Ho Beleha Bana Har’a Batho ba Molimo
“Jehova, . . . a boele a le atise hape hasekete.”—DEUTERONOMA 1:11.
1. Bibele e bua joang ka ho beleha bana?
“BONANG, bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso. Bana ba bocha ba rōna ba joale ka metsu letsohong la mohale. Ho lehlohonolo motho eo khohlopo ea hae e tletseng bona!” Ke seo re se balang ho Pesaleme ea 127:3-5. E, ho beleha bana ke tokelo e babatsehang eo ’Mōpi Jehova a e fileng batho ba babeli ba pele le bana ba bona.—Genese 1:28.
Ho Beleha Bana Iseraeleng
2. Ke hobane’ng ha malapa a maholo a ne a hlokahala har’a litloholo tsa Abrahama, Isaaka, le Jakobo?
2 Malapa a maholo a ne a talingoa e le a hlokahalang haholo har’a litloholo tsa Abrahama ka Isaaka le Jakobo. Esita le bana ba tsoetsoeng ke basali ba bobeli le lirethe ba ne ba talingoa e le bana ba molao. Ho ne ho le joalo ka bara ba bang ba Jakobo, bao e ileng ea e-ba lihlooho tse theang meloko e 12 ea Iseraele. (Genese 30:3-12; 49:16-21; bapisa 2 Likronike 11:21.) Le hoja tokisetso ea Molimo ea lenyalo tšimolohong e ne e le lenyalo la monna a le mong ho mosali a le mong, o ile a mamella sethepu le ho nka lirethe har’a litloholo tsa Abrahama, ’me sena se ile sa sebeletsa keketseho e potlakileng haholoanyane ea sechaba. Baiseraele e ne e lokela ho ba “sechaba se sengata joale ka lerōle la lefatše.” (2 Likronike 1:9; Genese 13:14-16) Sechabeng seo, ho ne ho tla hlaha “peō” e tšepisitsoeng eo “lichaba tsohle tsa lefatše” li neng li ka itlhohonolofatsa ka eona.—Genese 22:17, 18, NW; 28:14; Deuteronoma 1:10, 11.
3. Boemo e ne e le bofe Iseraeleng nakong ea puso ea Salomone?
3 Ka ho hlakileng, ho beleha bana ho ne ho nkoa e le pontšo ea tlhohonolofatso ea Jehova Iseraeleng. (Pesaleme ea 128:3, 4) Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore mantsoe a qalang a sehlooho sena a qotsitsoeng ho Pesaleme ea 127, a ile a ngoloa ke Morena Salomone ’me karolo e khōlō ea puso ea morena enoa e ne e le nako e neng e lumelleha ka ho khethehileng historing ea Iseraele. Bibele e bolela tjena ka nako eo: “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joale ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla. Ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane [ka leboea] ho isa Beerseba [ka boroa], ba ne ba lutse ba iketlile, e mong le e mong tlas’a morara oa hae le tlas’a feiga ea hae, ka matsatsi ’ohle a Salomone.”—1 Marena 4:20, 25.
Linako Tse Thata bakeng sa Bana Iseraeleng
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha ho beleha bana ho ne ho sa tlise thabo kamehla Iseraeleng? (b) Ke liketsahalo life tsa masetla-libete tse ileng tsa etsahala bonyane ka makhetlo a mabeli Jerusalema?
4 Empa ho bile le linako tse ling historing ea Iseraele tsa ha ho beleha bana e ne e se ntho e monate ho hang. Nakong ea ho timetsoa ha Jerusalema ka lekhetlo la pele, moprofeta Jeremia o ile a ngola: “Mahlo a ka a eba ke ho lla. . . . ha ngoana le ea anyang ba akheha mapatlelong a motse. . . . Ho joang, ha basali ba ile ba e-ja litholoana tsa bona, bana bao ba bileng ba ba emara?” “Matsoho a basali ba bonolo a apehile bana ba bona.”—Lillo Tsa Jeremia 2:11, 20; 4:10.
5 Ho bonahala hore liketsahalo tse tšoanang tsa masetla-libete li ile tsa etsahala hoo e ka bang makholo a supileng a lilemo hamorao. Rahistori oa Mojode Josephus o bolela hore nakong ea ho thibelloa ha Jerusalema ka 70 C.E., bana ba ne ba phamola lijo melomong ea bo-ntat’a bona, ’me bo-’mè ba nka lijo melomong ea bana ba bona ba masea. O bolela kamoo mosali oa Mojode a ileng a bolaea lesea la hae le anyang, a besa setopo sa lona eaba o ja karolo e ’ngoe ea sona. Ho hang ho ke ke ha boleloa hore ho beleha bana lefatšeng la Bajode lilemong tsa ho qetela tse neng li isa phethahatsong ea likahlolo tsa Jehova khahlanong le Jerusalema ka 607 B.C.E. le ka 70 C.E. ho ne ho ka bitsoa ho beleha bana ho nang le kutloisiso.
Ho Beleha Bana Har’a Bakreste ba Pele
6, 7. (a) Jesu o ile a felisa mekhoa efe bakeng sa Bakreste? (b) Iseraele ea moea e ne e tla hōla ka mokhoa ofe, ’me see se pakoa ke eng?
6 Ho beleha bana ho ne ho talingoa joang har’a Bakreste ba pele? Pele ho ke ho hlokomeloe hore har’a barutuoa ba hae Jesu o ile a felisa sethepu le ho nka lirethe. O ile a tsosolosa tekanyetso ea Jehova ea tšimolohong, e leng lenyalo la monna a le mong ho mosali a le mong. (Mattheu 19:4-9) Le hoja Iseraele ea tlhaho e ile ea ata haholo-holo ka ho beleha bana, Iseraele ea moea e ne e lokela ho hōla haholo-holo ka ho etsa barutuoa.—Mattheu 28:19, 20; Liketso 1:8.
7 Haeba khōlo ea Bokreste e ne e tla tlisoa haholo-holo ke ho beleha bana, Jesu a ka be a sa ka a khothaletsa barutuoa ba hae ho ‘bula monyetla’ bakeng sa bosooa “ka baka la ’muso oa maholimo.” (Mattheu 19:10-12) Moapostola Pauluse a ka be a sa ka a ngola: “Ea fanang ka bosooa ba hae lenyalong le eena o etsa hantle, empa ea sa faneng ka bona lenyalong o tla etsa hamolemo.”—1 Ba-Korinthe 7:38, NW.
8. Ke eng e bontšang hore Bakreste ba bangata ba pele ba ne ba nyetse ’me ba e-na le bana?
8 Leha ho le joalo, le hoja ba ne ba khothaletsa bosooa ka lebaka la ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso, Jesu kapa eena Pauluse ha baa ka ba bo qobella. Ka bobeli ba hlile ba bona e sa le pele hore Bakreste ba bang ba ne ba tla nyala le ho nyaloa. Ka tlhaho, ba bang ho bona ba ne ba tla ba le bana joalokaha ho tloaelehile. Mangolo a Bokreste a Segerike a na le lirapa tse ’maloa tse neng li fa Bakreste ba pele keletso e tobileng ka khōliso ea bana. (Ba-Efese 6:1-4; Ba-Kolosse 3:20, 21) Haeba baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba ne ba nyetse, e ne e lokela hore e be batsoali ba beang mohlala.—1 Timothea 3:4, 12.
9. Ho latela moapostola Pauluse, basali ba bang ba Bakreste ba ne ba tla sireletsoa ke ho beleha bana joang, empa ba ne ba tla hloka eng hape?
9 Moapostola Pauluse o bile a bolela hore ho ba le bana e ne e ka ba tširelo ea lintho tse bonahalang bakeng sa basali ba bang ba Bakreste. Mabapi le thuso bakeng sa bahlolohali ba hlokang, o ile a ngola: “U hane bahlolohali ba bacha . . . ba fetoha ba botsoa, ba lemalla ho chakela matlung; ’me ha ba botsoa feela, e bile ke mahehle, ba ikenya litabeng tsee e seng tsa bona, ba bolela tse sa tšoanelang. Ke ka baka leo ke ratang hoba bahlolohali ba bacha ba nyaloe, ba tsoale bana, ba lise matlo a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka le se senyenyane sa ho seba. Le joale, ba bang ba se ba ngalile, hore ba tle ba latele Satane.” Basali ba joalo ba ne ba tla ‘bolokeha ha ba tsoala bana, ha ba hlola tumelong, le leratong, le khalalelong, ba e-na le tšabo.’—1 Timothea 5:11-15; 2:15.
‘Matšoenyeho Nameng’
10. Ke keletso efe e fapaneng eo Pauluse a faneng ka eona bakeng sa bahlolohali lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe?
10 Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore, lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, moapostola Pauluse eena enoa o ile a etsa tlhahiso ea pheko e fapaneng bakeng sa bahlolohali. O ile a lokisa keletso ea hae tabeng ea ho nyala, a bolela hore o fane ka eona ka “ho le qenehela.” O ngotse: “Ha e le masoha le basali ba bahlolohali, ke re ho bona: Ho ka ba molemo ho bona ho lula joale ka ’na. Empa ekare ha ba sitoa ho itšoara, ba nyale; hobane ha e le ho nyala, e le ho cha, ho molemo ke ho nyala. . . . Ha [mohlolohali] a ka itulela feela, a ka iketla ka ho fetisisa; ’me ke lekanya hoba le ’na ke na le Moea oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 7:6, 8, 9, 40.
11. (a) Ba kenang lenyalong ba ne ba tla ba le phihlelo efe, ’me tšupiso e bohareng ba leqephe ho 1 Ba-Korinthe 7:28 e hlakisa see joang? (b) Pauluse o ne a bolela eng ha a re, “kea le qenehela”?
11 Pauluse oa hlalosa: “Haeba [motho] oa lesooa a nyala, ea joalo o ne a tla be a sa etse sebe. Leha ho le joalo, ba [nyalang] ba tla ba le matšoenyeho nameng ea bona, ’me ’na kea le qenehela.” (1 Ba-Korinthe 7:28, NW) Mabapi le ‘matšoenyeho a joalo nameng ea bona,’ tšupiso e bohareng ba leqephe ho New World Translation e re supisa ho Genese 3:16, moo re balang: “[Jehova] a re ho mosali: Ke tla u atisetsa bohloko ba hao haholo-holo kemarong ea hao: u tla beleha bana ka bohloko; litakatso tsa hao li tla ba ho monna oa hao, ’me u tla busoa ke eena.” Ntle ho mathata a ka ’nang a hlaha a lenyalo, ha ho pelaelo hore “matšoenyeho nameng ea bona” ao ba lenyalong ba neng ba tla thulana le ’ona a akarelletsa mathata a amanang le ho beleha bana. Le hoja Pauluse a ne a sa thibele lenyalo kapa ho beleha bana, ka ho hlakileng o ile a ikutloa a tlamehile ho lemosa Bakreste ’moho le eena hore ho joalo ho ne ho ka ’na ha tlisa mathata le lithibelo tse neng li ka ’na tsa ba sitisa tšebeletsong ea bona ho Jehova.
‘Nako E Setseng E Khutšoanyane’
12. Pauluse o ile a nea Bakreste ba nyetseng keletso efe, ’me e le ka lebaka lefe?
12 Lekholong la pele la lilemo C.E., Bakreste ba ne ba sa lokoloha ho phela joaloka batho ba lefatše. Boemo ba bona bo ne bo tla ama le bophelo ba bona ba lenyalo. Pauluse o ile a ngola: “Seo ke se bolelang, banab’eso, ke hoba, joale, nako [“e setseng,” NW] e khutšoanyane; e le hore ba nang le basali ba be joale ka hoja ba se na bona; . . . le ba itšebeletsang ka tsa lefatše lena, ba be joale ka hoja ba sa sebetse ka tsona; hobane mokhoa oa lefatše lena oa fela. Nka rata hore le hloke pelaelo. . . . Ke rialo ka ho lekanya se ka bang molemo ho lōna, e seng ho le cheha ka leraba; e le hore le mpe le etse ka hlokomelo, ’me le sebeletse Morena le sa horeletsoe ke letho.”—1 Ba-Korinthe 7:29-35.
13. Ke ka kutloisiso efe ‘nako e setseng e neng e le khutšoanyane’ bakeng sa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?
13 Seithuti sa Bibele Frédéric Godet o ngotse: “Ho fapana le ba sa lumelang ba talimang lefatše e le leo ka tieo le tla ema ka ho sa feleng, kamehla mahlo a Mokreste a ntse a le ’neteng e khōlō e lebeletsoeng, Parousia [Ho Ba Teng].” Kreste o ne a neile barutuoa ba hae pontšo ea “ho ba teng” ha hae, ’me a ba lemositse hore: “Lulang le lebetse, ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi leo Morena oa lōna a tlang ka lona.” (Mattheu 24:3, 42, NW) Nako e setseng e ne e le “khutšoanyane” ka hore Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba lokela ho phela kamehla ba lebelletse ho tla ha Kreste. Ho feta moo, ba ne ba sa tsebe hore na bona ka bomong ba saletsoe ke nako e kae pele “nako le ketsahalo e sa lebelloang” li timetsa bophelo ba bona, li felisa monyetla leha e le ofe oa hore ba ‘tiise ho bitsoa ha bona.’—Moeklesia 9:11, NW; 2 Petrose 1:10.
14. (a) Mattheu 24:19 e lokela ho utloisisoa joang? (b) Temoso ea Jesu e ile ea e-ba e potlakileng le ho feta joang ha selemo sa 66 C.E. se atamela?
14 Tlhokahalo ea ho ‘lula ba lebetse,’ e ne e le tlamo haholo-holo ho Bakreste ba Judea le Jerusalema. Ha Jesu a hlokomelisa ka thipitlo ea bobeli ea Jerusalema, o itse: “Ho tla ba malimabe basali ba baimana, le ba anyesang mehleng eo.” (Mattheu 24:19) Ke ’nete, mona Jesu o ne a sa bolelle Bakreste ba lekholong la pele la lilemo hore ba lokela ho khaotsa ho ba le bana. O ne a mpa a etsa polelo ea ’nete ea boprofeta, e bontšang hore ha pontšo ea thipitlo e haufi ea Jerusalema e hlaha, basali ba baimana kapa ba nang le bana ba banyenyane ba ne ba tla thatafalloa haholoanyane ho baleha ka potlako. (Luka 19:41-44; 21:20-23) Leha ho le joalo, ha morusu o ntse o hōla har’a Bajode Judea lilemong tsa pele ho 66 C.E., ha ho pelaelo hore Bakreste ba pele ba ile ba hopola temoso ea Jesu ’me ea susumetsa boikutlo ba bona mabapi le ho tlisa bana lefatšeng linakong tseo tsa khathatso.
Ho Beleha Bana Kajeno
15, 16. (a) Ke joang ‘nako e setseng e leng khutšoanyane’ bakeng sa Bakreste ba phelang kajeno? (b) Bakreste ba lokela ho ipotsa lipotso life?
15 Bakreste ba lokela ho talima lenyalo le ho beleha bana joang kajeno, ‘nakong ena ea bofelo’? (Daniele 12:4) Ke ’nete ho feta neng kapa neng hore “boemo ba lefatše lena boa [fetoha],” kapa joalokaha phetolelo e ’ngoe e e ngola, “tlhophiso ea hona joale ea lintho e feta ka potlako.”—1 Ba-Korinthe 7:31, Phillips.
16 Hona joale, ho feta leha e le neng pele, “nako [e setseng] e khutšoanyane.” E, ho setse nako e lekanyelitsoeng feela hore batho ba Jehova ba phethe mosebetsi oo a ba neileng oona hore ba o etse, e leng: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Mosebetsi oo o lokela ho finyelloa pele bofelo bo tla. Ka baka leo, ho loketse hore Bakreste ba ipotse hore na ho kena lenyalong kapa, haeba ba le lenyalong, ho ba le bana ho tla ama joang karolo ea bona mosebetsing oo oa bohlokoa.
Mohlala oa Boholo-holo
17. (a) Noe le bara ba hae ba bararo ba ne ba lokela ho phetha mosebetsi ofe pele ho Moroallo, ’me ho bonahala o ile oa nka nako e kae? (b) Ke ka mabaka afe a mabeli e ka ’nang eaba bara ba Noe le basali ba bona ba ile ba tlohela ho ba le bana nakong ea mehla ea pele ho Moroallo?
17 Jesu o ile a tšoantša nako ea ‘ho tla ha Mor’a motho’ le ‘mehla ea Noe.’ (Mattheu 24:37) Noe le bara ba hae ba bararo ba ne ba e-na le mosebetsi o tobileng oo ba neng ba lokela ho o phetha pele ho Moroallo. O ne o ama ho bolela, le ho haha areka e kholohali. (Genese 6:13-16; 2 Petrose 2:5) Ha Jehova a fana ka litaelo tsa ho hahuoa ha areka, ho bonahala bara ba Noe ba ne ba se ba nyetse. (Genese 6:18) Ha re nepisise hore na ho ile ha nka nako e kae ho haha areka, empa ho bonahala eka ho ile ha nka mashome a ’maloa a lilemo. Ho thahasellisang, ka nako ena eohle ea pele ho Moroallo, bara ba Noe le basali ba bona ba ne ba se na bana. Moapostola Petrose ka ho toba o bolela hore ‘meea e robeli e ile ea pholoha moroallo,’ ke hore, banyalani ba robeli empa ho se bana. (1 Petrose 3:20) Ho lula ha bara ba bona a se na bana mohlomong e ne e le ka mabaka a mabeli. La pele, ka lebaka la timetso e atamelang ea moroallo oa metsi, ba ne ba e-na le mosebetsi oo ba o filoeng ke Molimo hore ba o etse o neng o hloka tlhokomelo ea bona e feletseng. La bobeli, ha ho pelaelo hore ba ile ba ikutloa ba se na tšekamelo ea ho tlisa bana lefatšeng leo ho lona “bobe ba motho bo neng bo atile lefatšeng le tšekamelo e ’ngoe le e ’ngoe ea mehopolo ea pelo ea hae e neng e le mpe feela ka nako eohle,” lefatše le neng le “tletse pefo.”—Genese 6:5, 13, NW.
18. Le hoja hoo ho sa bee molao o lokelang ho lateloa, tsela e nkiloeng ke bara ba Noe le basali ba bona e fana ka seo re lokelang ho nahana ka sona joang?
18 Hona ha ho bolele hore tsela e ileng ea nkoa ke bara ba Noe le basali ba bona pele ho Moroallo e ne e reretsoe ho bea molao bakeng sa banyalani ba phelang kajeno. Leha ho le joalo, kaha Jesu o ile a tšoantša mehla ea Noe le nako eo re phelang ho eona hona joale, mohlala oa bona o ka fana ka ntho eo ho ka nahanoang ka eona.
“Mehla e Thata”
19. (a) Mehla ea rōna e tšoana le mehla ea Noe joang? (b) Pauluse o ile a bolela eng esale pele ka ‘mehla ea qetello,’ ’me boprofeta ba hae bo ama ho beleha bana joang?
19 Joaloka Noe le lelapa la hae, le rōna re phela ‘lefatšeng la banyefoli.’ (2 Petrose 2:5) Joaloka bona, re “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ea lintho e khopo e tla tloha e timetsoa. Moapostola Pauluse o ile a profeta hore ‘mehla ea qetello’ ea tsamaiso ea Satane e ne e tla tlisa ‘mehla e thata ho sebetsana le eona.’ A bontša hore ho hōlisa bana e ne e tla ba e ’ngoe ea lintho tse thata ho sebetsana le tsona, a eketsa ka hore bana e ne e tla ba ba sa “utloeng batsoali.” A bolela hore batho ka kakaretso, ho sa siuoe bana le bacha, e ne e tla ba ‘ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho.’ (2 Timothea 3:1-3, NW) Le hoja mona Pauluse a ne a profeta ka maemo har’a batho ba lefatše, ho totobetse hore maemo a atileng hakaalo a ne a tla thatafaletsa Bakreste haholoanyane ho hōlisa bana, joalokaha ba bangata ba bile le phihlelo eo.
20. Ho tla nahanoa ka eng sehloohong se latelang?
20 Sena sohle se bontša hore hoa hlokahala ho ba le pono e leka-lekaneng ka ho beleha bana. Le hoja ho ka tlisa thabo e ngata, ho ka boetse ha tlisa masisa-pelo a mangata. Ho na le melemo le masoabi. Ho tla nahanoa ka e meng ea melemo ena le masoabi ana sehloohong se latelang.
Lintlha tsa Tlhahlobo
◻ Ke hobane’ng ha malapa a maholo a ne a hlokahala Iseraeleng?
◻ Ke eng e bontšang hore ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona ho beleha bana ho neng ho tla tlisetsa Bajode masisa-pelo?
◻ Iseraele ea moea e ne e lokela ho hōlisa lenane la eona joang?
◻ Ke joang ‘nako e setseng e neng e le khutšoanyane’ bakeng sa Bakreste ba pele?
◻ Ho na le mabaka afe ao e ka ’nang eaba a ile a etsa hore bara ba Noe le basali ba bona ba lule ba se na bana pele ho Moroallo, ’me ho thoe’ng ka boemo kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ba nang le bana ba banyenyane ba ne ba tla thatafalloa haholoanyane hore ba balehe ka potlako Jerusalema