Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 9/1 leq. 32
  • Tlohong Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlohong Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U Memeloa Kopanong ea Setereke ea “Barati ba Tokoloho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Kopano ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • E ba Teng Kopanong ea Setereke ea 1987 ea “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 9/1 leq. 32

Tlohong Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng”

HO FAPANA ha lipuo e ’nile ea e-ba tšusumetso e bakang karohano haesale ho tloha mehleng ea Babele. Moo Jehova o ile a ferekanya puo ea batho a ba a ferekanya morero oa batho oa ho ‘ikahela tora hore mabitso a bona a tle a tume.’ (Genese 11:4, BPN) Hore na ho fapana ha lipuo e ka ba tšusumetso e bakang karohano hakae ho ka bonoa ho se ileng sa etsahala Belgium. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, Univesithi ea K’hatholike e Louvain e ile ea aroloa ka lehare ho ea ka lipuo.

Puo ke le leng la mabaka a mangata a bakang likarohano har’a batho. A mang ke bochaba, morabe, thuto, le boemo ba moruo. Empa Lipaki tsa Jehova li sebelelitse ho hlōla lisosa tsena kaofela tsa karohano ’me kannete li kopane.

Lehlabuleng le fetileng ho ile ha ba le pontšo e hlollang ka ho fetisisa ea bonngoe bona metseng ea Chorzów (haufi le Katowice), Poznan, le Warsaw, Poland. Lipaki tse buang bonyane lipuo tse 20 tse fapaneng, li ne li le teng li e-tsoa linaheng tse ka bang 37. Leha ho le joalo, bohle ba ile ba bonahatsa bonngoe bo hlollang. See sohle se ile sa bakoa ke eng? Bohle ba ne ba bua “puo e hloekileng” ea ’nete ea Mangolo. Sena se ile sa boleloa esale pele ka boprofeta ho Sofonia 3:9 (NW): “Joale ’na [Jehova Molimo] ke tla neha lichaba phetoho ea ho fetohela puong e hloekileng, e le hore kaofela li bitse lebitso la Jehova, e le hore li mo sebeletse mahetla a bapile.”

Ka hona, ho na le lebaka le letle leo ka lona likopano tsa setereke tsa 1990 li tla ba le sehlooho “Puo e Hloekileng.” Ka lebaka la ho se phethahale ha botho, litšusumetso tse hlahang lefatšeng le khopo la Satane, le liketso tse bolotsana tsa Diabolose le bademona ba hae, ho bua “puo e hloekileng” ha ho itlele habonolo ka mehla. Re tlameha hore ka mehla re itebele khahlanong le litšekamelo tsa boikhabi tse ka re arolang.

Ke hobane’ng ha Molimo o re file puo ee e hloekileng? Hore re sebeletse Jehova “mahetla a bapile.” Liphetolelo tse ling li bontša hore sena se bolela ho sebeletsa Molimo “tlas’a joko e tšoanang” (The Jerusalem Bible); “ka tumellano” (Moffatt); “ka morero o le mong” (An American Translation); le ho “sebelisana tšebeletsong ea oona.”—Byington.

Ka lipuo, lipontšo, liphihlelo, lipuo tsa neheletsano, le litšoantšiso tsa Bibele tse tla ba teng likopanong tsena, re tla khothatsoa le ho susumelletsoa ho bua puo e hloekileng ka tsela e nepahetseng haholoanyane. Li tla boela li re susumelletse ho sebeletsa baena ba rōna ka katleho le ka kutloano e kholoanyane.

Likopano tsena li tla qala ka Labone ka moraonyana ho 1:00 motšehare ’me li tla fela hoo e ka bang ka 4:00 motšehare oa mantsiboea ka Sontaha. Etsang litokisetso hona joale hore le tle le be teng ha ho binoa pina e qalang ’me le be teng mananeong ’ohle ho fihlela thapelong e koalang ka Sontaha motšehare oa mantsiboea.

Tlohong le Libibele le libuka tsa lōna tsa lipina, ’me le itokisetse ho nka lintlha. Hape, tlohong le e-na le takatso e ntle ea lijo tsa moea, ’me le tla tloha le hlomelletsoe ka botlalo haholoanyane bakeng sa ho bua puo e hloekileng le ho sebeletsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela