Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na ho tsoa ho Mattheu 7:13, 14, le Luka 13:24 re lokela ho etsa qeto ea hore esita le mohla tsoho, batho boholo ba tla hana borapeli ba ’nete?
Che, litemana tsena ha li tšehetse qeto eo. Ho fapana le hoo, li amana ka ho khetheha le ho fumana bophelo ’Musong oa leholimo.
Mantsoe a Jesu ho Mattheu 7:13, 14 ke karolo ea Thuto ea Thabeng. O ile a re: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.”
Bongata ba lintho tseo Jesu a li buileng ketsahalong ena li ne li amana haholo-holo le ’Muso oa leholimo. Ka mohlala, o ile a qala ka mantsoe ana: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.” O ile a re ba pelo li hloekileng ba ne ba tla “bona Molimo” le hore “’muso oa maholimo” ke oa ba “hlorisetsoang ho loka.” (Mattheu 5:3, 8, 10) Hamorao puong eona eo, Jesu o ile a bua ka tsela e phatlaletseng e lebisang timelong le tsela e tšesaane e lebisang bophelong. Ka karolo, o ile a phaella: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—Mattheu 7:13, 14, 21.
Luka 13:24 e bolela se tšoanang, joalokaha ho bontšoa ke se fuperoeng ke boitsebiso bo potolohileng taba. Jesu o ile a fana ka litšoantšo tse peli ka “’Muso oa Molimo.” Hamorao, o ile a botsoa: “Morena, na ba pholosoang ba tla ba ’maloa na?” Jesu a arabela: “Etsang [“Ikitlaetseng,” NW] ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane kea le bolella hore ba bangata ba tla lakatsa ho kena, empa ba tla sitoa.” Poleloana “ba bangata” e bolela batho ba kōpileng hore ba lumelloe ho kena ka mor’a hore ho koaloe monyako ’me ho notleloe. Bana e ne e le “ba etsang bokhopo” ba neng ba sa tšoanelehe ho ba le “Abrahama, le Isaka, le Jakobo, le baporofeta bohle ’Musong oa Molimo.” Bao “ba bangata” ba ne ba nahanne hore e tla ba bona ba pele “’Musong oa Molimo,” empa ha e le hantle e ne e tla ba ba morao, ka ho totobetseng ho boleloa hore ba ne ba ke ke ba ba ho oona ho hang.—Luka 13:18-30, TLP.
Se fuperoeng ke boitsebiso bo potolohileng taba se bontša hore Jesu o ne a tšohla taba ea ho kena ’Musong oa Molimo oa leholimo. Baeta-pele ba Bajode morao koo ka nako e telele ba ne ba ile ba thabela tokelo ea boemo bo phahameng, ba le mocheng oa ho fumana Lentsoe la Molimo. Ba ne ba ikutloa hore ba ruile moeeng ’me ba lokile mahlong a Molimo, ho fapana le batho ba tloaelehileng, bao ba neng ba ba khella fatše. (Johanne 9:24-34) Empa, Jesu o itse balekhetho le basali ba bafebi ba amohetseng molaetsa oa hae ’me ba bakile ba ne ba ka amoheloa ke Molimo.—Bapisa le Mattheu 21:23-32; Luka 16:14-31.
Batho ba tloaelehileng ba ileng ba fetoha barutuoa ba Jesu ba ne ba le mocheng oa ho amoheloa e le bara ba moea ha pitso ea leholimo e ne e qaleha ka Pentekonta 33 C.E. (Ba-Heberu 10:19, 20) Le hoja matšoele a maholo a ne a utloa Jesu, ba ileng ba mo amohela ’me hamorao ba fumana tšepo ea leholimo ba ne ba fokola. Empa mohlatsoana oa batho ba tsoetsoeng ka moea ba amohelang moputso oo o ne o ka tšoantšoa le Jakobo a lutse tafoleng le Jehova (Abrahama e Moholoanyane) leholimong le Mora oa hae (ea tšoantšetsoang ke Isaaka). Ka sebele hoo ho ne ho tšoaneloa ke hore motho a ikitlaelletse hona ka matla, empa boholo ba ba neng ba utloa Jesu ha baa ka ba etsa joalo.
Ka baka leo, re ka bona ho se fuperoeng ke boitsebiso bo potolohileng taba liketsahalong tseo tse peli hore litlhaloso tsa Jesu (tsa ba seng bakae ba leng tseleng e tšesaane e lebisang bophelong le ho pholosoeng) haholo-holo li ne li amana le ho amoheloa ke Molimo ka nako eo ea ha A ne a tšepisa tšepo ea bophelo ba leholimo. Bao ha ho bapisoa e leng ba seng bakae ba ileng ba utloa molaetsa oa ’nete ’me ba ithuta se neng se hlokahala ba ile ba arabela ’me ba ipaka ba tšepahala.—Mattheu 22:14; 24:13; Johanne 6:60-66.
Hoa thahasellisa hore esita le kajeno, ha Bibele eohle e se e fumaneha ’me ho e-na le phethahatso e khōlō ea boprofeta ba bomolimo ka mehla ea qetello, bao ba seng bakae ha ho bapisoa ba arabela molaetseng oa Bokreste ’me ba mamella ho sebeletseng Jehova. Sena se tumellanong le setšoantšo sa Jesu sa mobu o fapaneng. O ile a re ba bang ba ne ba tla utloa “polelo ea ’muso,” empa Satane o ne a tla ba amoha se jetsoeng. Ba bang ba ne ba tla amohela lentsoe ka thabo empa ka mor’a nako ba ne ba tla fokola ka baka la matšoenyeho le mahloriso. Leha ho le joalo ba bang ba ne ba tla ipaka ba sa behe litholoana ka baka la “ho belaella lintho tsa lefatše lena, le ho thetsa ha lefumo.”—Mattheu 13:18-23.
Re ka kholiseha hore ho tla fapana haholo ha ho tsosoa ba limillione-millione nakong ea Letsatsi la Kahlolo. Joale Satane a ke ke a lokoloha ho ba amoha lipeō tsa ’nete tse jetsoeng lipelong tsa bona. Ba ke ke ba lokela ho tobana le mahloriso kapa lipelaelo tsa tsamaiso e khopo e teng. Ba tla ruteloa tikolohong e lokileng, e potolohiloeng ke mosebetsi o tletseng meeka oa Molimo, ho akarelletsa tsoho ea bafu le ho phekoloa ha lichaba. Bonneteng, esita le ka nako eo ba bang ba ke ke ba arabela. (Bapisa le Johanne 11:45-53.) Empa ho na le lebaka le letle la ho nahana hore ba bangata ba tla utloisisa lentsoe, ba arabele ho lona, ’me ba pholohe.