Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 10/1 maq. 4-7
  • Na U Ka Fumana Bolumeli bo Nepahetseng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ka Fumana Bolumeli bo Nepahetseng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Felisoa “Tšekamelo ea ho Bolaea”
  • Ho Se Lakatse ‘Chelete e Sebeletsoang Kamor’a Lihora tsa Mosebetsi’
  • Pono e Loketseng ka Mosebetsi
  • Bophelo bo Thabileng Haholoanyane ba Lelapa
  • Ho Arabeloa “Hobane’ng?” e Tšoenyang
  • Bolumeli ba Kajeno Bo Thusa Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ho Etsa Tšebeletso ea Jehova Mosebetsi oa Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Thuto e Thabisang ea Lelapa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 10/1 maq. 4-7

Na U Ka Fumana Bolumeli bo Nepahetseng?

RONALD ea boletsoeng sehloohong se fetileng—o ile a nahana hore o lokela ho tela ho batla ha hae bakeng sa bolumeli bo neng bo ka mo nea thuso ea sebele le tataiso. Empa a etsa qeto ea ho ipha monyetla oa ho qetela. A re, “Haeba kannete Molimo o ne o le teng, ke ne ke batla hore o tsebe hore ke o batla ka tieo.” Eaba ka bosiu bo bong Ronald oa rapela: “Haeba ka sebele u le Molimo o lerato, u mphumane hobane ho lilemo ke ntse ke u batla ’me ke sa fumane letho.”

Matsatsi a se makae hamorao mosebetsing oa hae, Ronald o ile a abeloa ho sebetsa “chifing” e le ’ngoe le e mong oa Lipaki tsa Jehova. A qala ho mo botsa lipotso ka Bibele. Likarabelo tsa hotetsa takatso ea hae ea ho tseba. A potlakela ho qala ho ithuta Bibele kamehla. A boela a ea libokeng tsa phutheho ea moo ea Lipaki tsa Jehova.

Likhoeli tse tšeletseng hamorao Ronald a kholiseha hore o fumane bolumeli bo neng bo mo susumeletsa hore a fetole bophelo ba hae ka tsela e molemo ka ho fetisisa. Kamor’a ho kopanela le Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse tharo, o ile a hlalosa lengolong le eang ho makasine oa Molula-Qhooa melemo e meng eo a e fumaneng ka ho kopanela hona.

Ho Felisoa “Tšekamelo ea ho Bolaea”

Ronald oa ngola: “Molemo oa pele o hlahisitsoeng ke ho ithuta ’nete [thuto ea Bibele] ke ho khona ho laola bohale ba ka hamolemo. Ka nako e telele ke ne ke kenelletse mahlaleng a ho tseba ho itšireletsa. . . . Ke ne ke ee ke ikoetlise nako ea ho tloha ka lihora tse tšeletseng ho isa ho tse robeli ka letsatsi, ’me kamehla ho ne ho kenngoa ka ho ’na tšekamelo ea ho bolaea.”

Ho loana le ho bolaea hase litsela tse molemo tsa ho rarolla likhohlano le motho e mong. Ka baka leo, bolumeli bo thusang ke tšusumetso bakeng sa khotso. Ho Ba-Roma 12:18 Bibele e re: “Le lule ka khotso le batho bohle.” Lipaki tsa Jehova ha li koetlisetse ’mele ea tsona bakeng sa ho loana, leha e le hore li batla ho itšireletsa ka ho ithuta ho sebelisa lithunya. Lefatšeng lohle li tsebahala ka boemo ba tsona ba khotso le ba ho se jele paate nakong ea ntoa.

Moitlami e mong oa mosali oa Roma e K’hatholike ha a bona tšusumetso e thusang kapa monyetla oa bolumeli bo joalo oa ho ba le tšusumetso e thusang joalo, o ile a ngolla makasine ea kereke ea Setaliana: “Lefatše le ka be le le kahosele hakaakang haeba kaofela re ne re ka tsoha hoseng ho hong re entse qeto e tiileng ea hore re ke ke ra hlola re nka lihlomo hape, . . . hantle joaloka Lipaki tsa Jehova!”

Boikutlo bona ba khotso har’a Lipaki bo tlatselitse ho theoeng ha boena ba lefatše ka bophara ba batho ba fetang limillione tse tharo linaheng tse 208. Li tšoarana joaloka metsoalle ea ’nete, ho sa tsotellehe bochaba ba tsona, morabe oa tsona kapa boemo ba tsona bophelong. Hona ho thusa haholo lefatšeng le mabifi, haholo-holo ha ho hlokahala thuso. Eva, moroetsana oa Moswedishe eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a fihlela sena.

Ha a ntse a etetse Greece, Eva o ile a tšoaroa ke meningitis. A ilibane a bile a ba le chefu maling, a lutlela mali kahare, o ile a potlakisetsoa sepetlele Athens, moo ho neng ho se motho eo a mo tsebang. Ntat’ae o ile a tsebisoa ka thelefono Sweden. A letsetsa moholo oa phutheho ea moo ea Lipaki tsa Jehova. Moholo enoa a letsetsa Lipaki tseo a neng a li tseba Athens. Ka potlako Eva a fumanoa ke balumeli hammoho le eena ba Magerike bao ho neng ho se mohla a kileng a teana le bona.

Hona ho hopotsa ka papiso eo moapostola Pauluse a kileng a e sebelisa, e bontšang kamoo bonngoe le kutloelo-bohloko li sebelisanang. Ho 1 Ba-Korinthe 12:25, 26, o itse: “Khaohano e . . . se ke ea e-ba teng ’meleng, litho li mpe li baballane. ’Me setho se seng ha se utloa bohloko, litho tsohle li utloa bohloko le sona.”

Ke sona seo Eva a ileng a se fihlela Greece. Hoo e ka bang ka libeke tse tharo metsoalle ea hae e mecha ha ea ka ea mo sia ntle ho tlhokomelo. O ile a hlaphoheloa ’me a khutlela hahabo. O re: “Ruri ke ile ka utloa melemo ea boena bo lerato.”

Ho Se Lakatse ‘Chelete e Sebeletsoang Kamor’a Lihora tsa Mosebetsi’

A re khutleleng lengolong la Ronald. Kamor’a ho hlalosa kamoo tumelo ea hae e ncha e ileng ea mo thusa ho laola bohale ba hae, hore a tlose ‘tšekamelo eane ea ho bolaea,’ ’me e be motho oa khotso haholoanyane, o bolela hore thuto ea Bibele e ile ea mo nea pono e leka-lekaneng ka mosebetsi le chelete. Ronald o re, “E ne e le ’na motšepuoa oa mong’a ka ho ba sebelisang computer, ’me ke ne ke atisa ho se be le lelapa la ka le metsoalle feela hore ke sebetse kamorao ho lihora tsa mosebetsi. Ke ne ke sebetsa bosiu ka nako e fetang lilemo tse supileng. Kamehla ke ne ke batla chelete e sebeletsoang kamorao ho lihora tsa mosebetsi.”

Takatso e joalo ea ‘chelete e sebeletsoang kamorao ho lihora tsa mosebetsi’ kamorao ho nako, e ka ’na ea e-ba kotsi, kotsi e bolaeang. Ngaka ea mafu a kelello Jay Rohrlich, eo bakuli ba hae boholo e leng batho ba phahameng licheleteng ba setereke sa Wall Street sa New York, o re: “Ho ba bang chelete e bolela tšireletseho. Ho ba bang, e bolela matla. Ho ba bang hape e bolela hore ba tla khona ho reka lerato, ’me ho sehlopha sa bone e bolela tlholisano le ho hapa papali.”

Ha e hlalosa ka polelo ena, tlaleho makasineng oa Science Digest e re: “Tumelo ea hore chelete e ka hlahisa lintho tsena . . . hangata e isa boikutlong ba ho se tšoanelehe, ho hlobaela, likhathatso tsa pelo le mathateng le molekane kapa bana.” Keletso ea Bibele ke e reng: “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua.” Ronald o ile a ithuta seo ’me a se sebelisa. O ile a fumana se le molemo ka ho fetisisa.—Ba-Heberu 13:5.

Pono e Loketseng ka Mosebetsi

Takatso ea chelete hangata e susumelletsa batho ho iqobella hore ba nyolohele holimo mesebetsing. Hona ho ka bakela batho ba phelang hantle ka ho fetisisa boima bo boholo le khohlano ea maikutlo—le ho isa moo ba ka ipolaeang. “Monna e mong, e itse ha a fihla mosebetsing hoseng ho hong a fumana hore tafole ea hae e tlositsoe moo e lulang teng, o ile a hloella ka holimo-limo ho mohaho ’me a itihela.” Dr. Douglas LaBier o ile a pheta hoo puisanong e sebetsanang le khokahano pakeng tsa mesebetsi le mathata a maikutlo le ba U.S.News & World Report.

Dr. LaBier o re, “Se hlokahalang ke bophelo bo tsoetseng pele haholoanyane, bo sa likoloheng feela mosebetsing. Ho phaella linthong tse kang lijo tse tšoanelehang, phomolo le boikoetliso, batho ba batlang bophelo bo tsitsitseng haholoanyane ho hlokahala hore ba nahane ka ho etsa lintho tse ngatanyana le malapa a bona le ho ithuta hore ba hlalefele lintho tse sa amaneng le mosebetsi tse ba fang nyakallo.”

Lipaki tsa Jehova li ithuta ka Bibeleng hore e be tse leka-lekaneng tabeng ea mosebetsi le chelete. Moeklesia 4:4, 6 e bua ka mosebetsi o boima o amang “mona le mohono” ’me e re: “Seatla se le seng se tletseng phomolo se molemo ho e-na le liatla tse peli tse tletseng mokhathala le mosebetsi o nyopileng.” Ronald o ile a fumana hona e le thuso e bohlale. A fokotsa mosebetsi oa hae oa boipheliso e le hore a ka ba le nako e eketsehileng bakeng sa lithahasello tsa hae tsa moea le bakeng sa lelapa la hae le metsoalle ea hae.

Bophelo bo Thabileng Haholoanyane ba Lelapa

Joale Ronald lengolong la hae o bolela hore keletso ea Bibele ka bophelo ba lenyalo le ba lelapa e mo thusitse hore a sebetsane ka bohlale haholoanyane le maemo a lelapa. Hona ke habohlokoa hona joale ha bophelo ba lelapa libakeng tse ngata bo bonahala bo soahlamana. Linaha tse tsoetseng pele li tlaleha manyalo a fokotsehileng, litlhalano tse ngatanyana le bana ba seng ba sa belehuoe ka bongata.

Phetoho ena ea tšosa hobane tikolohong ea lelapa ke moo litlhoko tse ling tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa batho li khotsofatsoang teng. Phuputsong e ’ngoe, Sydney Morning Herald ea Australia e ile ea botsa batho ba 2 000 hore na ke efe linthong tse latelang e ba khotsofatsang ka ho fetisisa: mosebetsi, lelapa, metsoalle, mesebetsi ea boikhathollo, matlotlo kapa bolumeli. Ba bangata haholo ba ile ba nea “lelapa” sebaka sa pele.

Lipaki tsa Jehova li thahasella ho boloka malapa a tsona a le matla. Ka mohlala, ka lilemo tse fetileng tse hlano feela, limakasine tsa tsona tse peli Molula-Qhooa le Tsoha! (li ile tsa tsamaisoa hammoho ka likopi tse limillione tse 22 ka lipuo tse fetang 100) li bile le lihlooho tse thusang tse ka bang 60 tse sebetsanang le maemo a sa tšoaneng bophelong ba lelapa. Ha ho pelaelo hore bolumeli bo theiloeng Bibeleng bo thusang batho ho hlokomela malapa a bona ka tsela e bohlale le e lerato boa thusa.

Ho Arabeloa “Hobane’ng?” e Tšoenyang

Ronald o qetella lengolo la hae ka ho re: “Ho na le ntho e le ’ngoe e tlang mohopolong oa ka hangata ha ke bala koranta, ke shebella litaba [thelevisheneng], ke qoqa le bao ke sebetsang le bona, kapa ke bolella ba bang ka tumelo ea ka. Ke hore ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ho mpha karabelo ea e ’ngoe ea lipotso tse botsoang ka bophara ka ho fetisisa lefatšeng—“Hobane’ng?” Ke hobane’ng ha ho tletsa-tletse tlōlo ea molao, pefo, ntoa, boitšoaro bo bobe, mafu, pherekano, ntle ho mathata ’ohle a letsatsi le letsatsi? Ho tseba hore tsamaiso ena le mathata a eona ke tsa nakoana feela ho nkimolotse boima bo boholo.”

Bibele e senola se hlohlelletsang boemo ba kajeno bo khopisang ba lefatše. E hlalosa hore na ke hobane’ng ha morero oa mathomo oa ’Mōpi oa ho etsetsa batho lefatše lehae la paradeise o e-s’o phethahale. E hlalosa kamoo Molimo o tla tlosa litšusumetso tsohle tse ferekanyang lefatšeng ’me o hlome paradeise ea kamehla hore batho ba e thabele ka ho sa feleng.—2 Petrose 3:9-13.

Hore bolumeli e be ba bohlokoa, bo tlameha ho bea tholoana e ntle. Bo tlameha ho hlahisa batho ba molemo. Bo tlameha ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha lintho li le kamoo li leng kateng lefatšeng kajeno. ’Me ka likelellong le lipelong tsa batho bo lokela ho kenya tšepo ea sebele bakeng sa bokamoso. Ronald o ile a batla bolumeli bo joalo, ’me o ile a bo fumana. Monyetla o tšoanang o sa ntsane o u bulehetse.—Mattheu 7:17-20.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bakreste ba sebele ba tšoarana joaloka metsoalle ea ’nete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela