Li-lottery—Ke Mang ea Hapang Moputso? Ke Mang ea Hlōloang?
LEBAKA le leholo leo ho buelloang li-lottery tsa ’muso ka lona ke hore li kenya limillione tsa liranta ’musong, e leng chelete eo mohlomong e neng e ka fumanoa feela ka ho eketsa makhetho. Batšehetsi ba re: ‘Ho bonolo hakaakang!’ Ho tšoana le lekhetho leo ho sa hlokahaleng hore leha e le mang a le lefe; ke la boithatelo. Ha e le hantle, batho ba ikemiselitse ho lefa; ba koloka moleng bakeng sa ho lefa!
Empa ke liqoso life tse etsoang mabapi le li-lottery?
Qoso e ’ngoe ke hore hangata liphatlalatso tsa lottery ha li fane ka boitsebiso bo lekaneng kapa li tletse bolotsana bo pepenene. Li hōlisa khopolo ea hore u tla hapa moputso. Mohlala oa sena ke lottery ea Canada e reng: “Re [u] nolofalletsa ho . . . HAPA MOPUTSO!!”
Empa ho bonolo hakae ho hapa moputso? Alie o bapala lottery ea Jeremane Bophirima. Phatlalatso e re: “Menyetla ea ho hapa moputso e mengata.” Leha ho le joalo, Alie oa tletleba: “Ke bapetse lottery ka lilemo tse leshome ’me ha ke e-s’o hape letho. Ha ke hopole ho e-na le motho leha e le ofe ea kileng a hapa letho.”
Bakeng sa mohapi e mong le e mong oa moputso o moholo, ho na le ba bang ba limillione ba kang Alie, ba lahleheloang empa ba becha beke le beke, selemo le selemo, empa ba sa fumane puseletso ea letho. United States ba hapang millione ea lidolara ke karolo ea 0,000008 lekholong ea batho ba limillione tse 97 ba bapalang papali ea lottery moo.
Monyetla oa ho se hape moputso o moholo hase o le mong feela ho e millione (mohlomong joaloka menyetla ea hore motho a otloe ke maru); e ka ba monyetla o le mong ho e limillione tse ngata. Ka mohlala, ha ho ne ho hlaka hore ha jackpot e le e khōloanyane, ho ne ho rekisoa litekete tse eketsehileng, menyetla ea ho se hape papali ea Lotto ea New York e ile ea eketseha ho tloha ho monyetla o le mong ho e limillione tse 6 ho ea ho monyetla o le mong ho e limillione tse 12,9!
Ha ho makatse ha batho ba qosa li-lottery ka ho hoka-hoka bareki ba hlokang tsebo ba sa hlokomeleng menyetla e meholo ea hore ba ke ke ba hapa meputso. Dr. Valerie Lorenz, motsamaisi oa Setsi sa U.S. sa Sechaba sa Lefu la Papali ea Chelete, ka mantsoe a bonolo feela o boletse: “Li-lottery? Ke moo batho ba qhekelloang habonolo ka ho fetisisa teng. Menyetla ea hore u ke ke ua hapa moputso e meholo haholo.”
’Me ho thoe’ng haeba u ka hapa liranta tse limillione? U ke ke ua li fumana kaofela. Ka mor’a hore ho ntšoe lekhetho, bahapi ba meputso ba United States ba fumana $35 000 selemo le selemo ka lilemo tse 20. Eo ke chelete e ka etsang $700 000 e fokolitsoeng matla le ho feta ke ho eketseha ha litheko nakong ea lilemo tse 20.
Liphello tsa Tsona ho Mafutsana
Qoso e ’ngoe ke hore batho ba senyang chelete haholo ke mafutsana, batho ba ke keng ba khona ho lefella lottery. Batšehetsi ba lottery ba pheha khang ka hore sena hase ’nete, ba re liphuputso li bontša hore lottery e tloaelehile haholoanyane har’a batho ba amohelang chelete e itekanetseng. Li-lottery ke lipapali tsa boithatelo, ba bolela hore ha ho motho ea qobelloang ho li bapala. Leha ho le joalo, ka boomo liphatlalatso li susumetsa takatso ea libapali, ’me ba bangata ba batho bana ke mafutsana. Mosebetsi e mong oa lebenkele le lenyenyane le bulang lihora tse telele Florida o itse: “Ho na le sehlopha se khethehileng sa batho seo re se bonang beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ba bang ba reka litekete tse 10 letsatsi le letsatsi. Ba bang ba reka tse 100 beke e ’ngoe le e ’ngoe. Ha ba na chelete ea ho reka lijo, empa ba bapala ‘Lotto.’”
Boemo ke bo bobe ka ho fetelletseng linaheng tse ling tse fokolang moruong. Haufinyane tjena ’muso oa Indonesia o ile oa boela oa hlahlobisisa lottery ea ’ona ea papali ea bolo ea Porkas ha sea-le-moea se ne se tlaleha hore metsana eohle “e hlanyetsa Porkas.” Makasine oa Asiaweek o tlalehile: “Likoranta tsa [Indonesia] li ne li tletse litlaleho tse tšosang: banna ba otlang basali ba bona kapa bana; bana ba utsoang chelete ho batsoali ba bona; bana ba sebelisang chelete e sebelelitsoeng ka thata bakeng sa ho lefella sekolo—kaofela bakeng sa Porkas.”
Ka baka la li-lottery tse eketsehang ka sekhahla lefatšeng ka bophara, batho ba eketsehileng ba qala ho bapala papali ea chelete. Ba bang, eseng mafutsana feela, e ba batho ba lemaletseng papali ea chelete—e ba makhoba a lottery. Arnie Wexler ke moeta-pele oa Lekhotla la Temalo ea Papali ea Chelete New Jersey, U.S.A. O re: “Baetsi ba melao ba nahana hore ba fumane tsela e mabotho-botho, e bonolo ea ho etsa chelete, empa ha e le hantle, ba senya malapa a mangata, likhoebo tse ngata, batho ba bangata, le bophelo ba batho ba bangata.”
Taba ea Litekanyetso
Lebaka le leng la kameho e khōlō ke hore li-lottery tsa ’muso li fetotse boikutlo ba batho ka papali ea chelete. Kajeno li-lottery tse laoloang ke ’Muso tsa “Papali 3” kapa “Linomoro tsa Lehlohonolo” li fana ka monyetla o le mong ho e sekete empa li khutlisa feela hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong e le moputso oa chelete. Pele ’muso o itšunya khoebong, papali ena e ne e le “mabifi,” e le khoebo e sa lumelloang ke ’muso, e le phoso e khōlō. Hona joale papali eo e bitsoa boikhathollo, monyaka, le ketso ea boikarabelo ba sechaba!
Ha e le hantle, phapang ea bohlokoa mahareng a papali ea linomoro e sa lumelloang ka molao le li-lottery tsa ’muso ke hore ho e-na le hore liphaello li fuoe linokoane, li tšehetsa merero ea ’muso. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba shebelletseng ba tšoenyehile ka phello ea li-lottery litekanyetsong tsa sechaba seo li neng li lokela ho se tsoela molemo.
Ho joalo hobane li-lottery li hōlisa tšepo le tšekamelo ea ho ba morui ka ntle ho boiteko. Paul Dworin, mohlophisi oa Gaming and Wagering Business, o itse: “Nakong e fetileng, ’muso o ne o bolela hore haeba u sebetsa ka thata, u tla atleha. Hona joale ho thoe, ‘Reka tekete ’me u tla ba ralimillione.’ Oo ke molaetsa o makatsang oo ’muso o ka o romellang.” George Will o ile a ngola ho Newsweek: “Ha batho ba eketsehileng ba ntse ba lumela ho bohlokoa ba lehlohonolo, monyetla, ho etsahala ha lintho feela tjee ka tsietsi, ho hlolloa bokamoso, ba ba le tumelo e fokolang litšoanelehong tse thata tse kang ho ba mafolo-folo, ho ba mahlaha-hlaha, ho qoba ho ikhotsofatsa, ho sebetsa ka thata, le ho ithuta ka matla.”
Khopolo e ’ngoe eo e leng ea bohlokoa ho mokhatlo oa batho ke ena: Batho ha baa tšoanela ho leka ho etsa phaello ka ho sebelisa bomalimabe ba batho ba bang. Leha ho le joalo, batšehetsi ba li-lottery ba khothalletsa pono ea hore ho loketse hore motho ka mong a iketsetse phaello le ho iphumanela monyaka ha batho ba bang ba lahleheloa. Monahano o joalo ke oa boithati; o khahlanong le keletso ea Bibele: “U tlameha ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.”—Mattheu 22:39, NW.
Ho sa tsotellehe boipelaetso bo boholo, li-lottery li tsoela pele ho eketseha ka potlako e khōlō lefatšeng lohle. Moeti ea neng a etetse Afrika Bophirima o ile a hlokomela batho ba bangata ba neng ba bokane moahong oa lottery ea ’Muso. O ile a botsa moahi e mong: “Ke hobane’ng ha batho bana kaofela ba senya chelete ea bona ka lottery, haholo-holo ha e le mona ba futsanehile?”
Moahi oa moo o ile a arabela ka hore: “Motsoalle oa ka, ba bapala lottery hobane e ba neha tšepo. Ho batho ba bangata, ke eona feela tšepo eo ba nang le eona bophelong.”
Empa na ho hapa moputso oa lottery e hlile ke tšepo ea sebele? Ke ho tšepa lelea, ntho e thetsang, toro e ke keng ea phethahala. Ka sebele, Mokreste ea seli a ke ke a rata ho senya nako ea hae le chelete ka telekiso e se nang molemo ea leruo le tlisoang ke papali ea chelete. Ho molemo hakaakang ho latela keletso ea moapostola Pauluse, ea ileng a ngola hore batho ba bohlale ba se ke “ba tšepa maruo a felang, ba mpe ba tšepe Molimo ea re fang tsohle ka bongata hore re li thabele.”—1 Timothea 6:17, BPN.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“Baetsi ba melao ba nahana hore ba fumane tsela e mabotho-botho, e bonolo ea ho etsa chelete, empa ha e le hantle, ba senya malapa a mangata, likhoebo tse ngata, batho ba bangata, le bophelo ba batho ba bangata”
[Lebokose le leqepheng la 9]
Likeletso tse Molemo Haholo ho Libapali tsa Papali ea Chelete
“Ha ho ea bososelang ka pelo e bohloko ho feta motho ea lefang meputso ea bahlōli ha a lumelisa motho ea rekileng tekete ea hapileng moputso. . . . Ke ka seoelo motho ea lefang meputso ea bahlōli a thibelang motho ea bapalang papali ea chelete hore a se beche hobane motho ea rekileng tekete a lahleheloa haholo. . . . Hape hopola hore bahapi ba meputso ba atlehileng ba fumaneha ka seoelo joaloka batho ba lefang meputso ea bahlōli ba futsanehileng.”—Graham Rock, The Times, London.
“Jackpot e tiisitsoeng ea lidolara tse limillione tse 45 ho Lotto ea mantsiboeeng ana ke e khōlō ka ho fetisisa historing ea New York State. Empa menyetla ea ho e hapa ka ho becha ka dolara ke monyetla o le mong ho e 12 913 582.”—The New York Times.
“Kapele-pele sethoto se khaohana le chelete ea sona.” Eo ke polelo e ’nileng ea buuoa ho tloha lekholong la bo16 la lilemo.—Familiar Quotations, ea John Bartlett.
“Sebapali sa papali ea chelete, u se ka ua thaba; mang kapa mang ea hapang moputso kajeno oa lahleheloa hosasane.”—Maele a Sepanishe.