Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 3/1 maq. 4-7
  • Ke Bo-mang Bao e Hlileng e Leng Basebeletsi ba Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Bo-mang Bao e Hlileng e Leng Basebeletsi ba Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lumela Bibeleng
  • Basebeletsi ba ’Nete le Boitšoaro
  • Basebeletsi ba ’Nete ba Ruta Lithuto Tsa ’Nete
  • Litlhokahalo Tsa Mangolo ho Basebeletsi ba ’Nete
  • Na Basali ba Lokela ho Khetheloa Bosebeletsi?
  • Jesu Kreste—Mohlala o Khanyang
  • Ho Thusa ba Hlokang, ba Kulang, le ba Hōlileng
  • Ho Phethahatsa Boprofeta ba Bibele
  • Basebeletsi ba Molimo ke Bo-mang Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Kamoo ho ka Khetholloang Basebeletsi ba ’Nete ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha Ho ba Basebeletsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Basebeletsi ba ’Muso Ba Tobana le Phephetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 3/1 maq. 4-7

Ke Bo-mang Bao e Hlileng e Leng Basebeletsi ba Molimo?

“HORENG ena ea makhaola khang re eletsa masole a rōna a Mak’hatholike hore a phethe tšoanelo ea ’ona ea ho utloa Moeta-pele [Hitler].”—Babishopo ba K’hatholike ba Jeremane, joalokaha ho qotsitsoe ho The New York Times, September 25, 1939.

“Moprista, ua tseba hore sefofaneng sa rōna e mong oa basebetsi ke Mok’hatholike, ’me ua mo hlohonolofatsa pele re ea mesebetsing ea ho ea lihela liqhomane holim’a Jeremane. Joale, bolumeli bo tšoanang ba K’hatholike Jeremane bo ntse bo hlohonolofatsa e mong oa basebetsi eo e leng Mok’hatholike ea sefofaneng sa Jeremane se tlil’o ripitla metse ea rōna. Kahoo potso ea ka ke ena, ‘Molimo o ka lehlakoreng la bafe?’” Ho buile joalo ofisiri ea moeeng ea Lenyesemane, David Walker, ha a buisana le moprista e mong oa K’hatholike nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše.

Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova tse likete-kete li ile tsa qeta lilemo likampong tsa mahloriso tse tšabehang tsa Manazi ka baka la ho hana ho re heil Hitler kapa ho loana mabothong a hae a ntoa. Linaheng tsa Selekane, Lipaki tse ngata li ile tsa kenngoa chankaneng ka baka la ho hana tšebeletso ea sesole.

Basebeletsi ba ’nete ba Molimo ke bo-mang, ’me ke litlhokahalo life tseo ba tlamehang ho li finyella?

Ho Lumela Bibeleng

Ka ho totobetseng mosebeletsi oa ’nete oa Molimo o tlameha ho ba le tumelo e tiileng Bibeleng. Hape o lokela ho e tseba hantle ho lekana hore a ka e ruta ba bang. Empa baruti ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ha ba na litlhokahalo tsena tsa motheo. Ngaka e ’ngoe Afrika Boroa e boletse hore basebeletsi ba Kereke ea Chache, eo e neng e le setho sa eona pele, ba ne ba ‘sebelisa Bibele hanyenyane haholo,’ ’me lithuto li ne li bonahala e le khopolo ea botho ea ’moleli. Hape e ile ea belaela ka baruti ba bang, ba kang Moarekabishopo Tutu oa Cape Town, ka hore ba kenelletse lipolotiking.

Ka lehlakoreng le leng, bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba lumela ka tieo Bibeleng ’me ba qeta nako ea bona e ngata ba ntse ba ithuta eona ba bile ba e hlalosetsa ba bang. Thahasello ea bona Bibeleng le lerato la bona ho eona li tebile haholo hoo ba hlahisitseng phetolelo e etselitsoeng lipatlisiso tse phethahetseng le e nepahetseng haholo e bitsoang New World Translation of the Holy Scriptures, e theiloeng libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tseo ho itšetlehiloeng ka tsona tsa Seheberu, Searame, le Segerike. Reference Edition ea Bibele ena e na le lintlha tse likete-kete tse ngotsoeng botlaaseng ba leqephe le litšupiso bakeng sa ho thusa babali ho utloisisa Bibele hamolemonyana le hore ba khone ho e hlalosetsa ba bang. Ho feta moo, phetolelo ena e tsotehang ea Bibele e fetoletsoe, e felletse kapa e sa fella, ka lipuo tse ling tse 10, ’me likopi tse mashome a limillione li ’nile tsa abjoa lefatšeng ka bophara.

Basebeletsi ba ’Nete le Boitšoaro

Bibele e nyatsa ka matla mekhoa eohle ea sebe sa botona le botšehali—ho akarelletsa bofebe, bohlola, bosodoma, le ho ba le likamano tsa botona le botšehali le liphoofolo. (Levitike 20:10-15; Ba-Roma 1:26, 27; Ba-Galata 5:19) Basebeletsi ba ’nete ba Bakreste ba tšehetsa ka pelo eohle litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro. E, Lipaki tsa Jehova li nka molao oa Molimo ka ho tebileng haholo. Li khaola ba etsang libe tse joalo ba sa bake, empa li hauhela bao kannete ba bakelang liketso tsa boitšoaro bo bobe ’me ba hloekisa bophelo ba bona.—1 Ba-Korinthe 5:11-13; 2 Ba-Korinthe 2:5-8.

Afrika Boroa, Moruti oa Chache oa Cape Town o tlalehoa a itse: “Likamano tse ling tsa batho ba tšoanang ka botona kapa botšehali li molemo ho feta tse ka bapisoang le tsona tse pakeng tsa batho ba batona le ba batšehali ’me ka baka la mofuta oa lerato, ke kholisehile hore li thabisa Molimo haholoanyane.” Hoo hase ’nete ho hang. Molimo o nyonya likamano tse joalo.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Basebeletsi ba ’Nete ba Ruta Lithuto Tsa ’Nete

Basebeletsi ba ’nete ba ruta lithuto tse theiloeng ka ho tiea Lentsoeng la Molimo. Basebeletsi ba bohata ba ruta lithuto tse sa tšehetsoeng ke Bibele kapa tse sa theoang ho eona. Ka mohlala, nahana ka thuto ea Boraro-bo-bong. Joalokaha The Encyclopcedia Britannica (Khatiso ea bo15) e bolela: “Leha e le lentsoe Boraro-bo-bong kapa thuto e hlakileng ea bona ha li hlahe Testamenteng e Ncha, kapa hona hore Jesu le balateli ba hae ba ne ba rerile ho hanyetsa Serapa sa Litemana sa Testamente ea Khale: ‘Utloa, Uena Iseraele: Morena Molimo oa rōna ke Morena a le mong’ (Deut. 6:4).” Boraro-bo-bong ha boa ka ba fetoha thuto ea molao ea kereke ho fihlela lekholong la bone la lilemo C.E. Ha e le hantle, lebaka le leng le ileng la etsa hore Seboka sa Nicaea se qale ho kenya thuto eo ea bohata tšebetsong ka 325 C.E., e ne e le botumo ba hlooho ea ’muso oa Roma Constantine le tšusumetso ea hae.

Thuto ea Boraro-bo-bong e entse hore litho tse ngata tsa likereke, tse batlang ’nete ka botšepehi, li se tsěpe basebeletsi ba tsona. Ho bile joalo ka mosali e mong e monyenyane Afrika Boroa ea neng a sa lumele hore bolumeli ba habo, Kereke ea Dutch Reformed, bo ne bo ruta thuto e ferekanyang joaloka Boraro-bo-bong ho fihlela ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo neha bopaki bo ngotsoeng bo bontšang hore ka sebele ho joalo! ’Muelli e mong oa molao ea hōlileng ea seng a le pencheneng, eo ka ho tšoanang e leng oa Afrika Boroa, o ile a itokolla kerekeng ea habo hobane “lithuto tse fapa-fapaneng tse entsoeng molao tse rutoang likerekeng li fosahetse ka ho felletseng e bile ke tse khelosang.”

Thuto e ’ngoe ea bohata ea Bokreste-’mōtoana ke ea mollo oa lihele. Le hoja e se e sa rutoe ka ho pharalletseng kapa hona ho lumeloa joaloka pele, e sa ntsane e le thuto ea molao ea likereke tse ngata. Likereke tsena li bolela hore lefung ’mele oa shoa empa moea, kaha ha o shoe, o tsoela pele o ntse o phela, ’me ba phetseng bophelo bo khopo ba hlokofatsoa mollong o tukang ka ho sa feleng. Na u lumela seo? Habohlokoa haholoanyane, na ke ’nete? Ha ho joalo ho latela Bibele, e reng: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4, 20) Ho feta moo, moapostola Pauluse ea bululetsoeng o ngotse: “Moputso oa sebe ke lefu”—eseng mollo oa lihele!—Ba-Roma 6:23.

Joale a re ke re hlahlobeng ka hloko tse ling tsa litekanyetso tseo Bakreste ba sebele ba lokelang ho li finyella.

Litlhokahalo Tsa Mangolo ho Basebeletsi ba ’Nete

Lentsoe la Sesotho “mosebeletsi” le fetoletsoe lentsoeng la Segerike “di·aʹko·nos,” leo tšimoloho ea lona e sa tsejoeng hantle. Le bolela motho ea phethang litaelo tsa e mong, haholo-holo mong’a hae. Kahoo, lentsoe leo la Bibele le khetholla mohlanka. Ho sebelisoa ha lentsoe leo ka Bibeleng ho bontša motho ea sa khathaleng ke ho nehelana ka tšebeletso e felletseng ka boikokobetso molemong oa ba bang. Jesu o hatisitse tlhokahalo ea tšebeletso e joalo ea boikokobetso, joalokaha mohlala o latelang o bontša.

Ka letsatsi le leng, nakoana pele ho lefu la Jesu thupeng ea tlhokofatso, ’m’a Jakobo le Johanne o ile a mo atamela ’me a re: “Ak’u re, bara bana ba ka ba babeli ba lule ’musong oa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letšehali.” Barutuoa ba bang ba ile ba khopisoa ke sena. Eaba ka mosa Jesu o ba ruta thuto ea bohlokoa. O ile a ba bokella hammoho ’me a re: “Mang le mang ea ratang ho ba moholo har’a lona, e ke e be mohlanka oa lōna; ’me mang le mang ea ratang ho ba oa pele har’a lōna, e be mofo oa lōna.”—Mattheu 20:20, 21, 24-27.

Ho e ’ngoe ea lipuo tsa hae tse tlalehiloeng tse hahang tsa pontšeng tseo a faneng ka tsona, Jesu o ile a lemosa bamameli ka bangoli le Bafarisi. O ile a boela a supa tse ling tsa liphoso tse pepenene tsa basebeletsi bana ba bohata, ba baikaketsi. O ile a ba hlalosa e le ba ikhohomosang haholo le ba batlang lintho tse ngata le bao ka mehla ba batlang botumo.—Mattheu 23:1-7.

Kajeno, baruti ba bangata, haholo-holo baprista ba Kereke ea K’hatholike ’me, mabakeng a mang, esita le ba Chache, ba batla ho bitsoa “Ntate.” Ka mohlala, moprista e mong oa Kereke ea Chache Mozambique, lilemong tse seng kae tse fetileng ha a botsoa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova hore na ke hobane’ng ha a sebelisa tlotla “Ntate,” o ile a arabela: “Ke motlotlo ka eona!” Hape, hoa tsebahala hore mopapa oa Roma o thabela ho bitsoa “Ntate ea Halalelang”—ho sa tsotellehe taelo ea Jesu ho barutuoa ba hae ea ho “se bitse motho lefatšeng ntat’a lōna, kaha le na le Ntate a le mong, ’me o leholimong.” Jesu o ile a phaella ka molao-motheo ona oa mantlha: “Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa.”—Mattheu 23:9-12, The Jerusalem Bible.

Na Basali ba Lokela ho Khetheloa Bosebeletsi?

Mehleng ea morao tjena, ho bile le keketseho ea lenane la basali ba khetheloang ho sebeletsa e le baruti. Empa Pauluse o ile a laela Timothea: “Ha ke lumelle mosali ho ruta, leha e le ho laola monna.” (1 Timothea 2:12) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore mosali oa Mokreste a ke ke a ruta bana ba hae kapa a ruta sechaba ka kakaretso, empa ha aa lokela ho ruta ka phuthehong.

Joale, na basali ha baa lokela hore le ka mohla ba ka bua libokeng tsa Bokreste? Lipaki tsa Jehova li ithuta makasine ona, Molula-Qhooa, ho se seng sa liboka tsa tsona tsa beke le beke, li sebelisa lihlooho tse nang le lipotso tse serapeng. Mosebeletsi ea khannang thuto, eo ka mehla e bang moena, o supa litho tsa phutheho, ho akarelletsa bo-khaitseli, hore li arabele lipotso tsena. Empa basali bana ha ba rute. Ba mpa ba hlalosa ka mantsoe a bona likhopolo tse sehloohong seo. Esita le bana ba khothalletsoa ho kopanela ho faneng ka likarabelo, ’me hangata litlhaloso tsa bona, tseo hangata e bang tse khutšoanyane le tse bonolo, li opa khomo lenaka—ha re sebelisa polelo e tloaelehileng.

Pauluse o ile a boela a bua tjena mabapi le basali: “’Me ekare ha taba e le teng eo ba ratang ho e tseba, ba e botse banna ba bona hae; hobane ho hobe ha basali ba bua kerekeng.” (1 Ba-Korinthe 14:35) Sena se bolela hore haeba bo-khaitseli ba sa utloisise kapa ba ferekantsoe ke lipolelo tse itseng tse baliloeng kapa tse builoeng nakong ea liboka, ha baa lokela ho phahamisa lintlha tsa ho phehisana khang ka pel’a phutheho. Ho fapana le hoo, ba lokela ho kōpa banna ba bona ho hlakisa litaba ha ba le hae.

