E ba Teng Kopanong ea Setereke ea 1987 ea “Tšepa Jehova”
RE NA le sehlooho se setle hakaakang bakeng sa likopano tsa rōna tsa setereke tsa 1987: “Tšepa Jehova”! Ka sebele ho tšepa ha rōna Jehova ho re arola lefatšeng lohle. Ba bang kaofela ba bea tšepo ea bona linthong tse kang matlotlo a bona, bohlale ba bona, matla a bona kapa babusi ba bona ba bopolotiki le baeta-pele ba bona ba bolumeli. Haufinyane bohle ba joalo ba tla soetseha habohloko.—Pesaleme ea 146:3, 4.
Ho bolela eng ho tšepa motho e mong kapa ntho e ’ngoe? Ho latela bangoli ba libuka tse hlalosang mantsoe, “ho tšepa ho fana ka maikutlo a ho itšetleha ka ho feletseng le ka ho tiea ka ntho e ’ngoe kapa motho e mong.”a E, ’me ke ka tsela eo re ikutloang ka eona. Re bea tšepo ea rōna ho Jehova ka ho feletseng le ka ho tiisitsoeng.
Hangata haholo ka Lentsoeng la Molimo re hlokomelisoa ka bohlokoa ba ho tšepa Jehova. Bapesaleme khafetsa ba bolela ka ho tšepa ha bona Jehova: “Ke beile tšepo ea ka ho Jehova.” “Ke itšepela uena, Jehova.” Lipolelo tsa bona li re hopotsa mantsoe a pina e ’ngoe ea rōna ea ’Muso: “Molimo setšabelo, re tšepa uena,/Jah. . . . Jehova setšabelo,/qhobosheane ea rōna!”—Pesaleme ea 31:6, 14.
Nako le nako Mangolo a re laela hore re bee tšepo ea rōna ho Molimo: “U be le tšepo ho Jehova, u etse ho hotle.” “U Tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao.” (Pesaleme ea 37:3; Liproverbia 3:5) Lentsoe la Molimo le boetse le re bolella ka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba ileng ba putsoa ka lebaka la ho mo tšepa linakong tsa tlokotsi e khōlō. Har’a ba joalo e bile Morena Ezekiase, Ebede-Meleke, Baheberu ba bararo le Daniele.—2 Marena 18:5; Jeremia 39:18; Daniele 3:28; 6:23.
Re bontša joang hore re tšepa Jehova? Tsela e ’ngoe ke ka ho mo tseba le ho kholoa sohle se ka Lentsoeng la hae. Jesu Kreste o re file moralo o bonolo haholo: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” E, haeba re tšepa Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna, re tla bea lithahasello tsa ’Muso oa hae pele bophelong ba rōna ’me re latele tsela ea boitšoaro bo nepahetseng.—Mattheu 6:33.
Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore tšepo ea rōna ho Jehova e be matla? Ka lebaka la likhatello tseo re li tlisetsoang ka mahlakore oohle. Ho ba bang ke mahloriso a tobileng, ho ba bang ke liteko tsa ho etsa phoso. Leha tšepo ea ba bang e lekoa ka ho hlokahala ha mamello. Kopano ea rōna e tlang ea setereke e har’a lithuso tse ngata tseo Jehova a faneng ka tsona mehleng ena ea qetello.
Selemong sena kopano e tla ba ka matsatsi a mararo a tletseng, Labohlano, Moqebelo le Sontaha. Ka liphetoho boleleleng ba mananeo, kaofela lenaneo le tla be le ntse le fupere boitsebiso bo lekanang le ba selemo se fetileng. Morero oa litšobotsi tsohle tsa lenaneo lena, re ka tiisa, e tla ba ho matlafatsa ho tšepa ha rōna Jehova hammoho le ho tšepa mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oo a o sebelisang hajoale.
Kahoo e se eka Mokreste e mong le e mong oa Paki ea Jehova a ka etsa qeto ea ho ba bonyane ho e ’ngoe ea likopano tsena. Tlo le bana ba hao. E ba teng ha ho qaloa ka pina le thapelo ka Labohlano hoseng ’me u lule ho fihlela pina ea ho qetela le thapelo ka Sontaha thapama. Tlo u itokisitse ka Bibele, buka ea lipina, buka ea ho ngola lintlha le pene. Kena ka botlalo moeeng oa seo ho fanoang ka sona, ho akarelletsa lipina le lithapelo. Ela hloko ka ho fetisisa seo ho tla beng ho fanoa ka sona. ’Me a re tiiseng hore ka linako tsohle moaparo oa rōna le boitšoaro ba rōna li ke ke tsa nyatsuoa.
Molao-motheo oa Mangolo ‘jala haholo, kotula haholo’ o sebetsa ho beng teng ha rōna Kopanong ea Setereke ea “Tšepa Jehova.” Ha re thahasella haholoanyane ho fumana lenaneo lohle, re tla tloha le mahlohonolo a eketsehileng kopanong eo ’me re tla ba tlhohonolofatso e kholoanyane ho ba bang.—2 Ba-Korinthe 9:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Webster’s New Dictionary of Synonyms.