Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 7/1 leq. 31
  • Ba Ile ba Tšepa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Ile ba Tšepa Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ea Lipaki Tsa Jehova-Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1998
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1998
  • Etsa Jehova Tšepo Ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na U ka Sebeletsa U le Pula-maliboho?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 7/1 leq. 31

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ba Ile ba Tšepa Jehova

JEHOVA o file Lipaki tsa Jehova taelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle e le hore batho ba lichaba tsohle ba be le monyetla oa ho tseba ka lefatše le lecha la Molimo. Linaheng tse ling, hangata e le ka tlhohlelletso ea baruti ba Bokreste-’mōtoana, mosebetsi oa rōna o thibetsoe. Boo ke boemo bo teng naheng e ’ngoe Afrika. Empa Lipaki tsa Jehova tse moo li etsa joalokaha Morena Davida a ile a etsa. O itse: “Ke itšepetse Molimo, nke ke ka tšaba letho.” (Pesaleme ea 56:11) Liphihlelo tsa baena ba rōna naheng eo li bontša hore ba tšepa Jehova ’me ba tsoela pele ba etsa mosebetsi oa hae oa bohlokoa.

Paki e sebetsang joaloka mookameli oa sekolo e ile ea tsitlallela ho utloa “Molimo ho e-na le batho,” ea phatlalatsa ho se nke lehlakore ha eona mabapi le litaba tsa Naha. (Liketso 5:29) E ile ea shapuoa hampe-mpe ’me ho ne ho lebelletsoe hore e ahloloe e le lehlaba-phio. Motho e mong le e mong o ne a nahana hore e ne e tl’o bolaoa. Leha ho le joalo, Paki eo e ile ea tšepa Jehova. E ile ea lula e tšepahala ’me ea hlalosa mabaka bakeng sa boemo ba eona ho latela letsoalo la eona. Phello e bile efe? E ile ea lokolloa ’me ea khutlisetsoa motseng oa habo eona, e leng moo mahlahana a ’Muso a neng a ile a e shapa a ileng a ikōpela tšoarelo. Paki ena e tšepahalang e ile ea busetsoa mosebetsing oa botichere ’me ea phahamisetsoa boemong ba ho ba mohlahlobi oa likolo!

Mohokahanyi oa sekolo se seng o ile a leleka tichere ea Paki mosebetsing. Khoeli hamorao mohokahanyi enoa o ile a amohela buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ho pula-maliboho e khethehileng ’me a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Ka mor’a ho qeta khaolo ea 6, o ile a itokolla mosebetsing oa ho ba mohokahanyi oa sekolo, ’me eena le mosali oa hae ba ile ba qala ho kopanela libokeng tsohle tsa Lipaki tsa Jehova. Hoseng ho hong ha Sontaha tichere e ileng ea lelekoa mosebetsing e ile ea makala ka ho thabisang ha e teana le monna ea neng a ile a e leleka mosebetsing le ho fumana hore monna eo o ne a le tseleng ea ho fetoha moena oa moea.

Phihlelo e ’ngoe e tsoang naheng eona ena e bontša kamoo Lipaki tsa Jehova li kenyang tlhompho bakeng sa litokisetso tsa Jehova ka ho batho le kamoo li sebetsang ka teng ho boloka mokhatlo o hlophisitsoeng o hloekile. Pula-maliboho e khethehileng e sebetsang tšimo e ka thōko e ile ea thulana le khanyetso e matla. Kaha e ne e le ea morabe o mong ’me e tsoa sebakeng se seng, lira tsa ’nete li ne li batla ho e leleka motseng. Leha ho le joalo, morena oa motse o ile a supa boitšoaro bo botle ba Paki ena le litholoana tse ntle tsa tšebeletso ea eona ’me ha aa ka a lumella hore e lelekoe. Morena o ne a hlokometse hore haesale pula-maliboho e khethehileng e fihla, batho ba ne ba hlompha babusi ka ho lefa makhetho a bona le ho etsa mosebetsi oa sechaba oa ho etsa litsela hang ka beke.—Ba-Roma 13:1, 7.

Joale, bosiung bo bong Paki e ’ngoe e ile ea tšoaroa e etsa bofebe le mosali eo eseng Paki. Hona ho ile ha tlisetsa bopaki thohako e khōlō, ’me pula-maliboho e khethehileng e ile ea bitsetsoa ka pel’a morena, ea ileng a e nyatsa ka ho re: “Moena oa hao ke enoa o tšoeroe a etsa bofebe. Lōna Lipaki tsa Jehova ha ho moo le fapaneng teng le malumeli a mang.” Leha ho le joalo, pula-maliboho e khethehileng e ile ea hlalosa: “Le hoja re sa phethahala, re fapane le malumeli a mang hobane ha re iphapanyetse liketso tsa ba etsang libe tse tebileng.”

Paki eo e neng e entse bofebe e ile ea ea teronkong ea ba ea lefisoa. Ho feta moo, e ile ea khaoloa ka phuthehong e le mofosi ea sa bontšeng pako. Ketso ena e ile ea khahla morena ’me ea koala melomo ea ba neng ba soma Lipaki tsa Jehova. Morena o ile a re: “Le se ke la bua Lipaki tsa Jehova hampe. Li tšoere ’nete. Malumeli a mang ha a nke bohato bo joalo.”

Lipaki tse tšepahalang naheng eo li latela khothatso ea Pesaleme ea 37:3: “U be le tšepo ho Jehova, u etse ho hotle.” Na re tla tšepa Jehova joaloka Bakreste baa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela