Mosebetsi o Babatsehang
Lilemo Tse 57 Tsa Bophelo ba Boromuoa
Joalokaha ho boletse Eric Cooke
KHANYENG e fokolang ea meso, ke ne ke itšetlehile ka tsěpe ea sekepana se tšelang leoatle ’me ke talimile ponahalo e lerootho ea moo leholimo le bonahalang eka le kopana le lefatše teng. ’Na le moen’a ka re ne re tlohile Southampton, Engelane, bosiung ba letsatsi le fetileng ’me re ne re leba Saint-Malo, France. Re le bahahlaoli? Che, morero oa rōna e ne e le ho isa molaetsa oa ’Muso oa Molimo France. Ha re fihla Saint-Malo, re ile ra nka libaesekele tsa rōna ’me ra li palama ho leba boroa.
Ka hona ho bile joalo hore ’na le moen’a ka John re lebe mosebetsing oa boromuoa sechabeng sesele nako e ka holimo ho lilemo tse 57 tse fetileng. Ke eng e ileng ea re susumelletsa ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? Ke eng e ileng ea re khannela ho tlohela bophelo bo tsitsitseng ba boiketlo ha habo rōna Engelane?
Se Ileng sa Susumetsa Bophelo ba Rōna
Ka 1922 ’mè oa ka o ile a ea puong ea phatlalatsa “Bafu ba Hokae?” E ile ea mo thabisa ’me ka potlako a fetoha mohlanka ea inehetseng oa Jehova. Empa Ntate ha aa ka a thaba. E ne e le setho sa Kereke ea Chache, ’me ka lilemo o ne a re isa kerekeng ka Sontaha hoseng ha ’Mè a ne a re ruta Bibele motšehare oa mantsiboea.
Ka 1927 John o ne a le lilemo li 14 ’me o ile a qala ho ea libokeng le ’Mè le ho kopanela bopaking ba ntlo le ntlo. Empa ’na ke ne ke khotsofetse ka seo ke leng sona, ke e-na le mosebetsi o motle Bankeng ea Barclay. Empa, ka baka la ho hlompha ’Mè, qetellong ke ile ka ithuta Bibele, hammoho le likhatiso tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Ka mor’a moo, tsoelo-pele moeeng ea e-ba e potlakileng, ’me ka 1930 ka kolobetsoa.
Ha a qeta sekolong ka 1931, John o ile a qala tšebeletso ea nako e tletseng e le pula-maliboho. Ha a etsa tlhahiso ea hore ke ee le eena mosebetsing oa bopula-maliboho, ke ile ka tlohela mosebetsi oa ka oa bankeng ’me ka tsamaea le eena. Boikemisetso ba rōna bo ile ba matlafatsoa ke lebitso la rōna le lecha, Lipaki tsa Jehova, leo re neng re sa tsoa le fumana. Kabelo ea rōna ea pele e ne e le motse oa La Rochelle le tšimo e mathōkong a oona moeling o ka bophirimela oa France.
Ho Bula Maliboho ka Baesekele France
Ha re ntse re tsamaea ka libaesekele ka boroa ho Saint-Malo, re ile ra thabela ho bona lirapa tsa liapole tsa Normandy le ho fofonela monkho oa lero la liapole tse butsoitseng moo li siloang teng. Re ne re sa hlokomele hore lilemo tse 13 hamorao, Ntoeng ea II ea Lefatše, mabopo a leoatle a haufi a Normandy a ne a tla senngoa ke tse ling tsa lintoa tse tšolotseng mali ka ho fetisisa historing; leha e le hore re ne re hlokomela hore tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng e ne e tla nka nako e telele hakaalo. Ka bosoasoi ke ile ka re ho John: “Ke nahana hore re ka khona ho tsoela pele re le bo-pula-maliboho ka lilemo tse hlano. Harmagedone ha e sa le hōle haholo!”
Ka mor’a leeto la matsatsi a mararo ka libaesekele, re ile ra fihla La Rochelle. Ka bobeli re ne re e-na le tsebo e itseng ea Sefora, kahoo ha rea ka ra ba le bothata ba ho fumana ntlo e itekanetseng e nang le thepa. Re tsamaea ka libaesekele tsa rōna, re ile ra koahela metse eohle e neng e le tikolohong e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 20, re aba libuka tsa Bibele. Joale re ne re fallela motseng o mong ’me re etsa se tšoanang. Ho ne ho se Lipaki tse ling karolong eo ea France.
Ka Phupu 1932 Mokhatlo o ile oa romela John, ea neng a ithutile Sepanishe sekolong, ho ea sebeletsa Spain. Ke ile ka tsoela pele ka boroa ho France ’me ka lilemo tse peli ka ba le basebetsi-’mōho ba fapa-fapaneng ba tsoang Engelane. Kaha ho ne ho se kopano e ’ngoe le Lipaki, ho rapela ka mehla le ho ithuta Bibele ho ne ho hlokahala bakeng sa ho boloka matla a rōna a moea. Hape re ne re khutlela Engelane hang ka selemo bakeng sa likopano tsa selemo le selemo.
Ka 1934 re ile ra lelekoa France. Kereke ea Roma e K’hatholike, eo ka nako eo e neng e e-na le tšusumetso e matla, e ne e le eona e ikarabellang. Ho e-na le ho khutlela Engelane, ke ile ka sebetsa le bo-pula-maliboho ba bang ba babeli ba Manyesemane, ’me ra leba Spain—re tsamaea ka libaesekele tsa rōna joaloka mehleng. Bosiung bo bong re ile ra robala tlas’a lihlahla, ka bo bong ra robala holim’a qubu ea furu, empa ka bo bong ra robala lebopong la leoatle. Qetellong re ile ra fihla Barcelona ka leboea-bochabela ho Spain ’me ra sebetsa le John, ea ileng a re amohela.
Phephetso ea Spain
Ho ne ho se liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova Spain ka nako eo. Ka mor’a ho sebetsa Barcelona ka likhoeli tse seng kae, re ile ra ea Tarragona. Ke hona moo re ileng ra qala ho sebelisa phonograph e jaroang le litheipi tsa lipuo tse khutšoanyane tsa Bibele tsa Sepanishe. Li ne li hlile li beha litholoana, haholo-holo mabenkeleng a phetheselang le libakeng tseo ho rekisoang joala ho tsona.
Ha re le Lérida, ho ea ka leboea-bophirimela, re ile ra sebetsa le Paki e ’ngoe e ka thōko, Salvador Sirera. A khothalitsoe ke ho lula ha rōna sebakeng seo, o ile a sebeletsa ka nakoana e le pula-maliboho. Ha re le Huesca, Nemesio Orus o ile a re amohela ka cheseho ntlong ea hae e nyenyane e neng e le ka holim’a lebenkele la motho ea etsang lioache. Ke eena motho oa pele eo re ileng ra mo khannela thuto ea Bibele ea lehae, re sebelisa e ’ngoe ea libukana tsa pele tsa Mokhatlo. Re ne re e tšoara lihora tse ’maloa letsatsi le leng le le leng, ’me ka potlako o ile a sebetsa le rōna e le pula-maliboho.
Motseng o latelang oo re ileng ra o sebetsa, Zaragoza, re ile ra thabela ho thusa Antonio Gargallo le José Romanos, bacha ba babeli ba neng ba se ba batla ba tiile. Bosiu bo bong le bo bong ba ne ba e-tla tlung ea rōna e nyenyane bakeng sa thuto ea Bibele eo re neng re e khanna ka buka Government. Ka mor’a nako, ka bobeli ba ile ba sebetsa le rōna mosebetsing oa bopula-maliboho.
Ho Qosoa ka Hore re Mafasista
Khabareng, ho ne ho ntse ho fehloa khathatso. Ntoa ea Lehae ea Spain e ne e le haufi le ho qhoma, e leng ntoa eo ba makholo a likete ba neng ba tla qetella ba shoele ho eona. Motsaneng o mong o haufi le Zaragoza, ’na le Antonio re ile ra kena mathateng. Ka phoso mosali e mong ea amohetseng libuka tsa rōna o ile a nka hore ke molaetsa o hasoang ke Mak’hatholike ’me a re qosa ka hore re Mafasista. Re ile ra tšoaroa ’me ra isoa motebong ea sepolesa. Sajene a botsa: “Le batla eng motsaneng oo? Mona batho ke makomonisi ’me ha ba rate molaetsa o hasoang ke Mafasista!”
Hoba re hlalose mosebetsi oa rōna, o ile a khotsofala. Ka mosa o ile a re fa lijo tsa motšehare ’me a re eletsa hore re tlohe motsaneng oo ka lenyele nakong ea phomolo ea motšehare oa mantsiboea. Empa ha re tloha, sehlopha sa mahoo-hoo se ne se re emetse. Se ile sa nka libuka tsa rōna kaofela. E ne e le boemo bo tšosang. Leha ho le joalo, re ile ra leboha hore e be sajene o ile a fihla ’me a buisana ka hlompho le sehlopha seo sa mahoo-hoo. O ile a khotsofatsa sehlopha seo ha a ithaopela ho re isa Zaragoza ho ba boholong. Ha re fihla moo o ile a re buella ho ofisiri ea motse, ’me re ile ra lokolloa.
Ka Phupu 1936, ha ntoa ea lehae e qala, Antonio o ile a hana ho loana mabothong a Franco ’me o ile a ahloleloa lefu. E tla ba thabo e kaakang ho ’na le ho John ho mo amohela tsohong le ho boela re bona ho bososela ha hae ho itlelang butle!
Ho Bitsoa Makomonisi Ireland
Pejana ntoa ea lehae a qhoma, ’na le John re ile ra khutlela Engelane bakeng sa phomolo ea rōna e tloaelehileng ea selemo le selemo. Joale ntoa e ile ea re thibela ho khutlela Spain, kahoo re ile ra bula maliboho ka libeke tse ’maloa Kent, haufi le ha habo rōna Broadstairs. Joale ho ile ha tla kabelo ea rōna e latelang—Ireland. Mookameli oa Mokhatlo, Joseph F. Rutherford, o ile a lokisetsa hore re ee moo ’me re abe pampitšana e khethehileng e neng e e na le sehlooho se reng You Have Been Warned. Ho ne ho se liphutheho ka boroa ho Ireland, haese Lipaki tse seng kae feela tse ka thōko.
Lekhetlong lena, ka tlhohlelletso ea baruti ba K’hatholike re ile ra qosoa ka hore re makomonisi—qoso e fapaneng ka ho felletseng le eo re neng re qositsoe ka eona Spain! Ka lekhetlo le leng sehlopha sa Mak’hatholike a halefileng se ile sa ikakhela ka tlung eo re neng re lula ho eona, sa nka mabokose a rōna a libuka, ’me sa a chesa. Re ile ra hlaheloa ke liketsahalo tse tšoanang pele re khutlela Engelane lehlabuleng la 1937.
Ntoa ea II ea Lefatše le ho ea Gileade
Ha ho phatlalatsoa Ntoa ea II ea Lefatše ka Loetse 1939, John o ne a ntse a sebeletsa Bordeaux, France, ’me ke ne ke le molebeli oa phutheho Derby, Engelane. Bo-pula-maliboho ba bang, ho akarelletsa le John, ea neng a boetse a sebetsa le ’na, ba ile ba lokolloa tšebeletsong e tlamang ea sesole, empa ba bang, ba kang ’na, ba ile ba haneloa ka kōpo ea ho lokolloa. Kahoo ke ne ke e-tsoa ke kena chankaneng nakong ea ntoa. Ho ne ho hlokahala mamello bakeng sa ho mamella maemo lichankaneng tseo tsa mehleng ea ntoa, empa re ne re tseba hore baena ba rōna ba Europe ba ne ba hlokofatsoa ho feta moo hōle.
Ka mor’a ntoa mookameli e mocha oa Mokhatlo oa Watch Tower, Nathan H. Knorr, o ile a etela Engelane ’me a lokisetsa hore bo-pula-maliboho ba bang ba ee sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade karolong e ka leboea ea New York, bakeng sa ho koetlisetsoa boromuoa. Kahoo Motšeanong 1946 e ile ea fumana ’na le John re tšela Atlantic ka sekepe se hahiloeng mehleng ea ntoa sa Liberty.
Ruri sehlopha sa borobeli sa Gileade e ne e le sona sa pele sa machaba. E ne e le phihlelo e thabisang hakaakang ho ithuta le ho kopanela le bo-pula-maliboho ba nako e telele thupelong ea likhoeli tse hlano! Qetellong, letsatsi la ho fumana mangolo la fihla, ’me qetellong re ile ra tseba likabelo tsa rōna. Ke ne ke abetsoe ho ea Rhodesia Boroa, eo bona joale a tsejoang e le Zimbabwe, ’me John o ile a romeloa Portugal le Spain.
Tšebeletso ea Boromuoa Afrika
Ke ile ka fihla Cape Town, Afrika Boroa, ka Pulungoana 1947. Sekepana se seng se ile sa tlisa liithuti ’moho le ’na Ian Fergusson le Harry Arnott. Ka potlako Moena Knorr o ile a re etela, ’me ra ea kopanong ea Johannesburg. Joale re ile ra tsoela pele ho leba leboea likabelong tsa rōna—Ian a ea Nyasaland (eo bona joale a leng Malawi), Harry a ea (Rhodesia Leboea (eo bona joale a leng Zambia), ’me ’na ka ea Rhodesia Boroa (Zimbabwe). Ka mor’a nako Mokhatlo o ile oa hloma lekala, ’me ke ile ka khetheloa ho ba molebeli oa lekala. Re ne re e-na le liphutheho tse 117 le bahoeletsi ba ka bang 3 500 ka har’a naha.
Ka pele baromuoa ba bacha ba bane ba ile ba fihla. Ba ne ba lebelletse ho fumana kabelo ea bona e le mekhoro e litsoeng ka mobu, litau li ntse li rora bosiu, linoha li le ka tlas’a bethe, le maemo a mang a mehleng ea khale. Ho e-na le boo, ka lifate tse tletseng lithung-thung tse mathōkong a mebila ea Bulawayo, maemo a tsoetseng pele, le batho ba laba-labelang ho mamela molaetsa oa ’Muso, ba ile ba e bitsa paradeise ea pula-maliboho.
Liphetoho Tsa Botho Tse Peli
Ha ke kolobetsoa ka 1930, ho ne ho e-na le kutloisiso e fokolang mabapi le ba neng ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng. Kahoo ’na hammoho le John re ne re kopanela ho ja litšoantšetso nakong ea Sehopotso, joalokaha e mong le e mong a ne a etsa joalo ka nako eo. Esita le ka 1935, ha “bongata bo boholo ba batho” ba Tšenolo khaolo 7 bo tsebahatsoa e le sehlopha sa lefatšeng sa “linku,” monahano oa rōna ha oa ka oa fetoha. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Joale ka 1952, leqepheng la 63 Molula-Qhooa o ile oa phatlalatsa ka ho hlaka phapang pakeng tsa tšepo ea lefatšeng le tšepo ea leholimo. Re ile ra hlokomela hore re ne re se na tšepo ea bophelo ba leholimo, empa tšepo ea rōna e ne e le ea bophelo lefatšeng la paradeise.—Esaia 11:6-9; Mattheu 5:5; Tšenolo 21:3, 4.
Phetoho e ’ngoe? Lerato la ka le ne le ntse le hōla ho Myrtle Taylor, ea neng a sebelitse le rōna ka lilemo tse tharo. Ha ho hlaka hore le eena o ne a ikutloa ka tsela e tšoanang ka ’na le hore ka bobeli re ne re ananela ka ho teba tšebeletso ea boromuoa, ke ile ka mo lebeletsa ’me ra nyalana ka Phupu 1955. Myrtle o ipakile e le mosali ea tšehetsang haholo.
Tšebeletso Afrika Boroa
Ka 1959 Moena Knorr o ile a etela Rhodesia Boroa, eaba ’na le Myrtle re fuoa kabelo e ’ngoe ea ho ea Afrika Boroa. Ka mor’a nakoana re le kabelong ea ka re ile ra qala ho tsamaea ka mosebetsi oa potoloho. Ao e ne e le matsatsi a monate ka ho fetisisa. Empa ke ne ke ntse ke hōla, ’me bophelo ba Myrtle bo ne bo re tšoentse ka tsela e itseng. Ka mor’a nakoana re ne re se re sitoa ho lula mosebetsing oa potoloho, kahoo re ile ra hloma lehae la baromuoa Cape Town ’me ra sebeletsa moo ka lilemo tse ’maloa. Hamorao, re ile ra fuoa kabelo e ’ngoe ea ho ea Durban, Natala.
Mono kabelo ea rōna e ile ea e-ba Chatsworth, tšimo e khōlō ea Maindia. Ena e ne e le kabelo sechabeng sesele ka har’a kabelo sechabeng sesele—phephetso ea sebele ho rōna baromuoa ba seng ba hōlile. Ha re fihla ka Tlhakola 1978, ho ne ho e-na le phutheho ea Lipaki tse 96, boholo e le Maindia. Re ne re lokela ho ithuta monahano oa bolumeli oa batho ba Mahindu le ho utloisisa meetlo ea bona. Katamelo e sebelisitsoeng ke moapostola Pauluse ha a paka Athene e ile ea sebeletsa e le mohlala o re thusang haholo.—Liketso 17:16-34.
Mahlohonolo a Tšebeletso ea Boromuoa
Joale ke se ke le lilemo li 78, ke qetile lilemo tse 57 tšebeletsong ea boromuoa. Ho khothatsa hakaakang ho bona keketseho e hlollang linaheng tseo ke sebelelitseng ho tsona! France e finyelletse baboleli ba ’Muso ba 100 000, Spain e na le ba fetang 70 000, ’me Afrika Boroa e bile le keketseho ho tloha ho ba 15 000 ha re ne re fihla ho ea ho ba fetang 43 000.
Bacha, na maemo a lōna a le lumella ho kena tšebeletsong ea nako a tletseng? Haeba ho joalo, nka le tiisetsa hore ke mosebetsi o molemo ka ho fetisisa. Hase feela hore ke tšireletso mathateng le litekong tse hlaselang bacha kajeno empa e ka fetola botho ba lōna hore bo lumellane le melao-motheo e lokileng ea Jehova. Ho sebeletsa Jehova hona joale ke molemo le tokelo e kaakang bakeng sa bacha le ba hōlileng!
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Moeti o tla kicheneng ea liahelo tsa Myrtle Cooke