Ho Hlokomoloha Litemoso le ho Leka Molimo
“Esita leha metsi a ne a fihla maqaqailaneng a bona ha ba ka ba batla ho baleha.”—El País, Colombia.
SEHLOOHO seo se tsoang koranteng ea kamehla ea Colombia se bontšitse le leng la mabaka a tahleho e bohloko ea bophelo kolueng ea Armero ka Pulungoana 1985. Dora Elisa Rada Esguerra, mosebeletsi oa lithelefono Armero, ka ho lemosoa ke molora o neng o e-oa le nōka e neng e e-ja litlhokoa, a rera ho baleha. Eaba o lemosa basebetsi ’moho le eena tšebeletsong ea thelefono ka kotsi e tlang. Hamorao o ile a hlalosa: “Ba ile ba bona metsi, a neng a . . . phalla ka matla, ka matla haholo, empa leha ho le joalo ha ba ka ba sisinyeha.” Dora o ile a baleha motseng o neng o le kotsing.
Basebeletsi ba bang ba lithelefono ba ile ba shoa hammoho le batho ba bang ba 21 000 sefefong sa thaba e neng e thuntša serete, leqhoa, le majoeng a neng a theoha thabeng ea Nevado del Ruiz. Har’a ba ileng ba hoholoa e bile motsamaisi oa motse le maponesa a mangata a sebaka seo, e leng ho bontšang hore ha ho mang kapa mang ea ileng a nka tšoso eo ka ho teba—ho fihlela e le maobane.
Ke Hobane’ng ha ba sa ka ba Baleha?
Ho ne ho e-na le matšoao le litemoso ka tlokotsi e tlang. Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaalo ba Armero ba ile ba li hlokomoloha? Sa pele, litemoso tsa molao li ile tsa tla hamorao, nakong eo tlokotsi e ne e oela motse. Pele ho sena, batho ba ile ba bolelloa hore ba se tšohe, le hore ho ka ’na ha e-ba le sekhohola empa se ke ke sa ba kotsi. Ho e-na le hoo, motse o ile oa timetsoa ka ho feletseng ke lebota le leholo la lefu le ileng la tšolohela nōkeng ea Lagunilla.
Kamoo ho bonahalang kateng, ba bang ha ba ka ba batla ho tlohela matlo a bona le matlotlo a bona, ka ho tseba hore bahapi ba lintho tse siuoeng ba tla khukhuna ’me ba utsoe. Sena se ile sa eketsa tšoso ea sebele. Masholu a ’maloa a ile a thunngoa ke masole. Ba bang ba ileng ba pholoha tlokotsi ba ile ba khutlela mahaeng a bona a neng a koahetsoe ke metsi ’me ba fumana linotlolo li ntšitsoe menyakong ’me lintho tsa bona tsa bohlokoa li ntšitsoe. Empa boholo ba batho ba motse ha ba ka ba phela halelele hore ba khutlele mahaeng a bona. ’Me mabakeng a mangata, ho ne ho se matlo ao ba ka khutlelang ho oona.
Ba bang mohlomong ba ile ba nahana hore Molimo kapa Moroetsana Maria o tla kenella litaba molemong oa bona. Leha ho le joalo, na ke ho utloahalang ho lebella hore Molimo o kenelle litaba kajeno molemong oa batho ba itseng ha tlokotsi ea tlhaho e etsahala? Ke hobane’ng ha ba bang ba lokela ho bolokoa ke hore Molimo ha o kenelle litabeng ’me ba bang, ba leng maemong a tšoanang, ba lumelloa ho timela?
Na ho na le motheo o tiileng oa hore motho a lumele hore a ka phela bophelo ba mohlolo ka tšireletso e khethehileng e tsoang ho Molimo? Ka mohlala, na mokhanni oa koloi a ka tšepa ‘lengeloi la hae la mosireletsi’ kapa “mohalaleli” eo a mo ratang? Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a neng a e-na le litlotla tsa “mohalaleli” Christopher a ile a shoa likotsing tsa koloi e leng hoo ho pakang sena. Kapa na Mokreste o lokela ho lumela hore ho na le tšireletseho e khethehileng ea Molimo ha a palame sefofane? Ho thoe’ng ka tšireletso e khethehileng ha u kopanela papaling e kotsi? Na ke ho utloahalang ho leka Molimo maemong ao?
Letsoho la Jehova ha le le Khutšoanyane
Mangolo a re thusa ho bona hore ho na le maemo ao ho ’ona Jehova Molimo a ka kenellang molemong oa batho ba hae ha boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso bo ameha kapa ha phutheho ea hae e sokeloa. Moprofeta Esaia oa re tiisetsa: “Bonang, letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane hore le sitoe ho pholosa, le litsebe tsa hae ha li ea thibana, hore a sitoe ho re utloa.”—Esaia 59:1.
Bibele e fana ka mehlala e hlakileng ea tšireletso ea letsoho la Jehova ho baapostola. Morena Heroda, ea neng a batla ho tuma ka Bajode, o ile a koalla Petrose chankaneng tlas’a bolebeli bo matla. Phutheho e leng Jerusalema e ile ea mo rapella ka matla. Ha etsahala eng? Lengeloi la Jehova la tla ’me la lokolla Petrose chankaneng. Esita le Petrose o ile a ema le monna oa mateneng ka se neng se etsahala. Qetellong a tseba ’me a re: “Joale, ke tseba ka ’nete hobane Morena o romile lengeloi la hae, ’me o ’namoletse letsohong la Heroda.”—Liketso 12:1-11.
Tlaleho eona eo e re bolella hore Heroda o ne a se a bolaile moapostola Jakobo, moena oa Johanne. Jehova o ile a lumella hore ho shoela tumelo hoo ho etsahale. Ka baka leo, ho totobetse hore kaha Jehova a ka sireletsa le ho pholosa, a ka ’na a lumella liketsahalo hore li etsahale, ka ho etsa joalo, a lumelle bahlanka ba bang ba hae ba inehetseng ho paka botšepehi ba bona esita le ho isa lefung. Mantsoe a Jakobo, ngoan’abo Jesu, a loketse: “Ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lōna ke’ng? Ke moholi feela o bonahalang feela ka motsotso o se o kae, o ntoo nyamela. Empa joale le ka be le re: Ha Morena a rata, ha re sa le teng, re tla etsa hore le hore.”—Jakobo 4:14, 15; bapisa Jobo 2:3-5.
Re kholisehile ka ntho e le ’ngoe hore, linakong tsa tlokotsi ea tlhaho kapa likotsi, motheo oa Bibele o sebetsa ka tsela e lekanang ho batho bohle: “Bohle ba hlaheloa ke nako le sebaka sa ntho tseo.” (Moeklesia 9:11) ’Me kaha ho loketse ho rapella thuso le tšireletso linakong tsa tlhōriso, re lokela ho tseba hore “tlhōriso e ka hlōloa ke ba ikemiselitseng ho phelela bophelo ba Bokreste ba sebele.”—2 Timothea 3:12, Phillips.
Moea oa ho ba le Kelello e Nang le Kahlolo e Molemo
Ke ’nete hore nakong e fetileng Jehova o ile a nka bohato ho sireletsa batho ba hae, ho tšoana leha a ne a lopolla Baiseraele ho Baegepeta le mabothong a Faro, e tla ba boithati ho nahana hore Molimo o tlameha ho sireletsa Mokreste e mong le e mong liphellong tsa ‘nako le boemo bo sa lebelloang’ kapa liphellong tsa liketso tsa hae tse bohlasoa. Lengolo la Pauluse ho Bakreste ba Roma, bao mohlomong ba bang ba bona ba ileng ba shoa hamorao lebaleng la lipapali e le ba-shoela-tumelo, le amana le sena: “Bolella e mong le e e mong hara’ lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang hore a inahane kateng; empa a nahane hore a be le kelello e nang le kahlolo e molemo, e mong le e mong kamoo Molimo o mo abetseng tekanyo ea tumelo kateng.” (Ba-Roma 12:3, NW) Phetolelo ea J. B. Phillips e re: “Leka ho lekanyetsa matla a hao ka tsela e nang le kelello.”
Keletso e boletsoeng mona e sebetsa ka tsela e tšoanang kajeno, le hoja e sebelisoa tabeng e fapaneng. Haeba Mokreste a nahana hore a ka khanna ka bohlasoa kapa tlas’a tšusumetso ea joala ’me a bolokehe hobane Molimo oa mo sireletsa, na hoo ho bontša “kelello e nang le kahlolo e molemo”? Na Mokreste eo o tla be a ‘lekanyetsa matla a hae ka tsela e nang le kelello’? Hape, haeba a ntša motho e mong kotsi, na ruri o ‘rata moahisani oa hae joaloka ha a ithata’?—Mattheu 22:39.
Joale a re sebeliseng moea oa kelello e nang le kahlolo e molemo boemong boo motho a lulang libakeng tse atisang ho hlaseloa ke tšisinyeho ea lefatše kapa moo ho nang le thaba e thuntšang seretse se chesang ’me tšokelo e le ea sebele. Mohlala o motle ke sebaka se seng se boletsoe se potolohileng thaba e thuntšang seretse se chesang ea Nevado del Ruiz Colombia. Ho ea ka koranta ea kamehla ea Colombia El País, setsebi sa mohaho César Zárate se ile sa etsa patlisiso ka 1982 ’me sa bontša hore nōka ea Lagunilla e ile ea hohola Armero nakong e fetileng le hore motse oo o ntse o sa sireletsoa ka ho lekaneng. Hape ho ne ho tsejoa hore thaba e thuntšang seretse se chesang ea Nevado del Ruiz e ile ea phatloha ka makhetlo a tšeletseng ho tloha ka 1570. Ho ea ka mehloli ea histori, thaba e thuntšang seretse se chesang e na le tsamaiso e potoholang kamehla e fapanyetsanang linako bakeng sa lilemo tse 140 le likhoeli tse 9 le lilemo tse 110 le likhoeli tse 2.
Boitsebiso bona bo ile ba romeloa khatisong ea Sontaha ea koranta ea Colombia El Tiempo libeke tse ’maloa pele ho kolua ea Armero. E tlalehile ka ho toba hore: “Moroallo o latelang . . . o tla etsahala ho e ka bang bohareng ba Pulungoana monongoaha. Matšoao a bontšang hoo a se a hlokometsoe: e leng mosi o tsoang ‘mokhubung’ oa thaba. Pula ea molora le menko e kotsi. Tšilafatso ea metsi le lijalo. Menko e ferolang libete. . . . Molumo o tlerolang o tsoang thabeng e thuntšang seretse ka Loetse 11. Ho qhibiliha ho tsoelang pele ha leqhoa . . . ka baka leo, ke nako ea ho nka bohato.”
Leha ho le joalo, sehlooho ha sea ka sa hatisoa. Mohlomong se ne se nkuoe e le mokhosi oa tlokotsi o sa hlokahaleng. Baqolotsi ba El Tiempo hamorao ba re ke “ho hloka ponelo-pele, ho haelloa ke thuto, kapa tumelo e lerootho ea hore ha ho letho le tla etsahala.”
Leha ho le joalo, ka nako ea teng, Nevado del Ruiz ea phatloha bosiung ba Pulungoana 13, 1985. Batho ba fetang 20 000 ba ile ba shoa Armero, ’me ba bang ba likete-kete ho tsoa Chinchiná le metseng e meng e haufi ba shoa. Har’a ba ileng ba shoa Armero e bile Lipaki tsa Jehova tse 41 le metsoalle ea tsona. Ba bang ntle ho ho lemosoa ba ile ba balehela Holong ea ’Muso, e neng e le mokatong o ka tlaase. Ba ile ba hoholoa ’me ba patoa le eona. Ka thabo, Lipaki tse ling li ile tsa tseba ho balehela mokatong o kaholimo ’me li ile tsa bolokeha.
Ho totobetse, hore ho ba le bohlale kamor’a ’nete ho bonolo. Empa bonyane ho ka ithutoa thuto e itseng liketsahalong tseo tse tšosang.
Litemoso tsa Boholo-holo lia Hlokomolohuoa
Bibele e fana ka mehlala ea ba bang ba ileng ba hlokomoloha litemoso tse nakong kapa ba nahana hore ‘li ke ke tsa etsahala nakong ea bona’ kapa bakeng sa lefatše. Tlaleho e ’ngoe e hlakileng ke ha Lota a ne a lemosoa ho baleha motseng oa Sodoma le Gomorrha. O ile a lemosa bakhoenyena ba hae, a re: “Tsoang, le tsoeng nģalong ena, hobane Jehova o ea timeletsa motse!” Ba ile ba itšoara joang? “Empa ho bakhoenyana ba hae ha e ba hojane oa soasa.” “Mosoaso” e ne e le oa nakoana. Jehova a nesetsa sebabole le mollo holim’a metse eo e ahlotsoeng, e bolileng. Bakhoenyana ba hae ba e-shoa hammoho le baahi ba boitšoaro bo bobe ba sebaka seo. Kamoo ho bonahalang kateng mosali oa Lota o ile a baleha ho tsoa Sodoma a e-na le lipelaelo ’me a lika-lika. Eaba o “talima morao, ’me a fetoha seema-hale sa letsoai.”—Genese 19:12-26.
Lilemo tse fetang 1 900 tse fetileng, Jesu o ile a profeta hore Jerusalema ea boholo-holo e ne e tla timetsoa habohloko. O ile a fana ka makolopetso a liketsahalo tse neng li ka etsahala pele motse o etsoa lesupi, a re: “Etlare ha le bona Jerusalema e teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba har’a Jerusalema ba tsoe, ba naheng ba se ke ba kena teng.”—Luka 21:20-24.
Ha mabotho a Baroma a lika-liketsa Jerusalema ka selemo sa 66 C.E., Bakreste ba leng motseng oo ba ile ba lemoha pontšo eo Jesu a faneng ka eona. Eaba, Molaoli oa mabotho Cestius Gallus ea neng a itlhomelletse ka mabotho, a khutlela morao le mabotho a hae. Oo e ne e le monyetla oo Bakreste ba neng ba o letetse, ’me ba ile ba balehela ka ’nģ’ane ho Jordane. Ka 70 C.E. Baroma ba khutla ka tlas’a Molaoli Tite ’me ba timetsa Jerusalema. Likete-kete tsa Bajode ba ileng ba lula motseng oo o ahlotsoeng ba ile ba e-shoa phutuhelong ea motse le ntoeng.
Ke ’nete, hore liketsahalong tsena ho ile ha fanoa ka temoso ea bomolimo. Empa ntlha ke hore ke ba ’maloa feela ba ileng ba ela molaetsa hloko ’me ba pholoha. Ba bangata ha ba ka ba o natsa. Ba ile ba hana ho nka temoso ea Molimo ka botebo.
Ke ka Tsela Efe re ka Lekang Molimo ka Nepo?
Hangata esita le likolueng tsa tlhaho, litemoso li ba teng—histori ea pele ea sebaka seo, matšoao a morao-rao, kapa boitsebiso ba tsa mahlale—ho bontša ka matla kotsi e ka ’nang ea hlaha ka nako e itseng. Mohlomong sebaka seo se atisa ho ba le likhohola. Ka baka leo motho ea nahanang hantle o lokela ho lekanyetsa mabaka ’ohle e le hore a rere haeba ho hlokahala hore a fallele sebakeng se seng. Koana, ha ho khonehe ho profeta nako ea sebaka sa kolua e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang. Ho ntse ho le joalo, molao oa litekanyetso o ka hopoloa ’me hape le sebaka sa tšireletso haeba ho ka etsahala ho sa lebelloang. Empa ke ho sa utloahaleng ho lebella tšireletso e khethehileng ea Molimo. Ho etsa joalo e tla be e le ho leka Molimo ka tsela e sa lokang kapa e sa leka-lekaneng.
Leha ho le joalo, ka kelello e fapaneng, Jehova o re memela ho mo leka. Morao koana mehleng ea moprofeta Malakia, Iseraele e ne e leka Molimo hampe ka ho hlahisa mahlabelo a fokolang aletareng. Ka mahlabelo a bona a bohobe bo silafalitsoeng le liphoofolo tse hlotsang, ba ne ba bontša hore ba nyelisa tafole ea Jehova. Jehova a sebelisa Malakia, a ba mema ho sokoloha le ho lokisa tsela ea bona. “Tlisang tlung ea polokelo karolo ea leshome ea tsohle tseo le li ruileng, lijo li tle li be teng tlung ea ka, le nteke ka hoo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele tlhohonolofatso ka tekanyo e fetisisang!”—Malakia 3:10.
E, mabapi le mahlohonolo a moea, re ka “leka” kapa ra batla ho bona botšepehi ba Jehova. Haeba re batla ’Muso oa hae pele le ho loka ha oona, joalokaha Jesu a boletse, ‘lintho tsohle tse ling tse hlokahalang re tla li ekeletsoa.’ Hape, Jesu o itse: “Kōpang, ’me le tla neoa; batlang, ’me le tla fumana; kokotang, ’me le tla buleloa.” Haeba batho ba sa phethahalang ba tseba ho neha bana ba bona limpho, “Ntat’a lōna ea maholimong o tla fetisa hakaakang ka ho neha bao ba kōpang ho eena [tumellanong le thato ea hae] tse molemo!”—Mattheu 6:33; 7:7-11; 1 Johanne 5:14.
Nakong ena, ho fanoe ka temoso ho lichaba hore haufinyane Jehova o tla nka bohato ba ho iphetetsa likarolong tsohle tsa tsamaiso ea Satane ea lintho. (Tšenolo 16:14, 16; 18:20) Batho ba limillione ba bohlale ba ela molaetsa o boleloang ke Lipaki tsa Jehova hloko ’me ba ikarola hore ba eme ka lehlakoreng la ’Muso oa Molimo. Ba tsoa har’a mekhatlo e bolileng ea bopolotiki le ea bolumeli pele e e-ba maobane. (Tšenolo 18:4) Ka ho etsa joalo, ba lokisetsa bophelo bo sa feleng tlas’a puso ea Kreste lefatšeng la rōna, le tla fetoleloa ho ba paradeise ea toka le ho loka. Na u ela temoso ena hloko?—2 Petrose 3:13; Tite 1:2.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Lengolo la thuto e phahameng le ileng la fumanoa masuping a Armero ke khopotso e bohloko ea hore batho ba likete-kete ha ba ka ba ela litemoso hloko
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Na mekhoa ea hao ea ho khanna e bontša ho ba le kelello e nang le kahlolo e molemo ea Bokreste?
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Sebaka sa hona joale seo Armero e leng ho sona. Batho ba ka holimo ho 20 000 ba ile ba timela mona
Koloi ena e soahlamaneng ke mohlala oa koluoa e thefutseng Armero