le motlakase. Mehleng eo Brithani ho ne ho se na khothaletso e teng kajeno ea hore ba bacha ba kenele mosebetsi oa boboleli ka nako e tletseng e le bo-pula-maliboho. Empa ha lilemo li ntse li e-ea, ke ile ka tseba moo ke lokelang hore e be ke sebelisa matla a ka teng—tšebeletsong ea nako e tletseng.
Ke hopola hantle ntho e ’ngoe eo re ileng ra ithuta eona mathoasong a 1938 e ileng ea hatisa ka ho ’na melemo ea ho lula haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho itšebelisetsa litaelo tsa oona. E ne e le litokollo tsa makasine tsa Watchtower tse neng li bua ka Jonase ’me li hlalosa liphihlelo tseo a ileng a feta har’a tsona ha a baleha kabelo ea hae ea tšebeletso. ’Na ka bonna ke ile ka tebisa thuto ena pelong ea ka, ka etsa qeto ea hore le kamohla ha kea lokela ho hana kabelo leha e le efe e tlang ho ’na ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ke ne ke sa hlokomele ka nako eo hore ke likabelo tse ngata hakae tsa puso ea Molimo tse larileng kapele e le teko qetong ea ka.
Ke ile ka rapella tataiso, ’me karabelo ea tla e le lengolo la tšohanyetso le tsoang ntlo-kholo ea Mokhatlo e London, le nkōpa hore ke nahanisise ka ho ba setho sa lelapa la Bethele. Ka cheseho ka nka monyetla oo oa ho kena ka monyako oo o moholo o lebisang litokelong tse kholoanyane tsa tšebeletso. Kahoo, ka ’Mesa 1939 ka iphumana ke sebetsa haufi-ufi le Harold King, eo hamorao a ileng a sebeletsa e le moromuoa China ’me, ka baka la tšebeletso ea hae ea boboleli, a ileng a qeta lilemo-lemo teronkong ea bokomonisi. Re ne re sebetsana le ho kopanya mechine ea lirekoto e neng e sebelisoa ho bapala linehelano tse rekotiloeng matlung a batho.
’Na le Harold re ne re ee re inahanele batho ba mefuta-futa bao qetellong ba neng ba tla mamela molaetsa oa ’Muso ho tsoa thepeng eo re neng re e etsa. Ka tsela ena ha ho mohla re kileng ra lahleheloa ke pono ea phello ea mosebetsi oa rōna. Ha esale ho tloha ka nako eo, likabelong tsohle tse fapaneng tseo ke ileng ka li amohela Bethele, ke ’nile ka tsoela pele ho boloka pono ena. Hona ho entse hore mosebetsi oa ka e be thabo ea sebele le oo kamehla o nang le moelelo kamanong le mosebetsi oa boboleli ba ’Muso.
Litokelo tsa Tšebeletso
Hang hoba ke fihle Bethele ea London, ke ile ka khethoa ke le mohlanka oa sehlopha (eo hona joale a bitsoang molebeli ea okamelang) oa phutheho e nang le bahoeletsi ba kaholimo ho 200. Pele, ke ne ke bile molebeli oa phutheho e nang le bahoeletsi ba leshome feela! Eaba ke beoa taolong ea Lefapha la Molumo kopanong e tsotehang ea naha eohle e neng e tšoaretsoe Leicester ka 1941. Ho tla fihlela ka nako ena, ke ne ke e-na le phihlelo e nyenyane feela ea mechine ea libuela-hōle.
Hamorao ke ile ka abeloa mosebetsi oa ho tsamaea ke le mohlanka ho baena, eo hona joale a seng a bitsoa molebeli oa potoloho. Ho ne ho e-na le bahlanka ba joalo ba tšeletseng feela Brithani ha mosebetsi oo o ne o qala ka Pherekhong 1943. Kabelo ea ka e ne e lokela ho ba ea khoeli feela, empa e ile ea qetella e bile ea ho etela liphutheho ka nako e fetang lilemo tse tharo. Nakong ea tsona lilemo tseo tse thata tsa Ntoa ea II ea Lefatše, ke ne ke lokela ho hlokomela likopano tse tharo tse khōlō—ntho eo le kamohla ke neng ke e-s’o ka ke e etsa pele.
Mosebetsi oa ho tsamaea mehleng eo o ne o fapane haholo le seo o leng sona kajeno. Re ne re le tseleng kamehla, ’me ho tsamaea ho phunyeletsa Brithani lilemong tseo tsa ntoa ho ne ho le thata haholo ka linako tse ling. Ka makhetlo a fetang bonngoe, ke ile ka tlameha ho tšepela baesekeleng bakeng sa karolo ea leeto pakeng tsa liphutheho. Ho e-na le ho etela phutheho e le ’ngoe ka beke, joalokaha balebeli ba tsamaeang ba etsa kajeno, haeba liphutheho li ne li le nyenyane, re ne re etela hoo e ka bang tse tšeletseng ka beke!
Kemiso ea letsatsi e ne e ka ba tjena: Re tsoha hoseng hora ea bohlano e fetile ka metsotso e mashome a mararo, ’me kamor’a lijo tsa hoseng, re ea phuthehong e latelang e le hore re ka qala ho hlahloba litlaleho tsa phutheho ka hora ea borobeli. Hangata re ne re qeta motšehare oa mantsiboea re le tšebeletsong ea tšimo, ho latele seboka sa hora le bahlanka ba phutheho ka phirimana ’me ebe puo e eang ho phutheho. Ke ne ke tšohela ke le liphateng pele hora ea 11 bosiu kapa esita le kamorao ho moo haeba ke ne ke ngola tlaleho ea letsatsi ea phutheho phirimaneng eona eo. ’Mantaha o mong le o mong o ne o behelloa kathōko bakeng sa ho qetela litlaleho tsa beke, boithuto ba botho, le bakeng sa mosebetsi leha e le ofe oa tokisetso bakeng sa beke e latelang.
Na u re, ‘Eo e ne e le kemiso ea beke eo e phathahaneng’? E, ho joalo, empa e ne e le ho putsang hakaakang ho ikutloa hore re matlafatsa baena nakong ea lilemo tseo tsa ntoa kaha e ne e se kamehla ho nang le kamano e tšoanang e haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng! Ka tsela ea sebele, re ne re e-na le khotsofalo ea ho ikutloa hore re thusa liphutheho hore e be li “matlafatsoa tumelong.”—Liketso 16:5, TLP.
Ho Khutlela Tšebeletsong ea Bethele
Ke ile ka kōptjoa ho khutlela tšebeletsong ea Bethele ka ’Mesa 1946. Ke ile ka thabela ho etsa joalo, empa ke ile ka ikutloa hore bophelo ba ka bo matlafalitsoe moeeng ka baka la lilemo tseo tse tharo le halofo mosebetsing oa ho tsamaea. Joale mokhatlo o hlophisitsoeng o ne o bolela ho hoholo ho ’na, ’me ka ikutloa eka ke ne ke ntse ke etsa se hlalositsoeng Pesalemeng ea 48:12, 13: “Potang Sione le marako a hae, le bale litora tsa hae, le hlahlobe liqhobosheane tsa hae.” Ho tsamaea ka ho eketsehileng har’a batho ba Molimo ho ile ha etsa hore lerato la ka le hole bakeng sa “mokhatlo ’ohle oa baena.”—1 Petrose 2:17, NW.
Kamorao ho ho khutlela ha ka Bethele, ke ile ka fuoa tokelo ea ho hlokomela karolo e khōlō ea ho hatisa e etsoang khatisong ea rōna London ’me hamorao ka boela ka etsa lipoleiti tsa mochini o hatisang. Joale, ka Loetse 1977 ka ba ka ba le tokelo e ikhethang ea ho ba setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, se Brooklyn, New York, U.S.A.
Ke tlameha ho lumela hore ka linako tse ling ke ne ke ee ke ikutloe eka nka ‘baleha’ tse ling tsa likabelo tse thata haholo tseo ke neng ke li fuoa. Empa joale ebe ke hopola Jonase le phoso eo a ileng a e etsa, ’me ebe ke pheta tšepiso eane e babatsehang e fumanoang Pesalemeng ea 55:22: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me u tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” Ke fumane mantsoe ao e le ’nete hakaakang!
Ha ho mohla Jehova a kileng a kōpa leha a le mong oa rōna hore a etse ntho eo a tsebang hore a ke ke a e khona. Leha ho le joalo, ke ka matla a hae feela re tsebang ho etsa seo a se batlang. Ntho e ’ngoe hape ke hore—haeba kannete u rata baena ba hao bao u sebetsang le bona, ba tla u tšehetsa, ba sebetse le uena “ka pelo e le ’ngoe” e le ho u thusa ho jara moroalo oa mosebetsi oo u o abetsoeng.—Sofonia 3:9.
Likamano tsa Bohlokoa
Ke ’nete hore kamehla ho na le baena ba Bakreste bao u ikutloang u e-na le tlamahano e khethehileng le bona. E mong oa bana e ne e le Alfred Pryce Hughes, ea shoeleng ka 1978. Pale ea bophelo ba hae e ile ea hlaha tokollong ea Watchtower, ea la 1 ’Mesa, 1963. Ka lilemo tse ngata o ile a sebeletsa e le mohlanka oa lekala, ’me hamorao e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. O ne a ratoa haholo ke baena tšimong ea Brithani ka baka la hlompho ea hae e khōlō mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova le botšepehi ba hae ho oona le lerato la hae ho baena bohle. Ntho e ’ngoe e ne e le lerato la hae bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Ha ho mohla le kileng la qepha bophelong bohle ba hae, ho sa tsotellehe boikarabelo boo a neng a lokela ho bo jala. Ho sebetsa ’moho le baena ba tšepahalang joaloka Pryce ho ile ha bolela ho hoholo ho ’na, ha matlafatsa boikemisetso ba ka ba ho lula haufi-ufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho lula ke le mafolo-folo tšebeletsong.
Ka la 29 Mphalane, 1960, ke ile ka kena kamanong ea bohlokoa ka ho khethehileng le pula-maliboho ea nako e telele e chesehang e bile e le moromuoa oa sehlopha sa bo-11 sa Gileade, eo ka nako eo a neng a sebeletsa Ireland. Ka letsatsi leo ke ile ka nyalana le Mildred Willett ’me haesale ho tloha ka nako eo e bile setšehetso se tšepahalang ho ’na tšebeletsong ea Bethele.
Pele ’mè oa Mildred a e-shoa ka 1965, o ile a eletsa morali oa hae hore le kamohla a se ke a “shoela Jehova mōna.” Mildred o ’nile a hopola mantsoe a ’mè oa hae kamehla, ’me hona ho thusitse ho mo thibela hore a ka belaela ha ka makhetlo a mangata ke lokela ho sebetsa kamorao ho nako ea mosebetsi. ’Me hona ho nthusitse haholo ho hlokomela ka thabo likabelo leha e le life tse eketsehileng tsa mosebetsi tse tlang ho ’na. Ka bobeli ba rōna re thabetse haholo-holo ho kopanela liphihlelo tse putsang tšebeletsong.
Ka mohlala, banyalani ba bang ba bacha bao re ileng ra ithuta Bibele le bona, ba ile ba tsoela pele ka potlako ho isa boholeng ba ho inehela le ho kolobetsoa le ho kopanela kamehla tšebeletsong. Re ile ra thaba haholo! Eaba, ka tšohanyetso, ntle ho lebaka le bonahalang, ba khaotsa ho kopanela. ’Na le Mildred re ile ra kopanela mesarelo, ’me ra tsoela pele ho ipotsa hore na ebe re ile ra fosa hokae ha re ba koetlisa. Kamehla re ne re rapela Jehova hore a ke a tsoele pele ho bula lipelo tsa bona hore ba pake lerato la bona bakeng sa ’nete. Na u ka itekanyetsa thabo ea rōna ha re amohela lengolo le tsoang ho banyalani bana hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao ba re bolella hore ba ne ba boetse ba kopanela ka mafolo-folo le hore joale lelapa la bona e ne e le setsi sa Thuto ea Buka?
Monna, Will o ngotse: “Ke lakatsa ho le leboha haholo bakeng sa ho nahanela ka lerato le thuso eohle tseo le ileng la re nea tsona . . . Ho oa ha ka e ne e le molato oa ka, kananelo ea ka ea pelo e ne e fosahetse . . . Re fumane thabo e khōlō ka ho boela re khutlela mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova . . . Ke ka mehopolo e monate ke le ngollang mantsiboeeng ana, ’me e se eka Jehova a ka tsoela pele ho le hlohonolofatsa ka bobeli tšebeletsong ea lōna ho eena.”
Lengolong le leng, ’mè e mong o ile a re ngolla ka moshemane oa hae Mike: “Ke thabile haholo hore e be mangeloi a ile a mo bea pel’a lōna.” O ne a bolela’ng? Mike o ne a ile a tla le ’mè oa hae le moen’ae kopanong, empa o ne a hlile a sa thahaselle ’nete. Mildred o ile a hlokomela moshemane ea lutseng a le mong eaba o il’o qoqa le eena. Eaba ka bobeli ba rōna re mo mema ’moho le moen’ae ho tla Bethele ea London ho tla bona mosebetsi oo re neng re o etsa.
Hamorao, Mike a tla, ’me seo a ileng a se bona se ile sa tsosa thahasello ea hae ka ho lekaneng hore a tsoele pele ka thuto ea Bibele. Phello? Hona joale ke moholo phuthehong, ’me mosali oa hae le bashanyana ba hae ba babeli kaofela ba mafolo-folo tšebeletsong. Nakong e seng kae e fetileng mosali oa Mike o ile a ngola: “Hangata [Mike] o boletse ka ho kopana le lōna le le babeli . . . O ile a khahloa hakaakang ke mosa oa lōna le thahasello ea lōna ho eena.”
Ha ’na le mosali oa ka re amohela lengolo mantsoe a joalo a kananelo a tsoang ho motho e mong ea kang Will kapa Mike eo re ileng ra ba le tokelo ea ho mo thusa, lipelo tsa rōna lia khaphatseha ke teboho ho Jehova! ‘Mangolo a joalo a phelang a re emelang’ ke meputso e ke keng ea lekanngoa hakaakang—kaofela e le karolo ea thabo e fumanoang ka ho lula haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.—2 Ba-Korinthe 3:1-3.
Ho Sebeletsa Ntlo-kholo ea Lefatše
“Ke sechaba ka bolona.” Ke kamoo mohlophisi oa koranta ea Brooklyn Heights a hlalositseng lelapa le leholo la Lipaki tse fetang 3 500 tse phelang ntlo-kholo ea Lefatše ea Lipaki tsa Jehova Brooklyn, New York, le Mapolasing a Watchtower, a sebakeng se ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 160 likarolong tse ka leboea tsa New York. Ka sebele, batlotsuoa ba Jehova ke sechaba sa moea mahlong a Jehova! Kajeno, matšoele-tšoele a tsoang lichabeng tse ngata tsa lefatše joale aa tla ’me a re ho bao ba sechaba sena: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.”—Zakaria 8:23; 1 Petrose 2:9.
Na joale u ka ananela hore na e ile ea ba ho hlasimollang hakaakang ho ’na le mosali oa ka hore re be karolo ea lelapa lena le leholo la Bethele ka nako eohle? Ntle le tika-tiko ke ne ke tla re lilemo tse robeli tsa ho qetela tsa bophelo ba ka e bile tse ikhethang ka ho fetisisa phihlelong eohle ea ka ea puso ea Molimo. Mona u utloa ho otla ha pelo ea mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova; mona ho lokisoa lijo tsa moea e be joale li romelloa likhutlong tse ’ne tsa lefatše; mona u bona moea oa Jehova o sebetsa ho tataisa le ho tsamaisa liqeto tsa bohlokoahali tse lokelang ho etsoa; hape mona u utloa bopaki bo ntseng bo phaellana ba tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oa boboleli ba ’Muso le oa ho etsa barutuoa ho feta sebakeng leha e le sefe se seng. Liphihlelo tsena tsa morao-rao kaofela le maikutlo ao ke a fumaneng li mphile tšusumetso e eketsehileng ea ho lulella haufi-ufi le batho ba Jehova ho feta le ha e le neng pele.
Ke boletse tse fokolang feela tsa liphihlelo tsa bophelo ba ka. Leha ho le joalo, li ka ’na tsa u thusa hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha, nakong ea ha sefofane se qetella se lutse Seemelong sa lifofane Aberdeen hoseng hoo ho khanyang ha Phuptjane, ke ne ke ikutloa ke leboha Jehova hakana hore e be ke ntse ke le karolo ea mokhatlo oa rōna o lerato oa lefatše lohle oa baena. Ke ne ke qetile nako ea leeto ke ntse ke thuisa ka lilemo tseo ke li qetileng ’neteng, ’me hona ha boela ha nkhopotsa hore na ho molemo hakaakang ho pheta mahlohonolo a rōna a tsoang letsohong la Jehova nako le nako.—Pesaleme ea 40:5.
Khaitseli ea ka Louie o ne a le moo ho nkhahlanyetsa—o ntse a tšepahala, a cheseha, kamor’a lilemo tse fetang 60 tsa tšebeletso ea boinehelo ho Jehova. Ke ile ka leboha Jehova bakeng sa tlhohonolofatso eo e eketsehileng, hobane na moapostola Pauluse ha a ka a re ke botšepehi boo Jehova a bo batlang ho bohle ba hae bao e leng “bahlokomeli”? (1 Ba-Korinthe 4:2, NW) Ke khothatso e kaakang eo setho sa lelapa se ka fanang ka eona ho se seng ka ho lula se tšepahala!
Moshe o kile a rapela: “U re rute ho bala matsatsi a rōna ka mokhoa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka oona!” (Pesaleme ea 90:12) Ha ’na le Mildred re ntse re tsofala, re ananela tlhokahalo ea hore kamehla re itšetlehe ka bohlale ba Jehova e le hore re ka sebelisa bophelo ba rōna ka tsela e bontšang lerato la rōna ho eena le baena ba rōna. Jehova ka lerato o re bontša tsela eo, haeba re lula haufi le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
John Barr (ka letsohong le letšehali moleng o kapele) hoo e ka bang ka selemo sa 1930 le ngoan’abo, khaitselie, le batsoali
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
John Barr hona joale, le mosali oa hae Mildred