SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 14
PINA EA 8 Jehova ke Setšabelo sa Rona
“Le Ikhethele . . . eo le Tla mo Sebeletsa”
“Ha e le ’na le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Jehova.”—JOSH. 24:15.
NTLHA-KHOLO
Ho re hopotsa mabaka ao re ileng ra khetha ho sebeletsa Jehova ka ’ona.
1. Re lokela ho etsa eng e le hore re fumane thabo ea sebele, hona hobane’ng? (Esaia 48:17, 18)
NTATE oa rona ea leholimong o re rata haholo ’me o batla hore re thabele bophelo hona joale le nakong e tlang. (Moek. 3:12, 13) O re bopile re e-na le litalenta tse babatsehang empa ha aa re fa bokhoni ba hore re atlehe ha re ipusa kapa ha re ipehela hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng. (Moek. 8:9; Jer. 10:23) Oa tseba hore e le hore re fumane thabo ea sebele, re lokela ho mo sebeletsa le ho phela ka melao ea hae.—Bala Esaia 48:17, 18.
2. Satane o batla hore re lumele eng, hona Jehova o ile a araba qoso eo ea leshano joang?
2 Satane o batla hore re lumele hore re ka thaba kantle ho Jehova le hore batho ba ka atleha ha ba ipusa. (Gen. 3:4, 5) Jehova o ile a araba qoso eo ea leshano ka hore a lumelle batho ba marabele hore ba ipuse ka nakoana. Ha ho hlokahale hore re be re shebe hole ho bona litla-morao tse bohloko tsa puso ea motho. Ka lehlakoreng le leng, Mangolo a na le mehlala e mengata ea banna le basali ba ileng ba phela bophelo bo khotsofatsang ha ba sebeletsa Jehova. Jesu Kreste ke eena ea li hulang pele ho bona. A re qaleng pele ka ho sheba mabaka a entseng hore a khethe ho sebeletsa Jehova. Re tla boela re hlahlobe hore na ke hobane’ng ha Ntate oa rona ea leholimong a tšoaneloa ke borapeli ba rona. Qetellong re tla hlahloba a mang a mabaka a etsang hore re khethe ho sebeletsa Jehova.
MABAKA A ENTSENG HORE JESU A KHETHE HO SEBELETSA JEHOVA
3. Satane o ile a tšepisa Jesu eng, hona Jesu o ile a khetha ho etsa’ng?
3 Ha Jesu a le lefatšeng, o ile a tlameha ho khetha hore na o tla sebeletsa mang. Nakoana ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, Satane o ile a mo tšepisa hore a ka mo fa mebuso eohle ea lefatše ha a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli. Jesu o ile a mo araba ka ho re: “Tloha Satane! Mangolo a re: ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.’” (Mat. 4:8-10) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khetha ho etsa joalo? A re hlahlobeng a mang a mabaka.
4, 5. Mabaka a mang a entseng hore Jesu a khethe ho sebeletsa Jehova ke afe?
4 Lebaka le ka sehloohong le entseng hore Jesu a khethe ho sebeletsa Jehova ke hobane a mo rata haholo. (Joh. 14:31) Ho feta moo, Jesu o sebeletsa Jehova hobane ke eona ntho e nepahetseng. (Joh. 8:28, 29; Tšen. 4:11) Oa tseba hore Jehova ke Mohloli oa bophelo le hore oa tšepahala ebile o seatla se bulehileng. (Pes. 33:4; 36:9; Jak. 1:17) Haesale Jehova a bolella Jesu ’nete ebile ke eena ea mo fileng ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona. (Joh. 1:14) Ka lehlakoreng le leng, Satane eena o bakile lefu. Ke raleshano ea susumetsoang ke meharo le boithati. (Joh. 8:44) Ho tseba lintlha tsena, ho entse hore le ka mohla Jesu a se ke a batla ho etsisa Satane ka ho fetohela Jehova.—Bafil. 2:5-8.
5 Lebaka le leng le ileng la etsa hore Jesu a khethe ho sebeletsa Jehova ke hore o ne a labalabela ho bona litholoana tsa ho sebeletsa Jehova ka botšepehi. (Baheb. 12:2) O ne a tseba hore ha a ka lula a tšepahala, o ne a tla halaletsa lebitso la Ntate oa hae le ho etsa hore sebe le lefu li se ke tsa hlola li e-ba teng.
KE HOBANE’NG HA JEHOVA A TŠOANELOA KE BORAPELI BA RONA?
6, 7. Ke hobane’ng ha batho ba bangata mehleng ee ba sa sebeletse Jehova, empa ke hobane’ng ha a tšoaneloa ke borapeli ba rona?
6 Batho ba bangata mehleng ena ha ba sebeletse Jehova hobane ha ba e-s’o ka ba tseba makhabane a hae a babatsehang le lintho tsohle tseo a ba etselitseng tsona. Le batho ba Athene bao moapostola Pauluse a ileng a ba bolella litaba tse monate ba ne ba le boemong bo tšoanang.—Lik. 17:19, 20, 30, 34.
7 Pauluse o ile a hlalosetsa batho ba Athene hore Molimo oa ’nete “o fa batho bohle bophelo, phefumoloho le lintho tsohle.” O ile a boela a re: “Ke ka eena re phelang, re sisinyehang ’me re leng teng.” Molimo ke ’Mopi ea ‘entseng hore lichaba tsohle li tsoe ho motho a le mong,’ kahoo o tšoaneloa ke borapeli ba rona.—Lik. 17:25, 26, 28.
8. Ke eng eo Jehova a ke keng a e etsa? Hlalosa.
8 Jehova o ne a ka qobella batho hore ba mo sebeletse joalokaha e le ’Mopi le ’Musi oa Bokahohle. Leha ho le joalo, Jehova a ke ke a etsa joalo. Ho e-na le hoo, o re fa bopaki ba hore o teng le hore o rata e mong le e mong oa rona haholo. O batla hore batho ba bangata kamoo ho ka khonehang e be metsoalle ea hae ka ho sa feleng. (1 Tim. 2:3, 4) E le hore seo se tle se etsahale, Jehova o re koetliselitse hore re rute batho ba bang ka merero ea hae le hore re ba bolelle ka lintho tse molemo tseo a tla li etsetsa batho. (Mat. 10:11-13; 28:19, 20) O hlophisitse hore re be le liphutheho tseo re mo rapelang ho tsona le ho re fa baholo ba lerato hore ba re hlokomele.—Lik. 20:28.
9. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Jehova oa re rata?
9 Lerato la Jehova le hlollang le bonahala tseleng eo a tšoarang batho ba khethang ho iphapanyetsa boteng ba hae ka eona. Nahana ka taba ena: Ho theosa le lilemo, haesale batho ba libilione ba ipehela litekanyetso tsa se fosahetseng le se nepahetseng. Ho ntse ho le joalo, Jehova o ba bontšitse mosa ka hore a ba fe lintho tseo ba li hlokang hore ba ’ne ba phele le hore ba thabele bophelo. (Mat. 5:44, 45; Lik. 14:16, 17) O ba file bokhoni ba ho etsa setsoalle, ho ba le malapa, ho holisa bana le ho fumana moputso oa ho sebetsa ka thata. (Pes. 127:3; Moek. 2:24) Bopaki bona bo bontša ka ho hlaka hore Ntate oa rona ea leholimong o rata batho bohle. (Ex. 34:6) A re ikhopotseng a mang a mabaka a hore na ke hobane’ng ha re khetha ho sebeletsa Jehova le hore na o re hlohonolofatsa joang ha re etsa joalo.
KE HOBANE’NG HA RE KHETHA HO SEBELETSA JEHOVA?
10. (a) Lebaka le ka sehloohong leo re sebeletsang Jehova ka lona ke lefe? (Matheu 22:37) (b) U ruile molemo joang mamellong ea Jehova? (Pesaleme ea 103:13, 14)
10 Joaloka Jesu, lebaka la rona le ka sehloohong la ho sebeletsa Jehova ke hobane re mo rata haholo. (Bala Matheu 22:37.) Re ikutloa re le haufi le Jehova ha re ithuta ka makhabane a hae. Ka mohlala, nahana ka mamello eo Jehova a re bontšang eona. Ha Baiseraele ba ne ba sa mo mamele, o ile a ba kopa ka tieo a re: “Ke kopa le furalle litsela tsa lona tse mpe.” (Jer. 18:11) Jehova oa hopola hore re lerole. (Bala Pesaleme ea 103:13, 14.) Ha u thuisa ka mamello ea Jehova le makhabane a hae a mang a babatsehang, na ha u susumelletsehe ho mo sebeletsa ka ho sa feleng?
11. Ke mabaka afe a mang ao ka ’ona re khethang ho sebeletsa Ntate oa rona ea leholimong?
11 Re boetse re susumelletseha ho sebeletsa Jehova hobane ke ntho e nepahetseng. (Mat. 4:10) Ho feta moo, rea tseba hore na ha re sebeletsa Jehova ka botšepehi re tla finyella eng. Ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ho etsa hore lebitso la hae le halaletsoe, ho thabisa pelo ea hae le ho paka hore Diabolose o leshano. Hape haeba re khetha ho sebeletsa Jehova hona joale, re tla ba le tšepo ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.—Joh. 17:3.
12, 13. Re ithuta eng ho se ileng sa etsahalla Morali oa bo rona Jane le Morali oa bo rona Pam?
12 Re ka khona ho rata Jehova haholo leha re ntse re le banyane, ’me lerato leo le ka matlafala le ho feta ha re ntse re hola. Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Jane le Morali oa bo rona Pam,a bao e leng bana ba motho. Ha ba ne ba qala ho ithuta Bibele, Jane o ne a le lilemo li 11, Pam a le lilemo li leshome. Le hoja batsoali ba bona ba ne ba sa thahaselle ho ithuta, ba ile ba lumella Jane le Pam hore ba ithute le Lipaki hafeela ba ne ba ka ea kerekeng le bona mafelo-beke. Jane o re: “Lintho tseo Lipaki li nthutileng tsona ho tsoa ka Bibeleng, li nthusitse hore ke hlole khatello ea lithaka ea ho sebelisa lithethefatsi le ho etsa thobalano.”
13 Ka mor’a lilemo tse ’maloa, banana bao ka bobeli e ile ea e-ba bahoeletsi. Hamorao, e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ha ka nako e tšoanang ba ntse ba hlokomela batsoali ba bona ba holileng. Ha Morali oa bo rona Jane a bua ka lintho tseo ba fetileng ho tsona, o re: “Ke ile ka iponela ka bonna hore ka botšepehi Jehova o hlokomela metsoalle ea hae le hore ‘o tseba batho ba hae,’ joalokaha 2 Timothea 2:19 e bontša.” Ho hlakile hore Jehova o hlokomela batho ba khethang ho mo rata le ho mo sebeletsa.
14. Lipuo le liketso tsa rona li ka bontša joang hore re batla ho tlosa thohako lebitsong la Jehova? (Sheba litšoantšo.)
14 Re batla ho kenya letsoho ho tlosa thohako lebitsong la Jehova. Ka mohlala, a re nke hore motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo o mosa, oa fana ebile oa tšoarela. Ka le leng, u utloa motho e mong a qosa motsoalle oa hao ka hore o khopo ebile ha a tšepahale. U tla etsa’ng? U tla mo buella. Ka ho tšoanang, ha Satane le batho ba tlas’a tšusumetso ea hae ba leka ho senya botumo ba Jehova ka ho hasa mashano ka eena, re buella Jehova ka ho bolella batho ’nete ka eena ’me re sireletsa lebitso la hae ka cheseho. (Pes. 34:1; Esa. 43:10) Re bontša ka lipuo le ka liketso hore re batla ho sebeletsa Jehova ka lipelo tsohle tsa rona.
Na u tla kenya letsoho ho sireletsa lebitso la Jehova? (Sheba serapa sa 14)b
15. Moapostola Pauluse o ile a rua molemo joang ka ho fetola lipakane tsa hae? (Bafilipi 3:7, 8)
15 Re ikemiselitse ho fetola lipakane tsa rona bophelong e le hore re ka sebeletsa Jehova haholoanyane kapa ka tsela eo a e amohelang. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a khetha ho tela boemo ba hae bo phahameng sechabeng e le hore a latele Kreste le ho sebeletsa Jehova. (Bagal. 1:14) Ka lebaka leo, o ile a phela bophelo bo khotsofatsang a ba a fumana monyetla oa ho busa le Kreste leholimong. Ha aa ka a ikoahlaela qeto ea ho sebeletsa Jehova ’me le rona re ke ke ra ikoahlaea.—Bala Bafilipi 3:7, 8.
16. Re ithuta eng mohlaleng oa Morali oa bo rona Julia? (Sheba litšoantšo.)
16 Haeba re etsa hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba rona, re tla phela bophelo bo khotsofatsang hona joale le nakong e tlang. Nahana ka mohlala oa Morali oa bo rona Julia. Pele a ithuta ’nete, o ne a binela k’hoaere ea kereke ho tloha a sa le monyenyane. Setsebi sa ’mino oa opera se ile sa hlokomela hore o na le talenta eaba se qala ho mo koetlisa. Ho e-s’o ee kae, Julia o ile a tuma ka ho tseba ho bina ’me o ne a bina liholong tse tummeng. Ha a ntse a kena sekolo sa ’mino se tummeng, ngoana ea kenang le eena ka tlelaseng o ile a bua le eena ka Molimo, a mo hlalosetsa hore o na le lebitso e leng Jehova. Le pele ho feta nako e telele, Julia o ile a qala ho ithuta Bibele habeli ka beke. Qetellong, o ile a etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ho e-na le ho ba sebini. Qeto eo e ne e se bonolo. O re: “Batho ba bangata ba ne ba re ke bapala ka talenta ea ka, empa ke ne ke batla ho sebeletsa Jehova ka ho felletseng.” Kajeno o ikutloa joang ka qeto eo a ileng a e etsa lilemong tse fetang 30 tse fetileng? O re: “Ke na le khotso ea kelello ebile ke na le tšepo ea hore Jehova o tla mpha lintho tsohle tseo ke li batlang nakong e tlang.”—Pes. 145:16.
Ha ho sebeletsa Jehova e le eona ntho e tlang pele bophelong ba rona, re tla phela bophelo bo khotsofatsang e le kannete (Sheba serapa sa 16)c
TSOELA PELE U SEBELETSA JEHOVA
17. Taba ea hore re phela lefatšeng le haufi le ho fela, e ama batho ba seng ba entse qeto ea ho sebeletsa Molimo le ba e-s’o e etse joang?
17 Re phela lefatšeng le haufi le ho fela. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ho setse ‘nako e sa feliseng pelo,’ ‘ea tlang o tla fihla ’me a ke ke a lieha.’” (Baheb. 10:37) See se bolela eng? Se bolela hore nako ea hore batho ba khethe ho sebeletsa Jehova e fokotsehile. (1 Bakor. 7:29) Hape haeba re se re entse qeto ea ho sebeletsa Molimo, rea tseba hore le hoja re tla kopana le liteko, e tla ba ka “nako e sa feliseng pelo.”
18. Jesu le Jehova ba batla hore re etse eng?
18 Jesu o ile a khothalletsa batho hore e be barutuoa ba hae le hore ba ’ne ba mo latele. (Mat. 16:24) Kahoo, haeba re se re e-na le lilemo tse ngata re sebeletsa Jehova, e se eka re ke ke ra tela. Re lokela ho sebetsa ka thata hore re tsoele pele ho phelela qeto eo re ileng ra e etsa ea ho sebeletsa Jehova. Ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo, empa re tla thaba re be re fumane litlhohonolofatso le hona joale.—Pes. 35:27.
19. Re ithuta eng mohlaleng oa Mor’abo rona Gene?
19 Batho ba bang ba utloa eka ho sebeletsa Jehova ho ntho li ngata. Haeba u mocha, na u utloa eka oa fetoa ka lebaka la ho sebeletsa Jehova? Mor’abo rona e mong ea mocha ea bitsoang Gene o re: “Ke ne ke utloa eka ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ho etsa hore ke utloe eka ke teronkong. Ho ne ho bonahala eka bana ba bangata bao ke hotseng le bona ba thabela lintho tse kang ho ea liphathing, ho ratana le ho bapala lipapali tse mabifi tsa livideo, ha ’na ke qeta nako ea ka ke ea libokeng le tšimong.” Ho nahana ka tsela ee ho ile ha ama Gene joang? O re: “Ke ile ka qala ho phela bophelo bo habeli ’me qalong ho ne ho le monate. Empa monate oo e ne e le oa nakoana. Ke ile ka qala ho nahana ka linnete tsa Bibele tseo ke ileng ka khetha ho se li mamele eaba ke etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ka pelo ea ka eohle. Ho tloha ka nako eo, ho bonahala Jehova a arabetse thapelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke ileng ka e etsa.”
20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
20 Mopesaleme o ile a binela Jehova a re: “Ho thaba motho eo u mo khethang ebile u mo atametsa hore a lule mabaleng a hao.” (Pes. 65:4) E se eka le rona re ka lula re e-na le boikemisetso bo tšoanang le ba Joshua ha a re: “Ha e le ’na le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Jehova.”—Josh. 24:15.
PINA EA 28 E-ba Motsoalle oa Jehova
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Ka mor’a hore ’mè e mong a utloe mantsoe a bahanyetsi ba rona ka ntle ho sebaka sa kopano, o atamela teroli ’me o utloa mantsoe a ’nete.
c TLHALOSO EA SETŠOANTŠO: Pontšo ea se etsahetseng ha Julia a khetha ho sebeletsa Jehova.