Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 1/15 leq. 7
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pontšo e Fosahetseng
  • Ha ho Metsi—Ha ho Bophelo
  • Mars e Boneloa Haufi
    Tsoha!—2009
  • Kamoo ho Bileng le Setsi sa Rōna se Ikhethang sa Potoloho ea Lipolanete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 1/15 leq. 7

Ho Nyarela ka Litabeng

Pontšo e Fosahetseng

“Pontšo ea hao ke efe?” Ho batho ba limillione ba batlang thuso lichateng tsa “pontšo ea linaleli” tse entsoeng ke linohe tsa linaleli, potso eo ke ea bohlokoa bo boholo. Ba lumela hore sebaka seo linaleli, liplanete, letsatsi, le khoeli tsa sehlopha sa zodiac li emeng ho sona nakong ea tsoalo li susumetsa bophelo ba motho ka ho tobileng. Leha ho le joalo, ho ea ka koranta ea kamehla ea London e bitsoang Independent, linohe tsa linaleli li neha batho pontšo e fosahetseng. Lichate tsa “pontšo ea linaleli,” tse sebelisoang li theiloe “melaong” ea bonohe ba linaleli e entsoeng lilemong tse 2 000 tse fetileng.

Independent e re: “Senohe sa linaleli se tla bolella batsoali ba ngoana ea tsoetsoeng kajeno hore ke Cancer.” Leha ho le joalo, tlaleho e hlokometse: “Ho e-na le hoo, haeba ba talimme boemo boo letsatsi le emeng ho bona sebakeng, ba ne ba tla hlokomela hore bonneteng letsatsi le bapile le Gemini.” Ke eng e ikarabellang ka ho se tšoane hona? Balepi ba linaleli ba ho bitsa “ho sekamela ka bophirimela ha ase ea lefatše.” “Ho sekama” hona ho qeta potoloho ea likhato tse 360 ka lilemo tse ling le tse ling tse 25 800, ho bolelang hore nako eo mahlaseli a letsatsi a oelang moharo-fatše e ba pele ka metsotsoana e 50 ho tloha bohareng ba selemo se seng le se seng, kapa khato e le ’ngoe lilemong tse 72. Kahoo, lilemong tse 2 000 tse fetileng, boemo ba letsatsi sebakeng bo khutletse morao ka pontšo e felletseng ea potoloho sehlopheng sa zodiac. Ka lebaka leo, “chate ea linaleli e bontšang nako ea tsoalo hase setšoantšo sa ’nete sa nako ea tsoalo ea motho,” ho hlalosa Richard F. Smith bukeng ea hae Prelude to Science. O hlalositse: “Batho ba bangata ba tsoetsoeng ka pontšo ea linaleli, ea Scorpio bonneteng ba hlahile ka pontšo ea Libra, ba bangata ba leng pontšong ea Leo ke ba Cancer, ba Cancer ke ba Gemini, joalo-joalo.”

Ho se tšepahale ha lichate tsa linaleli ho hatella bohlale ba ho talima ho ’Mōpi bakeng sa tataiso e seng linthong tseo a li bōpileng. (Ba-Roma 1:24, 25) Leha ho le joalo, lebaka le leholo la ho qoba tšebeliso ea lichate tsa linaleli ke hobane li ka lebisa borapeling “ba letsatsi, kapa khoeli, kapa makhotla ’ohle a linaleli tsa leholimo, e leng taba eo [Molimo a sa] kang a u laela eona.”—Deuteronoma 17:2-5.

Ha ho Metsi—Ha ho Bophelo

Ena ke qeto e fihletsoeng ke Moprofesara Norman H. Horowitz, seithuti sa mahlale se amanang le maeto a ho ea ho Mars a 1965-76 a Mariner le Viking.

Bukeng ea hae To Utopia and Back: The Search for Life in the Solar System, Moprofesara Horowitz o hlokometse hore litšibollo maetong ana li arabetse ka ho hlakileng potso ea hore na ebe ho na le bophelo ho Mars kapa planeteng leha e le efe sehlopheng sa rōna sa liplanete le letsatsi. O re: “Mars e haelloa ke tšobotsi e ’ngoe e laolang tikoloho ea lefatše la rōna, maoatle a metsi, le letsatsi le chabelang ka metsing.” Patlisiso e tiisitse hore planete e hloka metsi.

Kamor’a liphuputso tse seli tsa ho leka ho fumana bophelo ho Mars, Horowitz o lumetse: “Ho hlōleha ho fumana bophelo ho Mars ebile ntho e soabisang, empa e ne e boetse e le tšenolo. Erekaha Mars e fana ka tšepo e fetang ea liplanete tse ling bakeng sa bophelo le bolulo sebakeng, joale ho hlakile hore lefatše la rōna ke lona feela le nang le bophelo sehlopheng sa rōna sa linaleli.”

Ke ho loketseng hakaakang hore ha ho ngoloa ka lefatše, moprofeta oa boholo-holo Esaia o hlalositse hore Moetsi oa lona o le bōpetse “hore le ahuoe”! (Esaia 45:18) Ho boleloa ka metsi mehleng ea pele tlalehong ea Bibele ea pōpo. Ka ho hlakileng, ho fana ka metsi pele ho pōpo leha e le efe lefatšeng e ne e le ntho ea bohlokoa. Joalokaha maeto a ho ea ho Mars a netefalitse: Kantle ho sebaka sa moea, moo ho se nang metsi, ho ke ke haeba le bophelo.—Genese 1:1-10.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Sebaka sa Mars se hlokang bophelo, joalokaha se talinngoe sefofa-sebakeng sa “Viking II”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Foto ea NASA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela