Bacha Ba ‘Tšepang Jehova’
HASE bacha feela ba nang le botle, leha e le hore ke ba hōlileng feela ba nang le letlotlo le ikhethang la bohlale. (Bapisa le Liproverbia 11:22; Moeklesia 10:1.) Ho e-na le hoo, ba nang le botle bo tšoarellang le bohlale ba sebele ke ba tšepang Jehova ’me ka pelo eohle ba re ka eena: “U Molimo oa ka.”—Pesaleme ea 31:14; Liproverbia 9:10; 16:31.
Ho pota lefatše ho na le letšoele le hōlang la batho ba batle, ba bacha hammoho le ba hōlileng, ba bontšang bohlale ba bona ka ho sebeletsa Molimo le ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka mohlala, nahana ka Sabrina ea lilemo li robeli.
Sabrina o lula Jeremane ’me o sehlopheng sa bobeli. Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova oa pele oa ho ea sekolong seo sa ha habo. Ka bomalimabe, e ile ea e-ba mohlaseluoa oa ho hlapaoloa ke bana bao a kenang sekolo le bona ho fihlela letsatsing leo tichere e ileng ea kōpa barutoana hore ba tle tlelaseng le libuka tseo ba li ratang ka ho fetisisa. Sabrina o ile a etsa qeto ea ho tla le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Le hoja a ne a tšohile, ka la maobane bosiu, o ile a lokisetsa hantle bakeng sa tlelase. Kaha ho ne ho e-na le barutoana ba 26 tlelaseng ea hae, o ile a tseba hore a ka ’na a se ke a ba le nako e ngata. Empa o ne a ikemiselitse hore a se lumelle leha e le mang ho mo kena hanong, ’me o ne a kholisehile hore Jehova o tla mo thusa. Ka letsatsi le khethiloeng, tichere e ile ea botsa hore na ke mang ea tlileng le buka ’me a rata ho ba oa pele ho e hlahisa. Ho makatsang, e ne e le Sabrina feela ea tlileng le buka. O ile a ema ka pel’a tlelase ’me a qala ho bua, a bala a bile a bontša litšoantšo tse bukeng ’me a hlalosa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e moo e thehiloe ka Bibeleng. Ha a qetella o ile a botsa: “Ke bo-mang ba thahasellang ho ba le buka ee?” O ile a neha tichere kopi e ’ngoe, ’me nakong ea matsatsi a seng makae a latelang, o ile a fana ka libuka tse eketsehileng tse leshome ho barutoana-’moho le eena. Mabapi le nehelano ea hae tichere e ile ea hlalosa feela hore: “Ha ke e-s’o bone ntho e tšoanang le ena.” O ile a fa Sabrina limaraka tse kaholimo-limo.
Ha e le hantle, Lipaki tse ngata tse nyenyane ke bahoeletsi ba thabileng ba litaba tse molemo sekolong. Mohlala o mong ke Erika, mohoeletsi ea lilemo li 11 Mexico. O ’nile a rutoa ho rata Jehova ho tloha boseeng. Mosebetsi oa hae oa sekolo oa ikhetha. E ’ngoe ea likabelo tsa hae e kile ea e-ba ho lokisetsa boitsebiso mabapi le AIDS le ho lemalla koae le lino tse tahang. O ile a lokisetsa hantle, a sebelisa makasine oa Tsoha! ’me o ile a fumana limaraka tse phahameng ka ho fetisisa. Tichere ea hae e ile ea ’motsa hore na o fumane boitsebiso boo hokae ’me e ile ea nehoa limakasine tse neng li na le lihlooho tse tšohlang litaba tseo. Hamorao, tichere e ile ea sebelisa limakasine tsena ho buisana le tlelase kaofela ka litaba tseo. Ka lebaka la boitšoaro ba Erika, tlhompho ea hae ho matichere, le limaraka tsa hae tse phahameng, o ile a tšoaneleha bakeng sa ho fumana limpho, mangolo a diploma, le lihlapiso tse lefellang karolo e itseng ea litšenyehelo tsa sekolo. Leha ho le joalo, o ikutloa hore lintho tse khōlō ka ho fetisisa tseo a li finyeletseng e bile hore a itsebahatse e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, a khone ho tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele le ho phahamisa lebitso la Molimo.
Ho boetse ho na le Shannon, moshemane ea lilemo li leshome ea lulang New Zealand. O na le leihlo le le leng feela le bonang; le leng le ile la senngoa ke kankere ha e sa le lesea. Ha Shannon a le lilemo li supileng, ’mè oa hae o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, nako e khutšoanyane ka mor’a hore a qale ho ithuta Bibele, o ile a qala ho lula le monna eo ba sa nyalanang le eena ’me a etsa qeto ea ho khaotsa ho ithuta. Shannon o ile a kōpa hore thuto ea hae ea Bibele e ’ne e tsoele pele. O ile a lumelloa ho khotsofatsa takatso ea hae. Lipaki li ile tsa ’na tsa etela moo, ’me qetellong litho tse tharo tsa lelapa li ile tsa ithuta Bibele ’me tsa etsa khatelo-pele moeeng. Ka mor’a ho nyalana ka molao, ’mè oa Shannon le ntate oa hae oa bobeli ba ile ba kolobetsoa.
Ka letsatsi le leng Shannon le mosali oa molebeli oa potoloho ba ne ba le tšebeletsong ea tšimo hammoho. Mong’a ntlo o ile a botsa Shannon: “Ho etsahetse’ng ka leihlo la hao?” A arabela: “Ke ile ka tšoaroa ke kankere leihlong, ’me la be le tlameha hore le ntšoe. Haufinyane Jehova o tla mpha le lecha Paradeiseng, ’me ke sona seo re tlil’o u bolella ka sona.”