Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 September maq. 2-7
  • ‘Bitsa Baholo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Bitsa Baholo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RE LOKELA HO ‘BITSA BAHOLO’ NENG?
  • KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BITSA BAHOLO?
  • BAHOLO BA RE THUSA JOANG?
  • BOIKARABELO BOO RE NANG LE BONA
  • Baholo ba Lokela ho Etsa’ng ha ba Thusa Motho ea Entseng Sebe se Tebileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Phutheho ea Lipaki Tsa Jehova e Hlophisitsoe Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Baholo ba Sebetsa ka Thata ho Thusa Batho ba Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 September maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 36

PINA EA 103 Molimo o re File Balisa

‘Bitsa Baholo’

“A ke a bitse baholo ba phutheho.”—JAK. 5:14.

NTLHA-KHOLO

Re tl’o ithuta hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u kope thuso ho baholo ha u e hloka.

1. Jehova o bontšitse joang hore o re nka re le linku tsa hae tsa bohlokoa?

JEHOVA o re nka re le linku tsa hae tsa bohlokoa. O re rekile ka mali a Jesu ’me a fa baholo ba phutheho boikarabello ba hore ba hlokomele linku tsa hae. (Lik. 20:28) Molimo o batla hore linku tsa hae li tšoaroe ka mosa. Kahoo, baholo ba khatholla linku le ho li hlokomela moeeng ba tataisoa ke Kreste.—Esa. 32:​1, 2.

2. Jehova o fa bo-mang tlhokomelo e khethehileng? (Ezekiele 34:​15, 16)

2 Le hoja Jehova a tsotella linku tsohle tsa hae haholo, o fana ka tlhokomelo e khethehileng ho tse nang le mathata. O sebelisa baholo ho thusa batho ba nang le mathata moeeng. (Bala Ezekiele 34:​15, 16.) Leha ho le joalo, o batla hore re kope thuso ha re e hloka. Linakong tse joalo, re lokela ho rapela ka tieo hore Molimo a re thuse le ho kopa thuso ho “balisa le mesuoe” ka phuthehong.—Baef. 4:​11, 12.

3. Ho tseba mosebetsi oa baholo ho ka re tsoela molemo joang kaofela ha rona?

3 Sehloohong sena, re tl’o ithuta haholoanyane ka hore na Molimo o sebelisa baholo joang ho re thusa ha re e-na le mathata moeeng. Re tl’o araba lipotso tsena: Re lokela ho kopa baholo hore ba re thuse neng? Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo? Ba re thusa joang? Le haeba ha u na mathata hona joale, likarabo tsa lipotso tsena li tla u thusa hore u eketse kananelo ea hao tokisetsong eo Molimo a e entseng ’me ka le leng e ka pholosa bophelo ba hao.

RE LOKELA HO ‘BITSA BAHOLO’ NENG?

4. Re tseba joang hore Jakobo 5:​14-16, 19, 20 e bua ka motho ea kulang moeeng? (Sheba litšoantšo.)

4 Morutuoa Jakobo o hlalosa tokisetso ea Molimo ea ho re thusa moeeng ka ho qala ka ho re: “Haeba ho e-na le ea kulang har’a lona, a ke a bitse baholo ba phutheho.” (Bala Jakobo 5:​14-16, 19, 20.) Mona Jakobo o bua ka motho ea kulang moeeng. Ka mohlala, Jakobo o re motho ea kulang a bitse baholo, eseng ngaka. Taba ea hore motho enoa ea kulang o tla fola ha a tšoaretsoe libe, e fana ka maikutlo a hore ehlile motho enoa o kula moeeng. Maemong a mang, e le hore motho ea kulang moeeng a fole, o lokela ho latela mehato e tšoanang le ha a kula nameng. Ha re kula nameng, re ea ngakeng, re hlalosetsa ngaka hore na ho hana hokae, ebe re latela litaelo tsa hae. Ka ho tšoanang, ha re kula moeeng, re lokela ho ea ho moholo re mo hlalosetse mathata a rona ebe re mamela keletso eo a fanang ka eona a sebelisa Bibele.

Litšoantšo: 1. Ntate o hlalosetsa ngaka hore o na le bothata lehetleng. 2. Mor’abo rona o hlalosetsa moholo boemo ba hae ba lutse ka ntle setulong.

Ha re kula nameng, re ea ngakeng. Ha re kula moeeng, re lokela ho ea ho baholo (Sheba serapa sa 4)


5. Re ka tseba joang hore re ntse re phetse hantle moeeng?

5 Ho Jakobo khaolo ea 5, Jakobo o re khothalletsa hore re ee ho baholo ha re utloa eka rea kula moeeng. Empa ho bohlokoa le ho feta hore re kope hore ba re thuse pele re ka senya setsoalle sa rona le Molimo. Ha rea lokela ho ithetsa. Mangolo a re lemosa hore re ka ithetsa ka hore re na le setsoalle se haufi-ufi le Jehova empa ha e le hantle ho se joalo. (Jak. 1:22) Ke sona se ileng sa etsahalla Bakreste ba bang phuthehong ea Sarda, empa Jesu o ile a ba lemosa hore baa kula. (Tšen. 3:​1, 2) Tsela e ’ngoe eo re ka shebang hore na re phetse hantle moeeng ke ka ho bapisa tsela eo re neng re chesehela borapeli ba rona pele le hona joale. (Tšen. 2:​4, 5) Re ka ipotsa: ‘Na ke ntse ke thabela ho bala Bibele le ho nahanisisa ka seo ke se balang joaloka pele? Na ke ea libokeng kamehla le ho li lokisetsa hantle? Na ke ntse ke chesehela mosebetsi oa boboleli? Na ke qeta nako e ngata boithabisong kapa linthong tseo ke nang le tsona le ho lula ke nahana ka tsona?’ Haeba karabo ea e ’ngoe ea lipotso tsena ke e, seo se ka bontša hore kamano ea hao le Jehova ea fokola ’me e ka mpefala haeba u sa kope thuso kapele. Haeba u sa khone ho matlafatsa kamano ea hao le Molimo ka bouena kapa u se u tlotse e meng ea melao ea Molimo, kopa baholo hore ba u thuse.

6. Batho ba entseng sebe se tebileng ba lokela ho etsa’ng?

6 Ke ’nete hore batho ba entseng sebe se tebileng, se ka etsang hore motho a tlosoe ka phuthehong, ba lokela ho ea ho baholo. (1 Bakor. 5:​11-13) Mang kapa mang ea inehellang sebeng, o hloka thuso ea hore a lokise kamano ea hae le Jehova. E le hore Jehova a re tšoarele ka lebaka la tefo ea topollo, re lokela ho ‘bontša ka liketso hore re bakile.’ (Lik. 26:20) Liketso tseo li akarelletsa ho ea ho baholo haeba re entse sebe se tebileng.

7. Ke bo-mang hape ba hlokang thuso ea baholo?

7 Baholo ha ba thuse feela batho ba entseng sebe se tebileng, empa ba boetse ba thusa le ba fokolang moeeng. (Lik. 20:35) Ka mohlala, u ka ’na oa tšoha hore u ka hloleha ho loantša litakatso tse fosahetseng. Haeba pele u ithuta linnete u ne u lemalletse lithethefatsi, u shebella pornography kapa u etsa boitšoaro bo litšila, ho ka ba thata haholo hore u loantšane le litakatso tseo. Ha oa lokela ho loana ntoa eo u le mong. U ka bua le moholo eo u mo tšepang ea tla u mamela ka hloko, a u eletse hore na u etse’ng le ho u hopotsa hore Jehova o tla thaba haholo haeba u tsoela pele u loantša litakatso tse fosahetseng. (Moek. 4:12) Haeba u nyahamisoa ke ho lula u loantša litakatso tse fosahetseng, baholo ba ka u hopotsa hore boikutlo boo bo bontša hore u nka kamano ea hao le Jehova e le ea bohlokoa ’me u qoba ho itšepa ho tlola.—1 Bakor. 10:12.

8. Na re lokela ho ea ho baholo ka bothata bo bong le bo bong? Hlalosa.

8 Ha ho hlokahale hore re ee ho baholo ka bothata bo bong le bo bong boo re tobanang le bona, bo bontšang hore rea fokola moeeng. Ka mohlala, a re re u bua ntho e utloisang mora kapa morali oa bo rona bohloko, mohlomong ebile oa halefa. Ho e-na le hore u ee ho moholo, u ka sebelisa keletso ea Jesu ea hore u bope khotso le ngoan’eno. (Mat. 5:​23, 24) U ka etsa lipatlisiso ka lihlooho tse buang ka mamello, bonolo le boitšoaro, e le hore u ka bontša makhabane ana haholoanyane nakong e tlang. Haeba bothata bo ntse bo sa khone ho rarolleha, u ka kopa moholo hore a le thuse. Ha Evodia le Sintike ba ne ba sa khone ho rarolla liqabang pakeng tsa bona, moapostola Pauluse o ile a kopa mor’abo rona e mong phuthehong ea Filipi hore a ba thuse. Le uena moholo phuthehong ea heno a ka khona ho le thusa ka tsela e tšoanang.—Bafil. 4:​2, 3.

KE HOBANE’NG HA RE LOKELA HO BITSA BAHOLO?

9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho soabela ho bitsa baholo? (Liproverbia 28:13)

9 Re hloka tumelo le sebete e le hore re ka kopa baholo hore ba re thuse ha re entse sebe se tebileng kapa ha re utloa eka re hloleha ho loantšana le mefokolo ea rona. Ha rea lokela ho soabela ho bitsa baholo. Hobane’ng? Hobane Jehova o re file baholo hore ba re thuse hore re be le kamano e matla le eena. Kahoo, ha re bua le baholo re bontša hore re tšepa Jehova ebile rea mo mamela. Re bontša hore re hloka thuso ea hae haeba re utloa eka rea oa. (Pes. 94:18) Haeba re entse sebe, Molimo o tla re hauhela haeba re ipolela re bile re baka.—Bala Liproverbia 28:13.

10. Ho tla etsahala’ng haeba re leka ho pata libe tsa rona?

10 Haeba re bolella baholo libe tseo re li entseng, Jehova o tla re tšoarela ebile re tla ba le kamano e ntle le eena hape. Empa haeba re sa bue le baholo, boemo ba rona bo tla mpefala le ho feta. Ha Morena Davida a ne a leka ho pata libe tsa hae, o ile a imeloa le ho kulisoa ke ho tseba hore kamano ea hae le Jehova e senyehile. (Pes. 32:​3-5) Haeba re e-na le leqeba ’me re sa le oke, le tla ba bohloko le ho feta. Ka ho tšoanang, haeba re entse sebe se tebileng ’me re sa kope thuso ho baholo, kamano ea rona le Jehova e ka senyeha. Jehova o utloisisa taba ena hantle. Kahoo, o re re tle ‘re lokise litaba’ ka hore re bue le baholo e le hore ba re thuse hore re be metsoalle ea hae hape.—Esa. 1:​5, 6, 18.

11. Haeba re leka ho pata sebe se tebileng, seo se ka ama batho ba bang joang?

11 Haeba re ne re ka pata sebe se tebileng seo re se entseng, seo se ka ama ba bang. Re ka sitisa hore moea oa Molimo o phalle ka phuthehong le ho senya khotso ea phutheho. (Baef. 4:30) Haeba re tseba hore motho e mong ka phuthehong o entse sebe se tebileng, re lokela ho mo kopa hore a bue le baholo ka taba eo.a Re tla ba molato haeba re pata sebe se entsoeng ke motho e mong. (Lev. 5:1) Lerato leo re ratang Jehova ka lona le lokela ho re susumelletsa ho ea ho baholo ’me re ba bolelle ’nete. Ha re etsa joalo, re thusa hore phutheho e lule e hloekile le hore motho eo ea entseng sebe se tebileng a boele a be le kamano e ntle le Jehova.

BAHOLO BA RE THUSA JOANG?

12. Baholo ba thusa ba fokolang moeeng joang?

12 Bibele e re baholo ba lokela ho tšehetsa ba fokolang moeeng. (1 Bathes. 5:14) Haeba u entse sebe, baholo ba ka ’na ba u botsa lipotso tse tla ba thusa ho utloisisa menahano e ka pelong ea hao le hore na u ikutloa joang. (Liprov. 20:5) Le hoja u ka ’na oa thatafalloa ke ho bua le baholo u phutholohile, mohlomong ka lebaka la setso sa hao, botho ba hao kapa hobane u soabetse ntho e etsahetseng, u tla ba thusa haeba u ba bolella hore na u tobane le teko efe. U se ke oa tšoenyeha ka hore u tla bua “puo e hlaha.” (Jobo 6:3) Baholo ba ke ke ba potlakela ho u ahlola, ho e-na le hoo, ba tla u mamela ka hloko e le hore ba fumane lintlha kaofela pele ba u fa keletso e tsoang ka Bibeleng. (Liprov. 18:13) Baholo baa tseba hore ho nka nako ho lisa mohlape, kahoo ha baa lebella hore ba fumane tharollo ka ho bua le uena hanngoe feela.

13. Baholo ba re thusa joang ba sebelisa thapelo le keletso e tsoang ka Mangolong? (Sheba litšoantšo.)

13 Baholo ba tla leka ka matla hore ba se ke ba etsa hore u ikutloe u le molato le ho feta. Ba tla u rapella. U ka ’na oa makatsoa ke ‘matla a haholo’ ao lithapelo tsa bona li nang le ’ona. Ba ka boela ba u thusa ka hore “ba [u] tlotse ka oli ka lebitso la Jehova.” (Jak. 5:​14-16) “Oli” ena e emela ’nete e tsoang ka Lentsoeng la Molimo. Ba ka u tšelisa le ho u khothatsa ba sebelisa Bibele ’me ba u thusa hore u boele u be le kamano e ntle le Jehova. (Esa. 57:18) Keletso e tsoang ka Mangolong eo ba u fang eona e ka u fa matla a hore u tsoele pele u etsa se nepahetseng. Jehova o sebelisa baholo ho u bolella hore: ‘Tsela ke ena. Tsamaea ho eona.’—Esa. 30:21.

Litšoantšo: 1. Ngaka e hlahileng setšoatšong se fetileng o hlahloba lehetla la ntate le nang le bothata. X-⁠ray ea lehetla la ntate eo e behiloe leboteng. 2. Moholo ea hlahileng setšoatšong se fetileng o na le moholo e mong ’me ba khothatsa mor’abo rona ka Bibele ba le ha hae. Mor’abo rona o bonahala a thabile ha a ntse a mametse baholo.

Baholo ba sebelisa Bibele ho tšelisa le ho khothatsa ba kulang moeeng (Sheba serapa sa 13 le 14)


14. Ho ea ka Bagalata 6:​1, baholo ba thusa motho ea entseng ntho e fosahetseng joang? (Sheba litšoantšo.)

14 Bala Bagalata 6:1. Mokreste ea etsang “ntho e fosahetseng” ha a etse lintho tumellanong le melao ea Molimo e lokileng. Ntho e fosahetseng e ka bolela ho nka qeto e sa nepahalang kapa ho etsa sebe se tebileng. Ka lerato, baholo ba leka “ho thusa motho eo ka bonolo.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho thusa” le ka boela la hlalosa ho thusa motho ho khutlisetsa lesapo malulong e le hore le ka fola hantle. Feela joalokaha ngaka e leka kahohle ho thusa mokuli ho khutlisetsa lesapo la hae malulong e sa mo utloise bohloko haholo, le baholo ba leka kahohle ho thusa motho ea kulang moeeng ba sa mo utloise bohloko bo eketsehileng. Bibele e boetse e re baholo ba “itlhokomele.” Ha ba ntse ba re thusa hore re khutlele tseleng, baa hopola hore le bona ha baa phethahala ’me ba ka etsa lintho tse fosahetseng. Ho e-na le ho nahana hore ba phahametse motho eo ba mo thusang kapa hore ba lokile ho mo feta, ba loanela ho mo bontša qenehelo.—1 Pet. 3:8.

15. Re ka etsa’ng ha re e-na le bothata?

15 Re ka tšepa baholo ba liphutheho tsa habo rona. Jehova o koetlisitse baholo hore ba boloke makunutu a rona, ba re fe keletso e thehiloeng Bibeleng ho e-na le ho re bolella maikutlo a bona le ho tsoela pele ho re thusa hore re jare meroalo ea rona. (Liprov. 11:13; Bagal. 6:2) Baholo ba na le botho bo sa tšoaneng ebile ba bang ba na le boiphihlelo ho feta ba bang, empa u ka ikutloa u lokolohile ho atamela moholo leha e le ofe ha u e-na le bothata. Ha se hore re tla bua le baholo ba fapaneng, re tšepile hore re tla fumana ea tla re bolella seo re batlang ho se utloa. Haeba re ne re ka etsa joalo, re ne re tla tšoana le batho ba batlang ho ‘tsikinyetsoa litsebe,’ ho e-na le ho batla ho utloa “lithuto tsa ’nete” tse tsoang ka Lentsoeng la Molimo. (2 Tim. 4:​3, nal.) Ha re bua le moholo ka bothata ba rona, a ka ’na a re botsa hore na re ne re se re ile ra bua le baholo ba bang ka taba ena le hore na ba fane ka keletso efe. Kaha moholo enoa o ikokobelitse, o tla kopa keletso ho moholo e mong.—Liprov. 13:10.

BOIKARABELO BOO RE NANG LE BONA

16. Re na le boikarabello ba ho etsa’ng?

16 Le hoja baholo ba lula ba re lebetse joaloka linku tsa Molimo, ha ba re bolelle hore na re etse’ng. Re na le boikarabello ba ho sebeletsa Molimo ka botšepehi. Re lokela ho ikarabella ho Molimo ka seo re se buang le seo re se etsang. Jehova o tla re thusa hore re lule re mo tšepahalla. (Bar. 14:12) Kahoo, ho e-na le hore ba re laele hore na re etse’ng, baholo ba tla sebelisa Bibele ho re thusa ho utloisisa hore na Molimo o ikutloa joang. Ha re nahana ka keletso eo ba re fileng eona e tsoang ka Bibeleng re bile re e sebelisa, re tla ithuta ho sebelisa likelello tsa rona e le hore re nahane joaloka Jehova le ho etsa liqeto tse nepahetseng.—Baheb. 5:14.

17. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

17 Ke tokelo e kaakang ho ba linku tsa Jehova! Jehova o rometse Jesu, e leng “molisa ea molemo,” hore a tl’o fana ka bophelo ba hae bakeng sa rona e le hore re ka ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. (Joh. 10:11) Jehova o boetse o re file baholo hore ba re hlokomele, feela joalokaha a ile a tšepisa a re: “Ke tla le fa balisa ba etsang thato ea ka ’me ba tla le fa tsebo le temohisiso.” (Jer. 3:15) Ha re kula moeeng kapa re fokola, ha rea lokela ho qeaqea ho bitsa baholo e le hore ba re thuse. E se eka re ka ikemisetsa hore re rue molemo ka ho felletseng tokisetsong eo Jehova a e entseng ea ho fana ka baholo liphuthehong.

U KA RE’NG?

  • Re lokela ho ‘bitsa baholo’ neng hore ba tl’o re thusa?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho bitsa baholo?

  • Baholo ba re thusa joang?

PINA EA 31 Le Tsamaee le Molimo

a Haeba mofosi a hloleha ho etsa joalo ka mor’a nako e lekaneng eo u mo fileng eona, u lokela ho bolella baholo seo u se tsebang hobane u batla ho tšepahalla Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela