Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 4/15 maq. 10-15
  • Ke Mang Eo U Ka Mo Tšepang Ka Sebele Mehleng ea Rōna e Tšosang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang Eo U Ka Mo Tšepang Ka Sebele Mehleng ea Rōna e Tšosang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo e Ntseng e Qepha
  • Tšepo e Behiloeng Nthong e Fosahetseng
  • Ea Ka Tšeptjoang ka Ho Feletseng
  • Pono ea Molimo ka Bolumeli ba Lefatše
  • Etsa Jehova Tšepo Ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Tšepa ba Bang ke Habohlokoa Hore Motho a Thabele Bophelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • U ka Tšepa Bara le Barali Babo Rona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Tšepa Jehova ka Pelo ea Hao Eohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 4/15 maq. 10-15

Ke Mang Eo U Ka Mo Tšepang Ka Sebele Mehleng ea Rōna e Tšosang?

“Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho!”—PESALEME EA 146:3.

1. Tšobotsi ea mehla ea rōna ke efe, ’me e bontša tlhokahalo ea eng?

HA RE sa le bana ba banyenyane ha re ne re tšosoa, re ne re mathela ho batsoali ba rōna ba seli bakeng sa matšeliso le tšireletso hobane re ne re ba tšepa. Joaloka batho ba baholo, le rōna re hloka batho bao re ka ba tšepang. Ho joalo ka ho fetisisa mehleng ena ea ha ho etsahala lintho tse ngata hakana tse sisimosang. Ha e hlalosa ka mehla ea rōna, koranta e ’ngoe ea Jeremane e itse: “Lefatše le tletse tšabo ho feta leha e le neng pele.” Nako le nako, batho ba tsebang litaba tsa lefatše, baqolotsi ba litaba, le ba bang ba bontšitse kamoo ba tšohileng kateng ka mathata a boima a talimaneng le batho.

2. Tšabo le ho hloka tšepo li ile tsa profetoa joang molokong oo?

2 Lipolelo tse joalo li bontša seo Jesu Kreste a se profetileng ka mehla ea rōna ha a re e ne e tla tšoauoa ka ‘tsieleho ea lichaba, li sa tsebe tsela ea ho tsoa . . . ha batho ba tepeletsoa ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’ (Luka 21:25, 26, NW) Bibele e ile ea profeta hore ‘mehleng ena ea qetello ho ne ho tla ba le linako tseo ho neng ho tla ba thata ho sebetsana le tsona’ le hore batho e ne e tla ba ‘baithati, ba hlokang botšepehi, baetselletsi, le baeki.’ Lipolelo tsena li bontša hore tšobotsi e ’ngoe ea mehla ea rōna e ne e tla ba ho haella ho tebileng ha tšepo.—2 Timothea 3:1-4, NW.

Tšepo e Ntseng e Qepha

3. Ho na le bopaki bofe ba hore tšepo e behiloe kotsing mehleng ea rōna?

3 Mehleng ena e tšosang, re hloka batho bao re ka ba tšepang haholo, ba tla itella ho tšepahala, e be thuso ha ho hlokahala. Empa batho ba bangata ba ikutloa hore batho bao ba neng ba ba tšepile ba ba soetsitse. Koranta ea naha e ’ngoe e ile ea phatlalatsa: “Batho Ha Ba Tšepe Litsi Tse Ngata Tsa Sechaba.” Batho ba sa tšeptjoeng ho feta ba bang kaofela ke baeta-pele ba lipolotiki le ba khoebo. Ho hloka tšepo ho eketsehile le ka lapeng, joalokaha ho pakoa ke manane a phahameng a tlhalo. Lichabeng tse ling, ho na le tlhalo lenyalong le le leng ho a mang le a mang a mararo kapa esita le lenyalong le le leng ho a mang le a mang a mabeli. Naheng e ’ngoe, karolo ea 70 lekholong ea manyalo ’ohle a macha e qetella ka tlhalo nakong ea lilemo tse leshome! Kahoo tšepo e ntse e behoa kotsing ka ho eketsehileng. E nkeloa sebaka ke ho hloka tšepo. Joale puo e seng e tloaelehile ke ea motho e mong ea kileng a re: “Ha ho sa na motho e mong eo ke mo tšepang.”

4. Bacha ba bangata ba angoa joang ke tšabo?

4 Ho na le ho hloka tšepo ho hongata hona joale hobane ena ke nako e tšosang ka ho fetisisa historing eohle ea motho. Lekholo lena la lilemo le ile la talimana le lintoa tse peli tsa lefatše le lintoa tse ling tse mashome-shome tse nkileng bophelo ba batho ba fetang limillione tse lekholo. Joale, libetsa tsa nuclear li sokela ho timetsa bophelo bohle bo teng lefatšeng. ’Me hona ho bile ho ama le tšepo ea bana ba banyenyane haholo. Koranta ea bongaka e ile ea tlaleha: “Bana ba eketsehileng, esita le bana ba banyenyane, ba ntse ba tšosoa ke tšokelo ea ho timetsoa ka thipitlo ea nuclear.” Koranta ea Canada e ile ea bolela hore bacha ba bangata ba na le “boikutlo ba ho belaela, ho sareloa, ho hlonama le ho ikutloa ba se na thuso.” Mocha e mong o itse: “Ho hang ha re ikutloe eka batho ba baholo ba re sirelelitse. Re ka ’na ra hōlela ho ba moloko o belaelang ka ho fetisisa o kileng oa e-ba teng.”

5. Haeba sehlopha sa bana ba se nang molato le ba hlokang tšireletso se ne se ka bua, se ne se ka ’na sa ikutloa joang?

5 ’Me sehlopha se seng sa bana se ne se tla re’ng—haeba se ne se ka bua—ka ho se ikutloe se sirelelitsoe ke batho ba baholo? Re bolela ba bolaoang le pele ba hlaha ka ho ntšoa ha limpa. Khakanyo e ’ngoe e beha lenane la limpa tse ntšoang lefatšeng ka bophara ho limillione tse 55 selemo se seng le se seng. Ke ho etsoa hampe ho hokaakang ha karolo ea batho e se nang molato ka ho fetisisa le e ke keng ea ithusa!

6. Tlōlo ea molao e ekellelitse ho hlokeng tšepo joang mehleng ea rōna?

6 Ho hloka tšepo ho eketsehile ka baka la tšabo e ’ngoe e ntseng e hōla mehleng ea rōna: tšabo ea ho hlaseloa. Hona joale ba bangata ba etsisa mosali e mong ea boletseng hore o ea tlung a behile sethunya ka tlas’a mosamo oa hae. Mosali e mong ea tšohileng o itse: “Ke ho hloile. . . . Ha ho mohla nkhono a neng a notlela mamati a hae.” Kahona, taba e ngotsoeng ke mohlophisi koranteng e ’ngoe ea Puerto Rico e ile ea re: “Ba leng teronkong ke rōna,” e, kahar’a matlo a rōna a etselitsoeng menyako ea tšepe le a notletsoeng. Ho tšaba hona ke ho utloahalang. Ka mohlala United States, mosali a le mong ho ba bararo a ka ’na a hlaseloa bophelong ba hae. Ngaka e ’ngoe e sebetsanang le ho buoa mafu a tloaelehileng e ile ea re “Maamerika a ka bang limillione tse ’nè a hlaseloa ke pefo e matla selemo se seng le se seng—polao, peto, ho otla basali, tšebeliso e mpe ea bana, ho khama.” Tlōlo e joalo ea molao e tloaelehile linaheng tse ling tse ngata, e leng hoo hape ho senyang tšepo eo batho ba nang le eona ho ba bang.

7. Ke hobane’ng ha maemo a mabe a moruo a ekelletsa ho hlokeng tšepo?

7 Lichabeng tse sa tsoelang pele, batho ba bangata ba phela bofumeng. Ke ba seng bakae ba nang le tšepo ea hore ho na le ea tla ba ntša ho bona. Mookameli oa naha e ’ngoe e joalo o boletse hore seterekeng se seng, baneng ba bang le ba bang ba 1 000 ba tsoaloang, ba 270 ba shoa pele ba qeta selemo. Ke ntlo e le ’ngoe feela ho a 100 e nang le metsi. ’Muso oa naha e ’ngoe o bolela hore karolo ea 60 lekholong ea bana ba oona ea hloka, ’me bana ba limillione tse supileng ba lahliloeng “ba hōla e le melahloa e sa tsebeng ho bala le ho ngola, e khesoang le e ke keng ea hiroa.” United States, lenane la bacha ba se nang mahabo bona le hakanngoa ho ba 500 000, empa ba bang ba re palo ea sebele e phahame le ho feta. Bana ba joalo ba ka tšepa batsoali ba bona hakae, le sechaba, le molao le tsamaiso, kapa litšepiso tsa baeta-pele?

8. (a) Botsitso ba lichaba tse ruileng le moruo oa lefatše li sokeloa joang? (b) Ke ho isa kae litsebi li ka tšepeloang ho rarolla mathata aa a moruo?

8 Mathata a moruo a hlasela le lichaba tse ruileng. Haufinyane, United States e bile le lenane le leholo ka ho fetisisa la libanka tse oang ha e sa le ho tloha nakong ea Ho Oa Ho Hoholo ha Moruo ka bo-1930. Setsebi se seng sa moruo se ngotse: “Phello e hlakileng ke tsamaiso ea libanka e tetemang kajeno joalokaha e ne e le joalo ka bo-1920,” pejana feela e oa. Motho e mong ea talimang litaba o ile a bua ka “sefefo se ntseng se atamela se nang le matla a ho senya” moruong oa lefatše. E mong o itse: “Boikutlo ba ho nka bohato bo potlakileng boa hlaha hobane mathata ana a tsamaiso ea machaba ha e sa le a bonahalang e ka a ka ’na a tla; a se a fihlile.” Na litsebi tsa moruo li ka tšepeloa ho tataisa lichaba ho tsoa khathatsong ee? Se seng sa tsona se ile sa re tlaleho ea tsona ea ho bolela litaba esale pele “ke e tšosang hoo ho seng pelaelo ea hore haholo-holo e jala pherekano.”

Tšepo e Behiloeng Nthong e Fosahetseng

9. (a) Ho etsahetse joang ka tšepo e neng e le teng qalehong ea lekholo lee la lilemo? (b) Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ne li ke ke tsa batla ho tekenela tokomane ea Machaba a Kopaneng ka 1945?

9 Hoo hohle ho fapane hakaakang le tšepo e neng e le teng ha lefatše le kena lekholong la bo20 la lilemo. Ho ne ho bile le mashome a lilemo tsa khotso, ’me ho ne ho nkoa hore khotso le nala li ne li tla fihla tlhōrōng e ncha. Empa ka 1914 Ntoa ea I ea Lefatše ea senya pono eo. Ka 1945, kamorao ho ntoa ea bobeli ea lefatše e neng e tšabeha le ho feta, ho ile ha tekeneloa Molao oa Motheo oa Machaba a Kopaneng. Lichaba li ile tsa ngola ka pono ea tsona ea lefatše la kamorao ho ntoa la khotso, nala le tōka. Tlaleho ea haufinyane e itse: “Tokomane ea ho qetela e ile ea tekeneloa ke linaha tse 51, tse neng li emela lefatše le leng le le leng le leholo, morabe le bolumeli.” Leha ho le joalo ho ne ho e-na le bolumeli bo le bong bo neng bo sa emeloa, leha e le hore bo ne bo batla ho emeloa, Lipaki tsa Jehova. Li ne li tseba hore litšepiso tseo tsa khotso, nala le tōka li ne li ke ke tsa phethahatsoa ke sechaba leha e le sefe sa lefatše lena kapa ke mokhatlo leha e le ofe oa tsona, o kang oa Machaba a Kopaneng.

10. Ke ’nete efe kajeno e bapisoang le toro ea Machaba a Kopaneng morao koo ka 1945?

10 Tlaleho eona eo e re: ‘Lilemo tse mashome a mane hamorao ho bonahala ho loketse hore ho hlahlobjoe linnete ha li bapisoa le seo ho neng ho nahannoe hore se tla etsahala. Bopaki bo totobetse. Lefatše le hlokang tōka haholoanyane, le sa sireletsehang haholoanyane, le pefo e ntseng e eketseha, ke tsona tseo e leng ’nete ea taba. Baahi ba haelloang ke lijo, metsi, matlo, tlhokomelo ea bophelo, le thuto ba ntse ba eketseha joalo-joalo. Hona ho ne ho sa akarelletsoa torong ea 1945.’ Ea phaella: ‘Lilemo tse mashome a mane kamor’a hore lichaba li kopane hammoho ho tiisa hore batho bohle ba ne ba ka phela ba lokolohile tšabong le tšotlehong, lefatše la sebele la bo-1980 ke la bofuma bo bakang tšenyo bonyane bakeng sa karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea batho. Ka karolelano batho ba bolaoang ke tlala ba 50 000 ka letsatsi.’ Empa lichaba li senya liranta tse fetang limillione tse lekholo hora e ’ngoe le e ’ngoe ntoeng!

11. Litšepiso tsa batho tsa lefatše le molemonyana li tšepahala hakae?

11 Ha re talima tlaleho ena e nyahamisang kamorao ho makholo a lilemo a monyetla, na re ka tšepa litšepiso tsa batho tsa ho rarolla mathata aa? Litšepiso tse joalo ha li tšepahale joaloka mantsoe a motsamaisi e mong oa sekepe se seholo ea ileng a re: “Ke sitoa ho nahana ka boemo leha e le bofe bo neng bo ka etsa hore sekepe [se seholo] se tebe. . . . Ho ahoa ha likepe mehleng ea kajeno ho phahametse hoo.” Mosebetsi-’moho le eena sekepeng seo o ile a re ho moeti: “Molimo ka booona o ke ke oa tebisa sekepe sena.” Leha ho le joalo, sekepe seo, Titanic, se ile sa teba ka 1912 ’me batho ba 1 500 ba lahleheloa ke bophelo. Ka 1931 Mokhatlo oa Sechaba oa Thuto United States o ile oa bolela hore ka thuto “tlōlo ea molao e tla felisoa ka ho feletseng pele ho 1950.” Ka 1936 moqolotsi oa litaba oa Brithani o ile a ngola hore “lijo, liaparo le matlo li tla rekoa ka theko e nyenyane feela joaloka moea” ka 1960. Na ha u lumele hore linnete tsa kajeno li shanofatsa litšepiso tseo?

Ea Ka Tšeptjoang ka Ho Feletseng

12. Re ka tšepa mang ka ho feletseng, ’me o re file tataiso efe?

12 Kahona, re tsielehong ea ho fumana mohloli oo re ka o tšepang hore o tla re thusa hore re tsoe linakong tsena tse tšosang. Mohloli oo e ke ke ea e-ba motho. Batho ba ikentse mathateng a maholo hoo ba ke keng ba intša ho ’ona. Mohloli o ka tšeptjoang ka ho feletseng ke ’Mōpi oa batho, Jehova Molimo. Oa tseba hore na ke hobane’ng ha lefatše le le boemong boo le leng ho bona, hore na bo lebisa hokae, le hore na o tla etsa joang ka bona. Hape o senotse boitsebiso bona bukeng eo a re neileng eona bakeng sa ho re tataisa, Bibele. Ho eona, 2 Timothea 3:16, 17, e re: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”

13. Lipaki tsa Jehova li ananela eng ka Bibele?

13 Hlokomela lipolelo tseo tse matla. Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le otlolla lintho. Le re bolella se nepahetseng. Le re etsa ba hlometseng ka ho feletseng. Le re hlahlella ka ho feletseng bakeng sa se molemo. Ke ’nete hore batho ba bangata ha ba amohele Bibele bakeng sa seo e leng sona—Lentsoe la Molimo. Empa Lipaki tsa Jehova lia ho etsa. (1 Ba-Thessalonika 2:13) Re ananela hore ’Mōpi oa bokahohle bona bo tšabehang ba limillione tse likete tsa melala le litrillione tsa linaleli ka sebele o na le matla a ho qapa buka. O boetse o na le matla a ho bona hore e bolokoa e nepahetse molemong oa batho ba batlang ’nete.—1 Petrose 1:25.

14. Bibele e lumellana joang le linnete tsa kajeno?

14 Mehleng ea rōna e tšosang, Lentsoe la Molimo le re’ng ka taba ee ea tšepo? Litlhaloso tsa lona li lumellana ka ho feletseng le maemo a hlileng a leng teng. Ka nepo Jeremia 10:23 e re: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” ’Me Pesaleme ea 146:3 ka nepo ea phehella: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho, ba sitoang ho pholosa motho!”

15. Bibele e re nea keletso efe mabapi le tšepo?

15 Lentsoe la Molimo le re lemosa hore re se ke ra itšepa ka borōna hobane batho ha baa phethahala. (Ba-Roma 5:12) Jeremia 17:9 e re: “Pelo e mano ho fetisa tsohle.” Ka baka lena Liproverbia 28:26 ea phatlalatsa: “Ea itšepelang pelo ea hae ke lehlanya; empa ea tsamaeang bohlaleng o tla pholoha.” Bohlale boo bo ka re pholosang re ka bo fumana hokae? Liproverbia 9:10 ea arabela: “Qalo ea bohlale ke ho tseba Jehova; ho tšaba Ea halalelang ke hlalefo.” E, ke bohlale ba ’Mōpi feela bo ka re tataisang hore re fete mehla ena e tšosang. Kahona, Liproverbia 3:5, 6 ea eletsa: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”

Pono ea Molimo ka Bolumeli ba Lefatše

16. Malumeli a lefatše lee a nahana eng e fosahetseng, joalokaha Bafarisi ba mehleng ea Jesu ba ne ba etsa?

16 Bohlale bona bo tsoang ho Molimo bo tla re nolofaletsa ho qoba leraba le bolaeang leo malumeli a lefatše lena a oetseng ho lona. A nahana hore a lokile hobane ke malumeli. Boitšoaro ba ’ona bo tšoana le bo hlalositsoeng ho Luka 18:9: “[Jesu] a bolela setšoantšo sena ho ba bang ba itšepisang hore ba lokile.” Mofarisi o ile a leboha Molimo ka hore e ne e se moetsalibe, empa molekhetho a kōpa: “Molimo, nkhauhele, ’na ke leng moetsalibe.” Jesu o ile a re: “Kea le bolella, [moetsalibe] enoa o theohetse tlung ea hae a beiloe ea lokileng ho feta oa pele [Mofarisi]. Hobane e mong le e mong ea ikhōlisang o tla kokobetsoa; empa ea ikokobetsang o tla hōlisoa.”—Luka 18:10-14.

17. Molimo o talima joang boiteko ba bolumeli bo joaloka ba Bafarisi?

17 Mofarisi ha aa ka a ikokobetsa pel’a Molimo. Ho e-na le hoo, o ile a ikutloa hore eena ka litekanyetso tsa hae o ne a lokile. Empa hase kamoo Molimo o neng o mo talima kateng. (Mattheu 23:25-28) Ke moetsalibe ea ikokobelitseng ea ileng a bontša seo Lentsoe la Molimo le se bolelang ho Esaia 66:2: “Eo ke tla mo talima ke ea hlomohileng, ea robehileng pelo, le ea thothometsoang ke lentsoe la ka.” Baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba sa thothometsoe ke Lentsoe la Molimo. Ba ne ba iphapanyetsa lona. Ba etsa seo ba neng ba se batla ’me ba nahana hore Molimo o ne o ba amohela. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re ho bona: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong. Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”—Mattheu 7:21-23.

18. Molimo o tla ahlōla malumeli a ipolelang hore aa o sebeletsa empa a sa lumellane le melao ea oona joang?

18 Baeta-pele bao ba bolumeli ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa tšepe Molimo. Ho e-na le hoo, ba ne ba tšepile meetlo e neng e le khahlanong le melao ea Molimo. (Mattheu 15:3, 9) Kahoo Jesu o ile a ba bolella: “Ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” (Mattheu 23:38) E le bopaki ba hore ka sebele Molimo o ne o lahlile bolumeli ba Bajode, ka selemo sa 70 sa Mehla ea rōna e Tloaelehileng, bona, motse-moholo oa bona oa sechaba, Jerusalema, le tempele ea bona li ile tsa timetsoa ke mabotho a Roma. Hoa tšoana le kajeno. Malumeli a lefatše lena a ipeetse litekanyetso tsa ’ona tsa borapeli tse sa lumellaneng le litekanyetso tsa Molimo. Kahoo a etsa thato ea ’ona e seng ea Molimo. Kahoo, mahlong a Molimo, a talingoa e le ba sebelitseng bokhopo. (Tite 1:16) E le bopaki ba hore Molimo o lahlile malumeli ana, haufinyane a tla timetsoa ke lichaba, feela joalokaha Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa timetsoa ke mabotho a Roma lekholong la pele la lilemo.—Bona Tšenolo, likhaolo tsa 17, 18.

19. Ho ka ’na ha botsoa lipotso life mabapi le bolumeli?

19 Na ho ahlōla malumeli a lefatše tjee ke ho matla haholo? Re ka kholiseha joang hore haufinyane likahlōlo tsa Molimo li tla lihoa khahlanong le ’ona? Bolumeli bo tlameha ho etsa joang hore Molimo o bo amohele? Na ho na le mehlala ea histori e bontšang hore Jehova o sireletsa bao ka tieo ba retelehelang ho eena le ba ikokobeletsang melao ea hae? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.

Lipotso tsa Tlhahlobo

◻ Ke eng e ekellelitseng ho hlokeng tšepo mehleng ea rōna?

◻ Ke hobane’ng ha tšepo ea lefatše lee e ne e le e behiloeng hosele?

◻ Re ka tšepa mang ka ho feletseng, ’me o re file tataiso efe?

◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho itšepa kapa ho tšepa batho ba bang?

◻ Molimo o talima malumeli a lefatše lee joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Mofarisi o ne a nahana hore o lokile, empa ka boikokobetso monna oa moetsalibe o ile a ikōpela mohau oa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Molimo o ahlola malumeli a sa etseng thato ea oona joalokaha o ile oa ahlola bolumeli ba Bojode lekholong la pele la lilemo ha mabotho a Roma a timetsa Jerusalema

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela