“Mantsoe a Moea” Bakeng sa ba Kulang Kelellong
MATHATA a kelello a hlorisa esita le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba Molimo. ’Me le hoja ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala e bile e ka ’na ea e-ba ho loketseng hore batho ba kulang ba batle thuso ea litsebi, ba ka boela ba fumana molemo thusong le khothatsong tse tsoang phuthehong ea Bokreste. Ka mohlala, ha Mokreste ea tšepahalang Epafrodite a tepella haholo maikutlong, balumeli ’moho le eena ba neng ba le Filippi ba ile ba khothaletsoa hore ba se iphapanyetse ho kula ha hae empa ba “fele [ba] mo amohele Moreneng ka thabo eohle, ’me [ba] hlomphe batho ba joalo.”—Ba-Filippi 2:25-29.
Kajeno Lipaki tsa Jehova ka ho tšoanang li tlas’a tlamo ea hore li “tšelisane” ’me li “tiise ba fokolang.” (1 Ba-Thessalonika 5:11, 14) Baholo ba Bakreste ba lokela ho etella pele tabeng ena.—Esaia 32:2.
Ke ’nete hore hangata baholo ha ba tšoanelehe hore ba ka sebetsa joaloka lingaka kapa ba fana ka likhopolo le tsebo tsa mafu a kelello. Ho etsa joalo e ne e tla ba ho sa lokelang ’me mohlomong ea ba ea e-ba ho kotsi. (Liproverbia 11:2) Joaloka moapostola Pauluse, ba tlameha ho “bua, eseng ka mantsoe a rutoang ka bohlale ba batho, empa ka a rutoang ke moea, kaha [ba] kopanya litaba tsa moea le mantsoe a moea.” (1 Ba-Korinthe 2:13, NW) ‘Mantsoe ana a moea’ a akareletsa likhopolo le melao-motheo tse fumanoang ka Bibeleng. Ha li sebelisoa hantle, tsena li ka etsa ho hoholo ho tšelisa le ho matlafatsa batho ba kulang.—2 Timothea 3:16.
‘Ho ba Mafolo-folo ho Utloa’
Empa, pele baholo ba tlameha ho ba “mafolo-folo ho utloa, [ba] liehe ho bua.” (Jakobo 1:19) ‘Ho araba motho a e-so ho utloe’ ho ka fella habobebe ka ho fana ka keletso e sa lokelang. (Liproverbia 18:13) Ka baka la ho sitoa ho utloisisa boleng ba lefu le tepeletsang maikutlo le neng le tšoere moena e mong, sehlopha se seng sa baholo se ile sa etsa qeto ea hore o ne a fokola moeeng. Ba mo bolella hore, “rapela ka ho eketsehileng”—e leng taelo eo a ileng a fumana ho le thata ho e sebelisa ka baka la boemo ba hae ba ho tepella kelellong.
Ka hona, pele ba fana ka keletso, baholo ba lokela ho utloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo mokuli a batlang ho e bua. Mohlomong, seo a se hlokang ke momameli ea molemo. Ka mamello le temoho, ‘ba ntše’ se ka pelong ea hae. (Liproverbia 20:5, NW) Haeba motho ea kulang a e-na le bothata ba ho hlalosa maikutlo a hae, hopola kamoo Elkana a ileng a botsa lipotso tse mosa empa e le tse tobileng mabapi le boemo ba mosali oa hae ba ho sareloa. O ile a botsa: “Anna, u llela’ng, ’me ha u je ke’ng? Na pelo ea hao e ntšofaletse’ng?” (1 Samuele 1:8) Lipotso tse nahanelang, tse botsoang ka hlompho, hangata li ka thusa moena ea tepeletseng hore a supe mohloli oa “masoabi a hae.” (Liproverbia 12:25) Ka mohlala, boemong bo bong mathata a lenyalo a ile a ipaka e le ’ona a bakang ho tepella ha moena e mong.
Ho Fana ka Thuso ‘u sa Nyefole’
Hase ka mehla batho ba kulang ba ka fanang ka litlhaloso tse utloahalang bakeng sa tsela eo ba ikutloang ka eona. Motho e mong ea hlasetsoeng ke lefu la kelello oa ngola: “Ha ke kula, ke ne ke sa ho utloisise ’me ka linako tse ling ke ne ke bea molato ho Jehova.” Ka hona batho ba kulang ba ka ’na ba belaela ka mokhoa o se nang mabaka ka hore ba tšoeroe hampe kapa hore phutheho e ba lahlile. Baholo ba lokela ho itšoara joang?
Jehova o bea mohlala ka ho ‘fana ka phano e khōlō ho bohle a sa nyefole.’ (Jakobo 1:5, NW) Bakuli ha baa lokela ho etsoa hore ba ikutloe eka ke lithoto kapa ke maoatla ha ba ikutloa ka tsela eo ba ikutloang ka eona. Maikutlo a bona—le hoja e ka ’na eaba ha a utloahale—ho bona ke a ’nete. Ba hloka ‘kutloelo-bohloko,’ e seng ho nyatsoa. (1 Petrose 3:8) Hape baholo ba lokela ho ela hloko hore ba se ekelletse holim’a mojaro oa maikutlo a mokuli ka ho mo qosa ka ketso e ’ngoe e fosahetseng. Monna ea lokileng Jobo o ne a imetsoe hoo a bileng a bokolla: “Pelo ea ka e khoboheloa ke bophelo ba ka.” (Jobo 10:1) Empa metsoalle ea hae e meraro ha ea ka ea mo tšelisa. E mong oa eona o bile a re: “Ha ke re, bobe ba hao boa tšabeha, litlōlo tsa hao li hloka palo na?”—Jobo 22:5.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling boitšoaro bo bobe ke sona sesosa sa pherekano ea maikutlo kapa ke bona bo eketsang boima ba eona. Mopesaleme Davida o itse: “Enere ha ke khutsitse [ka ketso e fosahetseng], masapo a ka a na a felisoa ke ho bobola ha ka letsatsi lohle.” (Pesaleme ea 32:3) Ka ho tšoanang, moena e mong o ile a hlokofatsoa ke khatello e boima joalo hoo a neng a se a sitoa ho sebetsa. Sesosa sa ho kula ha hae e ne e le sefe? Ketso ea bofebe eo a neng a e patile. Kahoo haeba ho e-na le lebaka la ho belaela hore ho na le ketso e ’ngoe e fosahetseng e amehang, baholo ba ka fuputsa sena e le lebaka le leng le ka ’nang la ameha. Empa ba lokela ho etsa joalo ka tsela e mosa, e seng hore ka ho nyefola ba qose motho eo ka ho etsa phoso.
Ho Thoba ka Molomo o Bohlale
Ka mor’ a hore baholo ba etse seo ba ka se khonang ho fumana seo e hlileng e leng bothata ba motho eo, ba lokela ho sebetsa tumellanong le Liproverbia 12:18, e reng: “Molomo oa ea bohlale oa thoba.” Che, baholo ba ke ke ba folisa ho kula ka bohona. Empa ka ho sebelisa mantsoe a khethiloeng ka hloko, ba ka ’na ba khona ho imolla batho ba kulang kelellong khatello e sa hlokahaleng le boima bo sa hlokahaleng. Baholo ba ka ’na ba qala ka ho khetha lihlooho tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse buang ka mathata a kelello le a maikutlo. Ho ka ’na ha buisanoa le batho ba kulang ka lihlooho tsena ho ba thusa ho utloisisa boemo ba bona hamolemonyana. Hangata ba imolloa ke ho tseba hore bothata ba bona bo tlisoa ke ho se phethahale ’meleng, e seng ho lahleheloa ke mohau oa Jehova.
Rea lumela hore ho ka ’na ha e-ba thata ho sebetsana le batho ba ferekaneng, kaha ba bang ba ferekana ka mokhoa o sa laoleheng. Empa, moholo e mong ea bohlale o hopola hore “karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” (Liproverbia 15:1) Ho tiisa hore ka mehla lipolelo tsa hae ke tse mosa ho thibela hore a ka mpefatsa boemo ho sa hlokahale. (Ba-Kolosse 4:6) Ka mohlala, moena e mong ea tšoeroeng ke lefu la ho lahleheloa ke kelello a ka ’na a tsitlallela hore o utloa mantsoe.a Dr. E. Fuller Torrey o bolela hore: ‘Ha ho thuse letho ho leka ho phehisa batho ba lahlehetsoeng ke kelello khang hore ba tlohele likhopolo tsa bona tse thetsang. Hangata boiteko bo joalo bo fella ka ho se utloisisane le khalefo. Ho e-na le ho phea khang, bua polelo e ’ngoe feela e bontšang hore ha u lumellane le hoo.’ Ka mantsoe a mang, ka mamello baholo ba ka hlalosa hore le hoja mantsoe ao a utloahala e le a ’nete, e ka ’na eaba kelello ea hae e mpa e mo qhekella.
Tšebeliso e hloahloa ea Bibele le eona e ka tlisa liphello tse molemo. (Ba-Heberu 4:12) Ka mohlala, haeba motho ea kulang a bontša tšabo e se nang mabaka ea hore Molimo o mo lahlile, ka mosa bontša qenehelo bakeng sa tšabo eo a nang le eona. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, ka mamello mo hopotse matla a topollo, u sebelisa Mangolo a kang Pesaleme ea 103:8-14 le 1 Johanne 2:1, 2. Lengolo la pele la Petrose 5:6, 7 le Ba-Roma 8:26, 27 a ka ’na a mo thusa ho ananela hore Molimo ‘oa mo tsotella’ ’me o utloa lithapelo tsa hae, esita le haeba a e-na le bothata ba ho hlalosa maikutlo a hae. Ho latela molao-motheo o ho Jakobo 5:14, baholo ba ka rapela ’moho le motho eo ea kulang.
Ho thoe’ng haeba mokuli a e-na le tšekamelo ea ho ferekanngoa ke lintho tse nyenyane? A ka hopotsoa keletso ea Bibele ea hore motho a se ke a “iketsa ea lokileng ka ho fetisisa.” (Moeklesia 7:16) E mong a ka ’na a fumana molemo khothatsong e ho Ba-Filippi 4:8, e ka thusang ho loantša mehopolo e mebe. Empa e mong a ka ’na a sitoa ho amohela likhaello tsa hae ’me a nyahamisoa ke hore ho kula ha hae ho mo sitisa ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong ea Bokreste. Mangolo a kang Mattheu 13:23 le Luka 21:1-4 a ka sebelisoa ho mo thusa ho ananela hore le hoja maemo a rōna a ka ’na a lekanyetsa seo re ka se etsang, Jehova o ananela ka ho teba boiteko ba rōna.
E, ba hlometse ka leleme le koetlisitsoeng ka Bibele, baholo ba ka etsa ho hongata ho thusa le ho tšelisa balumeli ’moho le bona ba kulang. Khaitseli e mong ea neng a hlorisoa ke mathata a kelello o re: “Kannete ke ananela seo Esaia 32:2 e se bolelang ka baholo ka phuthehong. Ka mehla ba ne ba ntse ba le teng ka keletso e sebetsang ha ke ba hloka.”
Liboka le Tšebeletso ea Tšimo
Motho ea kulang kelellong o ntse a e-na le litlhoko tsa moea. (Mattheu 5:3) Ka sebele, ho ba bang ho lula ba le matla moeeng ho ’nile ha bolela phapang pakeng tsa bophelo le lefu. Irene, eo ka lilemo tse 30 a neng a hlorisoa ke lefu la ho lahleheloa ke kelello, oa hopola: “Ka linako tse ling, ke ne ke ferekana haholo. Empa ka mehla ’nete e ne e ntse e le teng kelellong ea ka—e tiile joaloka motsoako oa samente le majoe. E ile ea nthibela ho ipolaea!”
Ka hona, ho isa moo a ka khonang, motho ea kulang o lokela ho khothaletsoa ho kopanela mosebetsing oa boboleli le ho ba teng libokeng, e seng ‘ho ikhetha ho ba bang.’ (Liproverbia 18:1) Ka baka la ho kula kelellong, khaitseli e mong o ne a ikutloa tjena: ‘Ke ne ke kholisehile hore ke sitetsoe Molimo oa rōna, Jehova, ka sebe se ke keng sa tšoareloa. Ka baka leo, ke ne ke sotha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e utloang libokeng ho e ntša moelelong. Ke ne ke itlameletsa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyatsoang.’ Empa o ile a qophella ho ba teng libokeng ’me qetellong a utloa puo e ileng ea mo thusa ho tlohela mehopolo ea hae e thetsang ea hore Molimo o mo lahlile.
Empa, ho thoe’ng haeba motho ea kulang haholo a ferekana ka mokhoa o sa laoleheng ’me a sitisa liboka tsa phutheho kapa tšebeletso ea tšimo? Mohlomong mokuli eo ha a etse ka boomo o mpa a halefisitsoe ke monahano o mong o ferekaneng. Ho ntse ho le joalo, hona e ka ba ho lekang ho bohle ba amehang. Haeba pherekano eo e le e fokolang kapa e tlang seoelo, phutheho e ka ’na ea bontša mamello. (Ba-Kolosse 3:12, 13) Ho seng joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore ho etsoe tlhahiso ea hore mokuli a lule moo tšitiso ea hae e tla tlisa pherekano e fokolang. Ho ka etsoa litokisetso tse lerato bakeng sa ho boloka motho ea joalo a le mafolo-folo mosebetsing oa boboleli, mohlomong ka ho bona hore ka mehla o tsamaea le mohoeletsi ea hōlileng moeeng, ea nang le temoho, kapa ho bona hore o kopanela lithutong tsa Bibele tsa mahae moo boemo ba hae bo ka utloisisoang le ho mamelloa.
Empa, ka linako tse ling boitšoaro ba motho e ba bo nyarosang, bo tlisang nyefolo, kapa bo sa laoleheng ka mokhoa o kotsi. Mohlomong motho eo o khaolitse ho sebelisa meriana eo a e filoeng ’me o hloka ho khothatsoa ka matla hore a khutlele kemisong ea hae ea ho sebelisa meriana. Empa haeba a sa arabele kapa liketso tse bakang tšitiso tsa motho eo li ntse li tsoela pele, ho ka ’na ha hlokahala hore a thibeloe ho ea libokeng le tšebeletsong ea tšimo e le hore ho ka bolokoa taolo. (1 Ba-Korinthe 14:40) Ka tsela e mosa, baholo ba lokela ho bolella motho ea kulang hore ha aa ahlōloa e le ea sa tšepahaleng empa hore ho kula ha hae ho mpa ho lekanyetsa seo a ka se etsang. ‘Molimo ha o khopo, o ke ke oa lebala mosebetsi oa hae,’ ’me O utloisisa likhaello tsa hae. (Ba-Heberu 6:10) Maeto a ka mehla a bolisa a ka thusa motho eo ho boloka bomoea ba hae ho fihlela boemo ba hae bo ntlafala.
Ho Thusa Malapa a Bona
Lefu la kelello le senya malapa haholo. Moena e mong eo mora oa hae ea seng a hōlile a neng a kula haholo kelellong o re: “Ho ne ho sithabetsa.” Mosali oa hae oa phaella: “Letsatsi le leng le le leng ha le feta ha u bone pheko. Ho amme lenyalo la rōna, kaha ka linako tse ling re iphumana re omana ka lintho tse se nang thuso.” Hape, nahana ka bohloko ba ho bona molekane oa motho a hatelloa ke lefu la kelello. Moena e mong o re: “Mosali oa ka o boleloa e le ‘motho ea lahleheloang ke kelello ea bang le mehopolo e thetsang.’ O utloa mantsoe ’me o hana meriana hobane o lumela hore e tla mo kenya ‘chefu.’ Ha a lumele hore ke ’na monna oa hae ’me o hana ho ea tšimong kapa libokeng.” Re ka thusa malapa a batho ba kulang joalo joang?
Pauluse o itse: “Le tšelise ba pelo li tepeletseng.” (1 Ba-Thessalonika 5:14) E ne e tla ba ho sehlōhō ho qoba kapa ho iphapanyetsa Bakreste ’moho le rōna ba sebetsang ka thata ho hlokomela setho sa lelapa se kulang kelellong. Pauluse o itse: “Le amohelane.” (Ba-Roma 15:7) Liboka tsa Bokreste li re fa monyetla oa ho etsa joalo ka mokhoa o mofuthu le ho bontša lerato le kananelo bakeng sa ba ‘phethang boinehelo ba bomolimo malapeng a bona.’—1 Timothea 5:4, NW.
Maetong a bolisa, baholo ba ka tsoela pele ho khothaletsa batho ba joalo ho tsoela pele ka thuto ea lelapa, ho ba teng libokeng, le ho lula e le baboleli ba ’Muso ba mafolo-folo. Leha ho le joalo, ha re e-tla litlhokahalong tsa bona tsa lintho tse bonahalang le lintho tseo ba li hlokang bophelong, phutheho e lokela ho etsa ho fetang feela ho re, “Le futhumale, le khore!” (Jakobo 2:16) Mohlomong lelapa leo le hloka ho thusoa ho fihla libokeng. Batho ba bang ba ka ’na ba khona ho ba thusa ka litšenyehelo tsa bona tse ntseng li nyoloha tsa phekolo. (1 Johanne 3:17, 18) Kameho e lerato joalo e ananeloa hakaakang! Monna oa khaitseli e mong ea nang le lefu la kelello o re: “Phutheho e tseba bothata ba rōna, ’me ka lerato le leholo e bontša hore ea tsotella.”
Ho Boloka Botšepehi
Pauluse o itse: “Tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.” (Ba-Roma 8:22) Hape ho kula kelellong ke e ’ngoe feela ea lintho tse bohloko tse futsitsoeng tsa ho se phethahale. Lingaka li ka ’na tsa tlisa topollo eitseng. Empa ba bangata ba batlileng thuso ea tsona ba bile le phihlelo e tšoanang le ea mosali e mong mehleng ea Jesu ea “neng a utloile tse bohloko tse ngata ka lingaka tse ngata, a qetile ntho tsa hae kaofela, empa a sa ka a thusoa le hanyenyane, feela bohloko bo ’nile ba befa.”—Mareka 5:26.
Ka hona, ba bangata ba tlameha ho ithuta ho phela le mathata a bona, ba lebeletse topollo lefatšeng le lecha la Molimo. (Tšenolo 21:3, 4) Mopesaleme o ile a hooa: “Boka Jehova, . . . ea folisang maloetse a hao kaofela.” (Pesaleme ea 103:2, 3) Khabareng, ntho e khōlō eo re amehileng ka eona e tlameha ho ba ho paka botšepehi ba rōna, e seng ho ba le bophelo bo phethahetseng ba kelello kapa ba ’mele. (Pesaleme ea 26:11, NW; bapisa 1 Ba-Korinthe 7:29-31.) Ho hlokofatsoa ke lefu la kelello ho ka ’na ha etsa hore hona ho be thata. Empa bahlanka ba bangata ba Molimo, joaloka Pauluse, ka botšepehi ba ’nile ba sebeletsa ba ntse ba e-na le “moutloa ’meleng.” (2 Ba-Korinthe 12:7, TLP) Motho e mong ea tšoeroeng ke lefu la kelello o re: “Ke ithutile hore ha ho ngaka, esita le bona baena, e ka mphekolang. Empa ke ithutile ho itšetleha ka Jehova.” Batho ba kulang kelellong le bona ba ka itšetleha ka baena le bo-khaitseli ba lerato bao ka mamello ba ka buang “mantsoe a moea” ho ba tšelisa le ho ba tšehetsa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho “Ho Kula Kelellong—ha ho Hlorisa Mokreste” se ho Molula-Qhooa oa Mphalane 15, 1988, se fane ka lintlha tse ka re tataisang bakeng sa ho sebetsana le maemo ao ho ’ona ho belaelloang tšusumetso ea bademona.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
“Mantsoe a moea” a tsoang ho baholo ba lerato a ka etsa ho hongata ho thusa batho ba kulang