Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kp maq. 22-23
  • ‘Ha Baa ka ba Elelloa’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ha Baa ka ba Elelloa’
  • Le Lule le Lebetse!
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Etsa Joang ha U Utloa Litemoso Tse Tsoang ho Molimo ka Boeena?
  • Ho Hlokomoloha Litemoso le ho Leka Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na U Tla Ela Litemoso Tsa Koluoa e Haufi Hloko?
    Tsoha!—1987
  • Lokisetsa Topollo ea ho Kena Lefatšeng le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Hopolang Mosali oa Lota
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Le Lule le Lebetse!
kp maq. 22-23

‘Ha Baa ka ba Elelloa’

HO SE natse litemoso ho ka fella ka tlokotsi.

Darwin, Australia, ho ne ho etsoa litokisetso tsa mekete ea matsatsi a phomolo ka 1974 ha ho utloahala liphala tse lemosang ka leholiotsoana le tlang. Empa leholiotsoana le ne le e-s’o ka le hlasela Darwin ka lilemo tse ka bang 30. Ke hobane’ng ha le ne le ka e hlasela hona joale? Baahi ba bangata ba ne ba sa nahane hore ho tla hle ho be le kotsi e tšabehang ho fihlela ha lifefo tse matla li qala ho fefola marulelo le ho heletsa mabota a matlo ao batho ba neng ba ikentse seqhoqho ka ho ’ona. Hoseng ho hlahlamang, motse e ne e le lesupi.

Colombia ka November 1985, thaba e ile ea foqoha seretse se chesang. Lehloa le leqhoa tse qhibilihang li ile tsa baka seretse se sengata se ileng sa epela baahi ba fetang 20 000 ba toropo ea Armero. Na ho ne ho sa ka ha e-ba le temoso esale pele? Thaba e ne e ile ea reketla ka likhoeli tse ngata. Leha ho le joalo, kaha batho ba bangata ba Armero ba ne ba tloaetse ho lula pel’a thaba e foqohang seretse se chesang, sena ha sea ka sa ba tšoenya. Ba boholong ba ile ba lemosoa hore tlokotsi e ne e le haufi, empa ha baa ka ba etsa letho le lekaalo ho lemosa sechaba. Ho ile ha etsoa litsebiso seea-le-moeeng ka boiteko ba ho etsa hore sechaba se khobe matšoafo. Sebuela-hōle se kerekeng se ile sa sebelisetsoa ho khothatsa batho hore ba khobe matšoafo. Mantsiboea, ka makhetlo a mabeli ho ile ha e-ba le ho phatloha ho tšosang. Na u ka be u ile ua siea thepa ea hao eaba ua baleha? Batho ba seng bakae ba ile ba leka ho baleha empa e ne e se e le morao haholo.

Hangata liithuti tsa mafika li bolela esale pele ka nepo hore na litšisinyeho tsa lefatše li tla ba hokae. Empa ke ka seoelo li bolelang esale pele hore na li tla etsahala neng ka ho toba. Ka 1999, lefatšeng lohle litšisinyeho tsa lefatše li ile tsa bolaea batho ba ka bang 20- 000. Ba bangata ho ba shoeleng ba ne ba nahana hore seo se ke ke sa ba etsahalla.

U Etsa Joang ha U Utloa Litemoso Tse Tsoang ho Molimo ka Boeena?

Bibele e ile ea hlalosa ka ho hlakileng esale khale liketsahalo tse tšoaeang matsatsi a ho qetela. Mabapi le ’ona, e re eletsa hore re nahane ka “matsatsi a Noe.” “Matsatsing ao pele ho moroallo,” batho ba ne ba tšoarehile ka mesebetsi e tloaelehileng ea bophelo, le hoja ho se pelaelo hore ba ne ba tšoenngoa ke ho ata ha pefo. Mabapi le temoso eo Molimo a ileng a fana ka eona ka mohlanka oa hae Noe, ‘ha baa ka ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.’ (Matheu 24:37-39) Na u ka be u ile ua ela temoso hloko? Na u etsa joalo hona joale?

Ho thoe’ng haeba u ne u lula Sodoma, haufi le Leoatle le Shoeleng, mehleng ea Lota, mora oa mor’abo Abrahama? Naha eo e ne e tšoana le paradeise. Motse o ne o atlehile. Batho ba ne ba iketlile. Mehleng ea Lota, “ba ne ba ja, ba ne ba noa, ba ne ba reka, ba ne ba rekisa, ba ne ba lema, ba ne ba haha.” Ho phaella moo, batho bao ba neng ba phela le bona ba ne ba itšoere hampe ka ho fetisisa. Na u ka be u ile ua nka temoso ka botebo ha Lota a nyatsa liketso tse mpe? Na u ka be u ile ua mamela ha a u bolella hore Molimo o ne a entse qeto ea ho timetsa motse oa Sodoma? Kapa u ka be u ile ua nka hore oa soasoa joaloka bao e neng e tla ba bakhoenyana ba Lota? Na mohlomong u ka be u ile ua qala ho baleha eaba ua hetla, joaloka mosali oa Lota? Le hoja ba bang ba sa ka ba nka temoso ka botebo, letsatsing leo Lota a ileng a tsoa Sodoma ka lona, “ho ile ha na mollo le sebabole ho tsoa leholimong ’me tsa ba timetsa kaofela.”—Luka 17:28, 29.

Ba bangata mehleng ea rōna ha ba elelloe. Empa mehlala ena e bolokiloe ka Lentsoeng la Molimo e le temoso ho rōna, ho re khothalletsa hore re LULE RE LEBETSE!

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

Na Ruri ho Bile le Moroallo oa Lefatše Lohle?

Bahlahlobisisi ba bangata ba re Che. Empa Bibele eona e re E.

Jesu Kreste ka boeena o ile a bua ka oona, ebile o ne a ntse a phela ha o e-ba teng, a o shebile a le maholimong.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

Na ka Sebele Sodoma le Gomora li Ile Tsa Timetsoa?

Thuto ea ho epolla lintho tsa khale e paka hore ketsahalo ena ke ’nete.

Histori ea litaba tsa lefatše e bua ka ketsahalo ena.

Jesu Kreste o ile a paka hore ketsahalo ena ke ’nete, ’me libukeng tse 14 tse fapaneng tsa Bibele ho buuoa ka se ileng sa etsahala ka nako eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela