Likopano Tsa Setereke Tsa 1986 Tsa “Khotso ea Bomolimo”
KE ho loketseng hakaakang hore likopano tsa rōna tsa setereke tsa 1986 li bitsoe tsa “Khotso ea Bomolimo”! E, Jehova Molimo oa rōna “hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” O fapana ho hang le “molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose, eo e leng molimo oa mofere-fere, qhoebeshano, le pherekano.—1 Ba-Korinthe 14:33; 2 Ba-Korinthe 4:4.
Ka ho loketseng ka ho fetisisa, Jehova Lentsoeng la hae nako le nako o bitsoa “Molimo oa khotso.” (Ba-Filippi 4:9; 1 Ba-Thessalonika 5:23; Ba-Heberu 13:20) Lentsoeng la hae, ho tšepisoa khotso, e-ea elelletsoa, e hatisoa ho tloha qalong ho ea qetellong, e boleloa ka makhetlo a ka bang 250. Kannete, Jehova ke ‘Molimo o neang khotso’ ho batho ba oona.—Ba-Roma 15:33; 16:20.
Ka baka leo, ke hoa bohlokoa hakaakang hore mohlanka e mong le e mong oa hae, e, e mong le e mong ho Lipaki tsa Jehova, e be motho oa khotso! Hona ha ho bolele feela ho ba le khotso, empa ‘ho batla khotso le ho e phehella,’ joalokaha moapostola Petrose a re elelitse hore re etse joalo. (1 Petrose 3:10, 11) Hoo ho bolela hore re tlameha ho ba “baetsi ba khotso,” joalokaha Kingdom Interlinear ea rōna e ngola Mattheu 5:9.
Ha ho bonolo ho ba baetsi ba khotso, ho sebeletsa khotso, ho leka ho boloka khotso. Ho na le mefokolo ea tlhaho ea rōna ea botho bo sa phethahalang e sekametseng ho bakeng likhohlano tsa botho. Joalokaha pina ea rōna ea ’Muso (No. 213 [ka Senyesemane]) e re: “Ho se lumellane hoa hlaha ka linako tse ling; ha rea phethahala, rea hlokomela.” Pina ena e tsoela pele ho eletsa: “Ho ho lokisa ka potlako ke leruo le leholo. Re tla boloka bonngoe.” Hape ho na le likhatello tsa lefatše la Satane, hammoho le lifi tsohle tsa lona, tse sebetsang khahlanong le “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.” (Ba-Filippi 4:7) ’Me, bonneteng, Satane le bademona ba hae ba teng, ba etsang sohle se matleng a bona ho ferekanya khotso ea rōna; re tlameha ho loana le bona.—Ba-Efese 6:12.
Mehleng ea boholo-holo, Molimo o ile oa lokisetsa hore batho ba oona ba bokane hammoho ka linako tse khethehileng e le hore ba hahuoe moeeng le ho matlafatsoa boikemisetsong ba bona ba ho utloa litaelo tsa Molimo. Ka ho tšoanang le kajeno, har’a lithuso tse ngata tseo o faneng ka tsona ho re thusa ho ba baetsi ba khotso ke likopano tsa rōna tsa setereke tsa selemo le selemo. Lipokanong tsena ke moo re utloang ha ho hlalosoa Lentsoe la Molimo ka mokhoa o batsi. Ka matsatsi a mane re rutoa ke Ntate oa rōna oa leholimo ka lipuo, lipuisano, lipontšo le litšoantšiso. E, le lipina tsa rōna ka ho toba le ka ho sa tobang li re khothalletsa khotso.
Selemong sena likopanong tsa rōna tsa setereke tsa “Khotso ea Bomolimo” re tla utloa moea oa boena ha re amohelana. Ho bona kamoo mafapha ’ohle a sa tšoaneng a sebetsang ka kutloano, ruri re tla fumana moea oa kopano.
Kahoo, a re tleng re falimehetse kannete litlhoko tsa rōna tsa moea ’me re itokiselitse ho rua molemo o feletseng lenaneong lohle, re fihla ka nako ho amohela karolo ea pele ka Labone thapama le ho lula ho fihlela pina ea ho qetela le thapelo ka Sontaha thapama.
Ho feta moo, na hape ha rea lokela ho loanela hore re be ba tsitsitseng? Ka litsela life? Ka ho ananela kannete lijo tsa moea tse fanoang. Ba bangata ho rōna ba tla be ba kene tšenyehelong e khōlō ea nako le lichelete. Ka hona a re boneng hore re fihla ka nako ’me re boemong bo botle ’meleng. Hoo ho bolela hore ha rea lokela ho ja kapa ho noa haholo kapa hona ho robala bosiu haholo. Ho e-na le hoo, a re tiiseng hore re sebelisa boitekanelo ’me re ea tlung ka nako e le hore re ka hlaphoheloa le ho tsoha re hlasimolohile ho amohela lijo tsohle tsa moea tse lokiselitsoeng. Ha lenaneo le ntse le tsoela pele, re be litulong tsa rōna re mametse, re sa lebe koana le koana, kapa ho tšoareha moqoqong le motsoalle e mong eo re mo ratang eo mohlomong e leng khale re sa bonane le eena. Nako ea ho buisana le metsoalle ea rōna ke pele mananeo a qala le kamorao ho oona. E, a re tleng re ikemiselitse ka botlalo ho hahuoa kannete moeeng.
Mehleng ea boholo-holo Molimo o ne o lokiselitse hore batho ba oona ba bokane hammoho ka mehla ka linako tse khethehileng e le hore ba ka hahuoa moeeng. ’Me kannete likopano tsa rōna tsa setereke tsa selemo le selemo har’a lithuso tse ngata tseo a li lokiselitseng kajeno ho re thusa hore re be baetsi ba khotso.