‘Ho Thabile Bohle ba Lulang ba Letetse Jehova’
JOALOKAHA HO BOLETSE DOMENICK PICCONE
Batsoali ba ka ba ile ba tloha Italy ba fallela United States nakong ea lilemo tse qalang tsa bo-1920 ’me qetellong ba lula Philadelphia Boroa, eo ka nako eo e neng e tsejoa e le Italy e Nyenyane. Ka 1927 ba ne ba kopanela le Liithuti tsa Bibele, tseo hamorao li ileng tsa tsejoa e le Lipaki tsa Jehova.
KE HLAHILE ka 1929 ’me ka hona ke ile ka pepesetsoa ’nete ea Bibele ho tloha boseeng. Ke sa hopola hore Lipaki li ne li kopana lapeng pele li e-tsoa ho ea bolela litoropong tseo baahi ba tsona e neng e le batšehetsi ba tšepahalang ba Roma e K’hatholike sebakeng seo ho rafshoang mashala ho sona Pennsylvania, moo baena ba ileng ba tšoaroa ka makhetlo a mangata. Ke ile ka kolobetsoa ka 1941 kopanong ea Lipaki tsa Jehova e neng e le St. Louis, Missouri. Joale lintho li ile tsa qala ho senyeha.
Ke ile ka qala ho tloaelana le bacha ba sa rateheng ba sebakeng seo ke lulang ho sona ’me ka qala ho tsuba le ho becha lihukung tsa seterata. Ka lehlohonolo, batsoali ba ka ba ile ba hlokomela hore ke ne ke e-tsoa taolong ea bona ’me ba etsa qeto ea ho fallela sebakeng se seng motseng oo. Ke ne ke sa thaba, kaha ke ne ke lahlehetsoe ke metsoalle eo ke neng ke tloaelane le eona ea seterateng. Leha ho le joalo, kajeno ha ke hetla morao ke leboha ntate haholo. O ile a etsa sehlabelo sa sebele sa lichelete ho ’ntša maemong ao. Le hoja pele a ne a tsamaea ka maoto ha a ea mosebetsing, joale o ne a se a tlameha ho tsamaea sebaka se selelele ka terene. Empa khato ena e ile ea nkhutlisetsa tikolohong ea puso ea Molimo.
Peō ea Boromuoa ea Jaloa
Hoo e batlang e le selemo se seng le se seng, re ne re etela Lansing Boroa, New York, ho ea ba teng kabong ea mangolo a boromuoa ea Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. Ho bona baromuoa bao ba romeloa lefatšeng ka bophara ho ile ha jala takatso ea tšebeletso ea boromuoa pelong ea ka. Ka hona, ka mor’a ho qeta sekolong se phahameng, ke ile ka ngolisa joaloka mosebeletsi oa pula-maliboho ea ka mehla, ho qala ka May 1947.
Pula-maliboho e ’ngoe e nyenyane phuthehong ea rōna e ne e le Elsa Schwarz, ’me o ne a chesehela mosebetsi oa boboleli haholo. Ka linako tsohle batsoali ba hae ba ne ba ’nile ba mo khothalletsa ho ba moromuoa, kahoo u ka iketsetsa qeto ka se ileng sa etsahala. Re ile ra nyalana ka 1951. Ha re ntse re sebeletsa ’moho re le bo-pula-maliboho Pennsylvania, re ile ra etsa kōpo ea ho ea sekolong sa boromuoa sa Gileade. Ka 1953 re ile ra memeloa ho ea sehlopheng sa bo23 sa Gileade. Ka mor’a thuto e matla ea likhoeli tse hlano le tokisetso Gileade, re ile ra fuoa mangolo kopanong Toronto, Canada, ’me ra fuoa kabelo ea rōna—Spain!
Mathata Spain
Ha re ntse re itokisetsa ho leba kabelong ea rōna ea boromuoa ka 1955, ’na le Elsa re ne re e-na le lipotso tse ngata. Spain! Ebe ho tla ba joang moo? Sechaba seo se ne se le tlas’a puso ea mohatelli oa Mok’hatholike, Molaoli e Moholo oa Sesole Francisco Franco, ’me mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o thibetsoe. Re ne re tla tsoella joang tlas’a maemo a joalo?
Baena ba neng ba le ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn ba ne ba ile ba re lemosa hore Frederick Franz, eo ka nako eo e neng e le motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, le Alvaro Berecochea, moromuoa ea tsoang Argentina, ba ne ba tšoeroe, hammoho le baena ba bang ba bangata. Ho ne ho hlophisitsoe kopano ea sekhukhu ka har’a lifate haufi le Barcelona. Leha ho le joalo, mapolesa a ne a tsebile ka pokano ena ea sekhukhu ’me a ne a se a tšoere ba bangata har’a ba neng ba le teng.a
Re ne re ile ra bolelloa hore mohlomong ha ho ea tla re khahlametsa ha re fihla Barcelona. Litaelo tseo re neng re li filoe li ne li re: “Batlang bolulo hoteleng, e be le tsebisa Mokhatlo New York aterese ea hotele eo.” Re ile ra lula re hopotse mantsoe a Esaia: “Ho thabile bohle ba lulang ba letetse [Jehova]. ’Me litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe le hlahang ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona, lōna batho.’” (Esaia 30:18, 21, NW) Re ne re tlamehile ho lula re letetse Jehova le ho latela tataiso ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.
Re ile ra salisa batsoali ba rōna hantle le metsoalle e neng e tlile New York ho tla re lakaletsa leeto le monate, ’me hang ka mor’a moo sekepe sa rōna, Saturnia, se ile sa sesa ho theosa le Nōka ea Hudson se lebile Leoatleng la Atlantic. Leo e bile lekhetlo la ho qetela ke bona ntate. Lilemo tse peli hamorao, ha ke ntse ke le linaheng lisele, o ile a hlokahala ka mor’a ho kula ho holelele.
Qetellong re ile ra fihla kabelong ea rōna, motseng o nang le kou ea likepe oa Barcelona. E ne e le letsatsi le tepelletsang, pula e e-na, empa ha re feta malibohong, re ile ra bona ‘khanya e kang ea letsatsi’ ea lifahleho tse bososelang ka thabo. Alvaro Berecochea, hammoho le baena ba bang ba Masepanishe, ba ne ba tlil’o re khahlanyetsa. Ka sebele re ile ra thabela ho tseba hore baena ba rōna ba ne ba lokollotsoe.
Joale e ne e le nako ea hore re ithute Sepanishe. Mehleng eo baromuoa ba ne ba tlameha ho ithuta lipuo ka tsela e thata—ba se na libuka le matichere. Ho ne ho se na lithupelo tsa ho ithuta puo ka nako eo. Re ne re tlameha ho finyella tlhokahalo ea lihora mosebetsing oa boboleli ’me ka nako e tšoanang re ithute puo hona ha re ntse re bolela.
Ho Bolela Tlas’a Khatello ea K’hatholike
Ka nako eo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ne o sa le qalong ea ’ona Spain. Ka 1955 ho ne ho e-na le tlhōrō ea bahoeletsi ba 366 naheng ea batho ba ka bang limillione tse 28. Ho ne ho e-na le liphutheho tse leshome feela naheng eohle. Na boemo bo ne bo tla lula bo le joalo ka nako e telele? Hang ha ’na le mosali oa ka re qala ho bolela ka ntlo le ntlo, re ile ra fumana hore Spain e ne eka paradeise ho ba hasang litaba tse molemo. E, batho ba ne ba lapetse ’nete.
Empa mosebetsi oa boboleli o ne o etsoa joang, kaha o ne o thibetsoe? Hangata re ne re sa etele ntlo e ’ngoe le e ’ngoe seterateng, ’me re ne re sa etele likamore tsohle mohahong o le mong. Barcelona e entsoe ka mehaho e mengata e nang le mekato e mehlano le e tšeletseng, ’me re ne re laetsoe hore re qale ka mokato o ka holimo-limo ebe joale re bolela ho batho ba likamoreng tse mekatong e ka tlaase. Mohlomong re ne re tla kena kamoreng e le ’ngoe mokatong ka mong kapa esita le ho tlōla mekato e ’maloa. Mokhoa ona o ile oa etsa hore ho be thata haholo ho mapolesa ho re tšoara haeba mong’a ntlo e mong ea hanyetsang ka ho fetelletseng a ne a ka tsebisa mapolesa ka rōna.
Liboka tsa phutheho li ne li tšoareloa malapeng a baena, liphutheho li ne li entsoe ka lihlopha tse tharo kapa tse ’nè tsa thuto ea buka. Sena se ne se nolofalletsa mohlanka oa phutheho ho etela e le ’ngoe ea lithuto tsena tsa buka hang ka khoeli. Motsamaisi oa thuto ea buka o ne a ikarabella bakeng sa ho tsamaisa liboka tsohle, tse tšoaroang ka masiu a mabeli a fapaneng a beke bakeng sa lihlotšoana tsa batho ba ka bang 10 ho ea ho ba 20.
Re ile ra tlameha ho ithuta mokhoa o mocha oa bophelo. Ka nako eo ho ne ho se na litokisetso tsa lehae la baromuoa Spain. Ha ho ne ho khoneha, re ne re lula le baena malapeng a bona. Ho ithuta ho pheha ka setofo sa mashala e ne e le phephetso e khōlō ho Elsa! Qetellong re ile ra atleha ho reka setofo sa parafini, seo e ileng ea e-ba ntlafatso ea sebele.
Mahloriso le ho Lelekoa
Ka mor’a nakoana re ile ra utloa hore leqhubu la mahloriso le ne le qalehile Andalusia, moo pula-maliboho ea khethehileng a neng a tšoeroe. Ka bomalimabe, o ne a nkile bukana ea ho ngolla lintlha e neng e e-na le mabitso le liaterese tsa baena ba leng likarolong tsohle tsa naha. Re ile ra tsoela pele ho amohela litlaleho tsa hore baena ba rōna ba ne ba ntse ba tšoaroa metseng ka ho latellana. Litlhaselo li ne li ntse li atamela Barcelona. Qetellong, mahloriso a ile a fihla Barcelona.
Likhoeling tse ’maloa pejana, mapolesa a ne a ile a nkisa ntlo-khōlō ea ’ona bakeng sa ho ntlhoma lipotso. Ka mor’a lihora tse ’maloa a ile a ntokolla, ’me ke ile ka nahana hore taba e felletse moo. Joale ba Boemeli ba Amerika ba ile ba teana le ’na ’me ba etsa tlhahiso ea hore e le hore ke qobe lihlong tsa ho lelekoa, ke lokela ho tloha naheng eo ka boithaopo. Nakoana ka mor’a moo, mapolesa a ile a re bolella hore re tlameha ho tsoa ka har’a naha pele matsatsi a leshome a fela. Kaha re ne re se na nako ea ho ngolla Mokhatlo oa Watch Tower, re ne re tla etsa joang? Maemo a ile a bonahala a supa hore re lokela ho ea tšimong e haufinyane ea baromuoa e ka ntle ho Spain—Portugal, ho ella ka bophirima.
Kabelo e ’Ngoe, Puo e ’Ngoe
Hang ha re fihla Lisbon, Portugal, ka July 1957, re ile ra abeloa ho sebeletsa joaloka baromuoa Porto, motse o tsebahalang o ka leboea ho Lisbon. O ne o nkoa e le motse-moholo oa bobeli oa naha, ’me o ne o le sebakeng se tummeng ka liveine tse monate. Phutheho e hōlang e ne e tšoara liboka tsa eona kamoreng e ka tlaase-tlaase ea mohaho o mong toropong. Le Portugal mosebetsi oa boboleli o ne o thibetsoe, kaha naha eo e ne e le tlas’a puso ea bohatelli ea Salazar. Leha ho le joalo, maemo a ne a fapane ka ho felletseng le a Spain. Liboka li ne li tšoareloa malapeng a baena, ’me lihlopha tsa ba 40 ho ea ho ba 60 li ne li ba teng. Ho ne ho se na sesupo sa hore mahae e ne e le libaka tsa liboka tsa Lipaki tsa Jehova. Esita le hoja ke ne ke sa bue Sepotoketsi, ke ile ka khetheloa ho ba mohlanka oa phutheho. Re ile ra boela ra ithuta puo e ncha ka tsela e boima.
Hoo e ka bang selemo hamorao, re ile ra abeloa ho ea Lisbon. Mona, ka lekhetlo la pele, re ile ra ba le sebaka sa bolulo seo e leng sa rōna, ntlo e hlahelletseng motseng oa Lisbon. Re ile ra abeloa ho hlokomela potoloho—Rephabliki eohle ea Portugal. Ha re fihla Portugal, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 305 feela le liphutheho tse hlano.
Ho Qaleha Nako ea Bothata
Ho tse ling tsa limmapa tse bontšang Portugal le likolone tsa eona, ho ne ho e-na le polelo e reng: “Le ka mohla letsatsi ha le likele sebakeng se busoang ke Portugal.” Hona e ne e le ’nete, kaha Portugal e ne e e-na le likolone likarolong tse ngata tsa lefatše, tse khōlō ka ho fetisisa ho tsona e le Mozambique le Angola tse Afrika. Ka 1961 ho ile ha bonahala eka mathata aa qaleha likoloneng tsena, ’me Portugal e ile ea bona tlhokahalo ea ho eketsa mabotho a eona a sesole.
Joale, baena ba bacha lilemong ba ne ba tla etsa joang ha ba bitsetsoa tšebeletsong ea sesole? Ba bang ba ile ba lokolloa ka lebaka la ho se phele hantle, empa ba bangata ba ile ba nka khato e tiileng bakeng sa ho se nke lehlakore ha Bokreste. Hang-hang ho ile ha qaleha leqhubu le matla la mahloriso. Lekala le ile la amohela litlaleho tse bolelang hore bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ne ba ntse ba tšoaroa ’me ba shapuoa hampe ke mapolesa a sekhukhu, P.I.D.E (Polícia Internacional e Defesa do Estado) e tummeng hampe. Ba bang ba baromuoa ba ile ba bitsetsoa ntlo-khōlō ea sepolesa bakeng sa ho ea hlongoa lipotso. Joale, banyalani ba tšeletseng ba ile ba fuoa matsatsi a 30 hore ba tsoe ka har’a naha. Kaofela ha rōna re ile ra ipiletsa ho bolaoli hore bo fetole qeto eo.
Ka ho latellana banyalani ba baromuoa ba ile ba bitsetsoa ntlo-khōlō ea sepolesa bakeng sa ho hlongoa lipotso ke motsamaisi oa P.I.D.E. Pele, mohlanka oa lekala, Eric Britten le mosali oa hae, Christina, ba ile ba hlongoa lipotso. Ha ntoo latela Eric Beveridge le mosali oa hae, Hazel, ’me qetellong ’na le Elsa re ile ra hlongoa lipotso. Ka bohata mookameli oa sepolesa o ile a re qosa ka hore re sebelisoa ke Makomonisi ho tsoa lefatše la Bophirima tlaase ka lithuto tsa rōna tsa ho se nke lehlakore. Boipiletso ba rōna e ile ea e-ba ba lefeela.
Ho ne ho le bohloko hakaakang ho siea baena le bo-khaitseli ba 1 200 ba neng ba feta tlas’a linako tse thata ka lebaka la puso e thata ea mohatelli ea manganga! Ha ba ha Beveridge ba ea Spain le ba ha Britten ba khutlela Engelane, kabelo ea rōna e hlahlamang e ne e tla ba efe? Naha ea Morocco ea Mamosleme!
Ho Bolela Naheng ea Morocco ea Mamosleme
Lekhetlong lena ka ho tšoanang, re ne re lutse re letetse Jehova. Kabelo e ncha, mekhoa e mecha, le lipuo tse ncha! Searabia, Sefora, le Sepanishe e ne e le lipuo tse khōlō tsa ’Muso oa Morocco, moo ho neng ho e-na le Lipaki tse 234 liphuthehong tse robeli. Bolumeli ba sehlooho ba naha e ne e le Islam, ’me ho sokolla Mamosleme e ne e le tlōlo ea molao. Kahoo re ne re ka bolela feela ho sechaba sa Maeurope ao eseng Mamosleme.
Hang hoba baromuoa ba qale ho fihla bofelong ba bo-1950, keketseho e ile ea bonahala. Empa ’Muso oa Morocco o ile oa qala ho hatella sechaba sa Maeurope ’me batho ba bangata ba tsoang linaheng lisele ba ile ba falla, ho kopanyelletsa baena ba bangata.
Ha batho bao e neng e se Mamosleme bao re neng re sebetsa har’a bona ba fokotseha, re ile ra fumana ho hlokahala ho fumana litsela tse bohlale tsa ho buisana le Mamosleme, ’me sena se ile sa etsa hore ho be le lipelaelo tse isoang sepoleseng. Ha lipelaelo li ntse li eketseha Tangier le metseng e meng, qetellong re ile ra bolelloa hore re fuoe matsatsi a 30 feela hore re tsoe ka har’a naha. Ka May 1969, ’na le Elsa re ile ra lelekoa kabelong e ’ngoe hape.
Kabelo ea Nakoana?
Re ile ra bolelloa hore re khutlele Brooklyn, ’me ke ile ka memeloa ho ba teng sebokeng sa bahlanka ba lekala se neng se tšoeroe lehlabuleng leo. Ha ke ntse ke le moo, ke ile ka tsebisoa hore kabelo ea rōna e ncha e tla ba El Salvador, Amerika Bohareng, le hore ke ne ke tla sebeletsa teng joaloka mohlanka oa lekala. Ke ile ka ithuta hore ho ne ho ka etsahala hore ke be moo ka lilemo tse ka bang hlano, e leng nako e telele ka ho fetisisa eo baromuoa ba neng ba lumelletsoe ho e qeta naheng eo, kaha mosebetsi oa rōna o ne o sa ngolisoa ka molao moo.
El Salvador—kabelo e thabisang hakaakang! Ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 1 290, ho kopanyelletsa le bo-pula-maliboho ba 114 ba tlalehang khoeli le khoeli. Batho ba ne ba tšaba Molimo, ba rata Bibele, ’me ba na le moea oa ho amohela baeti. Hoo e ka bang ntlong e ’ngoe le e ’ngoe, ba ne ba re memela hore re kene ka tlung ’me re buisane le bona. Ka nakoana e khutšoaane, re ne re se re e-na le lithuto tse ngata tsa Bibele.
Ha re sheba keketseho le tlhokahalo e khōlō e moo, re ile ra ikutloa re soabisoa ke hore e be re ne re tla tlameha ho tloha kabelong ena ka mor’a lilemo tse hlano feela. Kahoo ho ile ha etsoa qeto ea hore re lokela ho leka ho etsa hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ngolisoe ka molao. Re ile ra nehelana ka lipampiri ’musong ka December 1971, ’me ka April 26, 1972, re ile ra thabela ho bala koranteng ea ’muso, Diario Oficial, hore kōpo ea rōna e amohetsoe. Ho ne ho se ho sa hlokahale hore baromuoa ba tsamaee ka mor’a lilemo tse hlano empa ba ne ba ka fumana tumello ea ho lula naheng eo ka nako e sa lekanyetsoang.
Liteko le Mahlohonolo
Ho theosa le lilemo likabelong tsa rōna tse fapa-fapaneng, re bile le metsoalle e mengata e molemo ’me re ’nile ra bona litholoana tsa tšebeletso ea rōna. Elsa o ile a ba le phihlelo e monate San Salvador le tichere le monna oa eona oa lesole. E mong oa metsoalle ea tichere ena le eena o ile a thahasella ’nete. Qalong monna o ne a sa bonahatse thahasello Bibeleng; ho sa tsotellehe hoo, re ile ra mo etela ha a ne a le sepetlele, ’me o ile a bontša botsoalle. Qetellong o ile a ithuta Bibele, a tlohela mosebetsi oa hae oa bosole, ’me a qala ho bolela hammoho le rōna.
Nakong eona eo, mosali e mong o ile a fihla Holong ea ’Muso ’me a botsa Elsa hore na ke eena ea neng a ithuta le monna eo pele e neng e le lesole. Ho ile ha fumaneha hore e ne e le nyatsi ea lesole leo! Le eena o ne a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Kopanong ea setereke, monna eo pele e neng e le lesole, le mosali oa hae, le motsoalle oa mosali oa hae, le mosali eo pele e neng e le nyatsi ea hae kaofela ba ile ba kolobetsoa!
Keketseho El Salvador
Ka lebaka la keketseho e khōlō, ho hahiloe Liholo tse ngata tsa ’Muso, ’me hona joale naha eo e na le Lipaki tse mafolo-folo tse ka holimo ho 18 000. Leha ho le joalo, khatelo-pele ena ha ea ba teng ka ntle ho liteko le mathata. Ka lilemo tse leshome, baena ba ile ba tlameha ho etsa thato ea Jehova har’a ntoa ea lehae. Empa ba ile ba boloka ho se nke lehlakore ha bona ’me ba lula ba tšepahala ’Musong oa Jehova.
Bobeli ba rōna, ’na le Elsa re bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse 85. Re fumane hore ha re lula re letetse Jehova ’me re mamela ‘lentsoe le hlahang ka morao le reng, “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona, lōna batho,”’ ha ho mohla re tla soabisoa. Ka sebele re thabetse bophelo bo khotsofatsang le bo putsang joaloka bahlanka ba Jehova ba nako e tletseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo felletseng, bona 1978 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 177-9.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Kopano e neng e tšoaretsoe ka morung Spain, ka 1956
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Re ne re tloaetse ho bolela har’a batho bao eseng Mamosleme Morocco
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Lekala la El Salvador, kabelo ea rōna hona joale