Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 7/15 maq. 21-23
  • ‘Empa ha ke Rate Jehova!’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Empa ha ke Rate Jehova!’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pelo, Letsoalo, le Tumelo
  • Ho Hlaphoheloa ho ka Finyelloa
  • Kamoo ba Bang ba ka Thusang
  • E-ba le Pelo e Ratoang ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Batla Jehova ka Pelo e Itokisitseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Sireletsa Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 7/15 maq. 21-23

‘Empa ha ke Rate Jehova!’

BOB e ne e sa le moshanyana feela ha ’m’ae a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka lilemo tse ’maloa, o ne a ea le eena Holong ea ’Muso esita le mosebetsing oa ho bolela, le hoja ho se mohla a kileng a kolobetsoa. Leha ho le joalo, nakong ea ha a fihla lilemong tsa bocha, o ile a khaotsa ho kopanela le Lipaki. O ile a kena tseleng e fosahetseng ’me a qaputsa boemong bo bong bo bobe ho ea ho bo bong, a harasoanya bophelo ba hae. Le hoja a ntse a bolela hore o lumela lintho tse ngata tseo a ithutileng tsona ka Bibeleng, sena ha sea lekana ho etsa hore a batle ho khutlela mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Ke hobane’ng ha Bob a ikutloa ka tsela ee?

Nahana ka mohlala o mong. David e ne e bile mosebeletsi oa nako e tletseng ka lilemo tse ngata. Ka linako tse ling, kelellong ea hae ho ne ho hlaha lipotso tse mabapi le lithuto tse itseng tsa Bibele. Empa ka mehla o ne a rarolla mathata ka ho nahana hore joalokaha ho rarolloa papali ea likotoana tse nyenyane tse lokelang ho kopanngoa ho etsa setšoantšo, motho a ke ke a tlohela hobane feela sekotoana se le seng kapa tse peli li bonahala li sa nyalane qalong. O ne a khotsofalletse ho emela tlhakisetso e tsoang ho Jehova. Empa kae-kae tseleng, David o ile a bolela hore o ne a se a sa khone ho ikhotsofatsa ka tsela eo. Ka ho itokolla litokelong tsa hae tsa tšebeletso, ka potlako o ile a furalla ’nete. Ke eng e ileng ea fetola monahano oa hae?

Ka sebele, ho otla pelo ho bona batho bao re ba ratang ba tlohela peiso ea bophelo. Ntle le pelaelo, re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ba thusa. (2 Ba-Korinthe 12:15, NW; Ba-Galata 5:7) Empa ke eng e hlileng e etsang hore motho a oe ’neteng? Ho ka etsoa eng ho thusa motho ea joalo hore a khutlele peisong? ’Me motho o lokela ho etsa eng haeba litšekamelo tse joalo li qala ho hōla ka hare ho eena?

Pelo, Letsoalo, le Tumelo

Ho na le ntho e ’ngoe e lokelang ho hlokomeloa mabapi le ba tlohetseng ’nete. Boholo ba bona ha ba etse joalo hobane ba se ba sa lumele hore ke ’nete. Ho fapana le hoo, ba bangata ho bona ba re, “Kea tseba hore sena ke ’nete, empa . . . ” kapa, “Haeba ’nete e teng, kea tseba hore ke eona ena.” Botebong ba lipelo tsa bona, ba bangata ho bona ba ntse ba lumela hore seo ba ithutileng sona Bibeleng ke ’nete. Empa ka tsela e itseng ba khoehlisitse matsoho a bona ’me ba lahlehetsoe ke cheseho ea bona. Jakobo o itse: “Tumelo ha e se na mesebetsi e shoele.”—Jakobo 2:26.

Tumelo ea ’nete e akarelletsa ho fetang feela ho ba le tsebo kapa ho lumela hore ntho e itseng ke ’nete. Ho fapana le hore e be tšebetso ea kelello feela, tumelo e akarelletsa pelo ea tšoantšetso, hobane Bibele ea re bolella: “Motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng.” (Ba-Roma 10:10) Joale, ka ho utloahalang Bibele e supa pelo e le mohloli oa bothata ha motho a qala ho kheloha. Ho joalokaha Pauluse a lemositse: “Banab’eso, hlokomelang, ka ho tšaba hore ka ho ofe kapa ofe oa lōna ho ka hōla pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho ikhulela thōko le Molimo o phelang.”—Ba-Heberu 3:12, NW.

Ho fumana bopaki ba hore pelo e ameha ka ho teba, re ka ’na ra mamela Diane, ea neng a se a oele. Ha Bakreste ’moho ba leka ho mo thusa, ka ho toba o ile a arabela, “Nke ke ka khutlela ho Jehova. Ha ke mo rate!” O ne a tseba hore ntho feela e neng e tla mo thusa ho lula a le haufi le Jehova Molimo ke ho mo rata joaloka Motho le Ea tšoaneloang ke borapeli ba hae. Ha e le hantle, ke lerato la mofuta ona le ileng la mo susumelletsa ho nehelana ka bophelo ba hae ho Jehova ho tloha qalong. Empa ka tsela e itseng o ne a ikutloa a se a se na lerato leo. Ka ntle ho lona, o ne a tseba hore o ne a tla be a ikaketsa feela haeba a ne a ka khutla. Empa motho o lahleheloa ke lerato leo pele a neng a e-na le lona ka ho tebileng joang?

Koana, Pauluse o buile ka “pelo e khopo e hlokang tumelo.” Maemong a mang, ho hloka tumelo ho joalo ke phello ea ho lumella pelo ho lakatsa seo Jehova Molimo a se thibetseng kapa ho hanyetsa seo a se laelang. Ka ho etsa joalo pelo e fetoha e arohileng ’me ha e sa felletse ho Jehova. Joale, ha motho a e-ba le boikutlo ba hore Molimo ha o khahlisoe ke tsela eo a e nkileng, tsela e bobebe ea ho qoba khohlano e eketsehileng ke ho ‘ikhulela thōko le Molimo o phelang.’ (Bapisa Genese 3:8-10.) Ho e-na le ho baka, “pelo e khopo” e susumelletsa motho ho hlakola Jehova le morero oa hae bophelong ba hae. Ka hona motho ea hlokang tumelo o tlohela ’nete.

Maemong a mang, ho fapana le ho hlokofatsoa ke ho longoa ke letsoalo ka baka la tsela e itseng, motho o lumella pelo ea hae hore ka mano e mo susumelletse ho balehela monahanong oa barutehi ka ho belaela, ho fumana liphoso, kapa esita le bokoenehi. Haeba a ka ikholisa hore motheo oohle oa tumelo ea hae o fosahetse, ha a sa ikutloa a e-na le tlameho ea ho phela ka har’a meeli ea eona. Batho ba joalo ba lahla letsoalo le letle ’me ‘tumelo ea bona e senyeha joale ka sekepe ha se timela.’—1 Timothea 1:19.

Ho totobetse hore motho a ka ’na a tlohela ’nete ka lebaka le leng le fapaneng. Empa ho sa tsotellehe hore na ke lefe, e batla e le ka mehla le ntseng le akarelletsa pelo. Ka baka lena, ka sebele keletso ena e nakong: “Boloka [“lebela,” NW] pelo ea hao ka ho fetisisa, hobane ke eona mehloli ea bophelo.”—Liproverbia 4:23.

Ho Hlaphoheloa ho ka Finyelloa

Ho lumela hore litšekamelo tsa rōna tse fosahetseng e bile tsona motso oa ho lahleheloa ke tumelo ho hloka sebete. Empa ho etsa joalo ke mohato oa pele oa ho bula tsela ea rōna ea ho khutlela kamanong e tiileng le Jehova. Phihlelo ea Steve, pula-maliboho e mong Engelane, e bontša ntlha ena hantle.

Le hoja ho se mohla Steve a kileng a oa ’neteng, ka nako e ’ngoe o ile a qala ho ikutloa a sa khotsofala a bile a hloka kholiseho. Ha a bolella ba bang, mantsoe a hae a ne a utloahala a se na ’nete litsebeng tsa hae ka boeena. Ha Steve a ne a le har’a baena le bo-khaitseli ba hae ba moea, o ne a ikutloa e le mokhelo, joalokaha eka e ne e se e mong oa bona.

Ka thabo Steve o ile a hlokomela hore bothata bo ne bo le ho eena. Steve oa hopola: “Ha kea ka ka etsa phoso ea ho itšehla thajana e le hore nka inahanela lintho, joalokaha eka ho ne ho e-na le mohloli o itseng oa pululelo ka hare ho nama e sa phethahalang o neng o tla fana ka likarabelo tse nepahetseng.” (Bapisa Ba-Roma 7:18.) Ho fapana le hoo, o ile a hlokomela hore o tlameha ho hlahloba pelo ea hae le ho fothola litakatso tse thetsang tse mo suthisetsang hōle le ’nete. Ka ho qala hona motsong, o ile a sebeletsa ho tiisa lerato la hae hape ho Molimo le tumelo Lentsoeng la Oona. Kajeno, Steve o sebeletsa ka thabo e le moromuoa.

Kamoo ba Bang ba ka Thusang

Hase e mong le e mong ea lahlehetsoeng kapa ea ntseng a lahleheloa ke ho khomarela ’nete ea bonang lintho ka ho hlaka joalokaha Steve a ne a li bona ka ho hlaka. Ha e le hantle, hangata ke ho lahleheloa ke pono ea moea e hlakileng tjena ho etsang hore motho a qetelle a oele. Mona ke hona moo Bakreste ’moho ba ka thusang. (Ba-Roma 15:1; Ba-Galata 6:1) Empa ke joang see se ka etsoang ka tsela e molemohali?

Ka ho hlakileng, ho mema kapa ho khothalletsa motho ea joalo ho khutla ha hoa lekana. Ho hlokahala hore litšitiso li fumanoe ’me li tlosoe. Ho tlameha ho etsoe boiteko bo tla ipiletsa pelong ea motho ea seng a fokola kapa ea khathetseng. Lipuisano tse tobang taba, tse tlohang pelong, empa e le tse mosa, li ka ’na tsa thusa motho eo. Ho sebelisa mangolo a kang 1 Timothea 1:19, Ba-Heberu 3:12, le Jeremia 17:9, 10 ho ka ’na ha mo thusa ho hlahlobisisa se ka pelong ea hae le ho bona se etsang hore a ‘ikhulele thōko le Molimo o phelang.’

Hang ha lisosa li fumanoe, ho tlameha ho etsoe boiteko ba ho sebetsana le tsona. Pelo ea nama e kulang e hloka tlhokomelo ’me mohlomong le ho buuoa ho bohloko hore mokuli a tle a phele. Hoa tšoana le ka pelo ea tšoantšetso e kulang. Litakatso tse fosahetseng, litšekamelo tsa ho itaola, kapa mabaka a mang a etsang hore pelo e tsoe tseleng li tlameha ho tlosoa hore e tle e boele e arabele. Bakreste ba mafolo-folo ba ka ’na ba rapela hammoho le motho ea khathetseng, esita le ho ithuta Bibele le eena haeba baholo ba talima sena se le bohlale. Ke feela ka litsela tse joalo pelo e ka tsosolosoang ’me motho a boela a rata Jehova.—Liproverbia 2:1-5.

Sena e bile ’nete ntlheng ea Diane. Ho buisana le Bakreste ba hōlileng moeeng ho ile ha mo thusa ho hlokomela seo ho neng ho hlokahala hore a se etse e le hore a tsosolose lerato la hae ho Jehova. Ka ho hlokomela hore o ne a lokela ho tseba Jehova ka tsela e haufi-ufi hape, Diane o ile a amohela thuso eo a e fuoang. Ka mor’a ho ithuta Bibele hoo e ka bang selemo, eena le monna oa hae ba ile ba boela ba fetoha barorisi ba mafolo-folo ba Jehova.

Kaha lerato le akarelletsa ketso, hangata ho etsa seo Jehova a se bolelang le ho latsoa thuso ea hae e lerato ke hona ho ipakang ho sebetsa ho feta tsohle. E, mafolo-folo a thusa motho hore a boele a fumane lerato le kileng la susumetsa pelo ea hae. (Pesaleme ea 34:8) Sena se ka ’na sa qala ka ho nka mehato e matla ea ho loantša litakatso tse fosahetseng kapa ho lokisa litšekamelo tse sa lokang tsa pelo. Tlhōlo e ’ngoe le e ’ngoe ntoeng ena ke mohato o mong oa ho ba haufi le ho khutlisetsa pelo ho Jehova. (Liproverbia 23:26; 1 Petrose 2:1-3) Ha pelo e hapiloe, takatso ea ho arolelana se ka har’a eona le ba bang ea hōla. Kahoo, hang ha batho bao e kileng ea e-ba bahoeletsi ba ’Muso ba tšoaneleha, ba lokela ho thusoa ho kopanela mosebetsing oa boboleli, “hobane motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.”—Ba-Roma 10:10.

Bakeng sa batho leha e le bafe ba ikutloang hore ha ba sa rata Jehova, ’mila oa ho khutlela bophelong ba bomolimo o ka ’na oa e-ba molelele ’me ha e-ba thata ho tsamaea ho oona. Empa, ho hlaphoheloa moeeng ha Steve le Diane ke bopaki ba hore pelo e ka fetoloa. E, ho tsosolosoa ho ka finyelloa ka tšebetso ea moea oa Jehova, ho sebelisa Lentsoe la hae, le ho tsosolosa tšebelisano-’moho le mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae. Rea tšepa ebile re rapela ka tieo hore batho ba joalo ba ka thusoa hore ba nyakalle hape borapeling ba Jehova le tšebeletsong e halalelang joaloka ba ratang Jehova ka pelo eohle.—Mareka 12:30; 1 Ba-Korinthe 13:8; 3 Johanne 1-4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela