“’Nete e Tla le Lokolla”
“Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” Jesu o ile a rialo ha a ntse a ruta matšoele ka tempeleng e Jerusalema. (Johanne 8:32) Baapostola ba Jesu ba ne ba ka hlokomela habonolo hore lithuto tsa Jesu ke ’nete. Ba ne ba bone bopaki bo bongata ba hore tichere ea bona e tsoa ho Molimo.
LEHA ho le joalo, kajeno ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke ho hlokomela ’nete eo Jesu a ileng a bua ka eona. Joaloka mehleng ea moprofeta Esaia, kajeno ho na le “ba bitsang bobe botle, le botle ba bo bitsa bobe; ba etsang lefifi leseli, le leseli ba le etsa lefifi; ba etsang ho baba monate, le monate ba o etsa ho baba!” (Esaia 5:20) Ka lebaka la likhopolo tse ngata, lifilosofi, le mekhoa ea bophelo e khothalletsoang mehleng ena, batho ba bangata ba nahana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e itšetlehile ka ho itseng le hore ha ho ntho e bitsoang ’nete.
Ha Jesu a ne a bolella bamameli ba hae hore ’nete e tla ba lokolla, ba ile ba arabela ka ho re: “Re bana ba Abrahama ’me le ka mohla ha re e-s’o be makhoba a motho leha e le mang. Ho tla joang hore ebe u re, ‘Le tla lokoloha’?” (Johanne 8:33) Ba ne ba sa bone ho hlokahala hore motho leha e le ofe kapa ntho leha e le efe e ba lokolle. Empa joale Jesu o ile a hlalosa: “Kannete-nete ke re ho lōna, Moetsi e mong le e mong oa sebe ke lekhoba la sebe.” (Johanne 8:34) ’Nete eo Jesu a neng a bua ka eona e ka bula tsela e lebisang ho lokoloheng sebeng. Jesu o itse: “Haeba Mora a le lokolla, ka sebele le tla lokoloha.” (Johanne 8:36) Kahoo ’nete e lokollang batho ke ’nete mabapi le Jesu Kreste, Mora oa Molimo. Ke feela ka ho bontša tumelo sehlabelong sa bophelo bo phethahetseng ba botho ba Jesu motho leha e le ofe a ka lokolohang sebeng le lefung.
Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a re: “Ba halaletse ka ’nete; lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Lentsoe la Molimo le boletsoeng ka Bibeleng ke ’nete e ka tlisang tokoloho tumela-khoeleng le borapeling ba bohata. Bibele e fupere ’nete mabapi le Jesu Kreste, e etsang hore batho ba bontše tumelo ho eena le e bulang tsela e lebisang tšepong e khanyang ea bokamoso. Ke ntho e babatsehang ho tseba ’nete ea Lentsoe la Molimo!
Ke habohlokoa hakae ho tseba ’nete? Malumeli a mangata kajeno, le hoja a bolela hore a latela Bibele, a susumetsoa haholo ke lifilosofi le lineano tsa batho. Hangata, baeta-pele ba bolumeli ba bonahala ba amehile feela ka hore molaetsa oa bona o amoheloe ke batho ho e-na le ho ameha ka ho nepahala ha oona. Ba bang ba nahana hore Molimo o khotsofaletse borapeli ba mofuta leha e le ofe, hafeela e le ba pelo eohle. Empa Jesu Kreste o ile a hlalosa: “Hora ea tla, ’me ke eona hona joale, eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joaloka bona hore ba mo rapele.”—Johanne 4:23.
Haeba re batla ho rapela Molimo ka tsela e amohelehang, re tlameha ho tseba ’nete. Ena ke taba ea bohlokoa. Thabo ea rōna ea ka ho sa feleng e itšetlehile ka eona. Ka hona, e mong le e mong o lokela ho ipotsa: ‘Na borapeli ba ka boa amoheleha ho Molimo? Na ruri ke thahasella ho ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo? Kapa na ke tšaba seo patlisiso e hlokolosi e ka se senolang?’