Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 4/15 leq. 3
  • Bolumeli ba Bohata bo Iketsa Seotsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolumeli ba Bohata bo Iketsa Seotsoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bootsoa ba Moea bo Bobe le ho Feta
  • “Ke Tla Felisa Botekatse ba Hao”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Ke Hobane’ng ha e le Bothata bo Hōlang?
    Tsoha!—2003
  • Ho Ahlola Seotsoa se Tummeng Hampe
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • “Tlōlo ea Molao e Sehlōhō ka ho Fetisisa”
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 4/15 leq. 3

Bolumeli ba Bohata bo Iketsa Seotsoa

1. Ba bangata ba ’nile ba talima bootsoa joang?

BATHO ba bang ba o bitsa mosebetsi oa khale ka ho fetisisa—oa ho ba seotsoa, letekatse, kapa lehure. Kamoo a sebelisoang kateng ka tloaelo, mantsoe ana kaofela a na le moelelo o tšoanang, a bolela mosali ea itšoereng hampe ea rekisetsang banna ’mele oa hae. Empa, ho bile le nako eo ka eona sena se neng se talingoa e le pitso e hlomphehang!

2, 3. Karolo e neng e phethoa ke baprista ba basali Babylona ea boholo-holo e ne e fapane joang le molao oa Jehova ho Iseraele mabapi le botekatse ba banna le ba basali?

2 Ha a bua ka boprista ba Babylona ea boholo-holo, Moprofesa S. H. Hooke, eo e leng setsebi sa ho epolla lintho tsa khale tse amanang le Bibele, o boletse: “Boprista bo ne bo sa lekanyetsoa ho banna, empa basali e ne e le karolo ea basebetsi ba litempele tse khōlō. Ho ne ho talingoa e le tlotla ho ba e mong oa sehlopha sa baprista ba basali, ’me re utloa ka marena a ’maloa a neng a nehela barali ba ’ona pitsong ea boprista. . . . Mosebetsi oa bona oa bohlokoahali e ne e le ho sebeletsa e le matekatse a halalelang meketeng e meholo ea linako tsa selemo. . . . Tempele ea Ishtare [molimotsana oa kemolo le ntoa], joalokaha ho ka lebelloa, e ne e e-na le basebetsi ba bangata ba joalo ba basali.”

3 Sena se ne se fapane ka ho felletseng le borapeli boo sechaba sa Iseraele se neng se lokela ho bo fa Jehova Molimo. Ka ho hlaka Molao o ne o bolela: “Ho se be le ea mong oa barali ba Iseraele ea ka fetohang letekatse la tempele, leha e le hore mang kapa mang oa bara ba Iseraele a ka fetoha letekatse la tempele [ea etsang bosodoma]. U se ke ua tlisa moputso oa seotsoa kapa theko ea ntja ka tlung ea Jehova Molimo oa hao bakeng sa kano efe kapa efe, hobane ke ntho e manyala ho Jehova Molimo oa hao.” (Deuteronoma 23:17, 18, NW) Kahoo, moputso oa seotsoa o ne o ke ke oa amoheloa e le monehelo sehalalelong sa Molimo. Esita le bootsoa bo sa amaneng le bolumeli ka tsela leha e le efe bo ne bo nyeliseha. Baiseraele ba ile ba laeloa: “U se ke ua senya morali oa hao ka ho mo neela bootsoa, e se re naha ea senngoa ke bohlola, ’me ea tlala bobe.” Melao e thibelang botekatse le bosodoma, bo hlalosoang e le “ntho e manyala,” e ne e le tšireletso ho sechaba, moeeng le ’meleng.—Levitike 19:29; 20:13.

Bootsoa ba Moea bo Bobe le ho Feta

4. Mofuta o mobe ka ho fetisisa oa bootsoa ke ofe?

4 Leha ho le joalo, ho ea ka pono ea litaba ea Molimo, ho na le mofuta oa botekatse o mobe le ho feta—bootsoa ba moea, kapa hore motho a bolele hore o rapela Molimo oa ’nete empa ha e le hantle a rapela a bile a rata melimo e meng. Jerusalema ea boholo-holo e ile ea hatela pele botekatseng ba eona. E ile ea fana ka limpho ho lichaba tseo tse neng li entse bohlola ba moea le eona, ea silafatsa borapeli ba ’nete.—Ezekiele 16:34.

5, 6. Ke bo-mang ba etsang bootsoa ba moea lekholong lee la bo20 la lilemo, ’me hoo ho lebisa lipotsong life?

5 Esita le lekholong lena la bo20 la lilemo, bootsoa ba moea bo tloaelehile tsamaisong ea bolumeli ba lefatše. Bokreste-’mōtoana ke karolo e hlahelletseng ka ho fetisisa ea tsamaiso eo—tsamaiso eo Bibele e e bitsang “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.”—Tšenolo 17:5.

6 Empa qetello ea Babylona e Moholo e tla ba efe? ’Me phello eo ea ho qetela e tla u ama joang hammoho le baratuoa ba hao? Haeba Molimo o ile oa fa liotsoa kahlolo e bohale Iseraeleng ea boholo-holo, o tla etsa joang ka bootsoa ba moea ba kajeno? Lihlooho tse latelang li tla hlahloba lipotso tseo le tse amanang le tsona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela