Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb23 September leq. 7
  • Baholo ba Sebetsa ka Thata ho Thusa Batho ba Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baholo ba Sebetsa ka Thata ho Thusa Batho ba Jehova
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Bitsa Baholo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Baholo ba Lokela ho Etsa’ng ha ba Thusa Motho ea Entseng Sebe se Tebileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Bara ba bo Rona, na le Etsa Boiteko ba ho ba Baholo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
mwb23 September leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Baholo ba Sebetsa ka Thata ho Thusa Batho ba Jehova

Batho ba bangata ha ba tšepe batho ba nang le matla a bolaoli. Rea utloisisa hore na ke hobane’ng. Batho ba bangata ba nang le matla a bolaoli ba tsebahala ka ho sebelisa matla ao hampe. (Mik 7:3) Rea thaba hore ebe baholo ka phuthehong ba koetliselitsoe ho phetha boikarabelo ba bona ka tsela e tla tsoela batho ba Jehova molemo.—Est 10:3; Mat 20:​25, 26.

Baholo ha ba sebelise boikarabelo boo ba bo fuoeng hampe joaloka batho ba lefatše lena. Empa ba sebetsa ka thata hobane ba rata Jehova le batho ba hae. (Joh 21:16; 1Pe 5:​1-3) Ba latela tataiso ea Jesu ka hore ba thuse mohoeletsi e mong le e mong hore a ikutloe a amohelehile ka lapeng la Jehova ebile ba ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Ba potlakela ho ba khothatsa le ho ba thusa ha ho hlaha maemo a tšohanyetso a kang ho kula kapa ha ho hlahile koluoa. Haeba u hloka thuso, u se ke oa tšaba ho bua le moholo phuthehong ea heno.—Jak 5:14.

Setšoantšo se hlahang videong ea “Balisa ba Hlokomela Mohlape.” Moholo o haka Mor’abo rona Elias a thabile.

SHEBELLANG VIDEO EA BALISA BA HLOKOMELA MOHLAPE EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Tsela eo baholo ba thusitseng Mariana ka eona e mo tsoetse molemo joang?

  • Tsela eo baholo ba thusitseng ntate Elias ka eona e mo tsoetse molemo joang?

  • Ka mor’a ho shebella video ee, u ikutloa joang ka mosebetsi oo baholo ba o etsang?

Bua le moholo haeba . . .

  • aterese ea hao e fetohile kapa u se u sebelisa linomoro tse ncha tsa fono

  • u na le mathata

  • u tl’o qeta nako e telele u le sieo

  • u kula kapa u kene sepetlele

  • u entse sebe se tebileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela