Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
“Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.”—JOHANNE 4:24.
1. Molimo o thabisoa ke borapeli ba mofuta ofe?
JESU KRESTE, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova, o ile a bolela ka ho hlakileng hore na ke borapeli bofe bo thabisang Ntate oa hae oa leholimo. Ha Jesu a fana ka bopaki bo amang maikutlo ho mosali oa Mosamaria selibeng se pel’a motse oa Sikare, o ile a re: “Le rapela seo le sa se tsebeng; rōna re rapela seo re se tsebang, hobane poloko e simoloha ho Bajuda. Leha ho le joalo, hora ea tla, ’me ke eona hona joale, eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele. Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:22-24) Re lokela ho utloisisa mantsoe aa joang?
2. Basamaria ba ne ba thehile borapeli ba bona ho eng?
2 Basamaria ba ne ba e-na le likhopolo tse fosahetseng tsa bolumeli. Ba ne ba nka libuka tsa pele tse hlano tsa Mangolo a Halalelang tsa phetolelo ea bona, e bitsoang Pentateuch ea Samaria e le tsona tse bululetsoeng. Basamaria ba ne ba hlile ba sa tsebe Molimo, empa Bajuda bona ba ne ba filoe tsebo ea Mangolo. (Baroma 3:1, 2) Ho ne ho ka khoneha hore Bajuda ba tšepahalang le batho ba bang ba amoheloe ke Jehova. Empa ho ne ho tla hlokahala eng ho bona?
3. Ho hlokahala’ng hore re rapele Molimo “ka moea le ka ’nete”?
3 Ho ile ha hlokahala hore Bajuda, Basamaria le ba bang nakong e fetileng ba etse’ng hore ba thabise Jehova? Ba ne ba lokela ho mo rapela “ka moea le ka ’nete.” Le rōna re lokela ho etsa joalo. Ho sebeletsa Molimo ho lokela ho etsoa ka sehlahlo kapa ka cheseho, ’me ho susumetsoe ke pelo e tletseng lerato le tumelo, empa ho rapela Molimo ka moea haholo-holo ho re hloka hore re be le moea oa hae o halalelang ’me re lumele hore o re tataise. Ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ka ho sebelisa seo re ithutang sona ho lona, moea oa rōna kapa boikutlo ba rōna ba kelello, o lokela ho tsamaisana le oa hae. (1 Bakorinthe 2:8-12) E le hore Jehova a amohele borapeli ba rōna, bo lokela ho lebisoa ho eena ka ’nete. Bo lokela ho lumellana le seo Lentsoe la Molimo, Bibele, le se senolang ka eena le ka merero ea hae.
’Nete e ka Fumanoa
4. Ba bang ba nka ’nete joang?
4 Liithuti tse ling tsa filosofi li na le maikutlo a hore batho ba ke ke ba fumana ’nete e feletseng. Ha e le hantle, Alf Ahlberg, sengoli sa Sweden, o ile a ngola a re: “Ha ho khonehe hore lipotso tse ngata tsa filosofi li arabeloe ka ho toba.” Le hoja ba bang ba bolela hore ho na le ’nete e lekanyelitsoeng feela, na ho hlile ho joalo? Jesu Kreste o ne a sa nahane joalo.
5. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tla lefatšeng?
5 A re inkeng re le bashebelli ketsahalong ena e latelang: Ke mathoasong a selemo sa 33 C.E., ’me Jesu o eme ka pel’a ’Musisi oa Moroma, Ponse Pilato. Jesu o re ho Pilato: “Ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” Pilato oa botsa o re: “’Nete ke eng?” Empa ha a emele ho utloa hore na Jesu o tsoela pele a re’ng.—Johanne 18:36-38.
6. (a) “’Nete” e hlalositsoe joang? (b) Jesu o file balateli ba hae thōmo efe?
6 “’Nete” e hlalosoa e le “lintho tsa sebele, liketsahalo, le lintlha.” (Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary) Leha ho le joalo, na Jesu o ile a pakela ’nete ka kakaretso? Che. O ne a nahanne ka ’nete e itseng. O ile a roma balateli ba hae hore ba phatlalatse ’nete e joalo, kaha o ile a re ho bona: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Pele ho bofelo ba tsamaiso ea lintho, balateli ba ’nete ba Jesu ba ne ba tla bolela “’nete ea litaba tse molemo” lefatšeng ka bophara. (Bagalata 2:14) Sena se ne se tla etsoa ho phethahatsa mantsoe a Jesu a reng: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Kahoo ke habohlokoa hore re tsebe ba rutang lichaba tsohle ’nete ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.
Kamoo re ka Ithutang ’Nete Kateng
7. U ka paka joang hore Jehova ke Mohloli oa ’nete?
7 Jehova ke Mohloli oa ’nete ea moea. Ha e le hantle, mopesaleme Davida o ile a re Jehova ke “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5; 43:3) Jesu o ile a lumela hore lentsoe la Ntate oa hae ke ’nete, hape o ile a re: “Ho ngoliloe Baprofeteng, ‘’Me kaofela ba tla rutoa ke Jehova.’ E mong le e mong ea utloileng ho Ntate le ea ithutileng o tla ho ’na.” (Johanne 6:45; 17:17; Esaia 54:13) Joale, ho hlakile hore ba batlang ’nete ba lokela ho rutoa ke Jehova, Morupeli e Moholo. (Esaia 30:20, 21) Ho hlokahala hore ba batlang ’nete ba fumane “tsebo ea Molimo.” (Liproverbia 2:5) Ka lerato Jehova o rutile ’nete kapa o e fetisitse ka litsela tse sa tšoaneng.
8. Molimo o rutile ’nete le ho e fetisa ka litsela life?
8 Ka mohlala, Molimo o ile a fetisetsa Molao ho Baiseraele ka mangeloi. (Bagalata 3:19) Litorong o ile a tšepisa mopatriareka Abrahama le mopatriareka Jakobo hore o tla ba hlohonolofatsa. (Genese 15:12-16; 28:10-19) Molimo o bile a bua a le leholimong, joaloka nakong ea ha Jesu a kolobetsoa, ’me mantsoe ana a thabisang a ile a utloahala lefatšeng: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Re boetse re leboha hore ebe Molimo o ile a fetisa ’nete ka ho bululela bangoli ba Bibele. (2 Timothea 3:16, 17) Kahoo, ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, re ka ba le ‘tumelo ’neteng.’—2 Bathesalonika 2:13.
’Nete le Mor’a Molimo
9. Molimo o sebelisitse Mora oa hae ho senola ’nete joang?
9 Haholo-holo Molimo o sebelisitse Mora oa hae, Jesu Kreste, ho senolela batho ’nete. (Baheberu 1:1-3) Ha e le hantle, Jesu o buile ’nete ho feta motho leha e le ofe. (Johanne 7:46) Esita le ka mor’a ho nyolohela leholimong, o ile a senola ’nete e tsoang ho Ntate oa hae. Ka mohlala, moapostola Johanne o ile a amohela “tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona, ho bontša makhoba a hae lintho tse tla etsahala haufinyane.”—Tšenolo 1:1-3.
10, 11. (a) ’Nete eo Jesu a neng a e pakela e amana le eng? (b) Jesu o ile a etsa joang hore ’nete e be ea sebele?
10 Jesu o ile a bolella Ponse Pilato hore O tlile lefatšeng ho tla pakela ’nete. Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a senola hore ’nete e joalo e amana le ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova ka ’Muso oa Molimo ka Kreste e le Morena. Empa ho pakela ’nete ho ne ho hloka ho fetang feela hore Jesu a bolele le ho ruta. Jesu o ile a etsa hore ’nete eo e be ea sebele ka hore a e phethahatse. Ka ho loketseng, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ho se ke ha e-ba le motho ea le ahlolang ho jeng le ho noeng kapa tabeng ea mokete kapa ea ho bolokoa ha khoeli e ncha kapa ea sabatha; etsoe lintho tseo ke seriti sa lintho tse tlang ho tla, empa ntho ea sebele ke ea Kreste.”—Bakolose 2:16, 17.
11 Tsela e ’ngoe eo ka eona ’nete e ileng ea fetoha ea sebele ke tsoalo e boletsoeng esale pele ea Jesu Bethlehema. (Mikea 5:2; Luka 2:4-11) ’Nete e ile ea fetoha ea sebele hape ha ho phethahala mantsoe a Daniele a boprofeta a ho hlaha ha Mesia qetellong ea ‘libeke tsa lilemo’ tse 69. Sena se etsahetse ha Jesu a ne a itlhahisa ho Molimo ha a kolobetsoa ’me a tlotsoa ka moea o halalelang, hantle ka eona nako e boletsoeng, ka 29 C.E. (Daniele 9:25; Luka 3:1, 21, 22) ’Nete e ile ea boela ea e-ba ea sebele ka tšebeletso e behang leseling ea Jesu e le ’moleli oa ’Muso. (Esaia 9:1, 2, 6, 7; 61:1, 2; Matheu 4:13-17; Luka 4:18-21) Hape e ile ea e-ba ea sebele ka lefu la hae le tsoho.—Pesaleme ea 16:8-11; Esaia 53:5, 8, 11, 12; Matheu 20:28; Johanne 1:29; Liketso 2:25-31.
12. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka re, ‘Ke ’na ’nete’?
12 Kaha ’nete e ne e itšetlehile ka Jesu Kreste, o ne a ka re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Batho ba fumana tokoloho ea moea ha ba ipeha “lehlakoreng la ’nete” ka ho amohela karolo ea Jesu morerong oa Molimo. (Johanne 8:32-36; 18:37) Kaha ba kang linku ba amohela ’nete ’me ba latela Kreste ka tumelo, ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Johanne 10:24-28.
13. Re tla hlahloba ’nete ea Mangolo likarolong life tse tharo?
13 Linnete tse fanoeng ke Jesu le barutuoa ba hae ba bululetsoeng li theha tumelo ea ’nete ea Bokreste. Kahoo ‘ba mamelang tumelo’ ba “tsamaea ’neteng.” (Liketso 6:7; 3 Johanne 3, 4) Ha e le hantle, ke bo-mang ba tsamaeang ’neteng kajeno? Ke bo-mang bao ka sebele ba rutang lichaba tsohle ’nete? Ha re araba lipotso tsena, re tla bua ka Bakreste ba pele ’me re hlahlobe ’nete ea Mangolo mabapi le (1) litumelo, (2) mokhoa oa borapeli le (3) boitšoaro.
’Nete le Litumelo
14, 15. U ka re’ng ka boikutlo ba Bakreste ba pele le Lipaki tsa Jehova ka Mangolo?
14 Bakreste ba pele ba ne ba nka Lentsoe la Jehova le ngotsoeng e le la bohlokoa haholo. (Johanne 17:17) Ke lona le neng le ba tataisa mabapi le litumelo tsa bona le mekhoa ea bona. Clement oa Alexandria oa lekholong la bobeli le la boraro la lilemo o ile a re: “Ba hahamallang bokhabane ba ke ke ba khaotsa ho batla ’nete, ho fihlela ba fumane hore seo ba se lumelang se na le bopaki ka Mangolong.”
15 Joaloka Bakreste ba pele, Lipaki tsa Jehova li nka Bibele e le ea bohlokoa haholo. Li lumela hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta.” (2 Timothea 3:16) Kahoo a re tšohleng litumelo tse seng kae tsa Bakreste ba pele re nahanela seo bahlanka ba kajeno ba Jehova ba ithutileng sona kahobane ba sebelisa Bibele e le eona buka ea sehlooho e ithutoang.
’Nete ka Moea
16. ’Nete ke eng ka moea?
16 Kaha Bakreste ba pele ba ne ba lumela se boletsoeng ka Mangolong, ba ne ba ruta ’nete ka moea. Ba ne ba tseba hore “motho [e ile] ea e-ba moea o phelang” ha Molimo a mo bōpa. (Genese 2:7) Ho feta moo, ba ne ba lumela hore moea oa motho oa shoa. (Ezekiele 18:4; Jakobo 5:20) Hape ba ne ba tseba hore ‘ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.’—Moeklesia 9:5, 10.
17. U ka hlalosa tšepo ea bafu joang?
17 Leha ho le joalo, barutuoa ba pele ba Jesu ba ne ba e-na le tšepo e tiileng ea hore bafu ba khopolong ea Molimo ba tla tsosoa kapa ba tla boela ba phele. Pauluse o ile a bua ka tumelo ena ka ho hlakileng, ha a re: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Esita le hamorao, Minucius Felix ea ipolelang hore ke Mokreste, o ile a ngola a re: “Ke mang ea bothoto kapa ea se nang kelello hakaalo hoo a ka nahanang hore Molimo a ke ke a tsosolosa motho ea bōpiloeng ke eena qalong?” Joaloka Bakreste ba pele, Lipaki tsa Jehova li khomarela ’nete ea Mangolo ka moea oa motho, lefu le tsoho. Joale a re ke re tšohleng hore na Molimo le Kreste ke bo-mang.
’Nete le Boraro-bo-bong
18, 19. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Boraro-bo-bong hase thuto ea Mangolo?
18 Bakreste ba pele ba ne ba sa nke Molimo, Kreste le moea o halalelang e le Boraro-bo-bong. The Encyclopædia Britannica e re: “Lentsoe Boraro-bo-bong kapa thuto e hlakileng ka bona ha li hlahe Testamenteng e Ncha, ebile Jesu le balateli ba hae ba ne ba sa ikemisetsa ho hanyetsa Shema [thapelo ea Seheberu] e Testamenteng ea Khale e reng: ‘Utloa, Iseraele: Morena Molimo oa rōna ke Morena a ’notši’ (Deut. 6:4).” Bakreste ba ne ba sa rapele melimo e meraro ea Baroma kapa melimo leha e le efe e meng. Ba ne ba amohela polelo ea Jesu ea hore ke Jehova feela ea lokelang ho rapeloa. (Matheu 4:10) Ho feta moo, ba ne ba lumela mantsoe a Kreste ha a re: “Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:28) Lipaki tsa Jehova li lumellana le sena kajeno.
19 Balateli ba pele ba Jesu ba ne ba etsa phapang e hlakileng pakeng tsa Molimo, Kreste le moea o halalelang. Ha e le hantle, ba ne ba kolobetsa barutuoa (1) ka lebitso la Ntate, (2) ka lebitso la Mora le (3) ka lebitso la moea o halalelang, eseng ka lebitso la Boraro-bo-bong. Ka ho tšoanang Lipaki tsa Jehova li ruta ’nete ea Mangolo, ke kahoo li etsang phapang pakeng tsa Molimo, Mora oa hae le moea o halalelang.—Matheu 28:19.
’Nete le Kolobetso
20. Ba kolobetsoang ba hloka tsebo efe?
20 Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse barutuoa ka ho ruta batho ’nete. E le hore ba tšoanelehele kolobetso, ho hlokahala hore ba be le tsebo ea motheo ea Mangolo. Ka mohlala, ba lokela ho amohela boemo le matla a Ntate le a Mora oa hae, Jesu Kreste. (Johanne 3:16) Ho boetse ho hlokahala hore ba kolobetsoang ba utloisise hore moea o halalelang hase motho empa ke matla a Molimo a sebetsang.—Genese 1:2, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
21, 22. Ke hobane’ng ha u ka re kolobetso ke ea ba lumelang?
21 Bakreste ba pele ba ne ba kolobetsa feela ba nang le tsebo le ba bakileng, ba inehetseng ka ho feletseng ho Molimo ho etsa thato ea hae. Bajuda le basokolohi ba neng ba bokane Jerusalema ka Pentekonta ea 33 C.E. ba ne ba se ba ntse ba tseba Mangolo a Seheberu. Ha ba utloa moapostola Petrose a bua ka Jesu Mesia, ba ka bang 3 000 ba ile “ba amohela lentsoe la hae ka pelo eohle” ’me “ba kolobetsoa.”—Liketso 2:41; 3:19–4:4; 10:34-38.
22 Kolobetso ea Bokreste ke ea batho ba lumelang. Batho ba Samaria ba ile ba amohela ’nete, ’me “ha ba lumela Filipi, ea neng a bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le tsa lebitso la Jesu Kreste, banna le basali ba qala ho kolobetsoa.” (Liketso 8:12) Kaha e ne e le mosokolohi ea inehetseng ea tsebang Jehova, leqhalaha la Moethiopia le ile la qala ka ho amohela lipolelo tsa Filipi mabapi le ho phethahala ha boprofeta ba Mesia la ntan’o kolobetsoa. (Liketso 8:34-36) Hamorao, Petrose o ile a bolella Korneliase le Balichaba ba bang hore ‘motho ea tšabang [Molimo] le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena’ le hore e mong le e mong ea behang tumelo ho Jesu Kreste o tšoareloa libe. (Liketso 10:35, 43; 11:18) Sena sohle se lumellana le taelo ea Jesu ea ho ‘etsa barutuoa, ho ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo a li laetseng.’ (Matheu 28:19, 20; Liketso 1:8) Lipaki tsa Jehova li sebelisa molao-motheo ona, li lumella feela ba nang le tsebo ea motheo ea Mangolo le ba inehetseng ho Molimo hore ba kolobetsoe.
23, 24. Mofuta o loketseng oa kolobetso ea Bokreste ke ofe?
23 Ho qoelisoa ka ho feletseng metsing ke oona mokhoa o loketseng oa kolobetso bakeng sa ba lumelang. Ha Jesu a qeta ho kolobetsoa Nōkeng ea Jordane, o ile “a nyoloha a tsoa ka metsing.” (Mareka 1:10) Leqhalaha la Moethiopia le ile la kolobetsoa “ka metsing.” Lona le Filipi ba ile “ba theohela ka metsing” ba ntan’o ‘nyolohela ka ntle ho’ ’ona. (Liketso 8:36-40) Hore ebe Mangolo a amahanya kolobetso le ho patoa ha tšoantšetso ho boetse ho bontša hore e lokela ho etsoa ka ho qoelisa ka ho feletseng ka metsing.—Baroma 6:4-6; Bakolose 2:12.
24 The Oxford Companion to the Bible e re: “Tlhaloso e tobileng ea kolobetso ka Testamenteng e Ncha e bontša hore motho ea kolobetsoang o ne a inoa ka har’a metsi.” Ho latela buka ea Sefora e bitsoang Larousse du XXe Siècle (Paris, 1928), “Bakreste ba pele ba ne ba kolobetsoa ka ho qoelisoa hohle moo metsi a neng a fumaneha.” Buka ea After Jesus—The Triumph of Christianity e re: “Ho latela mokhoa oa eona oa motheo, [kolobetso] e ne e hloka hore ea kolobetsoang a bolele hore o na le tumelo, ’me ho latele ho qoelisoa ka ho feletseng ka metsing ka lebitso la Jesu.”
25. Re tla tšohla eng sehloohong se latelang?
25 Lintlha tse boletsoeng ka holimo mabapi le litumelo tse thehiloeng Bibeleng le mekhoa ea Bakreste ba pele e mpa e le mehlala feela. Ho bonolo ho bolela lintho tse ling tse tšoanang pakeng tsa litumelo tsa bona le tsa Lipaki tsa Jehova. Sehloohong se latelang, re tla tšohla litsela tse eketsehileng tse khethollang ba rutang batho ’nete.
U ka Arabela Joang?
• Molimo o hloka borapeli ba mofuta ofe?
• ’Nete e ile ea fetoha ea sebele joang ka Jesu Kreste?
• ’Nete ke eng mabapi le moea le lefu?
• Kolobetso ea Bokreste e etsoa joang, hona ho hlokahala eng ho ba kolobetsoang?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Jesu o ile a re ho Pilato: ‘Ke tlile ho tla pakela ’nete’
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Na u ka hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re: ‘Ke ’na ’nete’?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
’Nete ke eng mabapi le kolobetso ea Bokreste?