Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 12/1 maq. 3-4
  • Ba Bangata ba Bolela Hore ba na le Tumelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Bangata ba Bolela Hore ba na le Tumelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebitso la Jesu Kajeno
  • Lebitso le Isang Tumelong ea ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • ‘A ho Felisoe ba se Nang Molimo!’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lebitso la Jehova le Bolela’ng ho Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolela’ng ho Rona?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 12/1 maq. 3-4

Ba Bangata ba Bolela Hore ba na le Tumelo

MOSALI e mong oa molumeli, Brazil, o ile a khotsa: “Jesu ke ea makatsang! Ka sebele ke ea babatsehang!” Ke ’nete hore ha ho letho le latolang matla a lebitso la Jesu. Ho theosa le histori, batho ba ’nile ba ithaopela ho utloisoa bohloko le ho mo shoela.

Moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ile ba bolela ‘motheong oa lebitso la Jesu,’ Jerusalema. Ka ho etsa joalo, ba ile ba tšoaroa ’me ba shapuoa. Leha ho le joalo ba ile ba “tloha ka pel’a Sanhedrine, ba thabile hobane ba ne ba nkiloe e le ba tšoaneloang ke ho hlompholloa ka lebaka la lebitso la hae.”—Liketso 5:28, 41.

Antipase e bile Mokreste e mong oa lekholong la pele la lilemo ea ileng a hlompha lebitso la Jesu. Bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, Jesu o bua ka eena e le “paki ea ka, ea tšepahalang, ea ileng a bolaoa haufi le lōna, moo Satane a lulang teng.” (Tšenolo 2:13) Hammoho le Bakreste ba bang ba Pergame, Antipase o ile a hana ho latola tumelo ea hae ho Kreste. Antipase o ile a itšoarella ka tieo lebitsong la Jesu ho isa bohōleng ba ho lahleheloa ke bophelo ba hae!

Lilemo tse ka bang mashome a mahlano hamorao, ka 155 C.E., e mong ea ipolelang e le Mokreste ea bitsoang Polycarp o ile a tobana le teko e tšoanang ha a ne a laeloa hore a hlapaole Kreste. O ile a arabela ka hore: “Ke mo sebelelitse ka lilemo tse 86, ha Aa ka a nketsa letho le lebe. Nka nyefola Morena oa ka ea mpolokileng joang?” Ka lebaka la ho hana ho latola Kreste, Polycarp o ile a chesetsoa thupeng.

Baapostola, Antipase le ba bang ba ne ba ikemiselitse ho tiisa bopaki ba bona ka ho shoela Kreste! Ho thoe’ng ka batho ba kajeno?

Lebitso la Jesu Kajeno

Lebitso la Jesu le ntse le tsoela pele ho tsosa maikutlo a matla. Latin America, keketseho ea lenane la likereke tse ipolelang hore li lumela ho Jesu e ’nile ea fihla boemong bo holimo ka ho fetisisa mashomeng a lilemo a sa tsoa feta. Esita le metsana e menyenyane ka ho fetisisa e na le kereke ea Pentekonta. Ka nako e tšoanang, tšusumetso ea likereke tseo lipolotiking ea eketseha. Ka mohlala, litulo tse 31 ka Lekhotleng la Sechaba le ka Ntlong ea Senate, Brazil, li nkiloe ke litho tsa likereke tsena.

Jesu o boetse o ka sehloohong mokhatlong o mocha oa bolumeli, United States. Balateli ba oona ba ipitsa Baboloki ba Tšepiso. Ka 1997, makasine ea Time e ile ea tlaleha hore lenane la ba bang teng libokeng tsa bona le eketsehile ho tloha ho 4200 ka 1991 ho ea ho limilione tse 1,1 ka 1996. Se seng sa lifela tsa bona se re: “Tlhōlo e ho Jesu, ’Moloki oa ka oa ka ho sa feleng.”

Leha ho le joalo, hase maikutlo ’ohle a susumetsoang ke lebitso la Jesu a ’nileng a hlompheha. Hangata ho bile le lintoa tse loanoang ka lebitso la hae. Bajuda ba ’nile ba bolaoa ka sehlōhō, bahetene ba bolaoa, bahanyetsi ba hlokofatsoa, ba holofatsoa le ho chesoa thupeng—tsena tsohle e le ka lebitso la Jesu. ’Me morao tjena, khoebo ea ho hasa evangeli e fetohile e tummeng hampe. Sena sohle ke tšebeliso e mpe e khelohileng le e khesehang ea lebitso la Jesu le seo le hlileng le se emelang!

Ho feta moo, se hlahisa lipotso tse ling tse loketseng: Ho ameha eng ho beha tumelo lebitsong la Jesu? ’Me pono ea Lipaki tsa Jehova ke efe tabeng ee? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tsena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela