Li-lottery—Ke Hobane’ng ha li Ratoa Hakaale?
KE HOBANE’NG ha batho ba bapala lottery? ’Muelli oa mosali oa lekhotla la lottery o itse: “Hoa thabisa, ho monate.” Mohlomong ho joalo, empa takatso e khōlō ke ho hapa moputso oa chelete. Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o batla ho sebelisa chelete e eketsehileng. Li-lottery li tšepisa chelete e ngata. Lefatšeng la kajeno la litheko tse phahamang ka sekhahla, moo ’maraka oa matsete a khoebo o oang, le moo ho se nang mesebetsi, batho ba limillione ba lumela hore ho hapa moputso oa lottery ke eona feela tsela ea hore e be barui ba hlahelletseng ka mahetla.
Ho phaella boipiletsong ba tsona, li-lottery ha lia rarahana ebile ho bonolo ho li bapala. Ho na le mefuta e mengata e fapaneng e kang Lotto, linomoro, le lipapali tseo ho tsona u tabolang pampiri ho hlahisa linomoro tse patehileng, empa kaofela ha tsona li na le litšobotsi tse peli tse tšoanang. Tšobotsi ea pele ke hore libapali ke tsona tse hapang moputso ha linomoro tse liteketeng tsa tsona li nyalana le tse huloang ke bahlophisi. Tšobotsi ea bobeli, ho fapana le mekhoa e meng ea papali ea chelete, ha ho tsebo e khethehileng e hlokahalang bakeng sa ho hapa moputso. Ho hapa moputso kapa ho hlōloa ke taba ea lehlohonolo feela.
Batho ba boetse ba bapala li-lottery hobane ho bonolo ho reka litekete. Maamerika a mangata a li reka mabenkeleng a lijo moo a lulang teng. Libakeng tse ling, haeba ntlo ea thekiso ea litekete tsa lottery e le hōle, libapali li ka becha ka ho romela linomoro ka poso, thelefono, telex, kapa fax.
Ke Eng e Ncha ka Li-lottery?
Na li-lottery ke ntho e ncha? Le hanyenyane. Baemphera Nero le Augustus ba ne ba nehelana ka makhoba le thepa e le meputso meketeng ea boholo-holo ea Roma. O mong oa meputso ea pele ea chelete e kileng ea tlalehoa mohlomong e bile o ileng oa lefshoa ke lottery ea Florence, Italy ka 1530. Makholong a lilemo a ileng a latela, li-lottery li ile tsa atleha haholo Europe. Li-lottery li ile tsa boela tsa atleha Amerika e neng e sa tsoa thehoa ’me tsa tlisa chelete e ileng ea thusa ho lefella Jamestown, Sesole sa Amerika, le meaho e majaba-jaba ea liunivesithi tse kang Harvard, Dartmouth, Yale, le Columbia.
Leha ho le joalo, lekholong la bo19 la lilemo, khoebo e ile ea kena khathatsong. Bahanyetsi ba ile ba ba khahlanong le ho becha ka bongata ’me ba pheha khang ea hore linomoro tse huloang bakeng sa ho hapa moputso e ne e le tsa bolotsana. Li-lottery li ne li tletse tjotjo, bolotsana, esita le bonokoane. Batšehetsi ba ile ba phakisa ba etsa liphaello tse khōlō. Ka baka leo, li-lottery li ile tsa thibeloa United States, Fora, le Brithani.
Na ke hona moo pale e fellang teng? Ka ho hlakileng ha ho joalo. Li-lottery li ile tsa tsoela pele ho atleha libakeng tse ling—ka mohlala, Italy le Australia. Carlos III oa Spain o ile a theha lottery ka 1763; mofuta oa eona o teng kajeno o ile oa hlomamisoa ka molao ka 1812. Linaha tse ngata li ile tsa itahlela ka setotsoana ka ho latellana khoebong ea lottery. Ka 1933, Fora e ile ea felisa lithibelo tsa eona tabeng ea li-lottery ’me ea simolla Loterie nationale. Hape lilemong tsa bo-1930, Ireland e ile ea simolla Irish Hospitals’ Sweepstake ea eona e tummeng. Takarakuji ea Japane e ile ea simolla ka 1945. Brithani e ile ea lumella chelete e ka aroleloang lipapali tsa bolo hammoho le libapali tse hlōtseng, empa ha e le hantle e ne e le li-lottery le hoja li ne li sa bitsoe joalo. ’Me ka 1964 United States e ile ea boela ea khutlela khoebong.
Joale, lilemong tsa bo-1970, liphetoho tse peli li ile tsa fetola tšebetso ea lottery. Phetoho ea pele e bile ho kenngoa ha li-computer tse hokahantsoeng le mechine ea ho becha. Joale ho ne ho se ho le bonolo ho hlophisa lipapali tse ngata tse bapaloang khafetsa moo libapali li ka tsebang ho ikhethela linomoro. Ho ne ho se ho sa hlokahale ho leta libeke kapa likhoeli ho bona haeba li hapile moputso; libapali li ne li ka fumana sephetho nakong ea matsatsi a se makae, ka mor’a lihora, esita le ka mor’a metsotso feela.
Phetoho ea bobeli e bile ho hlahisoa ha Lotto, e leng papali eo ho eona menyetla ea ho se hape moputso e leng mengata haholo. Ho Lotto, haeba ho se ea hapileng jackpot, moputso o fetisetsoa litlhōlisanong tse latelang. Qetellong, moputso oa chelete o ka phaellana ho fihla ho liranta tse limillione. Mabapi le Lotto, lithekiso li ile tsa eketseha, ’me khoebo e hlile ea e-ba khōlō ka sebele.
Boipiletso ho Batšehetsi
Ke hobane’ng ha mebuso e khothalletsa papali ea chelete? Hobane ena ke tsela e bonolo ea ho kenya chelete ka ntle le ho eketsa makhetho. Le hoja mechine ea li-slot le roulette e nehelana ka meputso ea chelete e ka etsang karolo ea 95 lekholong ea chelete e nokeloang ho eona, li-lottery tsona li nehelana ka chelete e ka tlaase ho karolo ea 50 lekholong. Ka mohlala, ka 1988 United States hoo e ka bang lisente tse 48 ho dolara e ’ngoe le e ’ngoe ea lottery li ile tsa lefshoa e le meputso ’me lisente tse 15 li ile tsa sebelisoa bakeng sa ntšetso-pele, thekiso le tsamaiso. Lisente tse setseng tse 37 li ile tsa sebelisetsoa ho tšehetsa ntlafatso ea bophelo ba sechaba, thuto, tlhokomelo ea bophelo bo botle le ho thusa batho ba hōlileng. Seo se ile sa etsa kakaretso ea lidolara tse limillione tse likete tse 7,2 sechabeng sohle.
Empa mebuso ha e hlophise li-lottery feela bakeng sa ho etsa chelete. Haeba e sa itahlele ka setotsoana khoebong, e ka ’na ea lahleheloa ke chelete. Baahi ba eona ba ka ’na ba ea becha libakeng tse ling. Kahoo ha naha e ’ngoe kapa ’muso o simolla lottery, baahelani ba eona ba ba tlas’a khatello ea ho etsa ntho e tšoanang. Phello ea keketseho ena e bonahala ka ho hlakileng United States. Ka 1964 ho ne ho na le lottery e le ’ngoe ea ’Muso; ’me ka 1989 li ne li se li le 30.
Litoro tsa Leruo
Ha e le hantle, ho na le batho ba bangata ba lekang ho fumana karoloana e ’ngoe ea ranta eo ba ka e sebelisang. Kahoo batšehetsi ba ka kholisa sechaba joang hore se sebelise chelete ea sona bakeng sa li-lottery? Phatlalatso! Bitsa litsebi tsa ho susumetsa batho!
Na liphatlalatso li hatella hore karoloana (esita le e nyenyane feela) ea phaello ee e tla thusa ho tšehetsa thuto ka chelete kapa ho fana ka thuso ea ho hlokomela batho ba seng ba hōlile? Le hanyenyane! Ke ka seoelo ho buuoang ka taba eo. Ho e-na le hoo, liphatlalatso li hatella kamoo ho tla ba monate ka teng ho hapa liranta tse limillione. Mehlala e ’maloa ke ena:
◻ “Bophelo bo Mabotho-botho ba Borui le Botumo E ka ba ba Hao ka ho Panya ha Leihlo . . . Ha U Bapala LOTTO 6/49 ea Canada e Tsebahalang, ea Lidolara tse Limillione-millione.”
◻ “LOTTERY EA FLORIDA . . . Eba Morui ka Lottery e Khōlō ka ho Fetisisa ea Amerika.”
◻ “Letlotlo le Oele Makhoabane Jeremane—IKHAPELE LEHLOHONOLO ’me u be Ralimillione ka ho panya ha leihlo feela.”
Na ke thekiso e thata? Ka sebele ho joalo! Hangata boiteko ba ho theola phatlalatso bo felloa ke matla ha litekete li sa rekoe. Ha e le hantle, batšehetsi ba bile ba retelehela lipapaling tse matla le mekhoeng e matla ea thekiso bakeng sa ho hapa libapali tse ncha le ho boloka thahasello ea libapali tsa khale. Nako le nako batšehetsi ba lokela ho nehelana ka ntho e ’ngoe e bonahalang e le ncha. Motsamaisi oa lottery ea Oregon, James Davey, o itse: “Re na le lihlooho tsa papali ea chelete, re etsa Lipapali tsa Liolympiki. Ka Keresemese re etsa Chelete ea Matsatsi a Phomolo. Ka Linaleli tsa Lehlohonolo re nka monyetla ka matšoao a batho a bolepi ba linaleli. Re fumane hore haeba u tsamaisa lipapali tse peli kapa tse tharo, tse ’nè kapa tse hlano ka nako e tšoanang, u tla rekisa litekete tse eketsehileng.”
Empa khoheli e khōlō ka ho fetisisa ke jackpot e khōlō. Ho Lotto, ha moputso oa chelete o eketseha, joalokaha o ile oa eketseha ha o ne o finyella lidolara tse limillione tse 115 Pennsylvania ka 1989, tsena li fetoha litaba tse khōlō. Batho ba subuhlellana ho ea reka litekete ho seo mongoli e mong a se bitsitseng “takatso e meharo ka ho fetisisa ea motho ea bapalang papali ea chelete.” Letlaburung leo, esita le bao ka tloaelo ba sa bapaleng lottery ba ntša chelete ea bona.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Lerato le Matla la Papali ea Chelete le Bolumeli
“Kereke e K’hatholike ke eona e nthutileng ho bapala papali ea chelete. Ha ho moo bingo le lirafole li fapaneng teng le li-lottery. Haeba Kereke e K’hatholike e ne e ka nka bohato ba pele ho thibela papali eohle ea chelete, ke ne ke tla boela ke nahanisise ka khopolo ea ho khaotsa ho bapala lottery. Haeba ke le meharo, ho joalo hobane sena se hlile se tšoana le karolo ea tšebeletso e halalelang ea Kereke.”—’Mali oa makasine oa U.S. Catholic.
“Ho latela phuputso ea litho tsa lipharishe tsa K’hatholike e entsoeng ke Univesithi ea Notre Dame, ka mor’a ’Misa oa Sontaha, tšebeletso ea bobeli eo batho ba bangata ka ho fetisisa ba bang teng ho eona likerekeng tsa K’hatholike ke lipapali tsa bingo tsa beke le beke.” Leha ho le joalo, baruti ba bangata ba bolela hore boholo ba batho ba eang lipapaling tsa bingo ha ba ee kerekeng.—The Sunday Star-Ledger, New Jersey, U.S.A.
“Mohalaleli Pancras o Tlisitse Lehlohonolo Madrid” e ne e le sehlooho sa koranta ea machaba ea Spain ea beke le beke ABC. Sehlooho seo se ile sa tsoela pele: “‘Ke Mohalaleli Pancras’ ke phatlalatso e ileng ea etsoa ka makhetlo-khetlo ke basebetsi ba babeli lebenkeleng la lottery . . . moo ba ileng ba rekisa letoto le le leng feela la 21515, ‘gordo’ [e khōlō] e bitsang limillione tse 250 [li-peseta kapa kajeno, R6 250 000] , tse ileng tsa abjoa Madrid. [Basebeletsi] ba boletse hore ba ’nile ba rapela mohalaleli eo setšoantšo sa hae se lutseng ka holim’a mohaho oa bona seo ba behileng lekala la parsley holim’a sona bakeng sa lehlohonolo la ho rekisa ‘gordo’ ea Keresemese.”
“Ha bahapi ba moputso ba baholoanyane ba leka ho hlalosa lehlohonolo la bona, ba lumela hore Molimo le ho hlolloa bokamoso li ba khethile hore ba hape moputso oa chelete. . . . ‘Re rata ho lumela hore lehlohonolo le bomalimabe li amahanngoa le ho hong, eseng kotsi feela,’ ho boletse Dr. Jack A. Kapchan, moprofesa oa thuto ea kelello Univesithing ea Miami. ‘Ho na le eng hape e ka amahanngoang le eona haese Molimo?’”—The New York Times.
Bibele e re’ng ka lehlohonolo? Ha a bua le Iseraele e sa tšepahaleng Jehova o ile a re: “Empa [ke] lōna ba lahlang Jehova, ba lebalang thaba ea ka e halalelang, ba beelang Tosa [“molimo oa Mahlohonolo,” NW] tafole, ba tšellang Sefala-bohoho seno se tsoakiloeng.”—Esaia 65:11.
Ke bahapi ba bakae ba meputso har’a ba ’maloa ba keng ba eme hanyenyane e be ba nahana ka taba ea hore lehlohonolo la bona le theiloe bomalimabeng ba batho ba limillione ba lahlehetsoeng? Na ho bapala papali ea chelete ho bontša ‘lerato bakeng sa moahisani’ ka tsela leha e le efe? Na ke taba e utloahalang kapa e lumellanang le Bibele ho nahana hore Morena e Moholo oa bokahohle a ka itšunya mekhoeng e mebe ea boithati e kang papali ea chelete?—Mattheu 22:39, NW.