U ka Fumana Matlotlo a Bohlokoahali!
MONNA e mong oa morui oa Lenyesemane o ile a botsa: “Na ho na le ntho eo u e bonang?” Setsebi sa mahlale le histori ea Egepeta se ile sa arabela: “E, lintho tse makatsang.” E ne e le ka selemo sa 1922, ’me Howard Carter o ne a sa tsoa nyarela ka lebitleng la Faro Tutankhamen ka Khohlong ea Marena a Egepeta. Mantsoe a Carter a tletse ho thaba le ho makala ha hae:
“Ha mahlo a ka a ntse a tloaelana le khanya, lintho tse ka har’a ntlo eo li ile tsa ’na tsa hlahella butle-butle har’a mouoane, liphoofolo tseo ke qalang ho li bona, liemahale, le gauda—hohle ho ne ho phatsima gauda. Ka nakoana—le hoja ho ba bang ba neng ba e-na le ’na e tlameha e be e ile ea bonahala eka ke lilemo tse sa tsejoeng—ke ne ke hloletsoe hoo ke neng ke sitoa ho bua! . . . Le ka mohla re ne re e-s’o lore ka ntho e kang ena, ntlo e tletseng lintho tse ka bonoang—e bonahala eka ke ntlo e felletseng ea polokelo ea lintho tsa khale.” Carter ha a lumela o ile a ikutloa hore “ke tebello e hlokang boiteko bo boholo . . . ho motho ea batlang letlotlo.”
Tšibollo ena e tlisitse pooaneng matlotlo a matle haholo a ileng a pateha ka lilemo tse ka holimo ho 3 000 tse fetileng. Empa Molimo o batla hore re tsome letlotlo le leholo ka ho fetisisa. Ke mosebetsi oa ho batla o putsang haholoanyane ho feta hōle ho batla ka tsela leha e le efe mabenyane, gauda, kapa silevera. Letlotlo lena le tsongoang ke bohlale ba Molimo, ’me o mong oa melemo ea lona o moholo ka ho fetisisa ke bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3.
Boiteko Boa Hlokahala
Boiteko bo boholo boa hlokahala ho cheka sebaka seo ho sona ho chekoang mesaletsa ea lintho tsa khale. Ha ho bonolo ho cheka thiteng kapa ho theohela bolibeng ho batla letlotlo le patehileng, le tsetelehileng, kapa le tetebetseng. Empa batho bao ka tieo ba batlang letlotlo ka thabo ba etsa boiteko bo joalo. Hangata ba mamella mathata a boima ’me ba feta ka katleho litšitiso tseo ho neng ho bonahala eka ba ke ke ba li hlōla. Na ho batla bohlale ba Molimo ha ho tšoanele boiteko bo boholoanyane le ho feta?
Re ka fumana matlotlo a bohlokoahali haeba re etsa boiteko bo hlokahalang ho ithuta Bibele le likhatiso tsa ’nete tsa Bokreste tse etselitsoeng ho re thusa ho fumana mabenyane a bohlale boo li bo tšetseng. Boiteko bo tsoelang pele ke ba bohlokoa. Re ne re ke ke ra rua haeba re ne re ka qala ho cheka matlotlo a lintho tse bonahalang empa re khaotse ka mor’a hore re thebo-thebole ka holimo feela. Ka ho tšoanang ho ne ho ka ba joalo haeba re ne re ka qala ho cheka matlotlo a moea empa e be ka potlako rea tlohela hobane re nahana hore ho tsoela pele ho ne ho khathatsa haholo. “Bohlale bo tsoang holimo” ke ba bao ba ikitlaetsang ho bo fumana. (Jakobo 3:17) Na u ke ke ua etsa boiteko bo hlokahalang ho fumana matlotlo a bohlokoahali a bohlale ba Molimo?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Sekoahelo le foto e leqepheng la 3: K. Scholz/H. Armstrong Roberts