Leha ho le joalo, ho na le makhetlo a mang ao ka ’ona basali ba Bakreste ba ka bolellang banna. Lipaki tsa Jehova li qeta nako e ngata li bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka ntlo le ntlo. Ha ’moleli oa mosali a kopana le monna, na o tlameha hore a ikōpele tšoarelo feela ’me a ikele? Le hanyenyane. Ntlheng ena, ha a bolelle phutheho empa o bolella motho a le mong eo e ka ’nang eaba hase molumeli. Ka ho tšoanang, mosebeletsi e motšehali a ka ithuta Bibele le lelapa leo e seng la Bokreste esita le ha ntate a le teng.

Jesu Kreste—Mohlala o Khanyang

Jesu e ne e le mohlala o khanyang oo re tla be re etsa hantle ha re leka ho o etsisa! E ne e le moruti ea molemo ho feta bohle, ’moleli ea molemo ho feta bohle, mosebetsi ea chesehang ka ho fetisisa, le moeletsi ea lerato ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng. Ho latela mehlaleng ea hae ke tokelo e khōlō haholo. Na u leka ho etsa joalo?

Lipaki tsa Jehova tse limillione li etsa sohle se matleng a tsona ho mo etsisa, le hoja li sa phethahala. Mekhoa ea hae e ne e fapane haholo le ea baruti ba bangata kajeno. O ne a sa letse litšepe tsa kereke e be o emela batho hore ba tle ho eena, le hoja ba bangata ba ne ba itlela ka boithatelo. Ho e-na le hoo, o ne a e-ea ho batho ’me a ba ruta malapeng a bona, mapatlelong, lithabeng, le lebōpong la Leoatle la Galilea. Ka linako tse ling o ne a buisana le lihlopha tsa batho ba baloang ka likete, joalokaha ho tšoantšelitsoe tlaase mona.—Mattheu 9:35; 13:36; Luka 8:1.

Ho Thusa ba Hlokang, ba Kulang, le ba Hōlileng

Ho na le batho ba bakae ba joalo kajeno? Ba makholo a limillione. ’Me lenane leo le ntse le phahama ka potlako ha maemo a lefatše a ntse a mpefala ka potlako ’me tsamaiso ea lintho e teng e atamela bofelo ba eona ba ho qetela ntoeng ea Harmagedone. (Tšenolo 16:16) Litlokotsi tse hlahang ka tlhaho, litlala, le mafu a seoa li ntse li ekelletsa holim’a tšenyo le bohloko. Bakreste ba pele le bona ba ne ba lokela ho sebetsana le mathata a joalo. Hoo e ka bang ka 46 C.E., ha Klaude e ne e le hlooho ea ’muso oa Roma, ho ile ha ba le seoa sa tlala. Eaba barutuoa ba etsa joang? “Ba e-ba ntsoe le le leng ho romela baena ba ahileng Judea lithuso, kamoo e mong le e mong a neng a ka ntša kateng.”—Liketso 11:27-30.

Mehleng ea morao tjena, hangata Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa fana ka thuso e khōlō ho ba hlokofatsoang kapa ba hlokang. Haufinyane, ha Mozambique e ne e hlasetsoe ke ntoa ea lehae—e ileng ea fella ka khaello e tšabehang ea lijo, liaparo, meriana, le lintho tse ling tse hlokahalang—Lipaki tsa Jehova tsa baahisani Afrika Boroa li ile tsa phallela baena ba tsona ba mahlomoleng. Lijo tse ngata, liaparo, le lintho tse ling li ile tsa bokelloa ’me tsa romeloa Maputo, motse-moholo, ka literaka tse khōlō.

Ho Phethahatsa Boprofeta ba Bibele

E, kajeno basebeletsi ba ’nete ba Molimo ba na le tokelo e babatsehang ea ho kopanela phethahatsong ea boprofeta ba Bibele. Joang? Ketsahalong e sa lebaleheng ea ha barutuoa ba Jesu ba botsa: “Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo ea boteng ba hao e tla ba efe le ea bofelo ba tsamaiso ea lintho?” o ile a arabela ka hore nakong ea lintoa tsa lefatše, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, le bokhopo, “litaba tsena tse molemo tsa’muso [li ne li tla] boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.” (Mattheu 24:3, 14, NW) Pauluse o behetse basebeletsi bohle ba ’nete mohlala ka ho bolela “ka ntlo le ntlo.”—Liketso 20:20, NW.

Lefatšeng ka bophara Lipaki tsa Jehova li tsebahala ka cheseho ea tsona mosebetsing ona oa boboleli. Mohlomong ka linako tse ling li ’nile tsa etela ha hao. Na u kile ua li mamela ka hloko? Haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha u sa etse joalo lekhetlong le latelang ha li u etela? U ka ’na ua fumana ntho e thabisang e tla u makatsa!

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Ho itšetlehiloe ka setšoantšo sa Lebotho la U.S.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela