Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 4/1 leq. 31
  • Lerato le Kopanya Malapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato le Kopanya Malapa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hong Kong
  • Brithani
  • Pacific Boroa
  • “Molimo ha O Ee ka Tšobotsi”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Rua Molemo Tataisong eo Jehova a Fanang ka Eona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 4/1 leq. 31

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Lerato le Kopanya Malapa

BONNGOE ba lelapa bo ka finyelloa feela ha lenyalo le theiloe leratong le se nang boithati. Lerato le joalo le tsoa ho Jehova, Molimo oa lerato, kahoo ke tholoana ea moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23; 1 Johanne 4:8) Liphihlelo tse latelang li bontša kamoo lerato le theiloeng tsebong ea Bibele le kopantseng malapa kateng.

Hong Kong

◻ Pula-maliboho e mong Hong Kong o ile a qala thuto ea lehae ea Bibele le mosali e mong le barali ba hae ba babeli. Monna o ile a bolela ho tšoenyeha ha hae ka hore e ka ’na eaba mosali o kenella sehlopheng sa bolumeli sa bokhelohi. Pula-maliboho o ile a etsa tlhahiso ho mosali hore a memele monna oa hae ho ba teng thutong ’me a iketsetse qeto ka boeena, e leng seo a ileng a se etsa. Khabareng, mosali o ile a qala ho ba teng libokeng, empa o ne a e-na le bothata ba ho koetlisa bana ba hae. Ka mehla o ne a omanya e moholo ’me a bokotsa e monyenyane. Joale ho ile ha tsebahala hore eena le monna oa hae ba ne ba e-na le mathata. Hangata liqabang tsa bona li ne li fella ka pefo, ’me ka makhetlo a ’maloa ho ile ha lokela hore ho bitsoe mapolesa. Pula-maliboho o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo le matla ho ba ruta kamoo ba ka bonahatsang lerato la bomolimo lenyalong la bona. Ka potlako litsela tsa khale le mekhoa ea khale tsa qala ho fetoha. Ka bobeli ba qala ho ba teng libokeng ka mehla, ’me ka lapeng ha tlala moea o thabileng haholoanyane. Monna o ile a khaotsa ho tsuba ’me joale o ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Joale mosali e se e le mohoeletsi ea kolobelitsoeng.

Bonngoe ba lelapa bo ile ba finyelloa ka ho bontša lerato, tholoana ea moea oa Molimo.

Brithani

◻ Phihlelo e tsoang Brithani e bontša kamoo Jehova a hlohonolofatsang monna ea bontšang lerato, tiisetso, le mamello ha a sebelisana le mosali oa hae. Ha monna a kena linneteng lilemong tse 12 tse fetileng, khanyetso e mabifi ea mosali oa hae e ile ea khannela mosali hore a fumane tlhalo ka molao. Leha ho le joalo, monna o ile a tsoela pele ho ’montša mosa, a tiisa hore o hlokomelehile hantle ka chelete, ka mehla a mo etsetsa mesebetsi e fokolang lapeng. Ho sa tsotellehe khanyetso eo mosali a neng a e-na le eona pele, ka mor’a lilemo tse ’nè monna o ile a etsa qeto ea ho bua ka ’nete hape ho eena. Ha a etsa tlhahiso ea hore khaitseli e mong a ithute Bibele le eena, mosali o ile a lumela, e leng ho ileng ha mo makatsa haholo. Qetellong mosali o ile a emela ’nete ’me a kolobetsoa. Ha ho mohla monna a kileng a khaotsa ho mo rata, ’me ha a se a pakile hore o ithuetse ’nete, monna o ile a mo kōpa hore ba nyalane hape. Mosali o ne a thabile, kaha le ka mohla a ne a sa lebella hore monna a ka etsa sena ha a hopola kamoo a neng a ile a itšoara hampe kateng pele. Ba nyalane hape ka thabo ka lilemo tse ka bang robeli joale, ’me ka bobeli ba tsoela pele hantle ’neteng.

Pacific Boroa

◻ Lilemong tse fetang 20 tse fetileng, mohlankana e mong sehleke-hlekeng se Tuvalu ka Boroa ho Pacific o ile a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower a kōpa libuka. Ho ne ho se na Lipaki sehleke-hlekeng seo ka nako eo. Leha ho le joalo, o ile a ipalla libuka ka boeena ’me a hlokomela hona e le ’nete. Leha ho le joalo, mosali oa hae o ile a hanyetsa tumelo ea hae e ncha hampe-mpe, kahoo monna a e tlohela.

Haufinyane tjena, ha libuka li fumaneha ka Setuvalu, mosali o ile a ba le tse ling tsa libuka ’me o ne a khona ho ipalla tsona. Joale a hlokomela ’nete ’me a ipelaetsa ho monna oa hae: “Lilemo tsena kaofela o bile le leseli, empa ha ua ka ua le phahamisa. Ke hobane’ng ha bonyane u sa ka ua ntlhalosetsa lebaka la hore u lumela hore Lipaki li ne li nepile?” Joale ba kopane ’neteng ea Bibele, banyalani bana ba qalile ho kopanela le Lipaki.

Ha barali ba bona ba babeli, ba neng ba ntse ba kena sekolo Fiji, ba khutlela hae, batsoali ba bona ba ba tsebisa ka qeto ea bona ea ho ba Lipaki tsa Jehova. Ba khothaletsa banana bana hore ba kopanele le bona thutong ea Bibele, empa ho makaleng ha bona, ba fumana hore banana bana ba ne ba se ba ntse ba e-ea libokeng Fiji. Ka thabo lelapa le ile la amohela ’nete hammoho, ’me ntate, ’mè, le e mong oa barali ba fetohile baboleli ba ’Muso.

Ke thabo e kaakang ho bona kamoo ’nete ea Bibele le lerato li kopanyang malapa lefatšeng lohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela