Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/1 maq. 4-7
  • Ha Neano e Hohlana le ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Neano e Hohlana le ’Nete
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Silafatsa Metsi a ’Nete
  • Bokreste-’mōtoana bo Eketsa Tšilafalo
  • Liphello Tsa Tšilafalo ea Moea
  • Leka Lineano
  • Na Neano e Lokela ho Hohlana le ’Nete?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lineano Tsa Bolumeli le Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na U ka Lumela Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/1 maq. 4-7

Ha Neano e Hohlana le ’Nete

KOTSI—METSI ANA HA AA LOKELA HO NOOA. E ka ’na eaba re tloaetse ho bona litemoso tse joalo. Libakeng tse ngata batho ba seli ka seo ba se noang hobane ba tseba hore mehloli e meng ea metsi e kenngoa chefu ke se bitsoang “thitelo ea moloi” e nang le litšila tse chefu. Ka lebaka la tšilafalo ena, phuputso e ’ngoe e re, ho e-na le hore metsi e be “motšehetsi le mosireletsi oa bophelo,” a ka fetoha “ntho e tsamaisang mafu le . . . litšila tsa lik’hemik’hale.”—Water Pollution.

Ho Silafatsa Metsi a ’Nete

Lineano tse hohlanang le ’nete li tšoana le mehloli e silafetseng ea metsi. Ka ho se tsebe re ka ’na ra tšoarella lineanong—boitsebiso, maikutlo, litumelo kapa meetlo tse fetisoang ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong—tseo ha e le hantle, li silafalitsoeng ke “thitelo ea moloi” ea likhopolo le lifilosofi tsa bohata, tse thetsang. Hantle joaloka metsi a silafetseng, li ka ’na tsa ba le kotsi e khōlō—kotsi ea moea.

Esita le haeba re nahana hore litumelo tsa rōna tsa bolumeli tsa neano li thehiloe Bibeleng, kaofela ha rōna re lokela ho ipha nako ea ho li hlahlobisisa hantle. Hopola, ha Martin Luther a ne a tšoarelletse tumelong ea neano ea mehleng eo ’me a nyatsa Copernicus, o ne a lumela hore o ne a tšehetsoa ke Bibele. Leha ho le joalo, Luther o ile a hlōleha ho latela mohlala o motle oa batho ba Berea ea boholo-holo ba neng ba ‘le khabane ka ho botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na.’—Lik. 17:10, 11.

Nahana ka kotsi eo litumelo tsa lineano li ileng tsa e bakela Bajode ba bang mehleng ea Jesu. Ba ne ba lumela ka tieo hore lineano tsa bona li ne li nepahetse. Ha ba ne ba ipelaetsa ka hore barutuoa ba Jesu ha ba boloke lineano, Jesu o ile a ba phephetsa ka potso: “Le lōna, le tlōlela’ng molao oa Molimo ka mokhoa oo le o neanang na?” (Mattheu 15:1-3) Ho ne ho senyehile hokae? Jesu o ile a tsebahatsa bothata ha a ne a qotsa mantsoe a moprofeta Esaia: ‘Ba khumamella [Molimo] lefeela ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.’ (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Mattheu 15:9; Esaia 29:13.

E, ba ne ba nketse linnete tse tsoang ho Molimo sebaka ka likhopolo tsa batho kapa, ho hobe le ho feta moo, ka tse tsoang ho bademona. Ka mohlala, Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 506, e-ea hlalosa: “Bafarisi ka nako eo ba ne ba ruta hore hang ha motho a boletse hore matlotlo a hae ke ‘korbane,’ kapa mpho e nehetsoeng Molimo, o ne a ke ke a a sebelisa ho hlokomela litlhoko tsa batsoali ba hae, leha ba ka hloka ho le hokae, le hoja a ne a ka ’na a itšebelisetsa matlotlo ao ho fihlela a e-shoa haeba a khetha ho etsa joalo.” Bohlale ba motho bo ileng ba silafatsa metsi a ’nete bo bile le liphello tse mpe moeeng ho Bajode. Ba bangata ba bona ba bile ba lahla tšepo eo e neng e le khale ba e-na le eona ho Messia.

Bokreste-’mōtoana bo Eketsa Tšilafalo

Ho ile ha bakoa kotsi e tšoanang ea moea ka mor’a lefu la Jesu. Ba bangata ba neng ba ipolela hore ke balateli ba hae ba ile ba sebelisa neano ea molomo e le matla a tšehetsang lithuto tse ncha. Ho latela Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea McClintock le Strong, ba bang bao ho neng ho thoe ke Bakreste ba ne ba lumela hore neano e joalo e ne e le “taeo e ileng ea amoheloa ke likereke tsa pele tsa Bokreste e e-tsoa molomong oa baapostola, ea fetisoa ho tloha mehleng ea baapostola, ’me ea bolokoa e hloekile ho fihlela nakong ea bona.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

Ha e le hantle bongata ba lineano tsena e ne e le likhopolo tse sa hloekang, tse fosahetseng. Joalokaha Cyclopedia e hlalosa, lifilosofi tsena tse ncha “li ne li sa fapana le lineano tse ling, empa li ne li fapane le tseo e leng lingoliloeng tsa baapostola tseo ba neng ba e-na le tsona.” Sena se ne se lebelletsoe. Moapostola Pauluse o ne a ile a lemosa Bakreste: “Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ea ka lithuto tsee batho ba neanang tsona, ka ho latela litaba tsa qalo tsa lefatše, e seng Kreste.”—Ba-Kolosse 2:8.

Le kajeno, litumelo tse ngata tsa neano li ‘fapane le tseo e leng lingoliloeng tsa baapostola.’ Bokreste-’mōtoana bo kentse chefu metsing a ’nete ka likhopolo tse ngata tse bululetsoeng ke bademona, tse kang Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, ho se shoe ha soule ea motho, bochaba le borapeli ba litšoantšo.a (1 Timothea 4:1-3) Histori e paka hore bokuli ba moea bo tšoere batho ba hlasetsoeng ke lithuto tsa bademona tse fetohileng lithuto tsa neano tsa Bokreste-’mōtoana.—Bapisa le Esaia 1:4-7.

Ha e le hantle, ho silafatsoa ho joalo ha ’nete ho ’nile ha tsoela pele ho tloha tšimolohong ea motho. Satane o tsoetse pele ka mosebetsi oo a o qalileng Edene oa ho kenya chefu likelellong tsa batho ka mashano le thetso. (Johanne 8:44; 2 Ba-Korinthe 11:3) Ha lelapa la motho le saballa le lefatše ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, batho ba mekhoa eohle ea bophelo ba ile ba fetoha bahlaseluoa ba chefu ea ka boomo e kentsoeng lipokellong tsa tsebo tsa motho ka lifilosofi le likhopolo tse bululetsoeng ke bademona.

Liphello Tsa Tšilafalo ea Moea

Tšilafalo e joalo ea moea e ka baka kotsi efe? Re ka e bapisa le liphello tseo metsi a silafetseng a nang le tsona bophelong ba rōna ba ’mele. Setsebi se seng se re: “Hoo e ka bang batho ba limilione tse 200 ba hlasetsoe ke lefu la likokoana-hloko tse noang mali (bilharzia) [snail fever, e bakang khaello ea mali, ho se iketle, ho kula ho akaretsang, esita le lefu], tse bakoang ke metsi a silafetseng a leng letlalong. Batho ba limilione tse 500 ba na le trachoma, e ’ngoe ea lisosa tse khōlō tsa bofofu, ka lebaka la metsi a litšila a ho hlapa. . . . Litho tse ka bang limilione tse sekete tsa batho ha li na metsi a nooang a sireletsehileng.” (Our Country, the Planet) Batho ba limilione ba ’nile ba fokola moeeng, ba foufala, esita le ho bolaoa ke lineano tse hlapollotsoeng ka lithuto tsa bohata, tsa bodemona.—1 Ba-Korinthe 10:20, 21; 2 Ba-Korinthe 4:3, 4.

Ka mohlala, ba bangata ba ferekane kapa ba foufetse tabeng ea kamano pakeng tsa Jesu Kreste le Ntate oa hae, Jehova Molimo. E bile tloaelo har’a ba bang ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ho siea lebitso la Molimo le halalelang, Jehova, Mangolong a Segerike a Bakreste. George Howard ho Journal of Biblical Literature o re: “Ka maikutlo a rōna, ho tlosoa hona ha [Litlhaku tse ’Nè tsa Seheberu tse Emelang Lebitso la Molimo], ho ile ha baka pherekano likelellong tsa Bakreste ba pele ba Balichaba mabapi le kamano pakeng tsa ‘Morena Molimo’ le ‘Morena Jesu.’”

Nahana, hape, ka pherekano, tumela-khoela, le tšabo tse bakiloeng ke neano eo e seng ea Mangolo ea hore soule ea motho ha e shoe. (Bapisa le Moeklesia 9:5; Ezekiele 18:4.) Ke batho ba bakae ba leng botlamuoeng ba borapeli ba balimo kapa ba phelang ka ho tšaba hore bafu ba tla khutla ba ba ntše kotsi? Tumelo ena e entse hore batho ba ipolaee ba be ba bolaee le ba bang.

Majapane a mangata a lumela hore lefung meea ea ’ona e shoeleng e tla kopana lefatšeng le ka ’nģane. Ka hona, batsoali ba bang ba ipolaeang, ba ’nile ba nahana hore ho molemo ho bolaea le bana ba bona. An English Dictionary of Japanese Ways of Thinking e-ea hlalosa: “Japane ho ipolaea ha ho nyatsuoe kamehla, empa hangata ho nkoa e le tsela e amohelehang ea hore motho a ikōpele tšoarelo bakeng sa phoso ea hae e tebileng . . . Esita le ho ipolaea ha malapa ho ka tlalehoa ka mantsoe a bontšang kutloelo-bohloko.”

Leka Lineano

Ka lebaka la likotsi tse amehang tabeng ea ho latela litumelo tsa lineano le meetlo ka bofofu, re lokela ho etsa eng? Ho ea bofelong ba lekholo la pele la lilemo, moapostola Johanne o ile a fa Bakreste-’moho le eena keletso ena: “Baratuoa, le se ke la lumela meea eohle, le mpe le leke meea, [joalokaha le ka leka metsi ho bona hore na a hloekile] hore na ke e tsoang ho Molimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatšeng ba le bangata.” (1 Johanne 4:1; bona hape le 1 Ba-Thessalonika 5:21.) U ka tseba joang hore neano e kotsi? U hloka ntho e itseng e nang le matla a tšehetsang, tekanyetso e itseng ea bohloeki, ho leka seo u se lumelang.

Bibele ke matla a joalo a ho laela. Jesu Kreste o itse: “U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) O ile a boela a re: “Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, u fumana mantsoe a hloekileng a ’nete ho e-na le metsi a silafetseng a filosofi ea motho le ea bademona.—Johanne 8:31, 32; 2 Timothea 3:16.

Hopola, esita le lintho tse nyenyane tse silafatsang li ka ba le liphello tse mpe. Ka linako tse ling ho nka lilemo pele liphello li bonahala. Shridath Ramphal, eo e kileng ea e-ba mopresidente oa World Conservation Union o re: “Metsi a litšila, a fetohile ’molai ea kotsi oa lefatše. Bonyane batho ba likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano ba shoa letsatsi le letsatsi ka lebaka la ho a sebelisa.” Lineano tse silafetseng moeeng li kotsi le ho feta.

Na u na le sebete sa ho itokolla litumelong tsa neano tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua li latela ka lilemo haeba ho bonahala hore li hohlana le ’nete? Ela hloko litemoso. Itšireletse le lelapa la hao ka ho tiisa hore lineano tsa hao li lumellana le Lentsoe la Molimo le hloekileng la ’nete.—Pesaleme ea 19:8-11; Liproverbia 14:15; Liketso 17:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo bakeng sa bopaki ba hore lithuto tse joalo ha li na motheo Bibeleng. Buka ena e hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lentsoe la Molimo la ’nete le tšoana le nōka ea metsi a hloekileng, a sa silafalang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela