Ke Ile ka Hloa Thaba e Ntle ka ho Fetisisa
KE NE ke hlahele motsaneng o mong o ka lithabeng tsa Europe Bochabela ka ba ka hōlela teng. Batsoali ba ka e ne e le Maroma a Mak’hatholike, empa ha baa ka ba etsa hore ke kene kereke, ’me ha re le lapeng re ne re sa rapele ’moho kapa hona ho bua ka bolumeli. Kahoo, joaloka bacha ba bang ba bangata, ke ne ke qeta nako ea ka le matla lipapaling, thutong, le maetong.
Motseng oa heso, ho ne ho e-na le sehlopha se mafolo-folo haholo sa batho ba hloang lithaba se neng se etelletsoe pele ke monna ea mosa, ea nang le phihlelo le tsebo e khōlō ka lithaba. Ka thuso ea hae, ke ile ka ba setsebi sa ho hloa lithaba. Ke ne ke le lilemo li 18 ka nako eo, ’me ka potlako ke ile ka rata lipono tse bohehang tse bonoang ha motho a le litlhorong tse phahameng tsa lithaba, monyaka oa ho thulana le maemo a kotsi le ho a pholoha, le setsoalle le ba bang ba neng ba kopanela likotsing tse joalo.
Ke hopola lekhetlo le leng ka mor’a hore ke be sehlopheng seo ka lilemo tse hlano. Ke ne ke e-hloa thaba moo lefika le neng le sa tiea, ’me ke ile ka khaotsa ho falimeha hona motsotsong oa ha ke fihla tlhorong. Ha ke atamela karolo e ka holimo ea lefika, le ile la qala ho ritsa. Sohle seo ke neng nka se etsa e ne e le ho jethemela ka thōko le ho hoeletsa ho lemosa eo ke neng ke e-hloa le eena. Lefika le thetehang le ile ka khaola ropo e re kopantseng, eaba kea oa. Ka thabo, ho oa ha ka ho ile ha thijoa ke sebaka se senyenyane se bataletseng se nang le joang se neng se le limithara tse ’nè feela ka tlaase. Leha ho le joalo, hase ka mehla lintho li fellang hantle hakaalo papaling ena!
Ha ke le lilemo li 24, ke ile ka qeta univesithing ’me ka nka ketello-pele ea sehlotšoana sena sa batho ba hloang lithaba motseng oa heso. Ka mor’a nakoana, re ile ra kopanya cheletana e itseng ho reka bese e nyenyane e le hore re ka tsamaea hammoho le thepa ea rōna ho ea lithabeng tse hōjana. Empa koloi eo e ne e le boemong bo bobe, ’me ke ile ka qeta likhoeli tse tharo, bosiu le motšehare, ke e lokisa. Ha e lokile, kaofela ha rōna re ile ra batla mesebetsi e kotsi e neng e lefa haholo, e kang ho sebetsa holimo mehahong, ’me ka tsela ena re ile ra qetella re bokelletse chelete e lekaneng ho nka leeto la ho ea Iran. Ha re le moo, ka 1974, re ile ra hloa thaba e entsoeng ke seretse se foqohang fatše e bophahamo ba limithara tse 5 800 e bitsoang Damavand. Le hoja ho e hloa ho ne ho le bobebe haholo, ha re atamela tlhoro re ile ra lokela ho mamella bothata ba lehloa le tebileng, ho haelloa ke moea oo re o phefumolohang ka lebaka la bophahamo, le meea e kotsi e tsoang masobeng a hlahileng ha seretse seo se foqoha.
Ha re khutlela hae ka bese eo e nyenyane, re ne re rerile ho hloa Thaba ea Ararat empa re ile ra lokela ho tlohela morero oo ka lebaka la qhoebeshano ea lipolotiki. Ka 1975 re ile ra ea etsa thellelisane lithabeng tsa Alps tsa Austria, ’me ka nako e tšoanang, ra thea tlhōlisano ea sechaba ka kakaretso ea lifoto eo re ileng ra e bitsa “Batho le Lithaba.” Tlhōlisano ena e sa ntsane e etsoa selemo se seng le se seng. Kaofela ha rōna re ne re e-na le boikutlo ba hore bophelo ba rōna bo ne bo sa haelloe ke letho bo bile bo khotsofatsa.
Ho Nyahama
Leha ho le joalo, ha ke fihla lilemong tse ka bang 30, ke ile ka qala ho tenoa ke ho hloa lithaba ’me ka ipotsa: ‘Na kannete see ke sona sohle se teng bophelong?’ Ba bang ba ile ba mpolella hore ke nyale, empa ke ne ke e-na le metsoalle e nyetseng, ’me e ne e sa bonahale e hlile e thabile. Esita le banyalani bao kamano ea bona e neng e theiloe kotsing le monyakeng oa ho hloa lithaba ba ne ba bonahala ba lahleheloa ke thabo ea bona ha ho tluoa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ke ne ke sa tsebe hore na ke hobane’ng ha manyalo a bona a ne a sa thaba, empa le hoja ’na ka bonna ke ne ke rata ho nyala, ke ne ke sa batle ho hloka thabo joaloka bona.
Ho phaella moo, ke ile ka hlokomela phetoho e ’ngoe ho bacha ba neng ba e-hloa lithaba. Pele, ka mehla ho ne ho ’nile ha e-ba le moea oa ho khalemela, tšebelisano-’moho, le setsoalle likampong tsa ho hloa lithaba tsa Alps. Joale, bashanyana ba banyenyane le ba se nang phihlelo ba ne ba sa amohele khalemelo ba bile ba sa khotsofalle ho etsa tsoelo-pele butle-butle. Ba ne ba batla ho etsa mponeng le ho hloa moo ho neng ho le thata haholo ho bile ho le kotsi bakeng sa bona. Ka ho ikutloa ke ntse ke nyahama ho ea pele, ke ile ka ba le lipuisano tse telele, tse tebileng le motsoalle oa ka Bonjo. Qetellong o ile a etsa tlhahiso ea hore ke buisane le motho eo re neng re e-hloa lithaba ’moho le eena, Henry.
Henry o ile a nkalima buka, ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, ’me hoba ke e bale, ke ile ka makala ho bona kamoo e neng e hlalosa lipotso tseo ke ’nileng ka ipotsa tsona ka pelong ea ka. Ho ile ha fumaneha hore Henry o ne a ntse a ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, kahoo ke ile ka botsa hore na nka kenella. O ile a lumela, ’me ka lilemo tse peli ke ile ka kenella thutong e batsi ea Bibele le libuka leha e le life tsa Bibele tseo ke neng nka li fumana.
Thuto ea Bibele
Ha tsebo ea ka e ntse e teba, ke ile ka ikutloa ke e-na le thabo e eketsehileng. Ke ne ke tseba bolumeli ba Roma e K’hatholike hanyenyane feela, empa ke ile ka makala ho bona hore Bokreste ba Bibele bo ne bo sa itšetleha ka litšebeletso tse hlomamisitsoeng, lineano, le ho nkeha maikutlo ho se nang mabaka. Ho fapana le hoo, bo ne bo akarelletsa melao-motheo e phahameng ea boitšoaro e neng e ama tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba Mokreste. Ho phaella moo, ke ile ka hlolloa ho bona hore Bibele e bua litaba tse utloahalang haholo le hore ha e khahlanong le lithuto tsa mahlale tse pakiloeng ka tieo.
Paki e neng e e-ba le lipuisano le ’na le Henry ha e-ea ka ea re qobella ho fetola maikutlo a rōna kapa tsela ea rōna ea bophelo. Sohle seo e ileng ea se etsa e bile ho hlalosa ka ho hlaka seo Bibele e se buang. Kahoo, ke ile ka tsoela pele ho hloa lithaba ka lilemo tseo tse peli tse qalang tsa ho ithuta. Empa ha tsebo ea ka e ntse e teba, ke ile ka hlokomela hore ho ’na ho hloa lithaba ho ne ho tšoana le temalo. Kotsi ea lefika le thetehang e ile ea boela ea nkhopotsa mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ho Satane ha Satane a ne a mo phephetsa hore a itihele fatše a le lerakong la tempele: “U se ke ua leka Morena, Molimo oa hao.” (Mattheu 4:5-7) Ke ile ka hlokomela hore mosebetsi ona o ne o bontša ho hloka tlhompho bakeng sa bophelo boo Jehova a mphileng bona.
Ka hona ke ile ka nehelana ka boikarabelo ba sehlopha sa rōna sa batho ba hloang lithaba ho motho e mong ea neng a e-na le phihlelo e khōlō ea ho hloa lithaba ’me ka fumana hore ho ne ho se thata ho tloha mosebetsing oa ho hloa lithaba ho tšelela Bokresteng. Ha ke nehelana kapa ke rekisa thepa eohle ea ka—lieta tsa thellelisane, litšepe tsa ho hloa lithaba, litšepe tse kopanyang ropo le kepa, lihamore, lipekere tse nang le lihakisi, le selepe sa leqhoa—ka sebele nka re, ka mantsoe a moapostola Pauluse, ho ’na joale e ne e se e le “lithōle tse ngata.” (Ba-Filippi 3:8, NW) Ke ile ka apareloa ke boikutlo ba khotsofalo e tebileng ha ke khona ho kenella mosebetsing o moholo oa ho rorisa lebitso la Molimo phatlalatsa. Ka 1977 ’na le Henry re ile ra tšoantšetsa boinehelo ba rōna ho Jehova ka kolobetso ea metsing.
Ho Pakela ba Bang
Ka nako eo, ho ne ho e-na le litho tse ka bang 15 tsa sehlopha sa batho ba hloang lithaba motseng oa heso, ’me butle-butle ’na le Henry re ile ra li pakela kaofela. E ile ea e-ba thabo e kaakang ha ngoan’eso, eo le eena e neng e le setho, hammoho le mosali oa hae, ba qala ho ithuta Bibele ’me ba kolobetsoa ka 1981! Nakoana e itseng hamorao, Bonjo o ile a ikopanya le rōna, hammoho le e mong hape, oa bohlano oa sehlopha sa batho ba hloang lithaba. Ho ne ho se ho sa hlokahale hore re hloe lithaba tse phahameng. Thabo ea rōna e khōlō ka ho fetisisa e ne e le ho etela batho ba phuleng ba ananelang ’nete ea Bibele. Phetoho ena e ile ea boela ea amoheloa ka topoloho e khōlō ke ’mè, eo e neng esale a ntse a tšaba mosebetsi oa ka le oa ngoan’eso oa ho hloa lithaba. Qetellong, le eena o ile a ikopanya le rōna borapeling bo hloekileng ba Jehova.
Joale takatso ea ka ea ho nyala e ne e se e sa potlaka. Ka thuso ea Lentsoe la Molimo, ke ne ke se ke tseba melao-motheo e neng e tla nthusa ho etsa lenyalo le atlehileng, empa joale ke ne ke thabetse ho ba lesooa le ho sebeletsa Jehova ka ntle ho tšitiso. Salomone o ile a phatlalatsa: “Mosali ea kelello ke mpho ea Jehova.” (Liproverbia 18:22; 19:14) Ka hona, ke ile ka etsa qeto ea ho leta ka mamello hore Jehova a mphe mpho ena, ha khabareng ke ntse ke phela ka tsela e neng e tla etsa hore ke be monna ea tšoanelehang ha hoo ho etsahala. Ke ka 1982 ha Jehova a mpha tlhohonolofatso e babatsehang ea mosali e motle.
’Na le mosali oa ka re sa ntsane re phela lithabeng, ’me ke sa ntsane ke li rata. Empa kameho ea rōna ea sehlooho joale ke ho thusa batho ho hloa thaba e ’ngoe. Ke thaba efe? Ke e boletsoeng boprofeteng ba Esaia: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona; hobane molao o tla tsoa Sione, lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.” (Esaia 2:2, 3) Ke thabo e kaakang hore e be ke khonne ho hloa thaba ee, e ntle ho feta tsohle!—E fanoe e le monehelo.