Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 3/15 leq. 30
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sepheo sa Boithati
  • Ba Hlōloang ke Lottery
  • Li-lottery—Ke Mang ea Hapang Moputso? Ke Mang ea Hlōloang?
    Tsoha!—1991
  • Li-lottery—Ke Hobane’ng ha li Ratoa Hakaale?
    Tsoha!—1991
  • Phoso ke Efe ka Papali ea Chelete?
    Tsoha!—2002
  • Bathaothuoa ba Bacha ba Papali ea Chelete—Bacha!
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 3/15 leq. 30

Ho Nyarela ka Litabeng

Sepheo sa Boithati

Kapele ka mor’a hore a hloelle pusong ka 1933, moeta-pele oa Bonazi Adolf Hitler o ile a buisana ka selekane le Kereke ea K’hatholike. Selekane sena se ile sa fa Hitler tokelo ea ho thibela ho khethoa ha babishopo ba Jeremane e le phapanyetsano bakeng sa litokelo tse itseng tse lumelletsoeng kereke. Empa ke sefe ho lihlopha tseo tse peli se neng se tla rua molemo haholo? Buka e ncha ea boitsebiso ea K’hatholike ea Sefora e fana ka karabelo e otlolohileng potsong ena.

“Mopapa Pius XI ka boeena . . . o ile a ho nka ho hlokahala ka ho felletseng ho tiisa tšireletseho ea kereke ea Jeremane ka selekane. Ho ile ha buisanoa ka selekane sena pakeng tsa ’Mesa le Phupu, 1933. Le hoja ka molao se ne se tšehetsa Kereke ea K’hatholike, selekane sena ha e le hantle e ne e le katleho ho Hitler, kaha se ne se lumella ho amoheloa ha puso ea hae. Ho feta moo, kaha ka mehla Hitler o ne a se tlōla, mopapa o ile a qosoa ka ho kokobetsa matsoalo a Mak’hatholike le ho amoha babishopo matla ka ho etsa tumellano ea booatla.”

Kajeno, haholo-holo Fora le Jeremane, Kereke ea K’hatholike e tšoauoa liphoso pepenene ka baka la ho sekisetsa ha sehlopha sa eona sa baruti nakong ea puso ea Bonazi. Mathata ana a hlaha ha baeta-pele ba kereke ba hlōleha ho ela hloko mantsoe le mohlala oa Jesu Kreste, ea ileng a re ka balateli ba hae ba ’nete: “Hase ba lefatše, joalo ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:16) Ke ’nete, ho sekisetsa ho joalo ha baeta-pele ba kereke ho hlahisitse tšehetso ea lefapha la bopolotiki, empa see se ba etselitse eng bakeng sa kamano ea bona le Molimo? Ha a ngolla Bakreste ’moho, morutuoa oa Jesu, Jakobo, o ile a lemosa: ‘Ho iketsa motsoalle oa lefatše ke ho ipea sera ho Molimo.’—Jakobo 4:4.

Ba Hlōloang ke Lottery

Ho na le menyetla e ka bang limillione tse 14 e khahlanong le monyetla o le mong oa ho hapa ha hao lottery. Leha ho le joalo, The Globe and Mail, koranta ea Canada, e tlaleha hore batho ba limillione ka mehla ba bapala li-lottery tse tšehelitsoeng ke ’muso. Patlisiso e bontša hore li-lottery ha li na boipiletso bo bong haese tšepo ea ho hapa moputso o moholo, eo hangata e susumetsoang ke phatlalatso ea khoebo e lebisang tlhokomelo “moputsong le tšabong ea ho hlōleha ho reka tekete.” Kaha sepheo sa lottery ke ho etsa liphaello le ho hlahisa bahlōli ba fokolang, batšehetsi ba etsa liphatlalatso tsa letsatsi le letsatsi tsa khoebo ka “tšepo ea ho thea mokhoa o tloaelehileng oa ho reka.”

Na hona hoa sebetsa? E! Ha a tlaleha makasineng ea American Health ka ho phahama ha papali ea chelete har’a bacha, Dr. Durand Jacobs o supa li-lottery e le ntho e ba kenyelletsang papaling ea chelete “hobane li theko e tlaase, ho bonolo ho li finyella ’me li phahamisoa li lokile.” Oa phaella: “Lottery ke Mohlohlelletsi ea lebisang bacha mefuteng e tebileng ea papali ea chelete.” Taba e ’ngoe e qotsitsoeng bukeng e ’ngoe Canada e buang ka papali ea chelete e susutlelloang batho ea bolela: “Mang le mang ea neng a ka leka ho u bolella hore li-lottery hase papali ea chelete o ne a tla be a iketsa sethoto kapa e ne e tla be e le sethoto. . . . Re senya lidolara tse makholo a limillione ho li-lottery ka tšepo ea ho hapa ho hong. E hlile ke papali ea chelete.”

Li-lottery li phahamisa lerato la chelete. Dr. Marvin Steinberg, mopresidente oa Lekhotla la Connecticut la Papali ea Chelete e Susutlelloang Batho, o hlokometse bothata ba hore bacha ba bapalang papali ea chelete ba ne ba sebelisa lichelete tsa bona tsa lijo tsa motšehare, ba utsoa chelete, esita le ho utsoa thepa e behiloeng moo e hlahelletseng mabenkeleng e le ho tšehetsa tloaelo ea bona ea ho bapala papali ea chelete. Ka sebele, mantsoe a moapostola Pauluse ke ’nete: “Lerato la leruo ke motso oa libe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba . . . itlhabile ka mahlomola a mangata.”—1 Timothea 6:9, 10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela