Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 May maq. 26-31
  • Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolela’ng ho Rona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolela’ng ho Rona?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BATHO “BA KA BITSOA KA LEBITSO LA HAE”
  • “LE LIPAKI TSA KA”
  • SEO LEBITSO LA JEHOVA LE SE BOLELANG HO RONA
  • Lebitso la Jehova le Bolela’ng ho Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • “Rorisang Lebitso la Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • “Le Ikhethele . . . eo le Tla mo Sebeletsa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 May maq. 26-31

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 23

PINA EA 2 Lebitso la Hao ke Jehova

Lebitso la Jehova le Lokela ho Bolela’ng ho Rona?

“Jehova o re: ‘Le lipaki tsa ka.’”—ESA. 43:10.

NTLHA-KHOLO

Seo re ka se etsang ho halaletsa le ho tlosa qoso lebitsong la Jehova.

1, 2. Re tseba joang hore lebitso la Jehova le bohlokoa ho Jesu?

LEBITSO la Jehova ke la bohlokoa ka ho fetisisa ho Jesu. Ke eena ea ka sehloohong ea tsebahatsang lebitso la Ntate oa hae. Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, Jesu o ne a ikemiselitse ho shoa bakeng sa lebitso la Jehova le sohle seo le se bolelang. (Mar. 14:36; Baheb. 10:​7-9) Ka mor’a Puso ea Lilemo Tse Sekete, Jesu o tla ikemisetsa ho khutlisetsa puso ho Jehova e le hore a ka halaletsa lebitso la Ntate oa hae. (1 Bakor. 15:​26-28) Tsela eo Jesu a ratang lebitso la Molimo ka eona e boetse e re bolella ho hongata ka kamano ea hae le Ntate oa hae. E bontša ka ho hlakileng hore o rata Mong’a lebitso leo.

2 Jesu o tlile lefatšeng ka lebitso la Ntate oa hae. (Joh. 5:43; 12:13) O tsebisitse balateli ba hae lebitso la Ntate oa hae. (Joh. 17:​6, 26) O ile a ruta a ba a etsa mehlolo ka lebitso la Jehova. (Joh. 10:25) Ha e le hantle, Jesu o ile a kopa Jehova hore a sireletse barutuoa ba hae “molemong oa lebitso la [hae].” (Joh. 17:11) Kahoo, haeba Jesu o ne a e-na le boikutlo bo matla joalo ka lebitso la Jehova, ke joang motho a ka ipitsang molateli oa ’nete oa Kreste empa a sa tsebe kapa hona ho sebelisa lebitso la Ntate oa hae?

3. Re tl’o hlahloba eng sehloohong see?

3 Joalokaha re le Bakreste ba ’nete, re leka ho etsisa Jesu ka hore re nke lebitso la Ntate oa hae e le la bohlokoa. (1 Pet. 2:21) Sehloohong sena, re tla bona kamoo lebitso la Jehova le khethollang batho ba bolelang “litaba tse monate tsa ’Muso.” (Mat. 24:14) Re tla boela re hlahlobe hore na lebitso la Jehova le lokela ho bolela’ng ho rona re le batho ka bomong.

BATHO “BA KA BITSOA KA LEBITSO LA HAE”

4. (a) Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba etse’ng pele a khutlela leholimong? (b) Re ipotsa potso efe ka lebaka la seo Jesu a se buileng?

4 Pele Jesu a khutlela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha le fumana moea o halalelang, le tla ba le matla ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, libakeng tsohle tsa Judea le Samaria le karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Kahoo, barutuoa ba ne ba tla bolela litaba tse monate lefatšeng lohle, eseng feela Iseraele. Qetellong, batho bohle lefatšeng ba ne ba tla ba le monyetla oa hore e be balateli ba Jesu. (Mat. 28:​19, 20) Empa Jesu o ile a re: ‘Le tla ba lipaki tsa ka.’ Na see se bolela hore barutuoa baa ba bacha ba ne ba tla lokela ho tseba lebitso la Jehova, kapa e ne e tla ba feela lipaki tsa Jesu? Liketsahalo tse hlalositsoeng ho Liketso khaolo ea 15 li re thusa ho araba potso ena.

5. Baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema ba ile ba bontša joang hore batho kaofela ba hloka ho tseba lebitso la Jehova? (Sheba setšoantšo.)

5 Ka selemo sa 49 mehleng ea baapostola, banna ba baholo le baapostola ba ile ba kopana Jerusalema ho buisana ka hore na Balichaba ba sa bollang ba lokela ho etsa’ng e le hore ba ka amoheloa e le Bakreste. Qetellong ea puisano, Jakobo, ngoan’abo Jesu, o ile a re: “[Petrose] o sa tsoa re phetela kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a amohela batho ba lichaba tse ling e le hore ba ka bitsoa ka lebitso la hae.” Lebitso leo Jakobo a neng a bua ka lona ke la mang? Ha Jakobo a qotsa moprofeta Amose, o ile a re: “E le hore batho ba setseng ba ka sebeletsa ’na Jehova, ba ntšebeletsa le batho ba lichaba tsohle ba bitsoang ka lebitso la ka. Ke ’na Jehova ea buang lintho tsena.” (Lik. 15:​14-18) Ha se feela hore barutuoa bana ba bacha ba ne ba tla ithuta ka Jehova empa ba ne ‘ba tla bitsoa ka lebitso la hae.’ Sena se bolela hore ba ne ba tla jara lebitso la Molimo le ho tsejoa ka lona.

Jakobo o bua le ba bang ba baapostola le banna ba baholo Jerusalema. Bara ba bo rona ba babeli ba butse meqolo ha ba ntse ba mametse.

Sebokeng sa sehlopha se busang sa mehleng ea baapostola, banna bao ba tšepahalang ba ile ba lemoha hore Bakreste e lokela hore ebe batho bakeng sa lebitso la Molimo (Sheba serapa sa 5)


6, 7. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tla lefatšeng? (b) Lebaka le leng la bohlokoa ka ho fetisisa leo Jesu a ileng a tla lefatšeng ka lona ke lefe?

6 Lebitso la Jesu le bolela hore “Jehova ke Poloko,” ’me Jehova o sebelisitse Jesu ho pholosa batho bohle ba bontšang tumelo ho eena le ho Mora oa hae. Jesu o ile a tla lefatšeng ho tl’o fana ka bophelo ba hae bakeng sa batho. (Mat. 20:28) Ka ho patala tefo ea topollo, o ile a fana ka monyetla oa hore batho ba pholohe le hore ba fumane bophelo bo sa feleng.—Joh. 3:16.

7 Empa ke hobane’ng ha batho ba ne ba hloka ho pholosoa? Ke ka lebaka la se ileng sa etsahala serapeng sa Edene. Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, batsoali ba rona ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba fetohela Jehova, kahoo ba lahleheloa ke monyetla oa hore ba phele ka ho sa feleng. Ka lebaka leo, batho kaofela ba futsitse sebe le lefu. (Gen. 3:​6, 24) Leha ho le joalo, Jesu o ne a tletse ho hong habohlokoa haholo ho feta feela ho pholosa batho sebeng. Satane o ile a bua mashano ka Jehova. (Gen. 3:​4, 5) Kahoo, ho pholosoa ha bana ba Adama le Eva ho ne ho amana le ntho ea bohlokoa haholo e leng ho halaletsoa ha lebitso la Jehova. Jesu o bapetse karolo ea bohlokoa ho halaletseng lebitso la Jehova hobane o ile a emela Jehova le ho jara lebitso la hae.

Ke joang motho a ka ipitsang molateli oa ’nete oa Kreste empa a sa tsebe kapa hona ho sebelisa lebitso la Ntate oa hae?

8. Batho bohle ba lumelang ho Jesu ba hloka ho tseba eng?

8 Bohle ba neng ba tla bontša tumelo ho Jesu, ebang ke Bajuda kapa ke Balichaba, ba ne ba tla lokela ho tseba hore Ntate oa Jesu, e leng Jehova Molimo, ke eena Mohloli oa poloko ea bona. (Joh. 17:3) Ho feta moo, joaloka Jesu, ba ne ba tla bitsoa ka lebitso la Jehova. Ba ne ba boetse ba lokela ho utloisisa hore na ke habohlokoa hakae ho halaletsa lebitso leo. Ho pholoha ha bona ho ne ho itšetlehile ka seo. (Lik. 2:​21, 22) Kahoo, balateli bohle ba tšepahalang ba Jesu ba ne ba lokela ho ithuta ka Jehova le ka Jesu. Ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a qetella thapelo ea hae e ho Johanne khaolo ea 17 ka mantsoe ana: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla tsoela pele ke le tsebahatsa e le hore ba ka rata batho ba bang joalokaha u nthatile le hore ’na le bona re momahane.”—Joh. 17:26.

“LE LIPAKI TSA KA”

9. Re ka bontša joang hore lebitso la Jehova le bohlokoa ho rona?

9 Ho latela seo re buileng ka sona, balateli bohle ba ’nete ba Jesu ba tlameha ho halaletsa lebitso la Jehova. (Mat. 6:​9, 10) Ba lokela ho nka lebitso la Jehova le phahametse mabitso a mang ’ohle. Sena se akarelletsa ho bontša ka liketso. Empa re ka halaletsa lebitso la Jehova joang, kapa hona ho shanofatsa mashano ao Satane a ileng a a bua ka lebitso la hae?

10. Ke nyeoe efe ea tšoantšetso eo ho buuoang ka eona ho Esaia khaolo ea 42 ho ea ho khaolo ea 44? (Esaia 43:9; 44:​7-9) (Sheba setšoantšo.)

10 Esaia khaolo ea 42 ho ea ho khaolo ea 44 li bontša bohlokoa ba seo re lokelang ho se etsa ho halaletsa lebitso la Jehova. Likhaolo tseo li hlalosa nyeoe ea tšoantšetso, eo ho eona ho tsekoang bomolimo. Jehova o re bohle ba ipitsang melimo ba pake hore kannete ke melimo. O boetse o bitsa lipaki hore li tl’o paka hore na melimo ena ke ea ’nete kapa che. Empa ha ho na tse ka pakang seo.—Bala Esaia 43:9; 44:​7-9.

Litšoantšo: Mangeloi a fofa ka holim’a lefatše ha bara le barali ba bo rona ba nka karolo ho halaletseng lebitso la Jehova lefatšeng lohle. 1. Banyalani ba paka ka teroli. 2. Morali oa bo rona e monyenyane o fa ngoana eo a kenang sekolo le eena karete ea boitsebiso ea jw.org. 3. Mor’abo rona o pakela ntate e mong ka koloing ea baeti. 4. Mapolesa a ikoahetseng lifahleho a tsamaea le mor’abo rona a mo tlamme ka lihanaboi. 5. Morali oa bo rona ea betheng sepetlele o bolella ngaka ea hae ka hore na o ikutloa joang ka ho tšela mali.

Re ameha ka litsela tse ngata nyeoeng ea tšoantšetso (Sheba serapa sa 10 le 11)


11. Joalokaha ho bontšitsoe ho Esaia 43:​10-12, Jehova o re’ng ho batho ba hae?

11 Bala Esaia 43:​10-12. Jehova o re ho batho ba hae: “Le lipaki tsa ka, . . . ’me ke ’na Molimo.” Jehova o re ba arabe potso ena: “Na ho na le Molimo e mong haese ’na?” (Esa. 44:8) Ka hona, re na le tokelo ea ho araba potso ena. Re paka hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete ka liketso le ka lipuo tsa rona le hore lebitso la hae le phahametse mabitso ’ohle. Tsela eo re phelang ka eona e paka hore re rata Jehova e le kannete ebile rea mo tšepahalla, ho sa tsotellehe liteko tseo Satane a re tlisetsang tsona. Ka tsela ena, re ba le monyetla oa ho thusa ho halaletsa lebitso la hae.

12. Boprofeta bo ho Esaia 40:​3, 5 bo ile ba phethahala joang?

12 Esaia o ile a boela a bolela esale pele hore ho na le motho ea tla ‘hleka [kapa a ‘lokisa,’ nal.] tsela ea Jehova.’ (Esa. 40:3) Seo se ile sa phethahala joang? Johanne Mokolobetsi o ile a hleka tsela bakeng sa Jesu, ea neng a tlile ka lebitso la Jehova le ho tl’o bua ka lona. (Mat. 3:3; Mar. 1:​2-4; Luka 3:​3-6) Boprofeta bona bo ile ba boela ba re: “Khanya ea Jehova e tla hlahella.” (Esa. 40:5) Seo se ile sa etsahala joang? Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a emela Jehova ka ho phethahetseng, hoo e neng e ka Jehova o lefatšeng ka boeena. (Joh. 12:45) Ha re emela lebitso kapa botumo ba Jehova, re etsisa Jesu Kreste.

13. Re ka etsisa Jesu joang?

13 Joaloka Jesu, re lipaki tsa Jehova. Re jara lebitso la Jehova ’me re bolella motho e mong le e mong eo re kopanang le eena ka liketso tsa hae tse hlollang. Leha ho le joalo, e le hore re atlehe, re lokela ho tsebahatsa karolo ea bohlokoa eo Jesu a e phethang ho halaletseng lebitso la Jehova. (Lik. 1:8) Jesu ke eena Paki ea Jehova e ka sehloohong, ’me re latela mohlala oa hae. (Tšen. 1:5) Empa lebitso la Jehova le lokela ho bolela’ng ho e mong le e mong oa rona?

SEO LEBITSO LA JEHOVA LE SE BOLELANG HO RONA

14. Joalokaha ho bontšitsoe ho Pesaleme ea 105:​3, re ikutloa joang ka lebitso la Jehova?

14 Re ikotla sefuba ka lebitso la Jehova. (Bala Pesaleme ea 105:3.) Jehova o thaba haholo ha re ithorisa ka lebitso la hae. (Jer. 9:​23, 24; 1 Bakor. 1:31; 2 Bakor. 10:17) ‘Ho ithorisa ka Jehova’ ho bolela ho ba motlotlo ka hore ke Molimo oa rona. Re nka e le tlotla ho hlompha lebitso la hae le ho emela botumo ba hae. Ha rea lokela ho soabela ho joetsa basebetsi-’moho le rona, baithuti-’moho, baahisani le batho ba bang hore re Lipaki Tsa Jehova. Diabolose o batla hore re khaotse ho bua ka lebitso la Jehova ho batho ba bang. (Jer. 11:21; Tšen. 12:17) Ha e le hantle, Satane le baprofeta ba hae ba bohata ba batla ho etsa hore batho ba lebale lebitso la Jehova. (Jer. 23:​26, 27) Empa re batla ho lula re halaletsa lebitso la Jehova “letsatsi lohle” hobane re le rata.—Pes. 5:11; 89:16.

15. Ho ipiletsa lebitsong la Jehova ho bolela’ng?

15 Re tsoela pele re ipiletsa lebitsong la Jehova. (Joele 2:​32, nal.; Bar. 10:​13, 14, nal.) Ho ipiletsa lebitsong la Jehova ha ho bolele feela ho tseba lebitso la Molimo le ho le sebelisa. Re lokela ho tseba hore na Molimo ke Motho ea joang, re mo tšepe le hore re kope thuso le tataiso ho eena. (Pes. 20:7; 99:6; 116:4; 145:18) Re boetse re bolella batho ba bang ka lebitso le makhabane a hae, re ba khothalletsa hore ba bake le hore ba sebetse ka thata e le hore ba ka amoheloa ke Jehova.—Esa. 12:4; Lik. 2:​21, 38.

16. Re ka paka joang hore Satane o leshano?

16 Re ikemiselitse ho utloa bohloko bakeng sa lebitso la Jehova. (Jak. 5:​10, 11) Ha re lula re tšepahalla Jehova leha re e-na le mathata, re paka hore Satane o leshano. Mehleng ea Jobo, Satane o ile a etsa qoso ena mabapi le batho ba sebeletsang Jehova: “Motho o tla fana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona hore a pholose bophelo ba hae.” (Jobo 2:4) Ha e le hantle, Satane o ne a re batho ba tla sebeletsa Jehova hafeela lintho li ba tsamaela hantle le hore ha ba tobana le mathata ba tla lahla Jehova. Jobo ea tšepahalang o ile a paka hore seo ha se ’nete. Ka tsela e tšoanang, le rona re na le tlotla ea ho paka hore ho sa tsotellehe hore na Satane o re bakela eng, re ke ke ra fetohela Jehova. Kannete re kholisehile hore Jehova o tla lula a re sirelelitse molemong oa lebitso la hae.—Joh. 17:11.

17. Joalokaha ho boletsoe ho 1 Petrose 2:​12, ke joang hape re ka tlisang thoriso lebitsong la Jehova?

17 Re hlompha lebitso la Jehova. (Liprov. 30:9; Jer. 7:​8-11) Kaha re emela Jehova le ho jara lebitso la hae, lintho tseo re li etsang li ka tlotlisa kapa tsa senya lebitso la hae. (Bala 1 Petrose 2:12.) Kahoo, re batla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho rorisa lebitso la Jehova ka lipuo le ka liketso tsa rona. Ka tsela ena, re tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova ho sa tsotellehe ho se phethahale ha rona.

18. Re ka bontša joang hape hore lebitso la Jehova ke la bohlokoa ho rona? (Sheba naletsana.)

18 Re amehile haholo ka lebitso la Jehova ho feta botumo ba rona. (Pes. 138:2) Ke hobane’ng ha taba ee e le ea bohlokoa? Hobane ho rata lebitso la Jehova ho ka senya botumo ba rona.a Jesu o ne a ikemiselitse ho shoa lefu le tlotlollang joalokaha eka ke setlokotsebe e le hore a tlotlise lebitso la Jehova. “Ha aa ka a soabela ho tlotlolloa” kaha ha aa ka a tšoenyeha haholo ka hore na batho ba tla nahana eng ka eena. (Baheb. 12:​2-4) O ne a amehile ka ho etsa thato ea Molimo.—Mat. 26:39.

19. U ikutloa joang ka lebitso la Jehova, hona hobane’ng?

19 Re ikotla sefuba ka lebitso la Jehova ebile ke tlotla ho bitsoa Lipaki Tsa Jehova. Ka lebaka leo, re ikemiselitse ho mamella ho sa tsotellehe hore na batho ba re nyefola hakae. Lebitso la Jehova le bohlokoa haholo ho rona ho feta botumo ba rona. Kahoo, a re ikemisetseng ho tsoela pele re rorisa lebitso la Jehova ho sa tsotellehe hore na Satane o re nyahamisa hakae. Ka tsela eo, re tla paka hore lebitso la Jehova ke la bohlokoa haholo ho rona, joalokaha e le la bohlokoa ho Jesu Kreste.

U KA RE’NG?

  • Ke eng e bontšang hore lebitso la Jehova ke la bohlokoa ho balateli ba Jesu?

  • Ke nyeoe efe ea tšoantšetso eo re amehang ho eona kajeno?

  • Re ka bontša joang hore lebitso la Jehova ke la bohlokoa ho rona?

PINA EA 10 Rorisang Jehova

a Monna ea tšepahalang Jobo le eena o ile a tšoenyeha haholo ka botumo ba hae ha metsoalle ea hae e meraro e mo senya lebitso. Qalong ha a lahleheloa ke maruo a hae le bana ba hae ba shoa, “Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato.” (Jobo 1:22; 2:10) Leha ho le joalo, ha Jobo a ne a qosoa ka hore o entse lintho tse mpe, o ile a qala ho bua “puo e hlaha.” O ile a ameha haholo ka ho emela botumo ba hae, ho e-na le ho halaletsa botumo kapa lebitso la Molimo.—Jobo 6:3; 13:​4, 5; 32:2; 34:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela