Lineano Tsa Bolumeli—Na ke ho Rapela Molimo ka ’Nete?
“SALGA, salga, salga” (“Tsoa, tsoa, tsoa”). Mohoo oo o bohloko o hlaha setšeng sa mabitla se lefifi sehleke-hlekeng sa Janitzio Letšeng la Pátzcuaro, Mexico. Mono Moindia ea chesehang oa morabe oa Tarasco, ka thuso ea thapelo e ngotsoeng, o rapella mong ka eena ea shoeleng. Oa kōpa: “Rosari e Halalelang a e ke e khaole liketane tse u tlamileng.”
Ke Letsatsi la Bafu. Ho tloha lihoreng tsa hoseng, basali le bana ba ’nile ba khabisa litša tsa mabitla tsa malapa a habo bona ka lipalesa le li-frame tsa mapolanka tse khabisitsoeng. Ba ile ba beha linyehelo tsa litholoana le likuku ka pele ho mabitla. Joale ba tsoa har’a mohatsela oa bosiu ho ea pheta lithapelo tse ntseng li phetoa-phetoa kapa ho etsa tebelo ba khutsitse khanyeng e fokolang ea lik’hantlele tse likete-kete tse ntseng li paitsa tse khantšelitsoeng bafu.
Se bonahalang se makatsa kapa se bile se nyarosa ho motho ea shebelletseng, ho batho bana ke neano ea bolumeli e hlonephiloeng ka nako e telele: mokete oa K’hatholike oa Letsatsi la Meea Eohle. Linaheng tse ngata tsa Latin America, neano e hloka hore balumeli ba likete-kete ba phuthehele litšeng tsa mabitla ’me ba etse lithapelo tse ngotsoeng ’me ba fe bafu babona limpho.
Latin America e boetse e na le lineano tse ngata tse amanang le litšoantšo tsa bolumeli. Litšoantšo tsa Kreste le Maria li tletse hohle, li khabisitse matlo a mangata le mabenkele a mangata. Kena beseng ’me joang kapa joang u tla bona litšoantšo tse nyenyane tsa Maria li manehiloe ka holim’a setulo sa mokhanni. Liemahale tsa Maria tse sa khabisoang ka lik’hantlele empa li khabisitsoe ka mabone a mebala-bala a ntseng a paitsa, li bile li beiloe matobana le phachese ea bese.
Colombia liemahale tse khōlō tsa Kreste le Maria li tjametse fatše holim’a metse e mengata li le lithabeng tse telele. Kereke e tletseng litšoantšo tse hlonepshoang haholo e lutse tlhōrōng e tsebisahalang ea Monserrate. Nakong ea libeke tse khethehileng tse halalelang, baahi ba likete-kete ba Bogotá ba hloa moepa ona o mafika, ba bang ba khasa ka mangole a khumohileng le a lutlang mali.
Litšoantšo, lifapano, mekete—tsena ke karolo ea lineano tsa bolumeli tse seng li fetohile tsela e amohelehang ea bophelo bakeng sa batho likarolong tsohle tsa lefatše. Lineano tsena li ’nile tsa neheletsanoa ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong, ’me batho ba na le tšekamelo ea ho li talima li halalela.
Na ke ho Rapela ka ’Nete?
Le hoja e ka ’na eaba batho ba bangata ba khotsofaletse ho latela lineano ba sa belaelle letho, bakeng sa ba bangata ba ipolelang e le Bakreste lineano tsena li tlisa bothata bo ferekanyang. Ha e le hantle, ke Jesu Kreste ka boeena ea itseng: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Empa, ka ho hlakileng lineano tse ngata tsa bolumeli li nkiloe meetlong ea bolumeli boo e seng ba Bokreste, kapa ka mokhoa o nyarosang li tšoana le meetlo eo. Ka mohlala, Letsatsi la Meea Eohle le bonahala le tšoana le mokete oa Bobuddha oa “Ullambana,” letsatsi le beheletsoeng ka thōko bakeng sa “pontšo ea qenehelo ea bana ho baholo-holo ba shoeleng le ho lokolloa ha meea botlamuoeng ho tla lefatšeng lena.” (The New Encyclopædia Britannica, khatiso ea 1976, Micropædia, Moqolo 1, leqephe 260) Na balateli ba lineano tse joalo ba hlile ba rapela ka ’nete?
Ba bang ba phea khang ea hore taba ea hore lineano li amohetsoe ka kerekeng ea li lokafatsa. Seboka sa Vatican sa Bobeli se neng se tšoeroe ka 1965 se ile sa re: “Hase Lengolong le halalelang feela moo Kereke e fumanang bonnete ba eona ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e senotsoeng. Ka hona ka bobeli neano e halalelang le Lengolo le halalelang li lokela ho amoheloa le ho tlotlisoa ka kutloisiso e tšoanang ea boinehelo le hlompho ea borapeli.”
Empa ho thoe’ng haeba ho e-na le likhohlano tsa motheo pakeng tsa neano e entsoeng ke batho le Lengolo le bululetsoeng ke Molimo? Ho arabela hoo, a re ke re hlahlobisiseng lineano leseling la keletso ea Bibele.