Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Morena o Bua Pepenene
HOA khothatsa ho tseba hore ho ntse ho e-na le banna ba litulong tse phahameng lefatšeng lena ba ratang botšepehi le toka ’me ba bua pepenene ho tšehetsa litšoaneleho tsena. Mohlala oa sena ke morena e mong naheng e ’ngoe ea Afrika moo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoeng. E re tlaleho e re bolelle:
“Haufinyana lihlopha tse fapaneng tsa bolumeli li ile tsa tšoara kopano ea likereke tse sa tšoaneng motseng oa rōna, ’me e ne e akarelletsa Mak’hatholike, Mapresbitheri, Mapentakonta, le ba bang. Morena e Moholo o ile a memeloa ho ea fana ka puo ha lenaneo la kopano le ea qetellong. Ho makaleng ha bohle ba neng ba bokane, har’a lintho tse ling o ile a ba bolella hore ba etsise botšepehi le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova, a phaella ka hore haeba bohle ba ne ba tšoana le Lipaki tsa Jehova, khotso e ne e tla ba teng sechabeng.
“Letsatsing le hlahlamang litho tse etelletseng pele tsa likereke tse neng li emetsoe kopanong eo tsa tla tlung ea Borena ’me tsa ipelaetsa ka matla khahlanong le karolo ea puo ea hae e neng e rorisa Lipaki ’me tsa mo botsa hore na o ne a sa hlokomele hore Lipaki li thibetsoe ka har’a naha. Morena a lumela hore o hlokometse empa a li bolella hore eena ha a fumane phoso ho Lipaki tsa Jehova. A tsoela pele: ‘Lilemong tsohle tsa ka ke le Morena e Moholo, ha ho mohla e mong oa Lipaki tsa Jehova a kileng a tlisoa ka lekhotleng la ka la linyeoe ka baka la tlōlo e tebileng. Ka lehlakoreng le leng, haeba ho utsoitsoe cassava polasing, hangata ho hlahella hore lesholu ke Mok’hatholike. Haeba ho utsoitsoe yam, Mopresbitheri ke eena ea ikarabellang. Litho tsa kereke ea lōna li silafalitse naha ea ka ka ho ntša limpa, empa ha ho le ea mong oa Lipaki tsa Jehova ea kileng a tlisoa lekhotleng la ka la linyeoe tsa litlōlo tse joalo. Na melao ea Molimo ha e thibele makhopo a joalo, kapa na likereke ha li sa tlanngoa ke molao oa Molimo? Baruti ba ne ba se na karabelo.”
Hamorao, Morena e Moholo a bitsa baemeli ba Lipaki tsa Jehova ’me a ba eletsa hore ba itlhokomele e le hore ho se be le thohako e tlisoang lebitsong la Molimo oa bona le lebitsong la hae joaloka Morena e Moholo ea buelletseng Lipaki tsa Jehova.”
Tlaleho e bolela hore hona joale ba bangata ba bacha ba emela ’nete. Paki e ’ngoe e bolela hore haufinyane e tsebile ho qala lithuto tsa Bibele le marena a mararo a sebakeng seo, e mong oa bona e le Morena e Moholo, ’me ka boraro ba ’ona a kopanela libokeng tsa Lipaki tsa Jehova.
Jehova Molimo o hlokomela bao ba ratang ’nete le toka ’me ba bua pepenene lebitsong la bahlanka ba hae.—Mattheu 10:24.