SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 22
PINA EA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova
Lebitso la Jehova le Bolela’ng ho Jesu?
“Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla tsoela pele ke le tsebahatsa.”—JOH. 17:26.
NTLHA-KHOLO
Kamoo Jesu a ileng a tsebahatsa lebitso la Jehova kateng, ho le halaletsa le ho tlosa qoso lebitsong leo.
1, 2. (a) Jesu o ile a etsa eng bosiung ba ho qetela pele a bolaoa? (b) Re tl’o hlahloba lipotso life sehloohong see?
E NE e le mantsiboea a Labone, Nisane 14, selemong sa 33 mehleng ea Jesu, ’me Jesu o ne a le haufi le ho ekoa, ho ahloloa, ho hlokofatsoa le ho bolaoa. O ne a sa tsoa qeta ho ja Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena le baapostola ba hae ba tšepahalang kamoreng e ka holimo. Ka mor’a moo, Jesu o ile a khothatsa baapostola ba hae pele a arohana le bona. Nakoana pele ba tsamaea, Jesu o ile a etsa thapelo e tebileng. Moapostola Johanne o ile a tlaleha thapelo eo lengolong la Johanne khaolo ea 17.
2 Thapelo ea Jesu e senola eng mabapi le seo a neng a amehile ka sona ka nako eo? Ke joang thapelo eo e bontšang seo a neng a se nka e le sa bohlokoa tšebeletsong ea hae ha a ntse a le lefatšeng? A re hlahlobeng likarabo tsa lipotso tsena.
“KE BA TSEBISITSE LEBITSO LA HAO”
3. Jesu o ile a re’ng ka lebitso la Jehova, hona o ne a bolela’ng? (Johanne 17:6, 26)
3 Thapelong ea hae, Jesu o ile a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” Ha e le hantle, o ile a bolela ka makhetlo a mabeli thapelong eo hore o ile a tsebisa barutuoa ba hae lebitso la Jehova. (Bala Johanne 17:6, 26.) O ne a bolela’ng? Na o ba tsebisitse lebitso leo ba neng ba sa le tsebe? Barutuoa ba Jesu e ne e le Bajuda, kahoo ba ne ba se ba ntse ba tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova. Lebitso leo le ne le hlaha ka makhetlo a liketekete ka Mangolong a Seheberu. Kahoo, Jesu o ne a sa bue ka lebitso la Molimo ka ho toba empa o ne a bua ka hore na lebitso leo le emela’ng. Jesu o ne a tsebahalitse makhabane a Mong’a lebitso leo, merero ea hae le mesebetsi ea hae ka tsela eo motho leha e le ofe a neng a ke ke a khona ho a tsebahatsa ka eona.
4, 5. (a) Re ka fana ka mohlala ofe o bontšang hore na lebitso la motho e ka ba la bohlokoa haholo joang ho rona? (b) Ke ka tsela efe balateli ba Jesu ba ileng ba tseba lebitso la Jehova?
4 Ka mohlala, a re re ho na le moholo eo e leng ngaka phuthehong ea heno eo lebitso la hae e leng David. E se e le lilemo joale u mo tseba. Empa ka le leng u iphumana u hloka thuso e potlakileng ea lingaka. U potlakisetsoa sepetlele moo mor’abo rona eo a sebetsang teng, ’me o sebelisa litsebo tsa hae tsa bongaka ho pholosa bophelo ba hao. Na u ke ke oa utloa u mo rata le ho feta ha u utloa lebitso la hae ka mor’a moo? Le joale u ka utloa u mo rata. Mor’abo rona David ha e sa le moholo feela eo u mo tsebang empa hape ke ngaka e pholositseng bophelo ba hao.
5 Ka tsela e tšoanang, barutuoa ba Jesu ba ne ba se ba ntse ba tseba lebitso la Jehova. Empa lebitso leo e ile ea e-ba ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho bona ka lebaka la tšebeletso ea Jesu. Ke hobane’ng ha re ka cho joalo? Hobane Jesu o ile a bontša makhabane a Ntate oa hae linthong tsohle tseo a ileng a li bua le ho li etsa. Kahoo, baapostola ba hae ba ile ba “tseba” Jehova haholoanyane ka ho mamela kamoo Jesu a neng a ruta kateng le ka ho sheba tsela eo a neng a tšoara batho ka eona.—Joh. 14:9; 17:3.
“LEBITSO LA HAO LEO U MPHILENG LONA”
6. Ho latela Johanne 17:11, 12, Jesu o ne a bolela eng ha a re Jehova o mo file lebitso la hae?
6 Jesu o ile a rapella balateli ba hae, a re: “Ke kopa u ba sireletse molemong oa lebitso la hao leo u mphileng lona.” (Bala Johanne 17:11, 12.) Na see se bolela hore Jesu o ne a se a tla tsejoa e le Jehova? Che. Hlokomela hore thapelong ea hae, Jesu o bua ka lebitso la Jehova e le “lebitso la hao.” Kahoo, lebitso la Jehova ha e-ea ka ea e-ba lebitso la Jesu ka ho toba. Joale Jesu o ne a bolela’ng ha a re o ile a fuoa lebitso la Molimo? Ka holim’a tsohle, Jesu e ne e le moemeli le ’Muelli oa Jehova. O ne a tlile ka lebitso la Ntate oa hae ebile o ne a etsa mesebetsi e matla ka lona. (Joh. 5:43; 10:25) Ho ekelletsa moo, lebitso Jesu le bolela “Jehova ke Poloko.” E, lebitso la Jesu le ne le amana haholo le lebitso la Jehova.
7. Fana ka mohlala oa kamoo Jesu a neng a ka bua bakeng sa Jehova kateng.
7 Ka mohlala, kaha moemeli oa naha o emetse mopresidente, a ka bua bakeng sa mopresidente. Kahoo, mantsoe a moemeli oa naha a na le matla a tšoanang le a mopresidente. Ka ho tšoanang, Jesu o ne a emetse Jehova ’me o ile a bua le batho bakeng sa Jehova.—Mat. 21:9; Luka 13:35.
8. Lebitso la Jehova le ne le le “ho” Jesu joang pele a tla lefatšeng? (Exoda 23:20, 21)
8 Joalokaha Jesu e le Lentsoe, e ile ea e-ba ‘Muelli oa Jehova ka hore a fetisetse molaetsa oa Molimo le litaelo tsa hae ho mangeloi le ho batho. (Joh. 1:1-3) Ho ka etsahala hore ebe Jesu e ne e le lengeloi leo Jehova a ileng a le romela ho hlokomela Baiseraele nakong eo ba leng lefeelleng. Ha Jehova a bolella Baiseraele hore ba mamele lengeloi leo, o ile a re: “Kaha lebitso la ka le ho lengeloi leo.”a (Bala Exoda 23:20, 21.) Lebitso la Jehova le ne le le “ho” Jesu ka hore o emela Jehova ebile ke eena ea ka sehloohong ea halaletsang lebitso la Ntate oa hae le ho pakahatsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e nepahetse.
“NTATE, TLOTLISA LEBITSO LA HAO”
9. Hlalosa hore na lebitso la Jehova le ne le le bohlokoa hakae ho Jesu.
9 Joalokaha re se re hlalositse, lebitso la Jehova e ne e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho Jesu le pele a ka tla lefatšeng. Ha ho makatse hore ebe o ile a bontša ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a ileng a e etsa ha a le lefatšeng hore lebitso la Jehova le bohlokoa ho eena. Ho elella qetellong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Hang-hang, Ntate oa hae o ile a arabela ka lentsoe le thoathoaretsang a le leholimong, a re: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.”—Joh. 12:28.
10, 11. (a) Jesu o ile a tlotlisa lebitso la Jehova joang? (Sheba setšoantšo.) (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ho tlosoe qoso lebitsong la Jehova le hore le halaletsoe?
10 Jesu le eena o ile a tlotlisa lebitso la Ntate oa hae. Joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho bolella ba bang liketso le makhabane a babatsehang a Ntate oa hae. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala ho hongata hore lebitso leo le tlotlisoe. Ho ne ho hlokahala hore ho halaletsoe le ho tlosoa qoso lebitsong la Jehova.b Jesu o ile a bontša hore na taba ena e bohlokoa hakae ha a ne a ruta balateli ba hae ho rapela. O ile a re: “Ntate oa rona ea maholimong, lebitso la hao le halaletsoe.”—Mat. 6:9.
11 Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ho tlosoe qoso lebitsong la Jehova le hore le halaletsoe? Hobane serapeng sa Edene, Satane Diabolose o ile a hlompholla Jehova Molimo le ho bua mashano ka eena. O ile a boela a re Jehova o leshano ’me ha a batlele Adama le Eva se molemo. (Gen. 3:1-5) Satane o ile a boela a fana ka maikutlo a hore tsela eo Jehova a etsang lintho ka eona ha ea nepahala. Mashano ana a Satane a ile a senya botumo ba Jehova kapa lebitso la hae. Hamorao mehleng ea Jobo, Satane o ile a bolela hore batho ba sebeletsang Jehova ba mo sebeletsa hobane ba lebelletse ho hong ho eena. Ho ekelletsa moo, moetselletsi eo o ile a re ha ho na motho ea ratang Jehova e le kannete hoo a ka tsoelang pele ho mo sebeletsa leha a le tlas’a teko. (Jobo 1:9-11; 2:4) Ho ne ho hlokahala nako e le hore ho ka hlaka hore na ke mang ea leshano, Jehova kapa Satane.
Jesu o rutile balateli ba hae bohlokoa ba ho halaletsa lebitso la Molimo (Sheba serapa sa 10)
“KE TELA BOPHELO BA KA”
12. Jesu o ne a ikemiselitse ho etsa’ng hobane a rata lebitso la Jehova?
12 Jesu o ne a ikemiselitse ho etsa sohle seo a ka se khonang ho halaletsa le ho tlosa qoso lebitsong la Jehova, hobane o ne a mo rata. Jesu o ile a re: “Ke tela bophelo ba ka.” (Joh. 10:17, 18) Kannete o ne a ikemiselitse ho shoela lebitso la Jehova.c Adama le Eva, e leng batho ba pele ba neng ba phethahetse, ba ile ba fetohela Jehova ’me ba nka lehlakore la Satane. Ho fapana le bona, Jesu o ne a ikemiselitse ho tla lefatšeng ’me a tl’o bontša hore o rata Jehova. O ile a etsa seo ka hore a tšepahale bophelo bohle ba hae. (Baheb. 4:15; 5:7-10) O ile a lula a tšepahala ha a ntse a phela ho fihlela a bolaeloa palong. (Baheb. 12:2) Ka tsela ena, o ile a paka hore o rata Jehova le lebitso la hae.
13. Ke hobane’ng ha Jesu e ne e le eena motho ea nepahetseng ka ho fetisisa ea ka pakang hore Satane o leshano? (Sheba setšoantšo.)
13 Tsela eo Jesu a phetseng ka eona e ile ea totobatsa ka ho felletseng hore Satane ke eena ea leshano, eseng Jehova. (Joh. 8:44) Jesu o ne a tseba Jehova ho feta mang kapa mang ea kileng a phela. Haeba liqoso tsa Satane khahlanong le Jehova e ne e le ’nete, Jesu a ka be a tsebile. Empa Jesu o ile a ema a tiile e le hore a sireletse botumo kapa lebitso la Jehova. Le nakong eo ho neng ho bonahala eka Jehova o mo lahlile, o ne a ikemiselitse ho shoa ho e-na le ho fetohela Ntate oa hae ea lerato.—Mat. 27:46.d
Tsela eo Jesu a neng a phela ka eona e bontšitse ntle ho qea-qeo hore Satane ke eena ea leshano, eseng Jehova (Sheba serapa sa 13)
“KE QETILE MOSEBETSI OO U MPHILENG OONA”
14. Jehova o ile a putsa Jesu joang hobane a ile a tšepahala?
14 Bosiung ba pele Jesu a shoa, o ile a rapela Jehova a re: “Ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona.” O ne a tšepile hore Jehova o tla mo putsa hobane a ile a tšepahala. (Joh. 17:4, 5) Jesu o ne a sa fosa ka hore a tšepe Ntate oa hae. Jehova ha aa ka a mo tlohella hore a lule lebitleng. (Lik. 2:23, 24) O ile a mo tsosa eaba o mo fa boemo bo phahameng leholimong. (Bafil. 2:8, 9) Ha nako e ntse e ea, Jesu o ile a qala ho busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo. ’Muso oo o ne o tla finyella eng? Karolo ea bobeli ea thapelo eo a ileng a e ruta barutuoa ba hae e re: “‘Muso oa hao o tle. Thato ea hao [Jehova] e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong.”—Mat. 6:10.
15. Jesu o tla boela a etse’ng?
15 Haufinyane, Jesu o tl’o loana le lira tsa Molimo ’me a felise batho ba khopo ka ntoa ea Armagedone. (Tšen. 16:14, 16; 19:11-16) Nakoana ka mor’a moo, o tla lahlela Satane “ka sekoting se tebileng,” moo a sa tl’o khona ho etsa letho joalokaha eka o shoele. (Tšen. 20:1-3) Ka mor’a moo, Jesu o tla etsa hore batho ba phethahale le hore ba be le khotso nakong ea Puso ea Hae ea Lilemo Tse Sekete. O tla tsosa bafu a be a etse hore lefatše lohle ebe paradeise. Morero oa Jehova o tla be o phethahetse.—Tšen. 21:1-4.
16. Ho tla be ho finyelletsoe eng qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete?
16 Re ka lebella hore ho etsahale eng qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? Ho se phethahale le sebe e tla be e le pale ea maobane. Batho ha ba sa tla hlola ba kopa tšoarelo ea libe tsa bona motheong oa tefo ea topollo, kapa hona ho hloka ’muelli kapa moprista. “Sera sa ho qetela e leng lefu [le bakiloeng ke Adama, se tla be se ile sa] felisoa.” Mabitla a tla be a ntse a re na u ne u ’nehile’ng. Bafu ba tla be ba tsositsoe. Motho e mong le e mong lefatšeng o tla be a phethahetse.—1 Bakor. 15:25, 26.
17, 18. (a) Ho tla etsahala’ng qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? (b) Jesu o tla etsa’ng ha nako ea hae ea ho busa e fela? (1 Bakorinthe 15:24, 28) (Sheba setšoantšo.)
17 Ho tla boela ho etsahale eng qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? Ka nako eo, ho tla etsahala ntho e ikhethang haholo. Tsekisano e mabapi le ho halaletsoa ha lebitso la Jehova e tla fela. Joang? Serapeng sa Edene, Satane o ile a re Jehova o leshano hape ha a buse batho ka lerato. Ho tloha ka nako eo, haesale lebitso la hae le ntse le halaletsoa ke batho ba mo hlomphang. Kahoo, qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, qoso lebitsong la Jehova e tla be e tlositsoe ka ho felletseng. Jehova o tla be a bontšitse ntle ho qea-qeo hore ke Ntate ea leholimong ea lerato.
18 Qetellong ho tla bonahala hore lintho tseo Satane a ileng a li bua ke leshano. Jesu o tla etsa’ng ha nako ea hae ea ho busa e fela? Na o tla etsisa Satane ’me a fetohele Jehova? Che! (Bala 1 Bakorinthe 15:24, 28.) Jesu o tla khutlisetsa ’Muso ho Ntate oa hae. O tla ikokobelletsa puso ea Jehova. Ho fapana le Satane, kannete Jesu o ikemiselitse ho tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe hobane o rata Jehova.
Jesu o fana ka ’Muso ho Jehova ka pelo eohle qetellong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete (Sheba serapa sa 18)
19. Lebitso la Jehova le bolela’ng ho Jesu?
19 Ha ho makatse hore ebe Jehova o ne a ikemiselitse ho fa Jesu lebitso la hae. Jesu o bontšitse ka ho phethahetseng hore na Ntate oa hae o joang. Kahoo, lebitso la Jehova le bolela’ng ho Jesu? Ke la bohlokoa ho feta lintho tsohle. O ne a ikemiselitse ho shoela lebitso leo ebile o tla ikemisetsa ho khutlisetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho Jehova qetellong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete. Re ka etsisa Jesu joang? Re tl’o araba potso ena sehloohong se latelang.
PINA EA 16 Rorisang Jah ka Lebaka la Mora oa Hae
a Ka linako tse ling ha mangeloi a ne a fana ka molaetsa lebitsong la Jehova, e ne e le ha a mo emela. Ke kahoo litlalehong tse ling ka Bibeleng ho buuoang ka mangeloi joalokaha eka ke Jehova ka boeena. (Gen. 18:1-33) Le hoja Mangolo a mang a re Moshe o ile a fumana Molao ho tsoa ho Jehova, litemana tse ling li bontša hore Jehova o sebelisitse mangeloi ho fetisa Molao ka lebitso la hae.—Lev. 27:34; Lik. 7:38, 53; Bagal. 3:19; Baheb. 2:2-4.
b TLHALOSO EA MANTSOE: Ho “halaletsa” ho bolela ho tlotlisa, ho nka ntho e itseng e halalela kapa ho ba le tlhompho e tebileng bakeng sa ntho e itseng. Ho “tlosa qoso” ho bolela ho thusa motho hore botumo ba hae bo se ke ba senyeha ka lebaka la liqoso tsa leshano kapa ho hlakola molato oa hae ka ho felletseng kapa ho paka hore ha a na molato.
c Lefu la Jesu le ile la boela la bulela batho monyetla oa hore ba fumane bophelo bo sa feleng.
d Sheba “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa oa April 2021, maq. 30-31.