Ho Rapela Molimo ka ’nete
E le hore borapeli bo ka amoheleha ho Molimo, bo tlameha ho thehoa ’neteng. (Johanne 4:23) Bibele e khetholla barapeli ba ’nete ka hore ke ba “phutheho ea Molimo ea phelang, tšiea le setšehetso sa ’nete.” (1 Timothea 3:15) Ba bōpang phutheho ea Molimo ha ba lumele ’nete ea Lentsoe la Molimo feela empa ba boetse ba phela tumellanong le eona le ho e sireletsa, ba e tsebahatsa ho pholletsa le lefatše.—Matheu 24:14; Baroma 10:9-15.
LIPAKI TSA JEHOVA li tsebahala haholo ka mosebetsi oa tsona oa thuto ea Bibele, oo hona joale o etsoang linaheng tse fetang 200. Li ithuta Bibele ebile li e ruta e le ’nete, li sa kopanyelletse tšusumetso e fokolisang ea lifilosofi tsa batho. Na u tloaelane le lithuto tsa tsona tse thehiloeng Bibeleng? Ba bangata ba leqe ho mamela Lipaki tsa Jehova ka lebaka la boitsebiso bo fosahetseng bo phatlalatsoang khahlanong le tsona. Empa batho ba lipelo li tšepahalang ba mengoa hore ba iketsetse qeto ea hore na ebe seo Lipaki li se rutang ke ’nete kapa che. Qeto e joalo ea bohlokoa ha ea lokela ho thehoa litabeng tsa bo-ba-re. Ba bangata ba iketselitseng patlisiso ea lithuto tsa Lipaki tsa Jehova ba ruile molemo o moholo.
Ho Tseba ’Nete ho Leleka Tšabo
Ka mohlala, nahana ka taba ea Eugenia. O ile a hōlisetsoa lelapeng la Mak’hatholike a matla. Ntat’ae e ne e le e mong oa bahlophisi ba ketelo ea mopapa Mexico ka 1979. Ha a ntse a etetse metsoalle, Eugenia o ile a kopana le Lipaki tsa Jehova. Ka thuso ea tsona o ile a qala ho hlahloba ka hloko seo Bibele e se bolelang. Oa hopola: “Qalong, ke ile ka apareloa ke tšabo. Ke ne ke fumane ’nete! Empa sena se ne se bolela hore boholo ba litumelo tsa ka tsa pele bo fosahetse. Lelapa leso, metsoalle ea ka, batho bao ke neng ke ba rata—kaofela ba ne ba fositse. Ke ne ke ferekane. Ke ile ka lula ke ipotsa hore na lelapa leso le tla arabela joang ho seo ke sa tsoa se fumana. Ha nako e ntse e feta le ka thuso ea Jehova, ke ile ka qala ho amohela phihlelo ena e boima. Ka letsatsi le leng ke ile ka etsa qeto ea ho tsebisa motsoalle oa lelapa, moprofesa oa thuto ea bolumeli. Ke ile ka mo bolella takatso eohle ea ka ea ho batla ’nete. Eaba o re, ‘Haeba u batla ho tseba ’nete, batla Lipaki tsa Jehova.’”
Ho ile ha etsahala sona seo Eugenia a neng a tšohile hore se tla etsahala, lelapa labo le ile la mo leleka lapeng. Leha ho le joalo, Lipaki li ile tsa tsoela pele ho mo thusa moeeng. Oa hlalosa: “Ke ile ka matlafaletsoa ho emela ’nete. Ke ile ka hlokomela hore ke ntho e lokelang ho loaneloa. Kamohelo eo ke ileng ka e fumana ho Lipaki tsa Jehova e ne e le ea bohlokoa haholo. Ke ile ka ikutloa ke ratoa ka har’a phutheho ea Bokreste. Ho ba haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo ho ile ha nthusa ho hlōla tšabo ea ho ikemela.”
Nahana ka mohlala o mong. Sabrina o hōtse a tloaetse ho ba le lipuisano tsa lelapa tsa kamehla tsa Bibele. Ha e le hantle, ba ile ba ba le seo ho ka thoeng ke ‘bolumeli ba lelapa.’ O ile a itloaetsa ho kopanela le litho tsa malumeli a sa tšoaneng hore a pepese liphoso tsa ’ona. Ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo memela ho ithuta Bibele, o ile a lumela habonolo ka morero oa ho shanofatsa litumelo tsa tsona. Oa hopola: “Ka mor’a ho ithuta ka nako e fetang selemo, ke ile ka tšoha hore ke tla lahleheloa ke ‘’nete ea ka.’ Ke ne ke ile ka nolofalloa ho pepesa mashano a malumeli a mangata ao ke neng ke ile ka kopanela le ’ona, empa lekhetlong lena ho ne ho se bonolo.”
Tšabo ea Sabrina e ile ea etsa hore a khaotse ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Empa joale o ile a ikutloa a haelloa moeeng. O ile a etsa qeto ea ho tsosolosa thuto ea hae ’me qetellong a amohela ’nete ena eo a e fumaneng bocha. Sabrina o ile a hatela pele ho fihlela a batla ho arolelana le ba bang seo a ithutang sona. O ile a ba a kōpa hore a tsamaee le Lipaki tšebeletsong ea tsona ea ntlo le ntlo. Sabrina oa hlalosa: “Pele ke lumelloa ho paka hammoho le Lipaki tsa Jehova, ke ile ka botsoa: ‘Na kannete u batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova?’ Ke ile ka araba: ‘Che!’ Ke ile ka boela ka apareloa ke tšabo.” Qetellong, ka mor’a ho tsoela pele ho ba teng libokeng tsohle le ho ela hloko batho ba Molimo le kamoo ba sebelisang melao-motheo ea Bibele kateng, Sabrina o ile a fihlela qeto ea hore ka sebele ke ’nete. O ile a kolobetsoa ’me hona joale ke moevangeli oa nako e tletseng.
Ke Hobane’ng ha li Fapane Hakaale?
E mong a ka ’na a botsa, ‘Ke hobane’ng ha lithuto tsa Lipaki tsa Jehova li fapane hakaale le tsa malumeli a mang?’ Ho talima hakhutšoanyane seo Lipaki li se lumelang ho tla u thusa ho bona hore ke Bakreste ba tšepahalang, liithuti tse hlokolosi tsa Bibele. Re u khothalletsa hore u phetle Bibeleng ea hao litemana tse kakaretsong ea litumelo tsa tsona tsa motheo tse bontšitsoeng ka holimo mona.
Ka ho talimisisa seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang le kamoo li khomarelang seo Bibele e se rutang, u ka hlohonolofatsoa ka tokoloho eo ’nete e fanang ka eona. (Johanne 17:17) Ha ho na lebaka la ho tšaba ’nete. Hopola tšepiso ea Jesu: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.
[Lebokose le leqepheng la 6]
LITUMELO TSE LING TSA MOTHEO TSA LIPAKI TSA JEHOVA
◯ Jehova ke Molimo ea matla ’ohle. Lebitso la hae la botho le hlaha ka makhetlo a fetang 7000 libukeng tsa Bibele tsa pele tse ngotsoeng ka letsoho.—Pesaleme ea 83:18.
◯ Jesu Kreste ke Mora oa Molimo, ea ileng a tla lefatšeng ho tla fana ka bophelo ba hae bakeng sa moloko oa batho. (Johanne 3:16, 17) Lipaki tsa Jehova li latela lithuto tsa Jesu Kreste tse fumanoang Likosepeleng.
◯ Lebitso la Lipaki tsa Jehova le thehiloe ho Esaia 43:10, e reng: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova.”
◯ ’Muso oo batho ba o rapellang thapelong ea “Ntate oa Rōna ea Maholimong” ke puso ea leholimo eo haufinyane e tla tlosa mahlomola le bohloko bohle lefatšeng e le ho suthela Paradeise eo Bibele e e tšepisang.—Esaia 9:6, 7; Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10; Tšenolo 21:3, 4.
◯ E mong le e mong ea etsang thato ea Molimo o na le monyetla oa ho thabela litlhohonolofatso tsa ’Muso ka ho sa feleng.—Johanne 17:3; 1 Johanne 2:17.
◯ Bakreste ba tlameha ho lumellanya boitšoaro ba bona le seo Bibele e se bolelang. Ba tlameha ho leka ka matla ho tšepahala, ho phela bophelo bo hloekileng, bo khabane, le ho bontša baahelani ba bona lerato.—Matheu 22:39; Johanne 13:35; 1 Bakorinthe 6:9, 10.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Lipaki tsa Jehova li tsebisa batho ’nete ea Bibele linaheng tse fetang 200