Bolumeli ba Kajeno Bo Thusa Hakae?
“TSELENG ea ka ha ke e-ea ka kamoreng ea ka ke ile ka akhela Bibele ka setorong. Ke ne ke hopotse hore nke ke ka hlola ke e nka hape kapa hona ho ea kerekeng e ’ngoe hape. E ne e ka ba lilemo tse tšeletseng ke ntse ke batla. Empa ke sa fumana thuso ea letho.”
Ronald, mosebelisi e mong oa computer ea lilemo li 26, o ne a ile a feta har’a mathata ’me a tšohile hore bophelo ba hae bo tla tsekoloha. Ho ne ho bonahala bolumeli e se thuso ea bohlokoa ho eena. A re, “Ho felile pakeng tsa ka le bona.”
Batho ba bangata, ho tšoana le Ronald, ba masoabi ke bolumeli. Ho joang ka uena? Na u nahana hore bolumeli bo neile batho thuso le tataiso tse sebetsang hore e be basebetsi, baahelani, banna, basali, batsoali kapa bana ba molemo? Na bolumeli e bile matla a khotso le bonngoe har’a batho? Na bo ba thusitse ho utloisisa morero oa bophelo? Na ka likelellong le lipelong tsa bona bo kentse tšepo e tiileng bakeng sa kamoso?
Tataiso e Thusang ea Haella
Lefatšeng lena le rarahaneng, batho ba hloka tataiso e bohlale le e hlakileng. Na ba ka e lebella ho baeta-pele ba moea? Lengolong le neng le ngoletsoe sengoli sa limakasine, mosali e mong o ile a belaela:
“Sohle seo re se utloang hona joale kerekeng ea rōna . . . le hona e se e le nako re se utloa, ke lerato, lerato, lerato. . . . Hantle-ntle ho ne ho etsahale joang ka ‘U se ke ua’—‘U se ke ua bolaea. U se ke ua utsoa,’ le tse ling tsohle? Re hloka ho hopotsoa hangata hore lintho tse ling ke Che-Che. . . . Empa lentsoe ‘Sebe’ ha re sa le utloa ho hang. Ekare ba le hlobohile joaloka lentsoe le litšila le litlhaku li ’nè.”
Ka ho hlakileng, ba bang ba ikutloa hore baeletsi ba bona ba bolumeli ba fetohile ba khoehlisitseng marapo haholo, ba bonolo haholo ho lumella lintho. Batataisi ba joalo ba bolumeli ba na le bofokoli. Ba tšoana le ngaka e okolang bothata ba mokuli oa eona e be e fana ka meriana e hlapolotsoeng. Mabaka a mang a ho hlōleha ho joalo ke afe?
Mosebetsi o Tlokotsing
Motho ea imetsoeng ke mathata a hae a ke ke a khona ho qeta nako e telele le ho iteka halelele a thusa ba bang. Litlaleho tsa litaba li bontša hore palo e ntseng e phahama ea baruti e imetsoe ka matla ke mathata a bona a mosebetsi le a botho. Mehlala e meng ke ena:
Setsebi sa kelello Dr. Leslie R. Freedman kamor’a phuputso ea univesithi ea lilemo tse ’nè ea baruti ba Bajode, o re, “Ha ho tloaelehile hore mesebetsi e mengata e be tlokotsing le ho oa kajeno, ha ho kae kapa kae moo tsietsi e leng khōlō ho feta har’a baruti ba Bajode.”
Moprista William Wells, tlalehong e buang ka mathata a baruti o re, “Haeba ke ne ke e-na le mora, na ke ne nka rata ha e e-ba moprista? Ka masoabi, karabelo ea ka e lokela ho ba che.” Hobane’ng? O re a ke ke a khothaletsa mohlankana hore a nahane ka ho kenela mosebetsi o tlakiloeng ke “likhohlano, mofere-fere le ho se tsitse joalokaha boprista ba Roma e K’hatholike bo le joalo kajeno.”
Baprista ba Kerekeng ea Lutere ea Sweden e tšehelitsoeng ke ’Muso le bona ba khathatsong. Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Seswedishe e re: “Baprista ba na le mathata a kelello, ao maemong a feteletseng a isang ho ipolaeeng. . . . Mosebetsi oa boruti o tlokotsing.”
Ho Hloka Kutloano ho Sitisang
Linaheng tseo ho tsona baeta-pele ba bolumeli ba amehang lintoeng tse nyahamisang le tse arolang, ba hlokomolohile litlhoko tsa batho tsa moea. Ba boetse ba ameha molatong oa ho shoa le ho holofala ha batho ba ka beng ba sebeletsa boiketlo ba batho linthong tse bonahalang le oa ho senyeha ha chelete e ka beng e sebeletsa bona boiketlo boo.
Ho na le bao likarolong tsohle tsa lefatše ba feletsoeng ke tšepo ea bona bolumeling ’me ba fetohile ba hlokang thahasello bolumeling. Ho lahleheloa ke litho le ho theoha ha palo ea ba eang kerekeng ho tlalehoa ho tloha libakeng tse kang Sweden, Finland, Jeremane, Brithani, Italy, Canada, le United States.
Na u har’a bao, joaloka Ronald, ba nahanang hore ho felile pakeng tsa bona le bolumeli? ’Me leha ho le joalo, na ho ka ba le bolumeli bo ipakileng e le thuso ea bohlokoa ho ba bangata? Sehlooho se latelang se tla bua ka taba ena.