Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 11/15 maq. 21-23
  • ‘A ho Felisoe ba se Nang Molimo!’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘A ho Felisoe ba se Nang Molimo!’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Polycarp Qalong
  • O Phahamisa ’Nete ea Motheo
  • Mosebetsi oa Hae Smyrna
  • Ba se Nang Molimo ke Bo-mang?
  • Ho Loanela ho ba Bahlōli
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Bo-ntate Baapostola—Na ba ne ba Hlile ba Iphaphatha le Lithuto Tsa Baapostola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ‘Ho ba Khahlanong le Hoo ka Bohata ho Bitsoang Tsebo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ba Bangata ba Bolela Hore ba na le Tumelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 11/15 maq. 21-23

‘A ho Felisoe ba se Nang Molimo!’

MATŠOELE a ne a mo talima e le ea se nang Molimo, monna ea batlang ho nyahamisa batho borapeling le ho timetsa melimo ea bona. A nyelisitsoe a bile a nyenyefalitsoe, o ile a tlisoa ka pel’a ’ona pontšeng moo batho ba phuthehileng teng. Ha ’musisi a botsa, monna ea hlomphehang ea lilemo li 86 o ile a fetela ka pele ’me a ipolela hore na ke mang. Lebitso la hae e ne e le Polycarp.

’Musisi oa setereke oa Moroma Statius Quadratus o ile a tsoela pele ka mantsoe ana: “Hlapanya ka bohlale bo phahameng ba Cesare; fetola maikutlo a hao ’me u re, ‘A ho felisoe ba sa lumeleng ho Molimo!’” Joale Polycarp o ile a talima letšoele le leholo la bahedene ba se nang molao le tletseng lebala la lipapali. A supile ho lona, a feheloa, a talima leholimong, ’me a re: “A ho fele ba sa lumeleng ho Molimo!” Ka sebele, ‘A ho felisoe ba se nang Molimo!’

Joale ’musi oa setereke o ile a bua ka potlako e kholoanyane, a re: “Etsa kano ’me ke tla u lokolla; rohaka Kreste.” Empa Polycarp a arabela: “Ke Mo sebelelitse ka lilemo tse mashome a robeli a metso e tšeletseng, ’me ha A e-s’o nketse letho le fosahetseng. Ke joang nka nyefolang Morena oa ka ea mpholositseng?”

Joale ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore monna eo ea hōlileng a bolaoe. Nama ea hae e ne e lokela ho chesoa ka mollo. Hobane’ng? Hantle Polycarp e ne e le mang? ’Me ke liketsahalo life tse ileng tsa lebisa lefung la hae?

Bophelo ba Polycarp Qalong

Polycarp o ne a hlahe ka 69 C.E. a hlahela Asia Minor, Smyrna (motse oa kajeno oa Maturkey, Izmir). Ho tlalehoa hore o ile a hōlisoa ke batsoali ba Bakreste. Ha a hōlile e se e le mohlomphehi ea hlahelletseng, Polycarp o ne a tsebahala ka ho fana, ho itela, ho tšoara ba bang ka mosa, le ho ithuta Mangolo ka matla. Ka mor’a nako o ile a fetoha molebeli ka phuthehong ea Smyrna.

Ho ’nile ha tlalehoa hore lilemong tsa hae tse qalang, Polycarp o ile a sebelisa hamolemo menyetla ea ho ithuta ka ho toba ho ba bang ba baapostola. Ho bonahala eka moapostola Johanne e ne e le e mong oa matichere a hae. Ha e le hantle, Irenaeus o tlaleha hore Polycarp “ha aa ka a rutoa ke baapostola feela, le ho ba le kamano le ba bangata ba neng ba bone Kreste, empa hape o ile a khetheloa Asia ke baapostola, kerekeng e Smyrna e le molebeli.” Re ka inahanela thabo le khotsofalo eo Polycarp a neng a e fumana setsoalleng se hahang joalo. E tlameha e be se ile sa mo thusa ho itlhomella bakeng sa kabelo ea hae joaloka molebeli ka phuthehong.—Liketso 20:28, NW; 1 Petrose 5:1-4.

O Phahamisa ’Nete ea Motheo

Bolebeli ba Polycarp phuthehong bo qalile lilemong tse tletseng phephetso tsa bokoenehi bo neng bo boletsoe esale pele. (2 Ba-Thessalonika 2:1-3) Ho bonahala eka o ne a ikemiselitse ho itella ba bang. Ka hona, ha Ignatius oa Antioke, Syria, tseleng ea hae ea ho ea shoela tumelo Roma, a kōpa Bafilippi ho romela lengolo phuthehong ea habo, Polycarp oa Smyrna o ile a bona hore le fihla moo. Ka nako eo o ile a romela Bafilippi lengolo la hae ka boeena.

Lengolong la Polycarp le eang ho Bafilippi, re fumana ho netefatsoa linnete tse ling tsa Mangolo. O arola Molimo le Kreste, Ntate le Mora, ’me o re ke “ka thato ea Molimo ka Jesu Kreste” re fumanang pholoho. Polycarp o lemosa ka lerato la chelete ’me o hopotsa ba balang litaba tsa hae hore lihlola le banna ba robalang le banna ba bang ba ke ke ba ja lefa la ’Muso oa Molimo. (Bapisa le 1 Timothea 6:10; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10.) O boetse o akarelletsa khothatso ho basali hore ba rate banna ba bona le hore baholo ba be le “qenehelo le mohau.” Bohle ba phehelloa ho “chesehela ho phehella se molemo.” Qetellong, Polycarp oa ipiletsa: “E se eka Molimo le Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, le Jesu Kreste ka Boeena, eo e leng Mora oa Molimo, le Moprista e Moholo oa rōna ea sa feleng, ba ka le haha tumelong le ’neteng, le bonolong bohle, moseng, mamellong, tiisetsong, boitšoarong, le bohloeking.”

Polycarp o ne a qotsa Mangolo haholo. Lengolong la hae le eang ho Bafilippi, o ile a supa ho Mattheu, Liketso, Ba-Roma, 1 Ba-Korinthe, 2 Ba-Korinthe, Ba-Galata, Ba-Efese, 2 Ba-Thessalonika, 1 Timothea, 1 Petrose, ’me mohlomong le likarolo tse ling tsa Mangolo. Sena se re bontša hore bonyane ba bang ba neng ba ipolela e le Bakreste ba ne ba batla ho khomarela melao-motheo ea Mangolo nakong e thata e ileng ea latela lefu la baapostola.

Mosebetsi oa Hae Smyrna

Smyrna, motse oa boholo-holo o neng o le meeling ea Asia Minor, e ne e le setsi sa khoebo se phetheselang le se atlehileng. Hape e ne e le setsi sa borapeli ba Naha. Ka mohlala, lihlooho tsa ’muso oa Roma li ne li bontšoa ka mokhoa o hlahelletseng e le melimo licheleteng tsa tšepe le mengolong. Lifilosofi tsa bolumeli tsa bahedene li ne li phahamisoa ke ba boholong ’musong.

Ka ho hlakileng, ba ’maloa ba neng ba kopanela phuthehong ea Smyrna ba ne ba futsanehile linthong tse bonahalang. Empa ka nako e ’ngoe, ba ile ba babatsoa ka ho ba ba ruileng moeeng. E tlameha e be e ile ea e-ba ho khothatsang hakaakang ho Bakreste ba Smyrna ho utloa mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ke moapostola Johanne! Kreste o ile a bua tjena ho “lengeloi,” kapa balebeli ba tlotsitsoeng, la Smyrna: “Ke tseba mesebetsi ea hao, le matšoenyeho a hao, le bofutsana ba hao, leha u mpa u le morui; ke tseba le linyefolo tsa ba ipitsang ba-Jode, athe hase bona, empa e le synagoge ea Satane. U se ke ua tšaba letho la tseo u tlang ho tšoenngoa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ea kenya ba bang ho lōna teronkong, hore le lekoe; ’me le tla ba le matšoenyeho a matsatsi a leshome. U tiee ho isa lefung, ’me ke tla u fa moqhaka oa bophelo.”—Tšenolo 2:8-10.

Ha ho pelaelo hore moruo leha e le ofe oa moea oo e ka ’nang eaba o ’nile oa tsoela pele ho ba teng har’a ba ipolelang e le Bakreste Smyrna o ne o amana ka ho toba le bolebeli bo botle ba baholo ba phutheho. Mehla eo e ne e le ea qhoebeshano ea bolumeli e tletseng merusu, ’me litho tsa phutheho li ne li sebeletsa har’a litumelo le litsamaiso tsa bolumeli tse loantšanang. Tšimo eo li neng li paka ho eona e ne e tletse mekhoa ea bodemona, e akarelletsang boloi le bolepi ba linaleli, ka hona e ne e le moea oa ho hloka Molimo.

Ho phaella ho bora ba baahi ba bahedene ho ne ho e-na le lehloeo le matla le neng le bontšoa ke Bajode. Ho tlalehoa hore ha Polycarp a shoa lefu la boshoela tumelo ka la 23 Tlhakola, 155 C.E., Bajode ba tletseng cheseho ea bohlanya ba ile ba thusa ho bokella patsi. Ba ile ba etsa sena le hoja polao e ile ea etsoa ka letsatsi le leholo la Sabbatha!

Ba se Nang Molimo ke Bo-mang?

Polycarp o ne a rerile ho lula Smyrna le ho talimana le kotsi ha lira tsa hae li tlil’o mo lata. Empa ka ho qophelloa ke ba bang, o ile a ipata tšimong e haufi le moo. Ha ho tsebahala moo a teng, o ile a hana ho tloha hape e le hore a qobe ba mo tsomang a mpa a re: “A ho phethoe thato ea Molimo.”

Ha a kena lebaleng la lipapali, Polycarp o ile a ema ka pel’a ’musisi le letšoele le leholo, le ferekaneng. Ha ’musisi a qophella ho mo phehella ho senola tlhompho ea borapeli ho Cesare, Polycarp o ile a re pepenene: “Ke Mokreste . . . Haeba u batla ho tseba se boleloang ke Bokreste, u lokela hore feela u bolele letsatsi ’me u mamele taba ea ka.” ’Musisi a arabela: “U ka leka ho beha taba ea hao ho letšoele lena.” Empa Polycarp a re: “Ke uena eo ke ileng ka nahana hore ho ka ’na ha e-ba molemo ho bua ka eona le eena, hobane re rutiloe ho fana ka tlhompho eohle e loketseng ho babusi le ba boholong . . . hafeela re sa sekisetse.” Nakoana ka mor’a moo Polycarp o ile a chesoa ho isa lefung kahobane a ne a ke ke a latola Jesu Kreste.

Boemo ba Polycarp joaloka Mokreste ke ho hong hoo e leng Molimo feela o ka etsang qeto ka hona. Ho thoe’ng kajeno? Bongata bo boholo ba Bakreste ba ’nete le bona bo ke ke ba latola Kreste. Ho fapana le hoo, bo phatlalatsa hore ke Morena oa Molimo oa Bomessia ea behiloeng teroneng leholimong. Lipaki tsena tsa Jehova le tsona li bontša hore re haufi le ho bona phethahatso ea mantsoe a boprofeta a Jesu mabapi le ‘mahlomola a maholo,’ ketsahalo eo e tla ba tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa eo lefatše le tla ke le e tsebe. Leha ho le joalo, sena ha se bolele ho fela ha batho empa se bolela ho fela ha bokhopo. Ho pholoha ho ka finyelloa ho kena lefatšeng le lecha le lokileng la khotso le boiketlo.—Mattheu 24:13, 21, 34; 2 Petrose 3:13.

Ke mang ea neng a ka khetha ho loantša manģosa a litaba tse thabisang joalo? Ke feela bao kannete ba se nang Molimo, esita le haeba ba e-na le “sebopeho sa borapeli.” (2 Timothea 3:5) Lithuto tsa bohata tsa bolumeli li foufalitse likelello tsa ba bang, ’me ba bangata ba ‘khomarela meea e thetsang le lithuto tsa bademona.’ (1 Timothea 4:1) Bakreste ba mehleng ea kajeno ba ’nile ba hlokofatsoa matsohong a ba se nang Molimo, ba bang ho fihlela lefung. Empa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang le ka mohla ba ke ke ba lahleheloa ke moputso oa bona, hobane qetellong ba tla fumana mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng. Khabareng, baboleli bana ba tšepahalang ba ’Muso oa Molimo ba lula e le babuelli ba tiileng ba ’nete ea Mangolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela