Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 4/1 leq. 3
  • “Khotso e Akaretsang”?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Khotso e Akaretsang”?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na Khotso ea Lefatše e Haufi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso—Ho na le Menyetla Efe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 4/1 leq. 3

“Khotso e Akaretsang”?

“KHOTSO E AKARETSANG.” “Khele, ke Lefatše le Nang le Khotso e Kaakang.” “Ka Tšohanyetso Khotso ea Hlaha Hohle.” Tsena ke tse ling tsa lihlooho tsa litaba tsa likoranta tse ileng tsa makatsa babali selemong se le seng kapa tse peli tse fetileng. Ho pota lefatše, ho fetoha ha litaba ho tloha tebellong e hlokang tšepo le ea tlokotsi ho ea tebellong ea hore litaba li tla tsamaea hantle e ile ea e-ba ho makatsang. E be ho ne ho etsahala eng?

Ka ho tsotehang, nakoana e seng kae e fetileng likhohlano tse khōlō kaofela li ile tsa fela kapa tsa se ke tsa hlola li e-ba matla haholo ka nako ea likhoeli tse seng kae feela. Afrika, khotso e ile ea ‘hlaha’ Angola. Asia Bohareng, Soviet Union e ile ea ntša mabotho a eona Afghanistan. Amerika Bohareng, ho loana ho ile ha kokobela pakeng tsa ’muso oa Nicaragua le marabele a Contra. Asia Boroa-bochabela, Mavietnam a ile a lumela ho tsoa Kampuchea. “Khotso e akaretsang” e bile ea fihla Bochabela bo Hare ha ntoa e mahlo-mafubelu pakeng tsa Iran le Irag e qetella e emisitse.

Mohlomong ho hlokomelehang haholoanyane ke moea o mocha o teng pakeng tsa linaha tse khōlō ka ho fetisisa. Ka mor’a lilemo tse 40 tsa qhoebeshano, ho ile ha e-ba thata ho kholoa lipontšo tsa poelano, lipolelo tse buang ka lithahasello tsa naha ka ’ngoe, le mehato e tiileng ea ho leba khotsong pakeng tsa Soviet Union le United States. Ho feta moo, ho latela The Economist, joale Europe e tlalehile nako e telele ka ho fetisisa ea ho lula e se na ntoa historing eohle ea eona e tlalehiloeng. Ka sebele, ho buuoa ka khotso litabeng.

Hoo ho bolela eng? Na bo-ralipolotiki ba lintšing tsa ho fana ka “khotso bakeng sa mehla ea rōna”? Lilemong tse mashome a mahlano a motso o mong tse fetileng, mantsoe ana a ile a buuoa ke tona-khōlō ea Brithani Neville Chamberlain. A ile a ipaka a fapane ka mokhoa o bohloko le hoo ha, nakoana hamorao, ntoa ea bobeli ea lefatše e qhoma. Na joale a tla phethahala qetellong?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela