Metsi a Tokiso aa Betseha
“KA TŠOHANYETSO ka utloa molumo o mong, oo e kang oa sea-luma, o tla ho rōna ka potlako. Lelapa la rōna . . . la qala ho mathela leralleng le haufi ka matla ’ohle a lona. Metsi a loebehlanang a re tšoara. Ha ho mohla re kileng ra sesa hakaalo. Le hoja re ne re tsamaea re habola metsi a leoatle . . . , re ile ra atleha ho fihla moo re neng re e-ea teng.”
Ke kamoo Mofilipino e mong a ileng a pheta phihlelo e tšosang e ileng ea fetola bophelo ba hae. Mohlomong ha ho mohla u kileng ua oeloa ke koluoa ea tlhaho—ea metsi kapa ea mofuta leha e le ofe o mong. Empa ha u sheba histori e senola hore bophelo ba ba limillione bo ’nile ba fetoloa ke e ’ngoe ea litlokotsi tsa mofuta o mong o itseng.
Bolumeli le bona bo ile ba tsukutleha ka matla ka mekhoa ea mefuta-futa, e fetotseng bophelo ba letsatsi le letsatsi ba batho ba se nang palo. Bana ba akarellelitse Mahindu, Mabuddha, Masolomane, Bajode le Bakreste. Na bophelo ba hao bo anngoe ke pherekano e joalo? Ho batla ho le joalo ka sebele, ho sa tsotellehe hore na u phela hokae. A re etsetseng hona mohlala ka ho nka leeto le khutlelang morao ka lilemo tse ka bang 400 mehleng ea lekholo la lilemo la bo16. Re qala ka ho lebisa tlhokomelo ea rōna Europe, eo ka nako eo, joaloka setsokotsane se iphang matla, e neng e hlokoleha ke ho hanyetsana bolumeling.
Leqhubu le Ntseng le Hōla
Ka makholo a lilemo, a isitseng ho seo re se bitsang Tokiso, ho bile le tsekisano pakeng tsa Kereke ea Roma e K’hatholike le marena a Europe; sehlopha ka seng se ipolela hore se phahametse se seng le ho phahamela sechaba. Sehlopha sa batho ba itseng lefatšeng leo se ile sa utloahatsa mantsoe a sona ho hanyetsa seo se neng se bona hore ke tlatlapo e etsoang ke kereke.
Ba ile ba bona tlatlapo ea mofuta ofe? Meharo, boitšoaro bo bobe bo totobetseng, le ho kena-kenana le lipolotiki. Batho feela ba ne ba tenehile ke banna le basali bao ka lehlakoreng le leng ba neng ba ipolela hore ba na le litokelo tse khethehileng ka lebaka la likano tsa bona tsa bofuma le bohloeki empa ka nako e tšoanang ba nyelisa molao ka ho silafala pepenene le ka boitšoaro bo bobe. Batho ba boemo bo phahameng Engelane ba ne ba khopisoa ke boemo bo batlang bo sa tloaeleha ba hore ba ntše kabelo e eang ho mopapa eo ka nako eo a neng a phela France ebile e le motsoalle oa eona, empa France e le sera sa Engelane ntoeng.
Tšilafalo e ka Kerekeng e K’hatholike e ile ea monyela fatše ho tloha holimo. Setsebi sa histori Barbara W. Tuchman oa ngola bukeng ea hae The March of Folly, hore bo-papa ba tšeletseng ba bileng litulong ho tloha ka 1471 ho ea pele ba ile ba tsoela pele e le “ba feteletseng tšusumetsong e silafetseng, boitšoarong bo bobe, meharong ea leruo le matleng a kotsi haholo a lipolotiki.” Barbara Tuchman o tsoela pele ho hlalosa kamoo Mopapa Sixtus IV, hore a tle a phahamise le ho ruisa lelapa labo le neng le futsanehile ho tla fihlela ka nako eo, a ileng a khetha bana ba banab’abo ba bahlano le setloholo sa ngoan’abo e le bo-k’hadinale, ’me setloholo se seng sa ngoan’abo a se etsa mobishopo, ’me a nyalisa beng ka eena ba bang ba tšeletseng malapeng a borena. Alexander VI, ha e e-ba mopapa, o ne a tsebisahala ka hore o na le linyatsi tse ngata le bana ba supileng. Barbara Tuchman o ngola hore, boikemisetsong ba hae ba hore a beoe setulong, o ile a qeka ka limpho batho ba babeli bao a qothisanang lehlokoa le bona, e mong oa bona a amohela “mekhabiso ea gauda le silevera e ka jaroang ke ’moulo tse ’nè.” Hamorao o ile a okamela mokete oa Vatican o ileng oa “tuma historing ea lingoliloeng tsa bootsoa.” Buka eona eo joale e ngola ka bokhutšoaane kamoo sebetli sa litšoantšo se tsebisahalang Michelangelo se ileng sa laeloa ke Mopapa Julius II hore se etse seemahale sa hae. Ha mopapa a botsoa ke sebetli hore na a ka rata ho bona seemahale se nkile buka, mopapa oa mohlabani a arabela: “Kenya sabole mono. Ha ke tsebe letho ka litlhaku.”
Letlere Letamong
Maeurope a tloaelehileng a ne a ntse a lakatsa tataiso ea moea. Ha ba bona baitlotlisi ba tsekisana maemo a fapa-fapaneng, bana ba tlaase haholo ba retelehela mohloling o mong oa matla, oo ba neng ba nka hore o phahametse e meng eohle—Bibele. Ho latela sengoli Joel Hurstfield, Tokiso “ka kutloisiso e tebileng ka ho fetisisa e ne e le ho khaola khang ea hore na matla a puso ke a mang.” Ba sisimositsoe ke tšenyeho e ka kerekeng, baboleli le baitlami Italy ba qala ho bua phatlalatsa ka bohlokoa ba tokiso. Empa ha ho moo metsi a ho se khotsofale a neng a bokellana ka mokhoa o tšosang haholoanyane ho feta Jeremane.
Mehleng ea bohetene, merabe ea Majeremane e ne e e-na le moetlo oo ka oona motho a neng a ka lopolloa kotlong ea tlōlo ea molao ka hore a lefe chelete. Ka ho atolosoa ha tumelo ea Roma, moetlo ona oa fumana sebaka seo o neng o sa se rereloa ka kerekeng ka mangolo a tšoarelo. Ana a ne a lumella moetsalibe hore a reke ho mopapa bohlokoa ba melemo ea “bahalaleli” ba shoeleng ’me a e sebelise khahlanong le likotlo tsa lefatšeng bakeng sa libe tse entsoeng. Tlas’a khatello ea lichelete e neng e bakiloe ke ho loantša France le mosebetsi o moholo oa ho haha Rome, Mopapa Leo X o ile a lumella hore ho rekisoe mangolo a tšoarelo, a fana ka topollo e feletseng likotlong tsa lefatšeng bakeng sa libe. Martin Luther ea khopehileng a qapollisa mabaka a hae a tummeng a 95 ka lithuto tsa bohata tsa kereke. Bohato bo neng bo isa tokisong, bo neng bo qalile joaloka lerotholi melokong e itseng e fetileng, ba fetoha phororo ha batho ba eketsehileng ba ntse ba tšehetsa tokiso.
Lekholong la bo16 la lilemo, batho ka bomong ba kang Luther Jeremane, Zwingli le Calvin Switzerland, le Knox Scotland ba ile ba fetoha tšusumetso ho ba bangata ba ileng ba bona monyetla oa ho hloekisa Bokreste le ho khutlela melemong ea mathomo le litekanyetsong tsa mathomo tsa Bibele. Ho ile ha qaptjoa lentsoe le leng Jeremane ho hlalosa ba ileng ba hana ho lumela lithibelo tse beetsoeng tumelo ke mahosana a Roma e K’hatholike, le ba ileng ba ikana hore ba tla tšepahala ho Molimo ho feta mang kapa mang e mong. Lentsoe lena hamorao le ile la akarelletsa bohle ba ileng ba kenya letsoho bohatong ba Tokiso. Lentsoe e bile “Moprostanta (“Mokreste eo e seng oa Roma e K’hatholike).”
Boprostanta ba haola Europe ka lebelo le leholo, bo etsolla bokhabane ba bolumeli, bo seha meeli e mecha ea thuto ea tsebo ka Molimo. Jeremane le Switzerland tsa etella pele, li lateloa kapele ke Scotland, Sweden, Norway, le Denmark. Ho ne ho e-na le mekhatlo ea tokiso Austria, Bohemia, Poland, Transylvania, Netherlands le France.
Engelane, ho se khotsofale ho ne ho ’nile ha hlahella ka nako e fetang lekholo la lilemo, ho tloha mehleng ea John Wycliffe le Malollard. Empa eare ha qetellong ho itokolloa Kerekeng e K’hatholike, e ne e le haholo-holo ka mabaka a lintho tsa lefatše. Morena a etsa qeto ea hore a se ke a fetola bolumeli ba hae empa a fetole mosali oa hae. Ka 1534 Henry VIII a ipolela hore ke hlooho ea Kereke e ncha ea Chache. Lipakane tsa hae li ne li fapana le tsa ba hanyetsanang bolumeling Europe, empa leha ho le joalo ketso ea hae ea bula likhoro tsa metsi a phetoho ea bolumeli hore a phallele Brithani. Hohle Europe, metsi ana a potlakela ho fetoha hore a be mafubelu ke mali a ba likete ba ileng ba namalatsoa tlhokofatsong ea karohano ea bolumeli.
Kae le kae moo tlhohlelletso ea tokiso e ileng ea itsetsepela, thepa ea kereke le litša tsa eona tsa hapa mahlo. Ka lilemo tse ’nè feela, morena oa Manyesemane a hapa libaka tsa boitlami tse 560, tse ling li e-na le lichelete tse ngata. Linaha tse ling tsa bona marena hammoho le batho feela ba inkela litša tsa kereke. Lihlōhō ea e-ba tse se nang moeli ha ho haptjoa Rome ka boeona. Barbara Tuchman o ho hlalosa ka hore, “Bobatana le ho nyoreloa mali tsa bahlaseli ‘li ne li ka etsa hore le lona lejoe le hlomohe.’ Liboko le ho bobola tsa tlala hohle; Tiber ea phalla ka litopo.” Lihlotšoana tsa Mak’hatholike le tsa Baprostanta tsa hlorisoa habohloko. Bohemia, Maprostanta a amohuoa thepa, ha Ireland monyetla e ne e le oa Mak’hatholike. Maprostanta a Mahuguenot a Mafora a tsongoa, joalokaha Mapresbitheri a Scotland le Mapuritane a Manyesemane le ’ona a ne a tsongoa. Ha bonahala eka ho potoloha lebili le se nang kelello la polao, ’me bolumeli e le bona thelelisane e khōlō e sebelisoang. E be lihlōhō tsee ho ne ho se mohla li tla khaotsa?
Kereke e ne e se na letšoao la khotso leo e ka fanang ka lona. Empa marena, a khathetse ke polao ea ntoa ea lehae, a fihlela tumellano ea ho rala meeli pakeng tsa litumelo tse hanyetsanang. Khotso ea Augsburg ka 1555 le Khotso ea Westphalia ka 1648 tsa kopanya meeli ea bolumeli le ea bochaba, li fana ka monyetla oa hore morena oa sebaka ka seng a etse qeto ea hore na ke tumelo efe eo batho ba hae ba tla e latela. Ka tsela eo Europe ea kena mehleng e mecha, e neng e tla tšoarella ka lilemo tse ka bang 300. Ebile feela ho fihlela qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše moo tšebeliso ea matla Europe e neng e tla seeloa meeli bocha ka ho feletseng ke makhotla a Botsoalle a neng a hlōtse ka nako eo.
Ho laba-labela tokoloho ea bolumeli le tokiso ho ne ho entse hore metsi a letamo la lithibelo tsa kereke a tlale ka ho fetisisa. Kamorao ho makholo-kholo a lilemo a lithibelo tse sa feleng, metsi a qetella a betsehile, a phalla ka potlako likhohlong tsa Europe, a sia naha e senyehileng sebopeho moo a fetileng teng. Eare ha leqhubu le kokobela, baruti linaheng tsa Boprostanta ba ne ba amohiloe tsamaiso litabeng tsa bolumeli ’me batho feela ba athametse mabopong a mebuso ea lefatše. Leha ho le joalo, Europe e ne e sa ntsane e tetebetse ho hlokeng mamello ha bolumeli, ’me babalehi ba phasa-phasa ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Lefatše la Europe le ne le se le sitoa ho boloka metsi a phallang ka bolokolohi. Ka potlako a qala ho phallela mose. Lekholo la bo17 la lilemo la fana ka mocha oa moo metsi a tlōtseng a ka phallelang teng. Lefatše le lecha le ne le etsoa likoloni.
Metsi a Tlōtseng a Lebisoa Mose
A. P. Stokes o ngola ho Church and State in the United States hore “Se seng sa lisosa tse ka sehloohong bakeng sa ho qala ho fallela Amerika e ne e le takatso ea tokoloho ea bolumeli.” Batho ba ne ba tennoe ke tlatlapo. Mabaptiste, Maquaker, Maroma e K’hatholike, Mahuguenot, Mapuritane, Mamennonite, le ba bang kaofela ba ne ba utloisisa ho mamella maima a leeto le ho itahlela ho seo ba sa se tsebeng. Stokes o qotsa e mong a re: “Ke ne ke laba-labela naha eo ke neng nka lokoloha ho rapela Molimo kamoo Bibele e nthutileng kateng.” Tekanyo ea ho hloka mamello eo batho bana ba faletseng ba ileng ba e sia morao e ka ahloloa ka mathata ao ba neng ba utloisisa ho a mamella. Ho latela rahistori David Hawke ho The Colonial Experience, ho tloha naheng ea habo motho ka pelo e bohloko ho ne ho le bonolo hore ho lateloe ke “likhoeli tse peli, tse tharo, kapa tse ’nè tse qetoang tsatsi le leng le le leng ho lebelletsoe hore motho a koenngoe ke maqhubu kapa masholu a sehlōhō a leoatleng.” Kamorao ho moo, motsamai ea hlokofalitsoeng ke boemo ba leholimo o ne a “theoloa sekepeng ho kena har’a Maindia a maqaba, a tummeng ka sehlōhō feela . . . [’me a lule] har’a tšotleho ka nako e telele.”
Batho ka bomong ba ne ba hahamalla tokoloho, mebuso ea bokoloni e batla matlotlo. Ho sa tsotellehe hore na sepheo e ne e le sefe, batho ba faletseng ba ne ba e-ea le bolumeli ba bona. Jeremane, Holland le Brithani tsa etsa Amerika Leboea qhobosheane ea Boprostanta. ’Muso oa Brithani o ne o batla haholo-holo “ho thibela Boroma K’hatholike . . . hore bo ka laola Amerika Leboea.” Canada ea oela tlas’a tšusumetso ea France le Brithani. Leano la ’muso oa Mafora e ne e le ho “boloka France e Ncha tumelong ea Roma e K’hatholike,” o bile o hana ho lumella Mahuguenot ho fallela Quebec. Afrika e ka Boroa le likarolo tsa Afrika Bophirimela tsa oela tlas’a tšusumetso ea Boprostanta. Tšusumetso ena ea eketseha ha nako e ntse e feta ha Australia, New Zealand le lihleke-hleke tse ngata tsa Pacific li ekelletsoa mohlapeng oa Boprostanta.
Spain le Portugal li ne li se li ntse li fetola Amerika Boroa le Amerika Bohareng hore e be tsa K’hatholike. Mafora le Mapotoketsi ba phahamisa folaga ea Bok’hatholike Afrika Bohareng. India, Goa e ne e le tlas’a tšusumetso ea Mapotoketsi, ka hona Bok’hatholike ba mela ka metso moo.
Mokhatlo oa Jesu oa theoa lekholong la bo16 la lilemo ho ntšetsa pele sepheo sa K’hatholike. Hoo e ka bang bohareng ba lekholo la bo18 la lilemo, ho ne ho e-na le ba fetang 22 000 ba Mokhatlo oa Jesu ba neng ba sebetsa lefatšeng lohle, ’me ba bile ba tiisa tšusumetso ea K’hatholike China le Japane.
Pono e Ncha
Metsi a betsehang a na le matla a maholo, joalokaha paki e qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena e ile ea tiisa. A batalatsa naha, a fata likhohlo le likhohloana tse ncha, a pshatla litšitiso tse tseleng ea ’ona. Phororo e tlang e halefile ha e na morena, e ke ke ea laoloa kapa ea tsamaisoa. Ho bile joalo feela ka moroallo oa Tokiso.
G. R. Elton o re ho The Reformation Crisis, “Ka baka leo, se ileng sa etsahala . . . e ne e se hakaalo ho hlōla ha tumelo e ncha ea ba ikarotseng, empa e bile ho amohela butle-butle ha ba bangata litsekana tsa Bokreste-’mōtoana tseo ho neng ho se ea li batlang.” Bokreste-’mōtoana bo ne bo le litsekana, bo tsukutliloe ke sefefo, bo feletsoe ke matla. Batho joale ba tšepahala haholoanyane ho marena a libaka ka bomong le likerekana tsa bochaba. Ho ne ho fokolisitsoe puso eo e neng e le khale e theiloe Rome. Bochaba ba mela ka metso lefatšeng le tlepe-tlepe la Boprostanta. Brithani le United States, li tiile ka matsohong a baeta-pele ba lefatše ba Maprostanta, li ne li tla bōpa hammoho ’muso oa lefatše oa bosupa oa histori ea Bibele, li nka lebili la tsamaiso lekholong la bo18 la lilemo.
Leha ho le joalo, bohato ba Tokiso ha boa ka ba etsa seo ho neng ho tšepiloe hore bo tla se finyella. Ke sefe sona seo? Ha nako e ntse e feta, lithuto tsa motheo tsa likereke tsa Boprostanta, e-bang e ne e le tsa likereke tsa bochaba kapa che, li ile tsa lumellana haholo le tsa Rome. Balokisi ba pele ba ne ba ile ba lora ka ho khutlela litekanyetsong tsa Bibele, Bokresteng bo hloekileng. Ha balumeli ba ntse ba eketseha le ho ipha matla, tsamaiso e ferekaneng ea nyopisa litoro tseo.
Leqhubu la metsi a Tokiso le siile likoti le lekholong lena la rōna la bo20 la lilemo. Na u ka supa tse ling tsa tsona? Habohlokoa haholoanyane, re eme lintšing tsa morusu oa ho qetela oa bolumeli oa lefatše ka bophara. Bolumeli bo kotula litholoana tsa nako ea bona e fetileng. Na u tla pholoha hore u tle u ithute boemo bo bocha ka hloko? Lipotso tsena li tla arabeloa tokollong ea Pulungoana ea makasine ona.